Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g99 11/8 maq. 16-17
  • Nate ea Tagua—Na e ka Pholosa Litlou?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Nate ea Tagua—Na e ka Pholosa Litlou?
  • Tsoha!—1999
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Sefate se sa Tloaelehang sa Palema
  • Lebaka Leo ka Lona e Leng Molekane oa Tlou
  • Tagua e ka Sebelisoa ka Litsela Tse Ngata
  • Nko ea Tlou
    Tsoha!—2012
  • Se Hlokahalang Hore Motho a Tsamaise Tlou
    Tsoha!—2009
  • “O Mong oa Mesebetsi ea Tlhaho e Tsoileng Matsoho”
    Tsoha!—1989
  • Tlou e Bohlale Hakae?
    Tsoha!—1988
Tsoha!—1999
g99 11/8 maq. 16-17

Nate ea Tagua—Na e ka Pholosa Litlou?

KA MONGOLLI OA TSOHA! ECUADOR

KE BALEKANE ba sa tšoaneng. E mong o boima ba ligrama tse ’maloa; e mong, ba lithane tse ’maloa. E mong ke semela; e mong ke phoofolo. Ba phela lik’honthinenteng tse fapaneng. Leha ho le joalo, nate e nyenyane ea tagua ea Amerika Boroa e ka pholosa tlou e khōlō ea Afrika polaong e sehlōhō. Ha e le hantle, nate ea tagua ke eng, hona e fetohile molekane oa tlou joang?

Sefate se sa Tloaelehang sa Palema

Nate ea tagua ke tholoana ea sefate sa mofuta o ikhethang oa palema se fumanehang haholo-holo karolong e ka leboea ea Amerika Boroa. Lifate tsena tse liehang ho hōla li hlahisa mahlaku a bohehang a qalang tlaase mobung. Ha li be le kutu e bonahalang ka lilemo tse ngata. Palema ea tagua e nang le kutu e bophahamo bo fihlang ho limithara tse peli bonyane e na le lilemo tse 35 ho isa ho tse 40. Tlas’a mahlaku ana ho hlaha masihla a maholo a rutlehang. Hangata lesihla le ka bang boima ba lik’hilograma tse 10, le jere litholoana tse teteaneng tse tšohlehang. Ka tloaelo tholoana ka ’ngoe e na le lipete tse ’nè ho isa ho tse robong, tse batlang li lekana le lehe la khōhō hape li shebahala joaloka lona. Mokhahlelong oa pele, pete eo e ba le mokelikeli o timang lenyora o kang metsi a kokonate. Mokhahlelong oa bobeli, mokelikeli oo oa hoama o fetoha motsoako o borethe o tsoekere o ka jeoang. Mokhahlelong oa boraro e bile e le oa ho qetela, motsoako oo o borethe o fetoha ntho e thata, e tšoeu e tšoanang le lenaka la tlou ka tsela e hlollang.

Lebaka Leo ka Lona e Leng Molekane oa Tlou

Ka sebele nate ea tagua e ka bitsoa molekane oa tlou, kaha e ka sebelisoa sebakeng sa lenaka la tlou. Ho tsongoa ho sehlōhō ha manaka a liphoofolo ho behile litlou tsa Afrika kotsing. Leha ho le joalo, nate ea tagua e hlahisa tsela e ’ngoe e sebetsang, kaha le hoja e le semela e tšoana hantle le molekane oa eona, lenaka la phoofolo, e sengangata, e khona ho benya haholo, ’me e khona ho fetoloa ’mala habonolo. Ho na le ho tšoana ho hoholo pakeng tsa nate ea tagua le lenaka la tlou hoo hangata baetsi ba thepa ba sieang karolo e ’ngoe ea khaketlana e sootho lihlahisoeng tsa bona e le bopaki ba hore ha ba sebelise lenaka la tlou—e leng sesebelisoa se thibetsoeng hohle.

Ke khale ho sibolotsoe nate ena e tšoanang le lenaka la tlou. Morao koana ka 1750, moitlami oa Amerika Boroa, Juan de Santa Gertrudis, o ile a bua ka linate tsa tagua litlalehong tsa hae, a li bapisa le “libolo tsa ’mabole” tse neng li sebelisetsoa ho betla liemahale tse nyenyane. Mathoasong a bo-1900, Ecuador, eo e leng mohloli o moholo oa tagua, e ne e romella linaha tse ling lithane tse likete tsa linate selemo le selemo, haholo-holo bakeng sa tlhahiso ea likonopo. Ka mor’a Ntoa ea II ea Lefatše, ho fihla ha lipolasetiki tse ncha le tse theko e tlaase ho ile ha batla ho felisa khoebo ea tagua. Ho bontšang tsosoloso ea kajeno ea linate tse tšoanang le lenaka la tlou ke hore nakong ea likhoeli tse 18 morao tjena, ho ile ha romeloa lithane tse 1 650 ho tsoa Ecuador ho ea Jeremane, Italy, Japane, United States le linaheng tse ling tse 18.a Tagua e ntlafatsoa le ho sebelisoa joang kajeno?

Tagua e ka Sebelisoa ka Litsela Tse Ngata

Lipete tseo li anehoa letsatsing la sebaka se chesang se mongobo nako ea khoeli ho isa ho tse tharo, ho itšetlehile ka metsi a ho tsona. Ka mor’a moo, li eboloa ka mochine, li hlophisoa ho latela boholo ba tsona, ’me li sehoa likoto bakeng sa hore li sebelisoe tlhahisong ea likonopo. Ha e le hantle, likonopo tsa “lenaka la tlou” tse entsoeng ka tagua li khabisa tse ling tsa liaparo tsa boleng bo phahameng ka ho fetisisa lefatšeng. Leha ho le joalo, tagua ha e sebelisoe bakeng sa likonopo feela. Har’a lihlahisoa tse fapa-fapaneng tse etsoang ka tagua tse ling ke mabenyane, lisebelisoa tsa papali ea chess, mashoehleshoehle a liphala, likonopo tsa piano le mefeng ea likhele.

Empa palema ea tagua e etsa ho eketsehileng le ho feta! Phofo e thumisehileng e salang ka mor’a ho etsa lihlahisoa tseo e sebelisetsoa ho matlafatsa lijo tsa liphoofolo. E boetse e sebelisetsoa ho etsa hore mashala a tuke. Makhasi a palema a etsa marulelo a sa keneleng metsi. Ho feta moo, ho kotula tagua le ho e lokisa hammoho le ho e romela linaheng lisele ho fa ba bangata mosebetsi.

Ka holimo ho tsohle, linate tseo tse tšoanang le lenaka la tlou li etsa tlatsetso e khōlō tšireletsong ea litlou tsa Afrika. Kahoo, haeba u lakatsa mekhabiso ea lenaka la tlou, ha ho hlokahale hore u shebe masabasabeng a Afrika. Nahana ka meru e lulang e le metala ea Amerika Boroa, eo ho eona lenaka la tlou le fumanehang ka bongata hoo le melang le lifateng! E, nahana ka linate tsa tagua, molekane oa tlou.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Pakeng tsa la 1 January, 1994, le la 15 June, 1995.

[Litšoantšo tse leqepheng la 16, 17]

1. Palema ea “tagua”

2. Masihla a litholoana tsa “tagua”

3. Ho arola linate ka lehare ho hlahisa lipete tsa “tagua”

4. Pete ea “tagua” ea oma ’me e fetoha nate e thata

5. Likonopo tsa “tagua”

6. Mabenyane a “tagua” le khaketlana e ka hare e kang perela

7. Liemahale tse nyenyane tsa tagua

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela