Peō e Hlahisitseng Litholoana Lilemo Tse Ngata Hamorao
Lengolo le latelang le ile la amoheloa ka lebaka la sehlooho se reng “Liphephetso le Litlhohonolofatso Tsa ho Hōlisa Bara ba Supileng,” ho “Tsoha!” ea January 8, 1999.
Lelapa le Ratehang la ha Dickman,
Ke sa tsoa qeta ho bala pale ea lōna, ’me ke ikutloa ke tlameha ho le ngolla. Ke tsebile lelapa la lōna lilemong tse ngata tse fetileng Mississippi [1960-61]. Ha e le hantle, ke ne ke kena sekolo le bara ba lōna, ’me ke ne ke tloaetse ho chakela ha lōna le ho bapala le bashemane bao. Empa tsena hase tsona lintho tse ileng tsa hatiseha ka matla kelellong ea ka ea bongoana. Esita leha ke ne ke sa le monyenyane hakaalo, ke ile ka khahloa haholo ke ntlha ea hore bashemane ba ne ba sa lumelise folaga sekolong ka lebaka la matsoalo a bona a Bokreste. Le hoja ke ne ke le setho sa Kereke ea Baptiste ea Grandview, ha e mong oa bashemane ba lōna a ntlhalosetsa boemo ba hae, ke ile ka hlokomela hore bo nepahetse.
E mong oa bona o ile a mpha buka e reng Ho Tloha Paradeiseng e Lahlehileng ho ea Paradeiseng e Fumanehileng Hape,a kapa ke ile ka e utsoa. Ha ke sa hopola hantle se etsahetseng, empa ke ile ka e bala kaofela. Ka nako eo, ke ne ke e nka e le buka feela tjee e nang le lipale tse monate. Ke ne ke sa hlokomele hore peō ea ’nete e ntse e jaloa le hoja e ne e sa tl’o mela ka lilemo-lemo.
Ka 1964 lelapa leso le ile la fallela ka Leboea, eaba ke khaotsa ho ea kerekeng. Boikaketsi ba bolumeli bo ile ba ’nyahamisa, kahoo ke ile ka qeta lilemo tse ngata ke sa batle letho le amanang le bolumeli bo hlophisitsoeng.
Lilemo hamorao, ha ke qala ho nahanisisa ka ho teba ka morero oa bophelo, ke ile ka hlokomela hore ho hlokahala hore ke be le kamano le ’Mōpi. Ke ne ke batla kamano e se nang boikaketsi ba bolumeli. Peō ea ’nete e neng e jetsoe lilemo pejana e ne e qala ho mela; empa ke ne ke ntse ke e-s’o hlokomele seo.
Ke ne ke utloisoa bohloko ke taba ea hore ke ne ke sa batle ho ea leholimong; ke ne ke batla ho phela hona mona lefatšeng. Ke ne ke bona hore lefatše lena ka bolona ke pōpo e ntle ka ho hlollang, kahoo ke hobane’ng ha Molimo a ne a lokela ho le felisa? Hape ke ne ke sa nahane hore Jesu ke Molimo. Haeba e ne e le Molimo, joale sehlabelo sa hae e ne e tla be e le sa bolotsana. Ebang motho o khetha ho li bitsa likhopolo, maikutlo kapa litumelo, li ne li hanana le seo ke ithutileng sona Kerekeng ea Baptiste. Kahoo, ke ile ka qala ho rapela, ka hla ka rapela ka tieo, ’me Jehova a phakisa ho nkarabela. Lipaki li ile tsa nketela matsatsinyana hamorao, ’me ka qalloa thuto ea Bibele hang-hang. Le hoja ke ne ke arohane ka ho feletseng le Lipaki tsa Jehova ho tloha nakong ea ha ke ne ke tloaetse lelapa la lōna ho fihlela ha ke qala ho ithuta, ke ile ka lula ke hlompha bara ba lōna le sebete sa bona sa ho emela se lokileng. Hang hoba ke qale ho ithuta le ho fumana tsebo, lintho tsohle li ile tsa ntlhakela. Ho ile ha nkuka selemo le halofo hore ke otlolle tsela ea ka ea bophelo. Ke ile ka qetella ke kolobelitsoe ka 1975.
Neng le neng ha re tšohla boitsebiso bo buang kamoo boitšoaro ba rōna bo ka fanang ka bopaki kateng leha re sa hlokomele, ke hopola lelapa la lōna. Ha re tšohla bohlokoa ba ho jala peō e ngata ea ’Muso hobane e se kamehla re tsebang moo kapa nako eo e tla mela ka eona, ke hopola ka phihlelo ea ka hore seo ke ’nete.
Ke batla ho le leboha ka ho ba har’a batho ba Jehova le ka ho tšepahalla tumelo ea lōna morao koo. Le thusitse motho e mong ho fumana ’nete le sa tsebe. Boitšoaro ba lōna le tumelo ea lōna, hammoho le ba bana ba lōna, li entse hore ’nete e khanye. Ke ne ke sa nahane hore ke sa tla ke ke tsebe se etsahetseng ka lōna kapa hona ho le leboha. Ke boetse kea le leboha.
Ka lerato le leholo la Bokreste,
L. O.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a E hatisitsoe ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc., ka 1958; hona joale ha e sa hatisoa.