Tsoha! e Susumetsa ho Etsoa ha Setšoantšo sa Toantšo ea ho Tsuba
KA MONGOLLI OA TSOHA! ITALY
HAUFINYANE tjena, motseng oa Mortara, Italy ka leboea, Mokhatlo oa Italy oa Toantšo ea Kankere le koranta ea moo li ile tsa hlophisa tlhōlisano ea hore liithuti tsa likolo tse phahameng li etse setšoantšo sa toantšo ea ho tsuba. Simona ea lilemo li 14, e mong oa Lipaki tsa Jehova, o ile a batlisisa boitsebiso bo buang ka likotsi tsa koae litokollong tse ’maloa tsa Tsoha!, haholo-holo tokollong ea July 8, 1989, le ea May 22, 1995 (ea Senyesemane). Simona oa ngola: “Ha ke ntse ke batlisisa ke ile ka khahloa haholo ke likoahelo tsa litokollo tsena. Ke ile ka toroea lehata le mommeng sakerete le joaloka leo ke ileng ka le bona ho Tsoha!, ’me sehlooho se sekoahelong sa eona se ile sa ntlhomella ka mantsoe ao nka a ngolang tlas’a setšoantšo seo.” O ile a ngola mantsoe a reng, “Ho Tsuba—Ho Bolaea Batho ba Limilione ho Etsa Limilione.” Setšoantšo sa hae e ne e le se seng sa tse 250 tse kenetseng tlhōlisano eo.
Le hoja Simona e ne e le eena e monyenyane ho feta liithuti tse ling tse ngata tse kenetseng tlhōlisano eo, o ile a fumana moputso oa pele, o kopanyelletsang litlhapiso tsa R1 900. Simona o ile a ngolla ofisi ea lekala ea Mokhatlo oa Watch Tower ho bolela kamoo a ananelang kateng likoahelo tse sebetsang tsa Tsoha! tse mo hlomeletseng. O thabela ho bala Tsoha! eseng feela ka lebaka la likoahelo tsa eona empa hape ka lebaka la lihlooho tsa eona tse nakong le tse thusang tabeng ea bophelo bo botle, liketsahalo tse etsahalang le liphephetso tseo bacha ba thulanang le tsona. O ile a qetella lengolo la hae ka sehlomathiso se reng: “PS: Tsoelang pele ka mosebetsi oo o babatsehang!”
Haeba u thabela ho fumana boitsebiso bo eketsehileng ka litaba tse ling tse amang Bakreste, ka kōpo iteanye le Lipaki tsa Jehova Holong ea ’Muso e sebakeng sa heno kapa u romele setlankana sena se ka tlaase.
□ Nthomelleng boitsebiso bo eketsehileng mabapi le kamoo nka fumanang kopi ea bukana ea Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna?
Bontša hore na ka puo efe
□ Ke kōpa hore le nketele mabapi le thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng.