Bokamoso ba Ntoa ke Bofe?
RAHISTORI oa sesole John Keegan o ile a hlokomela: “Ka lilemo tse fetang 4 000 tsa ho leka sena le sane le ho pheta-pheta, ho fehla ntoa ho fetohile tloaelo.” Na tloaelo ee e tla ke e emise? Bophelo ba batho ba se nang palo bo ’nile ba etsoa sehlabelo ntoeng. Ho ’nile ha etsoa boikitlaetso bo matla ’me ha sebelisoa matlotlo a mangata ho hlohlelletsa ntoa. Ka lilemo tse likete, batho ba bohlale ba ’nile ba ikemisetsa ho fumana litsela tse ncha le tse molemonyana tsa ho bolaea le ho senya. Na batho ba bontša mafolofolo a tšoanang bakeng sa ho hlahisa khotso? Le hanyenyane! Leha ho le joalo, ba bangata ka masene ba bolela hore ho na le motheo o itseng oa ho ba le tšepo ea katleho.
Maikutlo a Hore Ntoa ke Booatla
Tšepo eo e thehiloe tumelong ea hore batho ba tsoetseng pele ha ba sa talima ntoa kamoo ba neng ba e talima kateng pele. Lekholong la bo13 la lilemo, mohlabani oa Mongolia, Genghis Khan, o tlalehoa a ile a re: “Thabo e tlisoa ke ho hlōla lira tsa motho, ho li khanna, ho hapa thepa ea tsona, ho nyakallela ho hloka tšepo ha tsona, ho beta basali le barali ba tsona.”
Ho ka ’na ha e-ba thata ho nahana ka moeta-pele e mong oa lefatše ea ka buang mantsoe a tšoanang le ao kajeno! Buka e reng A History of Warfare e re: “Ho batla ho le thata hohle lefatšeng kajeno ho fumana batho ba hlaphohetsoeng kelellong ba tšehetsang khopolo ea hore ntoa ke ketso e lokileng.” Hohle ntoa ha e sa talingoa e le ntho ea tlhaho, e iketsahallang feela, e bontšang khanya, kapa e khahlang. Lipolao tse sehlōhō lintoeng tsa lekholo la bo20 la lilemo li siile moloko oa batho o e-na le boikutlo ba tšabo le ba ho nyonya seo ntoa e se etsang. Mongoli e mong o behile lebaka la hore lehloeo lena la pefo le lebisitse ho felisoeng ha kahlolo ea lefu linaheng tse ngata ’me le susumelelitse hore ho bontšoe kutloelo-bohloko ho ba hanang ho kenella mesebetsing ea sesole.
Ho hloea lipolao tse sehlōhō hase lona lebaka feela le entseng hore maikutlo a fetohe. Ho boetse ho na le lebaka la bohlokoa la boitšireletso. Libetsa tsa kajeno tsa nyutlelie hammoho le tse tloaelehileng li na le matla a maholo a ho timetsa hoo ntoa leha e le efe pakeng tsa mebuso e meholo kajeno e ka hlahisang monyetla oa hore e timetsane. Ho qala ntoa e khōlō ke ho hloka kelello, ke ho ipolaea. Ba bangata ba beha lebaka la hore kholiseho ena ke eona e thibetseng ho qhoma ha ntoa ea nyutlelie ka lilemo tse fetang 50.
Ho na le lebaka le leng hape le etsang hore batho ba nahane ka bokamoso ka tsela e fapaneng. Ntoa e khōlō e nkoa e le booatla eseng feela hobane ho ka lahleha ntho e ’ngoe le e ’ngoe empa hape hobane ho ka haptjoa ho fokolang haholo. Ho etsoa khang ena ea moruo khahlanong le monyetla oa hore ho ka ’na ha e-ba le ntoa e ’ngoe e khōlō: Linaha tsa lefatše tse ruileng le tse matla li rua molemo o moholo tšebelisanong ea moruo. Melemo ea lintho tse bonahalang eo linaha tsena li e thabelang nakong ea khotso e ke ke ea lekanngoa leha e le efe eo ntoa e ka e tlisang. Kahoo, ke ho utloahalang hore linaha tse matla li phelisane ka khotso. Ho feta moo, ho ikopanya ha tsona ho thibela likhohlano leha e le life tse sokelang maemo a moruo pakeng tsa mebuso e menyenyane ho molemong oa tsona.
Boiteko ba Lefatše Lohle ba ho Tlisa Khotso
Takatso ea ho felisa ntoa e hlalositsoe selelekeleng sa molao-motheo oa Machaba a Kopaneng. Moo re bala boikemisetso ba linaha tseo e leng litho “ba ho sireletsa meloko e latelang kotlong ea ntoa, eo ka makhetlo a mabeli bophelong ba rōna [lintoeng tse peli tsa lefatše] e baketseng moloko oa batho mahlomola a ke keng a hlalosoa.” Boikemisetso boo ba ho sireletsa meloko e tlang ntoeng bo ile ba totobatsoa khopolong ea tšireletso e kopanetsoeng—e leng khopolo ea hore linaha li lokela ho ikopanya ho loantša naha leha e le efe e bonahalang e le leqhoko. Kahoo, haeba naha leha e le efe e batla ho qholotsa ntoa, e ne e tla tobana le khalefo ea linaha tsa machaba.
Le hoja khopolo eo e utloahala e le bonolo ’me e le e ka sebetsang, ho e sebelisa e bile taba e ’ngoe. The Encyclopædia Britannica e re: “Le hoja tšireletso e kopanetsoeng, ka litsela tse itseng tse batlang li fapane, e ile ea phetha karolo e khōlō Tumellanong ea Selekane sa Lichaba ’me e kenyelelitsoe Molao-motheong oa Machaba a Kopaneng, e hlōlehile ka ho feletseng maemong ao ka bobeli. Ka lebaka la ho hlokeha ha ’muso oa machaba o nang le bokhoni ba ho rarolla litsekisano ka ho feletseng, linaha ha lia ka tsa e-ba ntsoe-leng mabapi le tlhaloso ea leqhoko, ha ho tluoa tšebetsong, ha lia ka tsa amohela molao-motheo oa hore leqhoko le tlameha ho loantšoa ho sa tsotellehe hore na ke mang ea le qalang, ’me ka hona, ha lia ka tsa theha lebotho la machaba la tšireletso e kopanetsoeng le boletsoeng Molao-motheong.”
Leha ho le joalo, khopolo ea ho bōpa mokhatlo o phahametseng meeli ea linaha bakeng sa ho hlahisa khotso e ile ea e-ba ntho e ncha litabeng tsa batho. Ho ba bangata ba labalabelang khotso, ’moloki oa khotso e leng Machaba a Kopaneng, ka berete e putsoa, e ntse e le letšoao la tšepo. Ba lumellana le maikutlo a moqolotsi e mong oa litaba ea ileng a thoholetsa “khopolo ea masole a khotso, a romeloang sebakeng seo ho loanoang ho sona, eseng ho ea loana, empa ho ea bōpa khotso, eseng ho ea loantša lira, empa ho ea thusa metsoalle.”
Ka mashome a lilemo Ntoa ea Mantsoe e ile ea arola Machaba a Kopaneng hore e be mahlakore a mabeli a matla, le leng le le leng le sekametse ho nyopiseng ntho leha e le efe eo le leng le neng le lakatsa ho e etsa. Le hoja ho emisa ha Ntoa ea Mantsoe ho sa ka ha felisa likhohlano, ho se tšepane le ho belaellana pakeng tsa linaha, ba bangata ba lumela hore hona joale maemo a lipolotiki a fana ka menyetla eo ho seng mohla e kileng ea e-ba teng ea hore Machaba a Kopaneng a sebetse ho ea kamoo a neng a reretsoe kateng.
Lintlafatso tse ling tsa lekholong la bo20 la lilemo le tsona li fana ka tšepo e itseng ho ba labalabelang khotso. Ka mohlala, sepheo sa lipuisano tsa machaba ke ho rarolla likhohlano ka khotso. Thuso ea liphallelo e thusa linaha hore li thuse tse ling ho boela boemong ba tsona ba pele le ho thusa lichaba tse sohlokiloeng ke ntoa. Ho bōpa khotso hammoho le ho fana ka thuso ea liphallelo ho fetohile litšobotsi tsa leano la linaha tse ling. Ba lekang ho bōpa khotso baa hlomphuoa.
Sebōpeho sa Ntoa Nakong e Tlang
Leha ho le joalo, maikutlo leha e le afe a ho ba le tšepo ea katleho a lokela ho bapisoa le linnete tse ling tse bohloko. Ha Ntoa ea Mantsoe e lala ka 1989, ba bangata ba ile ba bolela hore ba tšepa hore ho tla ba le taolo ea lefatše e nang le khotso. Ho ntse ho le joalo, ntoa e ile ea tsoela pele. Lilemong tse supileng tse ileng tsa latela, ho hakanngoa hore ho ile ha loanoa lintoa tse ka bang 101 libakeng tse fapa-fapaneng. Tse ngata tsa tsona e ne e se lintoa tse pakeng tsa linaha tse fapaneng empa e ne e le tsa lehae. Li ne li loanoa ke lihlopha tse hanyetsanang li sebelisa libetsa tse sa tsoelang pele. Ka mohlala, Rwanda, ba bangata ba ile ba bolaoa ka lithipa tse khōlō.
Hangata, mabala a ntoa a kajeno ke metse le metsana, ’me ha ho na phapang e kaalo kapa ha e eo ho hang pakeng tsa ba loanang ntoeng le baahi feela. Michael Harbottle, eo e leng motsamaisi oa Setsi sa Machaba sa ho Theha Khotso, o ile a ngola: “Le hoja nakong e fetileng lisosa tsa ntoa li ne li batla li ka boleloa esale pele, kajeno li rarahane le ho feta ’me ho thata le ho feta ho li laola. Pefo e tsamaisanang le tsona ea makatsa ’me ke e sa utloahaleng ka ho feletseng. Baahi ba sa loaneng ntoeng ba kotsing ea ho thunngoa feela joaloka ba leng ntoeng.” Ntoa e loanoang ka libetsa tse sa tsoelang pele joalo ha e bonahale eka e tla fela.
Ka nako e tšoanang, linaheng tse ruileng tsa lefatše, libetsa tsa theknoloji e phahameng li ntse li tsoela pele ho hlahisoa ka lebelo le leholo. Mechine e lekolang lintho—ebang e lekola e le moeeng, sepakapakeng, leoatleng, kapa fatše—e nolofalletsa lebotho la kajeno ho bona ka potlako le ka ho hlaka ho feta leha e le neng pele, esita le libakeng tse siretseng, joaloka mefero. Hang ha mechine e lekolang e bona ntho eo e e korotseng, limisaele, liqhomane tsa ka tlas’a metsi, kapa libomo tse tsoibiloang ka laser li ka e otla—’me hangata e le ka ho nepa ho hlollang. Ha theknoloji e ncha e ntse e ntlafatsoa ’me e kopanngoa, “tlhaselo ea libaka tse hole” e fetoha ntho ea sebele, e nolofalletsa lebotho la ntoa ho bona ntho e ’ngoe le e ’ngoe, ho otla ntho e ’ngoe le e ’ngoe le ho senya boholo ba seo sera se nang le sona.
Ha re ntse re nahana ka tebello ea ntoa nakong e tlang, ha rea lokela ho lebala tšokelo e teng hona joale ea libetsa tsa nyutlelie. Makasine ea The Futurist e bolela esale pele: “Ho eketseha ho tsoelang pele ha libetsa tsa athomo ho eketsa monyetla oa hore re ka ’na ra ba le ntoa e le ’ngoe kapa tse eketsehileng tsa athomo lilemong tse 30 tse latelang. Ho feta moo, likhukhuni li ka ’na tsa sebelisa libetsa tsa athomo.”
Bothata ke Eng?
Ke eng e ferekantseng boiteko ba ho finyella khotso ea lefatše lohle? ’Nete e totobetseng ke hore lelapa la motho le arohane. Batho ba arohile litsekana-tsekana ka lichaba le meetlo tse sa tšepaneng, tse hloeaneng, kapa tse tšabanang. Ho na le litekanyetso, likhopolo le lipakane tse hanyetsanang. Ho feta moo, ho sebelisoa ha likhoka tsa sesole ka lilemo tse likete ho ’nile ha talingoa e le tsela e loketseng ea ho phehella lithahasello tsa naha. Ka mor’a ho lumela hore boemo bona bo teng, tlaleho e tsoang Kolecheng ea Setsi sa Lithuto tsa Mahlale ea Lebotho la Ntoa ea United States e ile ea re: “Ho ba bangata, sena se fana ka maikutlo a hore khotso e ka tlisoa feela ke puso ea lefatše.”
Ba bang ba ile ba nahana hore Machaba a Kopaneng e ka ’na ea e-ba eona puso eo. Empa ha ho mohla Machaba a Kopaneng a kileng a rereloa hore e be puso ea lefatše e nang le matla a fetelang ka nģ’ane ho a linaha tseo e leng litho tsa ’ona. Matla a ’ona a fella feela moo linaha tseo e leng litho tsa ’ona li a lumellang. Ho belaela le ho se lumellane ho ntse ho tsoela pele pakeng tsa linaha tseo, ’me matla ao li a fang Machaba a Kopaneng a lekanyelitsoe. Ka hona, ho fapana le hore a bōpe tsamaiso ea machaba, Machaba a Kopaneng a lula e le seriti feela sa eona.
Leha ho le joalo, khotso ea lefatše lohle e tla fela e be teng lefatšeng. Sehlooho se latelang se bontša hore na seo se tla etsahala joang.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 13]
“MOLOKO OA BATHO O TLAMEHA HO FELISA NTOA, HO SENG JOALO NTOA E TLA FELISA MOLOKO OA BATHO.”—JOHN F. KENNEDY
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Machaba a Kopaneng ha aa fetoha ’muso oa lefatše
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
UN photo