Tlokotsi ea Ntoa
MUSIAMONG oa Ntoa ea Babusi London, Engelane, baeti ba hoheloa ke oache e ikhethang le sepanya-panya. Oache ena ha e bontše nako. Sepheo sa eona ke ho thusa batho ho utloisisa boholo ba tšobotsi e laolang lekholo lena la lilemo—e leng ntoa. Ha lenakana la oache le ntse le potoloha, sepanya-panya se eketsa palo e itseng tlalehong ea sona ka mor’a metsotsoana e meng le e meng e 3,31. Palo e ’ngoe le e ’ngoe e emela monna, mosali, kapa ngoana ea shoeleng ka lebaka la ntoa lekholong lena la bo20 la lilemo.
Sepanya-panya sena se ile sa qala mosebetsi oa sona ka June 1989. Se tla emisa ho bala ka khitla ka la 31 December, 1999. Se tla be se e-na le palo ea limilione tse lekholo, e leng khakanyo e batlang e lumellana le palo ea ba shoeleng ntoeng nakong ea lilemo tse 100 tse fetileng.
Ak’u nahane—batho ba limilione tse lekholo! Ba feta baahi ba Engelane ka makhetlo a fetang a mabeli. Leha ho le joalo, lipalo-palo tseo ha li bontše letho ka tšabo le bohloko tseo bahlaseluoa ba ileng ba li utloa. Leha e le hore li hlalosa mahlomola ao baratuoa ba batho ba shoeleng ba a utloang—limilione tse se nang palo tsa bo-’mè le bo-ntate, likhaitseli, baena le baholoane, bahlolohali le likhutsana. Seo lipalo-palo tsena li re bolellang sona ke hore: Lekholo la rōna la lilemo e bile le senyang ka ho fetisisa historing eohle ea moloko oa batho; bokhopo ba lona ke bo ikhethang.
Histori ea lekholo la bo20 la lilemo e boetse e bontša hore na batho ba fetohile litsebi tsa ho bolaea ho isa bohōleng bofe. Ho theosa le histori tlhahiso ea libetsa tse ncha e ’nile ea tsoela pele hanyane ka hanyane ho fihlela lekholong la bo20 la lilemo, le ileng la hlahisa libetsa tse ngata ka sekhahla. Ha ntoa ea pele ea lefatše e qala ka 1914, mabotho a Europe a ne a akarelletsa banna ba palameng lipere, ba hlometseng ka marumo. Kajeno, ka thuso ea mechine ea lisathelaete le tsamaiso ea tataiso ea k’homphieutha, limisaele li ka bolaea karolong leha e le efe ea lefatše, ka ho nepa ho hlollang. Ho theosa le lilemo ho ’nile ha hlahisoa lithunya tse tsoetseng pele le tse ntlafetseng, likoloi tse khōlō tsa ntoa, likepe tse sesang ka tlas’a metsi, lifofane tsa ntoa, libetsa tsa metsoako e chefo le tsa lik’hemik’hale, ’me ha e le hantle le “bomo.”
Ho makatsang ke hore batho ba khonne ho ipabola ka ho fehla ntoa hoo hona joale ntoa e seng e le qaka eo moloko oa batho o seng o sitoa ho e rarolla. Ho tšoana le tšōmong ea Frankenstein, eo ho eona sebata se tšabehang se timetsang moetsi oa sona, ntoa le eona e sokela ho timetsa ba e fileng matla ana a maholohali. Na sebata see se tšabehang se ka laoloa kapa sa felisoa ka ho feletseng? Lihlooho tse latelang li tla tšohla potso ena.
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 11]
U.S. National Archives photo
U.S. Coast Guard photo
By Courtesy of the Imperial War Museum