Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g99 5/8 maq. 3-5
  • Ho se Tšepahale Lenyalong—Liphello Tse Bohloko Tsa Hona

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho se Tšepahale Lenyalong—Liphello Tse Bohloko Tsa Hona
  • Tsoha!—1999
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Maikutlo a Mangata a Ferekanyang
  • Ho Halefa le ho Tšoenyeha
  • Boikutlo ba ho ba Molato le ho Tepella Maikutlo
  • Bolotsana bo Habeli
  • Na Poelano e ka Khoneha?
    Tsoha!—1999
  • Khetho ea ho Hlala
    Tsoha!—1999
  • Tlhalo—Hantle-ntle Bibele e Re’ng ka Eona?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Lenyalo—Lebaka Leo ba Bangata ba Tsoang ho Lona
    Tsoha!—1993
Bala Tse Ling
Tsoha!—1999
g99 5/8 maq. 3-5

Ho se Tšepahale Lenyalong—Liphello Tse Bohloko Tsa Hona

Lentsoe thelefonong le ile la re: “Ke se ke ile”—mohlomong ao e le mantsoe a ferekanyang ka ho fetisisa ao monna oa Pata a kileng a mo buela ’ona. O re: “Ke ne ke sa lumele hore e se e le ha ke setse shalabeng. Ntho eo esale ke e tšaba ka ho fetisisa—ea hore monna oa ka o tla ntšiea a nke mosali e mong—e fetohile ’nete e nyarosang.”

PAT, ea lilemo li 33, o ne a hlile a batla hore lenyalo la hae le atlehe; monna oa hae o ne a mo tiiselitse hore a ke ke a mo siea le ka mohla. Pat oa hopola: “Re ne re tšepisane ho ema ’moho har’a manolo le mathata. Ke ne ke mo khotsoe. Eaba . . . o etsa seo. Hona joale ke setse ke se na letho—ke se na katse leha e le ntja—ke itlhophere!”

Hiroshi ha a sa tla lebala letsatsi leo bootsoa ba ’m’ae bo ileng ba tsebahala ka lona. Oa hopola: “Ke ne ke le lilemo li 11 feela. ’Mè o ile a tsoa ka tlung a qheshelaka. Ntate a mo setse morao, a ntse a re, ‘Butle hanyenyane. A re buisane ka taba ena.’ Ke ile ka hlokomela hore ho na le ho hong ho hlileng ho leng phoso. Ntate o ne a selebaletsoe. Ha ho mohla a kileng a hlaphoheloa. Ho feta moo, ho ne ho se motho eo a ka tšollelang pelo ea hae ho eena. Kahoo a retelehela ho ’na. Ak’u nahane feela: monna ea lilemong tsa bo-40 a ea ho mor’a hae ea lilemo li 11 ho ea batla matšeliso le kutloelo-bohloko!”

Ebang ke mahlabisa-lihlong a sisintseng babusi, bo-ralipolotiki, likhalala tsa libaesekopo le baeta-pele ba bolumeli kapa ke ho lahloa kherehloa le liboko tse ka malapeng abo rōna, ho hloka botšepehi lenyalong ho ntse ho tsoela pele ho baka tšenyo e tšabehang. The New Encyclopædia Britannica e re: “Ho bonahala bofebe e le kobo-anela, ’me maemong a mang, bo atile joaloka lenyalo.” Bafuputsi ba bang ba hakanya hore batho ba pakeng tsa karolo ea 50 le 75 lekholong ba kile ba hloka botšepehi ka nako e ’ngoe. Mofuputsi oa litaba tsa lenyalo Zelda West-Meads o bolela hore le hoja batho ba bangata ba sa tšepahaleng lenyalong ba sa fumanoe, “bopaki hohle bo bontša hore taba ena e tšoenyang e ntse e ata.”

Maikutlo a Mangata a Ferekanyang

Le hoja lipalo-palo tsa batho ba hlokang botšepehi lenyalong le tsa ba hlalanang e le tse tšosang, ha li senole ka ho feletseng liphello tse amang batho bophelong ba letsatsi le letsatsi. Ntle le hore ho ameha chelete e ngata, nahana ka maikutlo a batho ba bangata ba etsang lipalo-palo tseo—likeleli tse ngata tse tšolotsoeng le ho ferekana ho ke keng ha lekanngoa, masisa-pelo, matšoenyeho le bohloko bo otlang pelo boo ba bang ho bona, hammoho le masiu a se nang palo ao litho tsa lelapa li a qetileng li hlobaela ke ho utloa bohloko. Batho ba sitetsoeng ba ka ’na ba atleha ho feta phihlelo eo e bohloko, empa ho ka etsahala hore ba lule ba e-na le maqeba a eona ka nako e telele. Ha ho bonolo ho etsolla bohloko le tšenyo tse entsoeng.

Buka e reng How to Survive Divorce ea hlalosa: “Hangata ho qhalana ha lenyalo ho hlahisa pherekano e khōlō ea maikutlo, pherekano eo ka linako tse ling e ka ’nang ea u fifatsa pono. U lokela ho etsa eng? U lokela ho itšoara joang? U ka sebetsana le bothata joang? U ka ’na ua qeaqea, ua halefa, neng-neng ua ikutloa u le molato kapa ua ikutloa u na le tšepo, neng-neng u se u belaela.”

E bile phihlelo eo Pedro a bileng le eona ka mor’a hore a tsebe ka ho se tšepahale ha mosali oa hae. Ha a tšolla makunutu o re: “Ha molekane e mong a sa tšepahale lenyalong, u apareloa ke maikutlo a mangata a ferekanyang.” Ho thatafalla balekane ba sitetsoeng ho utloisisa boemo bo ba sithabetsang—ho se ho sa thoe letho ka ba ka ntle, ba nang le kutloisiso e fokolang ka boemo. Pat o re: “Ha ho motho ea hlileng a utloisisang tsela eo ke ikutloang ka eona. Ha ke nahana hore monna oa ka o na le mosali e mong, ke ba le lehlaba, le hlabang ka bohloko boo nke keng ka khona ho bo hlalosetsa motho e mong.” Oa phaella: “Ka linako tse ling ke ee ke nahane hore kea hlanya. Ka letsatsi le leng ke ikutloa ke khona ho jara boemo; ka le latelang ke ikutloa ke hlōleha. Ka letsatsi le leng kea mo hloloheloa; ka le hlahlamang ke hopola mano ’ohle a hae le ho se tšepahale ha hae le sekhobo seo a mpaketseng sona.”

Ho Halefa le ho Tšoenyeha

Motho e mong eo molekane oa hae a sa kang a tšepahala, o re: “Ka linako tse ling, u ba le maikutlo a khalefo e sa laoleheng.” Hase feela khalefo ka lebaka la phoso e entsoeng le tahlehelo e bileng teng. Ho e-na le hoo, joalokaha mongoli e mong a ile a hlalosa ke a “ho halefela se ka beng se etsahala le se sentseng litaba.”

Maikutlo a mang a tloaelehileng ke a ho ikhalala le ho se itšepe. Pedro o bolela ka lekunutu: “U ba le maikutlo a kang a hore: ‘Ebe ha ke ipiletse hakaalo? Ebe ho na le kae-kae moo ke haellang teng?’ U qala ho itlhahlobisisa le ho itšoaea liphoso.” Bukeng ea hae e bitsoang To Love, Honour and Betray, Zelda West-Meads, oa British National Marriage Guidance Council, oa tiisa: “E ’ngoe ea lintho tse thata ka ho fetisisa eo u lokelang ho e hlōla . . . ke ho felisa boitlhompho ba hao.”

Boikutlo ba ho ba Molato le ho Tepella Maikutlo

Hangata maikutlo ana a phakisa ho lateloa ke setsokotsane sa ho ikutloa u le molato. Mosali e mong ea nyahameng o re: “Ke nahana hore basali ba hlokofatsoa haholo ke boikutlo ba hore ba molato. U itjarisa molato ebe ua ipotsa: ‘Ke fositse hokae?’”

Monna e mong ea lahliloeng ke mosali o senola karolo e ’ngoe eo a e bitsang maikutlo a tšohanyetso le a feteletseng. Oa hlalosa: “Ho tepella maikutlong e ba boemo bo bocha bo itlelang joaloka boemo bo bobe ba leholimo.” Ha monna oa hae a mo siea, mosali e mong o hopola hore ho ne ho se letsatsi le likelang a sa lla. Oa pheta: “Ke sa hopola ka hloko letsatsi la pele leo ke ileng ka le qeta ke sa lla libeke tse ’maloa ka mor’a hore a ntšiee. Ho ile ha feta likhoeli pele nka qeta beke ke sa lla. Matsatsi le libeke tseo ke ileng ka li qeta ke sa lle e ile ea e-ba khato ea bohlokoa e ileng ea tšoaea hore ke hatela pele.”

Bolotsana bo Habeli

Ntho eo ba bangata ba sa e hlokomeleng ke hore hangata mofebi o sitetsoe molekane oa hae lintlheng tse peli. Ka tsela efe? Pat o re fa leselinyana: “Ke ile ka thatafalloa. E ne e se feela hore ke monna oa ka, e ne e boetse e le motsoalle oa ka—motsoalle oa ka oa hlooho ea khomo—ka lilemo-lemo.” E, mabakeng a mangata mosali o retelehela ho monna oa hae bakeng sa tšehetso ha mathata a hlaha. Joale, hase feela hore o bakile mathata a mo sithabetsang empa o boetse o khaolitse ho ba mohloli oa thuso eo a e hlokang haholo. Ka ketso e le ’ngoe feela, o utloisitse mosali oa hae bohloko bo otlang pelo le ho mo amoha ea tšepetsoeng makunutu.

Ka lebaka leo, boikutlo bo tebileng ba ho siuoa shalabeng le ba ho phoqoa ke motho eo u mo tšepang, ke bona bo sithabetsang ka ho fetisisa ho balekane ba se nang molato. Moeletsi e mong litabeng tsa lenyalo o hlalosa kamoo ho siuoa shalabeng lenyalong ho ka holofatsang maikutlo kateng: “Re ikakhela ka setotsoana, re beha tšepo ea rōna, litakatso tsa rōna le litebello tsa rōna lenyalong . . . , re batla motho eo re ka hlang ra mo tšepa, eo re ikutloang hore re ka itšetleha ka eena kamehla. Haeba ka tšohanyetso tšepo eo e soahlamana, ho ka tšoana le ha moea o fefola mokolokotoane oa papali ea likarete.”

Ka ho hlakileng, joalokaha ho bontšitsoe bukeng e reng How to Survive Divorce, balekane ba sitetsoeng “ba hloka thuso e le hore ba hlōle pherekano ea maikutlo . . . Ba ka ’na ba hloka thuso ea hore na ba etse khetho efe le hore na ba e etse joang.” Empa ke efe eona khetho eo?

U ka ’na ua ipotsa: ‘Na ho boelana ke tharollo ea bothata ba rōna? Kapa na ke lokela ho hlala?’ Haholo-holo haeba ho bile le tsitsipano lenyalong, e ka ’na ea e-ba ho phephetsang ho potlakela ho etsa qeto ea hore tlhalo ke tharollo mathateng a lōna. U ka ’na ua beha lebaka la hore ‘etsoe Bibele e lumella tlhalo motheong oa ha e mong a sa tšepahale lenyalong.’ (Matheu 19:9) Ka lehlakoreng le leng, u ka ’na ua beha lebaka la hore Bibele ha e qobelle tlhalo. Ka hona, u ka ’na ua nahana hore ho tla ba molemo hore u boelane le molekane oa hao ’me le hahe le ho matlafatsa lenyalo la lōna.

Hore na u hlala molekane ea sa tšepahaleng kapa che ke qeto ea botho. Empa, u ka tseba joang seo u lokelang ho se etsa? Ntlha ea pele, ka kōpo hlahloba tse ling tsa lintlha tse ka ’nang tsa u thusa ho bona hore na le ka khona ho boelana.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Mabitso a mang a fetotsoe.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela