Ke Leboha Jehova ka Bara ba Ka ba Bahlano
Joalokaha ho boletse Helen Saulsbery
La 2 March, 1997, e bile le leng la matsatsi a utloisang bohloko ka ho fetisisa bophelong ba ka. Metsoalle le ba lelapa ba ka bang 600 ba ile ba bokana Wilmington, Delaware, U.S.A., lepatong la monna oa ka ea ratehang, Dean. E ne e le moholo oa Mokreste le molebeli ea okamelang ka phuthehong ea Lipaki tsa Jehova. Ha ke nahana ka lilemo tse ka bang 40 tsa lenyalo la rōna le thabileng, ke ba le ho hongata hoo nka ho lebohang. Kea tseba hore Dean o sebakeng se sireletsehileng ka ho fetisisa, mohopolong oa Molimo ea Matla ’Ohle, Jehova, le hore re tla bona Dean nakong e tlang.
DEAN o ile a kenela sesole sa moeeng ha a qeta sekolong se phahameng ka 1950. E ne e se motho ea thahasellang bolumeli ’me ho ne ho bonahala a sa lumellane le lithuto tsa Kereke ea K’hatholike eo ka nako eo ke neng ke e rata. Empa re ile ra lumellana ho hōlisa bana ba rōna e le Mak’hatholike. Bosiu bo bong le bo bong re ne re khumama ’me re rapella ka pelong. Ke ne ke pheta lithapelo tsa ka tsa K’hatholike, ’me Dean eena a bue ntho leha e le efe e tsoang pelong ea hae. Lilengoaneng tse ileng tsa latela, re ile ra ba le bara ba rōna ba bahlano: Bill, Jim, Dean e monyenyane, Joe le Charlie.
Ke ne ke kena kereke ka botšepehi ’me kamehla ke e-ea kerekeng le bashemane. Empa ke ile ka felloa ke tšepo kerekeng, haholo-holo ka lebaka la ho kenella ha eona Ntoeng ea Vietnam. Mofu Mok’hadinale Spellman o ile a re ho batho ba neng ba ka ’na ba belaella ho nepahala ha khato e nkiloeng ke United States: “Ke tšehetsa naha ea heso e-bang e nepile kapa e fositse.” Ke ne nke ke ka lumella bara ba ka ho ea ntoeng, le hoja kereke ea ka e ne e keneletse ntoeng. Leha ho le joalo, ke ne ke ntse ke rapela hore bonyane e mong oa bona e be moprista le hore monna oa ka e be Mok’hatholike.
Ho Fetola Monahano
Mantsiboeeng a mang a Moqebelo ke ne ke intšitse le metsoalle e meng ea ka ea Mak’hatholike le moprista oa rōna. Re ne re ntse re inoella le ho ithabisa ha mosali e mong a botsa moprista: “Fatere, na ehlile ke sebe se bolaeang haeba ka mor’a phathi e kang ena, motho a sitoa ho tsoha hoseng ’me a sa ee ’Miseng?”
O ile a araba: “Che, che boo. Ha ho bothata. Ka Labobeli mantsiboea re ba le ’Misa ’mishoneng. Ka hona u ka tla ’Miseng ’me ua phetha tšoanelo ea hao.”
Ho tloha bongoaneng ke ne ke rutiloe hore motho o tlameha ho ea ’Miseng ka Sontaha ho sa tsotellehe hore na ho etsahala’ng. Ha ke hanyetsana le eena, o ile a nthohaka ’me a jajabetsa ka bohale ka hore mosali ha aa lokela ho tšoaea moprista phoso.
Ke ile ka ipotsa, ‘Na see ke sona seo ke ntseng ke rapella bara ba ka hore ba be sona?’ Le hoja ke ne ke tseba hore hase baprista bohle ba kang eena, seo se ile sa ntlhokisa botsitso.
Mahareng a bo-1960, Lipaki tsa Jehova li ile tsa re etela Philadelphia, Pennsylvania, ’me hamorao Newark, Delaware. Le hoja ke ne ke khahloa ke cheseho ea tsona ea Bokreste, kamehla ke ne ke ee ke re: “Ntšoareleng. Ha ke thahaselle hobane ke Mok’hatholike.”
Eaba, hoseng ho hong ho batang ka November 1970, Lipaki li boela li re etela. Li ile tsa botsa potso e amanang le Bibele eaba li bala Pesaleme ea 119:105: “Lentsoe la hao ke lebone la maoto a ka, ke leseli tseleng ea ka.” Mantsoe ao a ile a nkhahla. Ke hopola ke re ka pelong, ‘Bibele! Mohlomong ke eona karabo, empa ha ke na le eona.’ Ke ne ke rutiloe hore Mak’hatholike ha a hloke Bibele, hore e tla re ferekanya le hore Bibele e lokela ho baloa le ho hlalosoa ke baprista feela. Ke ne ke nahana hore ke Mok’hatholike ea tšepahalang ka ho se be le eona.
Letsatsing leo ke ile ka amohela buka e thusang ho ithuta Bibele ho Lipaki e leng ’Nete e Isang Bophelong bo sa Feleng. Ke ile ka e bala hona bekeng eo ’me hang-hang ka tseba hore ke fumane ’nete! Lipaki li ile tsa khutla li nkile Libibele tse peli, e ’ngoe e le phetolelo ea K’hatholike. Ke ile ka makala ha ke bona hore mangolo a qotsitsoeng bukeng eo e thusang ho ithuta Bibele a teng hona ka Bibeleng ea K’hatholike. Nakong eo ke ile ka qalisetsoa thuto ea lehae ea Bibele e tsoelang pele, ’me ka kolobetsoa ka August 1972, hammoho le ausi oa ka Sally, ea neng a qalile ho ithuta Bibele le eena.
Monna oa ka Dean ha aa ka a nkhanyetsa, empa o ile a makatsoa ke ho bona ke thahasella bolumeli bo bong kantle ho ba K’hatholike. Kamehla o ne a mamela ’me a shebella. Pele, ho bonahala eka ke ne ke lula ke jajabetsa bashemane ka bohale ha ke batla hore ba ’mamele. Empa ke ile ka ithuta hore Bibele e lemosa hore ho se be le “khalefo le ho tleroha le puo e nyefolang.” (Baefese 4:31, 32) Ho feta moo, ha u koetlise bana ka ho ba jajabetsa ka bohale. Ka le leng, ke ile ka utloa monna oa ka a bolella ’mè oa hae ka Lipaki tsa Jehova: “’Mè, batho bao ba sebelisa seo ba se rutang!” Nakoana ka mor’a moo, o ile a amohela thuto ea Bibele. Dean o ile a fetoha Paki e kolobelitsoeng ka January 1975.
Ho Koetlisa Bara ba Rōna ba Bahlano
Ha ke qala ho ea Holong ea ’Muso, ke ne ke nahana hore liboka li batla li nka nako e teletsana bakeng sa bara ba ka. Kahoo ke ne ke ba siea hae le ntat’a bona. Ho ne ho ’natefela ho bile ho nkhatholla ho tsamaea ke le mong. Empa, joale, sebui se seng se neng se fana ka puo sebokeng ha se bua ka bolelele ba nako ea liboka tsa Bokreste, se ile sa botsa: “Na u kile ua nahana hore na ke nako e telele hakae eo bana ba hao ba ka e qetang ba shebeletse thelevishene?” E ne e le hona moo bashemane ba ka ba leng teng ka eona nako eo! Kahoo, ke ile ka ipolella, ‘Ho lekane ka seo! Ke tla le bona!’ Monna oa ka o ile a lumela hore ke tsamaee le bona, ’me ka mor’a nakoana le eena a qala ho kopanela.
Ho kopanela kamehla libokeng ho ile ha fa bophelo ba lelapa la rōna tlhophiso le botsitso. Empa ho bile le melemo e meng. Kamehla ’na le Dean re ne re leka ho ntlafatsa litsela tsa rōna tsa khōliso, ho amohela liphoso tsa rōna le ho latela ka hloko tataiso ea Bibele. Ha ho mohla re ileng ra lumella ho sebelisoa ha litekanyetso tse peli. Se neng se loketse bakeng sa ka le monna oa ka se ne se loketse bakeng sa bara ba rōna. Ho kopanela kamehla mosebetsing oa boboleli ba phatlalatsa e ne e le tlamo.
Ha ho tluoa tabeng ea boithabiso teng, re ne re sa lumelle lifilimi tse bontšang pefo le boitšoaro bo bobe. Kamehla re ne re thabela mesebetsi e hahang e kopaneloang ke lelapa, ho akarelletsa ho thellisa lehloeng, ho bapala bowling, ho bapala golf, ho ea lirapeng tsa boikhathollo, ho etsa pikiniki le ho thabela ho ja pizza ka Labohlano mantsiboea. ’Me Dean e ne e le hlooho e lerato ea lelapa la rōna. Nakong eohle ea bophelo ba lenyalo la rōna, re ile ra hlokomela hore ena ke eona tsela eo lintho li lokelang ho ba ka eona.—Baefese 5:22, 23.
Ha ke ne ke qala ho ithuta le Lipaki tsa Jehova ka 1970, Billy o ne a le lilemo li 12, Jimmy li le 11, Dean e monyenyane li le 9, Joe li le 7, ’me Charlie li le 2. Ba ne ba se ba tloaetse ho ea kerekeng, empa hona joale ba ne ba ithuta Bibele. Ho ne ho re thabisa. Ke ne ke ee ke re ho bona: “Bonang! Bonang mona! Tloong mona!” Ba ne ba ee ba tle, ’me ka thabo re tšohle ho hong ho hocha ho rōna. Ka ho ithuta ha rōna buka e tsoang mohloling o phahameng ka ho fetisisa lefatšeng, Bibele, bashemane ba ile ba ithuta ho rata Jehova ’me ba ikutloa ba ikarabella ho eena e le Molimo oa bona le ’Mōpi oa bona—eseng feela ba ikarabella ho ntat’a bona le ’m’a bona.
Pele re ithuta linnete tsa Bibele, re ne re e-na le likoloto tse ngata. E le hore re lefe tse ling tsa likoloto tsa rōna re ile ra rekisa ntlo ea rōna ’me ra hira ntlo. Re ile ra boela ra rekisa koloi ea rōna e ncha ’me ra reka e ’ngoe ea khalenyana. Re ile ra leka ho phela bophelo bo itekanetseng kamoo ho neng ho ka khoneha kateng. Sena se ile sa ntumella hore ke sale lapeng le bashemane ho e-na le hore ke etse mosebetsi oa boipheliso. Re ile ra hlokomela hore bara ba rōna ba hloka ’mè lapeng. Sena se ile sa boela sa ’nolofalletsa ho qeta nako e eketsehileng tšebeletsong ea Bokreste ha bashemane ba ile sekolong. Qetellong, ka September 1983, ke ile ka khona ho ba pula-maliboho (mosebeletsi oa nako e tletseng). Ke ’nete hore bashemane ba rōna ba ne ba sa lule ba e-na le lintho tse majabajaba, leha ho le joalo ba ne ba sa ikutloe ba haelloa ke lintho ka ho sa hlokahaleng. E mong le e mong oa bona o ile a ea sekolong se phahameng sa koetliso ea mesebetsi ea matsoho ’me ba ithutela mesebetsi e kang ea temo, bobetli, botei ba likoloi le ho etsa litšoantšo. Kahoo, ba ile ba hlomelloa ho itjara bophelong.
Hangata ke ne ke ee ke nahane ka bophelo ba lelapa la rōna ’me ke re ka pelong, ‘Ke nahana hore re le leng la malapa a thabileng ka ho fetisisa lefatšeng lena, le hoja re e-na le lintho tse seng kae tse bonahalang.’ Ka mor’a nakoana, Dean o ile a qala ho hahamallela boikarabelo ka phuthehong, ’me bashemane le bona ba ile ba latela. Ka 1982, Dean o ile a khethoa ho ba moholo oa Mokreste. Lilemo tse robeli hamorao, ka 1990, mora oa rōna e moholo, Bill, o ile a khethoa ho ba moholo. ’Me Joe le eena a khethoa hona selemong seo, Dean e monyenyane ka 1991, Charlie ka 1992, ’me Jim ka 1993.
Kea tseba hore re le batsoali re ile ra fosa linthong tse itseng le hore lintho tseo re entseng hantle ho tsona hase kamehla li hopolehang habonolo. Motsoalle oa rōna e mong o ile a botsa bara ba ka hore na ba hopola eng ka lilemo tsa bona tse qalang tsa Bokreste le hore na ka ho khetheha ke melao-motheo efe ea Bibele eo ba ithutileng eona qalong ea koetliso ea bona e ba thusitseng hore ba finyelle litšoaneleho tsa ho ba baholo ba Bakreste. Litlhaloso tsa bona ke tse nthobang pelo.
Litlhaloso Tsa Bara ba Ka
Bill: “Ke lula ke hopola seo re ithutileng sona ho Baroma 12:9-12. Karolo ea eona e baleha tjena: ‘Leratong la bara ba motho e-bang le boikutlo bo bonolo e mong bakeng sa e mong. Ho bontšeng tlhompho e mong ho e mong etellang pele. . . . Chesehang ke moea. . . . Thabang tšepong.’ Batsoali ba ka ba ile ba khona ho re bontša se boleloang ke ho rata batho ba bang. U ne u ka bona hore ho rata batho ba bang hoa ba thabisa. E bile tikoloho ena e lerato lapeng e entseng hore linnete tsa Bibele e be karolo ea monahano oa rōna. Ke eona e re bolokileng re le ’neteng. Batsoali ba ka ba ne ba rata ’nete ea Bibele ka ho feletseng. Ka lebaka leo, ha ho mohla nkileng ka thatafalloa ho rata ’nete, ’me ha ho mohla nkileng ka thatafalloa ho e khomarela.”
Jim: “Molao-motheo o mong o atisang ho tla kelellong ea ka ke o ho Matheu 5:37: ‘Etsang feela hore lentsoe la lōna E le bolele E, Che ea lōna, Che; hobane se fetang tsena se tsoa ho ea khopo.’ Kamehla ’na le banab’eso re ne re tseba hore na batsoali ba rōna ba lebeletse eng ho rōna, ’me ba ile ba re bontša mohlala o phelang oa seo Bakreste ba lokelang ho ba sona. Kamehla bobeli ba bona ba ne ba lumellana. Ho ne ho se mohla ba phehisanang khang. Haeba ho e-na le ho hong hoo ba sa lumellaneng ka hona, rōna bashemane ho ne ho se mohla re tsebang ka hona. Ba ne ba momahane, ’me ka sebele seo se ile sa e-ba le tšusumetso e matla ho rōna kaofela. Re ne re sa batle ho soabisa ’Mè le Ntate, ’me haholo-holo Jehova.”
Dean: “Liproverbia 15:1 e re: ‘Karabo e bonolo e thethefatsa bohale empa polelo e hlabang ea bo leotsa.’ Ntate e ne e le motho ea bonolo. Ha ke hopole re kile ra phehisana khang le eena—esita le ha ke ne ke le lilemong tsa bocha. O ne a lula a khobile matšoafo, esita leha a ne a koatile. Ka linako tse ling o ne a ee a ntaele hore ke ee ka kamoreng kapa a nkamohe litokelo tse itseng tsa ka, empa ho ne ho se mohla re phehisanang khang. E ne e se feela ntate oa rōna. E ne e boetse e le motsoalle oa rōna, ’me re ne re sa batle ho mo soetsa.”
Joe: “Ho 2 Bakorinthe 10:5, Bibele e bua ka ho ‘tlisa monahano o mong le o mong kholehong ho o etsa hore o mamele Kreste.’ Ka lapeng re ile ra rutoa hore re ikokobeletse litekanyetso tsa Jehova le litaelo tsa hae. ’Nete e ne e le bophelo ba rōna. Ho ba teng libokeng e ne e le tsela ea bophelo. Le hona joale khopolo ea ho etsa ntho e ’ngoe e itseng ka letsatsi la liboka e ntse e le sieo ho ’na. Tšebeletso ea Bokreste le eona e ne e le karolo ea bophelo ba rōna ba kamehla—ha ho mohla e kileng ea e-ba taba ea boikhethelo. Re ne re fumana metsoalle Holong ea ’Muso. Ho ne ho sa hlokahale hore re e batle hosele. Ke’ng se seng seo ntate a ka se etsetsang bara ba hae ho feta ho ba kenya tseleng e isang bophelong!”
Charlie: “Kamehla ke hopola Liproverbia 1:7. E baleha tjena: ‘Ho tšaba Jehova ke motheo oa tsebo; empa ba maoatla ba nyelisa bohlale le thuto.’ Batsoali ba ka ba ile ba re thusa ho hlokomela hore Jehova ke motho oa sebele le ho utloisisa bohlokoa ba ho hlaolela ho mo tšaba le ho mo rata. Ba ne ba re behela mabaka, ka ho re: ‘Se ke ua etsa tjena hobane feela re u bolella. U nahana joang? U nahana hore Jehova o ikutloa joang ha a bona see? U nahana hore Satane eena o ikutloa joang?’
“Seo se ne se re tlisa ’moko-tabeng. Ntate le ’Mè ba ne ba ke ke ba e-ba le rōna ka linako tsohle. Ba ne ba ka etsa ho itseng feela ho tebisa linnete tsa Bibele lipelong le likelellong tsa rōna. Re ne re e-ba bang sekolong, mosebetsing le har’a metsoalle ea rōna. Tšabo eo e loketseng ea Jehova ke eona e entseng phapang e khōlō ho rōna—’me re sa na le eona le kajeno.
“Hape, ’Mè o ne a sa khaotse ho bua ka tšebeletso ea hae ea bopula-maliboho le ka liphihlelo tse ntle tseo a bang le tsona. Kamehla o ne a e-na le boikutlo bo mofuthu ka tšebeletso, ’me seo se ile sa e-ba le phello e ntle ho rōna. Re ile ra hlaolela lerato ho batho ba tšoanang le eena le kananelo ea hore mosebetsi oa ntlo le ntlo e ka ba o thabisang ka ho fetisisa.”
Lebaka la ho Thaba
Hona joale bara ba ka ba nyetse, ’me ke na le lingoetsi tse hlano tse ratehang, kaofela ha tsona li sebeletsa Jehova ka botšepehi. Ke boetse ke hlohonolofalitsoe ka bashemane ba bang ba bahlano—e, litloholo tse hlano! Kaofela ha bona ba hōlisetsoa leratong la Jehova ’me ba beha ’Muso oa hae ka ho tiileng sebakeng sa pele bophelong ba bona. Re rapela hore ka le leng le bona e-be baholo, joaloka bo-ntat’a bona le ntat’a bona moholo.
Nakoana ka mor’a lefu la Dean, e mong oa bara ba ka o ile a ngola: “Ruri ke tla hloloheloa Ntate, kaha hona joale o robetse. Ha a sa utloa bohloko. Ha a sa sotleha. Ha a sa hloka ho buuoa, ho hlajoa ka linale le ho feptjoa ka mathopo—o khotsong. Ha kea ka ka mo fonanisa pele a e-shoa. Hase kamehla lintho li tsamaeang ka tsela eo u li rerileng ka eona. Seo nka se bolelang feela ke hore ke ikemiselitse ho phela bophelo ba ka ka tsela eo nke keng ka fosoa ke monyetla oa ho mo amohela!”
Ka sebele ke leboha Jehova ka monna ea lerato le ka tšepo e tiileng ea tsoho! (Johanne 5:28, 29) ’Me ke boetse ke Mo leboha hakaakang ka bara ba ka ba bahlano!
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Helen Saulsbery le lelapa la hae kajeno