Lenyalo la Hao le ka Pholosoa!
Bibele e tletse ka likeletso tse sebetsang tse ka thusang banna le basali. Sena ha se makatse ho hang kaha Ea bululetseng Bibele e boetse ke eena Moqapi oa tokisetso ea lenyalo.
BIBELE e hlalosa lenyalo ka tsela ea sebele. E bolela hore monna le mosali ba tla ba le “matšoenyeho” kapa, ho ea kamoo New English Bible e e fetolelang kateng, ba tla ba le “bohloko le mesarelo.” (1 Bakorinthe 7:28) Leha ho le joalo, Bibele e boetse e re lenyalo le ka hlahisa thabo, esita le boikutlo bo matla ba nyakallo ’me le tlameha ho etsa joalo. (Liproverbia 5:18, 19) Lintlha tsena tse peli ha li hanane. Li mpa li bontša hore ho sa tsotellehe mathata a tebileng, banyalani ba ka ba le kamano e haufi le e lerato.
Na seo ha se eo lenyalong la hao? Na bohloko le mesarelo li pupelitse ho atamelana le thabo tseo le kileng la ba le tsona kamanong ea lōna? Esita le haeba lenyalo la lōna le bile boemong ba ho hloka lerato ka lilemo tse ngata, se lahlehileng se ka fumanoa. Ho hlakile hore le tla tlameha ho talima lintho ka tsela ea sebele. Ha ho na monna le mosali ba sa phethahalang ba ka bang le lenyalo le phethahetseng. Leha ho le joalo, ho na le mehato eo le ka e nkang ho etsolla mekhoa e fosahetseng.
Ha u bala boitsebiso bo latelang, leka ho fumana hore na ke lintlha life tseo ka ho khetheha li sebetsang lenyalong la lōna. Ho e-na le hore u lebise tlhokomelo mefokolong ea molekane oa hao, khetha litlhahiso tse ’maloa tseo uena u ka li sebelisang, ’me u sebelise keletso ea Mangolo. U ka ’na ua fumana hore ho na le tšepo e eketsehileng bakeng sa lenyalo la hao ho feta kamoo u neng u nahanne kateng.
A re qaleng ka ho tšohla boikutlo hobane pono eo u nang le eona ka boitlamo le tsela eo u ikutloang ka eona ka molekane oa hao ke tsona tsa bohlokoa ka ho fetisisa.
Tsela eo U Nkang Boitlamo ka Eona
Pono ea nako e telele ke ea bohlokoa haeba u tl’o sebeletsa hore lenyalo la hao le atlehe. Etsoe tokisetso ea lenyalo e thehiloe ke Molimo ho kopanya batho ba babeli ka ho ke keng ha aroloa. (Genese 2:24; Matheu 19:4, 5) Ka hona, kamano ea hao le molekane oa hao ha e tšoane le mosebetsi oo u ka o tlohelang kapa folete eo u ka tsoang ho eona habonolo feela ka ho roba konteraka. Ho e-na le hoo, ha u kena lenyalong, u ile ua etsa tšepiso e tebileng ea hore u tla khomarela molekane oa hao ho sa tsotellehe hore na ho hlaha eng. Boikutlo bo tebileng ba boitlamo bo lumellana le seo Jesu Kreste a ileng a se bua lilemo tse ka bang 2 000 tse fetileng: “Seo Molimo a se kopantseng hammoho jokong a ho se ke ha e-ba le motho ea se arolang.”—Matheu 19:6.
Ba bang ba ka ’na ba re, ‘Re ntse re lula hammoho. Na see hase bopaki ba hore re utloisisa boitlamo?’ Mohlomong ho joalo. Empa, joalokaha ho boletsoe qalong ea lethathamo lena la lihlooho, banyalani ba bang ba lulang hammoho ba ka har’a metsi a emeng tsi!, ba tšoasehile lenyalong le se nang lerato. Sepheo sa hao ke ho etsa hore lenyalo la hao e be le thabileng, eseng feela le ka mamellehang. Boitlamo bo lokela ho bontša botšepehi eseng feela tokisetsong ea lenyalo empa le ho motho eo u ileng ua ikana hore u tla mo rata le ho mo hlokomela.—Baefese 5:33.
Lintho tseo u li bolellang molekane oa hao li ka senola hore na boitlamo ba hao bo tebile hakae. Ka mohlala, ha ho e-na le khang e matla, banna ba bang le basali ba bua mantsoe a hlabang a kang “Kea u siea!” kapa “Ke tla fumana motho e mong ea tla nthata!” Le haeba ho sa reroa ho phethahatsoa lipolelo tse joalo, li bebofatsa boitlamo ka ho fana ka maikutlo a hore monyako o lula o butsoe ’me motho ea li buang o lula a loketse ho tsoa ka oona.
Ho khutlisetsa lerato lenyalong la hao, tlosa litšokelo tse joalo ha u bua. Etsoe na u ne u ka khabisa folete haeba u ne u tseba hore ka letsatsi le leng u ka ’na ua tsoa ho eona? Joale ke hobane’ng ha u lebella hore molekane oa hao a sebeletse ho atlehisa lenyalo le ka ’nang la fela? Ikemisetse hore u tla leka ka matla ho rarolla mathata.
Sena ke seo mosali e mong a ileng a se etsa ka mor’a hore a be le nako e mahlonoko le monna oa hae. O re: “Le hoja ka linako tse ling ke ne ke utloa ke mo hloile, ha kea ka ka nahana ho tsoa kamanong ena. Ka tsela e itseng, re ne re tla lokisa ntho leha e le efe eo ebang e senyehile. Hona joale, ka mor’a lilemo tse peli tse neng li le thata haholo, nka bolela ho tsoa botebong ba pelo hore re boetse re thabile.”
E, boitlamo bo bolela mosebetsi o kopanetsoeng—eseng feela ho lula hammoho, empa ho sebeletsa ho finyella sepheo se le seng. Leha ho le joalo, u ka ’na ua ikutloa hore hona joale le mpa le lutse hammoho ho phetha molao. Haeba ho joalo, u se ke ua lahla tšepo. Ho ntse ho ka etsahala hore lerato le tsosolosoe. Joang?
Ho Hlompha Molekane oa Hao
Bibele e re: “Lenyalo a le hlomphehe har’a bohle.” (Baheberu 13:4; Baroma 12:10) Libakeng tse ling ka Bibeleng, lentsoe la Segerike le fetoletsoeng mona e le ‘hlompheha’ le fetoletsoe e le ‘rateha,’ “nkela holimo” le “ea bohlokoa.” Ha re nka ntho e itseng e le ea bohlokoa, re etsa maoala ’ohle ho e hlokomela. Mohlomong u eleletsoe bonnete ba seo ho motho ea qetang ho reka koloi e ncha e turang. O lula a bentšitse koloi ea hae eo a e ratang ’me o etsa bonnete ba hore e lula e le boemong bo loketseng tsela. Ho eena, mongoaponyana o sa reng letho o mo khathatsa haholo! Batho ba bang ba itlhokomela joalo ’meleng. Hobane’ng? Hobane ba nka ho phela hantle e le ntho ea bohlokoa, ’me ba batla ho etsa bonnete ba hore baa ho sireletsa.
Bontša ho boulela lenyalo la hao ka tsela e tšoanang. Bibele e re lerato “le tšepa lintho tsohle.” (1 Bakorinthe 13:7) Ho e-na le ho inehela maikutlong a hore u hlōtsoe—mohlomong u nka hore ha ho na monyetla oa hore ho ntlafale ka ho re, “Ha e le hantle, re ne re ntse re sa ratane,” “Re nyalane re sa le banyenyane haholo,” kapa “Re ne re sa tsebe seo re se etsang”—ke hobane’ng ha u sa lebelle lintho tse molemo ’me u leke ho ntlafatsa, ha u ntse u emetse liphello ka mamello? Moeletsi e mong oa manyalo o re: “Ke utloa ba bangata ba batho bao ke ba eletsang ba re ‘ha ke sa khona ho mamella!’ Ho e-na le hore ba hlahlobe kamano ea bona ho bona hore na ke hokae moo ho hlokahalang hore ba ntlafatse teng, ba potlakela ho e qhalla matsoho, hammoho le litšoaneleho tsa bohlokoa tseo bobeli ba nang le tsona, liketsahalo tse fetileng tseo ba bileng le tsona hammoho le bokamoso leha e le bofe boo ba neng ba tla ba le bona.”
Ke liketsahalo life tse fetileng tseo u bileng le tsona le molekane oa hao? Ho sa tsotellehe mathata a teng kamanong ea lōna, ka sebele u ka nahana ka linako tse thabisang, lintho tseo le li finyeletseng le liphephetso tseo le ileng la li fenya le tšoarisane. Nahana ka liketsahalo tsena, ’me u bontše hore u hlompha lenyalo la hao le molekane oa hao ka ho leka ka botšepehi ho ntlafatsa kamano ea lōna. Bibele e bontša hore Jehova Molimo o thahasella haholo tsela eo balekane ba lenyalo ba tšoaranang ka eona. Ka mohlala, mehleng ea moprofeta Malakia, Jehova o ile a khalemela ka thata-thata banna ba Baiseraele ba neng ba etsetsa basali ba bona bolotsana ka ho ba hlalla masaoana. (Malakia 2:13-16) Bakreste ba batla hore lenyalo la bona le tlotlise Jehova Molimo.
Khohlano—E Tebile Hakae?
Ho bonahala sesosa se ka sehloohong sa manyalo a se nang lerato e le ho hlōleha ha monna le mosali ho sebetsana le khohlano. Kaha ha ho na batho ba babeli ba tšoanang hantle, manyalo ’ohle a tla ba le linako tsa ho se utloisisane. Empa banyalani ba sa utloaneng nako e khōlō le e nyenyane ba ka ’na ba fumana lerato la bona le tapile ka mor’a lilemo. Ba ka ba ba etsa qeto ea hore ‘Ha re tšoanelane. Kamehla rea loana!’
Empa ho ba teng ha khohlano ha ho bolele hore lenyalo le fele. Taba ke hore, Ho sebetsanoa joang le khohlano? Lenyalong le atlehileng, monna le mosali ba ithutile ho buisana ka mathata a bona ba sa fetohe seo ngaka e ’ngoe e se bitsang “lira tse ratanang.”
“Matla a Leleme”
Na uena le molekane oa hao le tseba ho buisana ka mathata a lōna? Bobeli ba lōna le lokela ho ikemisetsa ho buisana ka ’ona. Ka sebele sena ke bokhoni—bo ka ’nang ba ba le phephetso ha ho ithutoa bona. Hobane’ng? Hobane kaofela ha rōna ka linako tse ling re ‘khoptjoa lentsoeng’ ka lebaka la ho se phethahale. (Jakobo 3:2) Hape, ba bang ba hōliselitsoe malapeng ao batsoali ba neng ba lula ba halefile. Ka mantsoe a mang, ba rutiloe ba sa le banyenyane ho lumela hore ho tleroha ka bohale le puo e nyefolang ke lintho tse tloaelehileng. Moshanyana ea hōliselitsoeng tikolohong e joalo a ka ’na a hōlela ho ba “motho ea ineheletseng bohale,” ea “ratang ho halefa.” (Liproverbia 29:22, NW) Ka ho tšoanang, ngoanana ea hōlisitsoeng joalo a ka ’na a fetoha “mosali ea likomang le ea bohale.” (Liproverbia 21:19, The Bible in Basic English) Ho ka ba thata ho motsula mekhoa e metseng ka botebo ea ho nahana le ea ho sebelisana le ba bang.a
Ka hona, ho sebetsana ka katleho le khohlano ho akarelletsa ho ithuta mekhoa e mecha ea ho ntša maikutlo. Ena hase tabanyana feela tjee hobane maele a Bibele a re: “Lefu le bophelo li matleng a leleme.” (Liproverbia 18:21) E, le hoja e ka utloahala e le taba e fokolang, tsela eo u buang le molekane oa hao ka eona e na le matla a ho senya kamano ea lōna kapa a ho e tsosolosa. Maele a mang a Bibele a re: “Ho na le ea buang a sa nahane joalokaha eka ke ka ho hlaba ha sabole, empa maleme a ba bohlale ke pholiso.”—Liproverbia 12:18, NW.
Esita le haeba ho bonahala molekane oa hao e le eena mohloli oa khopiso tabeng ena, nahana ka lintho tseo uena u li buang ha le sa lumellane ka ntho e itseng. Na mantsoe a hao aa hlaba kapa aa folisa? Na a rotetsa bohale kapa aa bo bobisa? Bibele e re: “Lentsoe le utloisang bohloko le baka bohale.” Ka lehlakoreng le leng, “karabo, ha e le bonolo, e leleka khalefo.” (Liproverbia 15:1, NW) Mantsoe a utloisang bohloko—esita le haeba a buuoa ka bonolo—a ka rotetsa bohale.
Ho hlakile hore haeba ho e-na le ntho e u khathatsang, u na le tokelo ea ho ntša maikutlo a hao. (Genese 21:9-12) Empa u ka etsa joalo u sa sebelise mantsoe a phoqang, litlhapa le mantsoe a nyenyefatsang motho. Ipehele meeli e tiileng—lintho tseo u iketsetsang qeto ea hore u ke ke ua li bua ho molekane oa hao, tse kang “Ke u hloile” kapa, “Ekare nka be ke sa nyalana le uena.” Hape, le hoja moapostola oa Mokreste Pauluse a ne a sa bue ka lenyalo ka ho toba, ke bohlale ho qoba ho tšoaseha ho seo a ileng a se bitsa “ho pheha khang ka mantsoe” le “liphehisano tse mabifi ka mafeela.”b (1 Timothea 6:4, 5) Haeba molekane oa hao o sebelisa mekhoa e joalo, ha ua lokela ho arabela ka tsela e tšoanang. Ho fihlela moo ho itšetlehileng ka uena, phehella khotso.—Baroma 12:17, 18; Bafilippi 2:14.
Ho ke ke ha latoloa hore ha maikutlo a phahama, ho thata ho laola puo. Mongoli oa Bibele, Jakobo, o re: “Leleme ke mollo. . . . Ha ho le ea mong oa moloko oa batho ea ka le thapisang. Ke ntho e sa laoleheng e kotsi, le tletse chefo e bolaeang.” (Jakobo 3:6, 8) Joale u ka etsa eng ha bohale bo qala ho tota? U ka bua le molekane ua hao joang ka tsela e tla felisa khohlano ho e-na le ho e roteletsa?
Ho Kokobetsa Likhang Tse Chesang
Ba bang ba ho fumane ho le bonolo haholoanyane ho kokobetsa bohale le ho sebetsana le bothata haeba ba lebisa tlhokomelo maikutlong a bona a amehileng ho e-na le liketsong tsa balekane ba bona. Ka mohlala, ho re, “Ke utloisitsoe bohloko ke seo u se buileng,” ho sebetsa hamolemo haholo ho feta ho re, “U nkhopisitse” kapa “Puo e joalo ha e u tšoanele.” Ha e le hantle, ha u hlalosa kamoo u ikutloang kateng, lentsoe la hao ha lea lokela ho ba le halefileng kapa le nyelisang. Sepheo sa hao e lokela ho ba ho totobatsa bothata ho e-na le ho hlasela motho.—Genese 27:46–28:1.
Ho phaella moo, kamehla hopola hore ho na le ‘nako ea ho khutsa le nako ea ho bua.’ (Moeklesia 3:7) Ha batho ba babeli ba bua ka nako e le ’ngoe, ha ho ea mametseng e mong ’me ho ke ke ha finyelloa letho. Ka hona, ha e le nako ea hore u mamele, ‘potlakela ho utloa, u liehe ho bua.’ Ho hong habohlokoa ke hore u “be ea liehang mabapi le khalefo.” (Jakobo 1:19) U se ke ua nka hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e hlabang eo molekane oa hao a e buang ke ’nete; hape “u se ke ua phaka ua halefa pelong ea hao.” (Moeklesia 7:9) Ho e-na le hoo, leka ho utloisisa maikutlo a etsang hore molekane oa hao a bue joalo. Bibele e re: “Ka sebele temohisiso ea motho e liehisa bohale ba hae, ’me ho hlokomoloha tlōlo ke botle ho eena.” (Liproverbia 19:11, NW) Temohisiso e ka thusa monna kapa mosali hore a shebe ka nģ’ane ho tsekisano.
Ka mohlala, tletlebo ea mosali ea hore monna ha a na nako ea hae e ka ’na eaba hase taba feela tjee ea lihora le metsotso. E ka ’na eaba ke taba ea hore o ikutloa a hlokomolohuoa kapa a sa ratoe. Ka ho tšoanang, ho khathatseha ha monna mabapi le ho reka ha mosali sena le sane e ka ’na eaba hase hakaalo hore o lla ka chelete. E ka ’na eaba ntho e hlileng e mo khathatsang ke hore o utloa a qheleloa ka thōko tabeng ea ho etsa liqeto. Monna kapa mosali ea nang le temohisiso o tla hle a shebisise seo e leng sesosa sa bothata.—Liproverbia 16:23.
Na see se bonolo ha se buuoa ho feta ha se etsoa? Ho hlile ho joalo! Ka linako tse ling, ho sa tsotellehe boiteko bo etsoang, mantsoe a sa nahaneleng a tla ba teng le maikutlo a tla phahama. Ha u bona sena se qala, u ka ’na ua tlameha ho sebelisa keletso ea Liproverbia 17:14, NW: “Pele qabang e qhoma, u itsamaele.” Ha ho letho le phoso ka ho chechisa puisano ho fihlela maikutlo a theohile. Haeba ho thata hore le buisane ntle le hore lintho li tsoe taolong, e ka ’na ea e-ba bohlale hore le be le motsoalle ea hōlileng tsebong hore a le mamele le ho le thusa ha le rarolla liphapang tsa lōna.c
Sheba Lintho ka Tsela ea Sebele
U se ke ua nyahama haeba lenyalo la hao le sa be seo u neng u se nahanne ha u sa le leferehong. Sehlopha se seng sa litsebi se re: “Ho batho ba bangata, lenyalo hase thabo e tlōlisang ea ka ho sa feleng. Ka linako tse ling le monate, ka linako tse ling hoa nyolosetsa.”
E, lenyalo e ka se be lerato la lipaleng empa le teng ha ho hlokahale hore le be bosula. Le hoja ho tla ba le linako tseo uena le molekane oa hao le tla tlameha ho mamellana ka tsona, ho tla boela ho be le linako tseo le ka lebalang ka liphapang tseo le nang le tsona ’me la thabela ho ba hammoho, la ba le linako tse monate le ho qoqa hammoho joaloka metsoalle. (Baefese 4:2; Bakolose 3:13) Tsena ke linako tseo ka tsona u ka khonang ho tsosolosa lerato le seng le tapile.
Hopola hore batho ba babeli ba sa phethahalang ba ke ke ba ba le lenyalo le phethahetseng. Empa ba ka ba le thabo e itseng. Ka sebele, kamano ea hao le molekane oa hao e ka ba mohloli oa khotsofalo e khōlō le haeba ho e-na le mathata. Re kholisehile ka ntho e le ’ngoe: Haeba uena le molekane oa hao le leka ka matla le bile le ikemiselitse ho ba ba tenyetsehang le ho batla ho thabisa e mong, ho na le lebaka le utloahalang la ho lumela hore lenyalo la lōna le ka pholosoa.—1 Bakorinthe 10:24.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Tšusumetso ea batsoali ha se lebaka le utloahalang la hore molekane oa motho a mo hlabe ka lipuo tse bohale. Leha ho le joalo, e ka thusa ho hlalosa hore na mekhoa e joalo e ka mela ka metso ka ho tebileng hakae le hore ho ka ba thata hakae ho e motsula.
b Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “liphehisano tse mabifi ka mafeela” le ka boela la hlalosoa e le “likhohlano pakeng tsa batho ba babeli ba haufi-ufi.”
c Lipaki tsa Jehova li na le thuso ea baholo ba phutheho. Le hoja e se mosebetsi oa baholo ho kena-kenana le litaba tsa botho tsa banyalani, e ka ba thuso e khathollang ho banyalani ba maqakabetsing.—Jakobo 5:14, 15.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 12]
Na mantsoe a hao aa hlaba kapa aa folisa?
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 10]
AKHELA BOLO KA BONOLO
Bibele e re: “Seo le se buang kamehla a e be se nang le mosa, se nōkiloeng ka letsoai, e le hore le tsebe kamoo le tšoanelang ho fana ka karabo ho e mong le e mong.” (Bakolose 4:6) Ka sebele sena sea sebetsa lenyalong! Ho etsa mohlala: Papaling ea ho kapisana bolo, u akhela bolo ka tsela eo e tla kapuoa habobebe. Ha u e akhele ka matla hoo e ka ntšang molekane oa hao kotsi. Sebelisa molao-motheo o tšoanang ha u bua le molekane oa hao. Ho bua mantsoe a hlabang ho tla utloisa molekane bohloko feela. Ho e-na le hoo, bua ka bonolo—ka mosa—e le hore molekane oa hao a ka utloisisa seo u se bolelang.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 11]
THUISA KA LIKETSAHALO TSA NAKO E FETILENG!
Bala mangolo le likarete tsa nako e fetileng. Sheba linepe. Ipotse, ‘Ke ile ka khahloa ke eng ho molekane oa ka? Ke ne ke rata litšobotsi life haholo ho eena? Re entse mesebetsi efe hammoho? Re ne re qaboloa ke eng?’ Joale buisana le molekane oa hao ka lintho tsena. Ho qala moqoqo ka ho re “U sa hopola nako ela . . . ?” ho ka le thusa hore le tsosolose maikutlo ao le kileng la ba le ’ona.
[Lebokose le leqepheng la 12]
MOLEKANE E MOCHA, MATHATA A TŠOANANG
Balekane ba bang ba ikutloang ba tšoasehile lenyalong le se nang lerato ba ba tekong ea ho qala bocha le molekane e mong. Empa Bibele e nyatsa bofebe, e bolela hore motho ea etsang sebe sena “o feletsoe ke kelello [“ke leoatla,” New English Bible]” ’me “o timetsa moea oa hae.” (Liproverbia 6:32) Qetellong, mofebi ea sa bakeng o lahleheloa ke kamohelo ea Molimo—tšenyo e mpe ka ho fetisisa e ka etsahalang.—Baheberu 13:4.
Booatla bo feletseng ba bofebe bo bonahala ka litsela tse ling hape. Taba ea pele, mofebi ea nyalang motho e mong hape o ntse a ka tobana le mathata a tšoanang le ao a neng a e-na le ’ona lenyalong la pele. Dr. Diane Medved o fana ka ntlha e ’ngoe e lokelang ho nahanisisoa, o re: “Ntho ea pele eo molekane oa hao a ithutileng eona ka uena ke hore u ikemiselitse ho se tšepahale. Oa tseba hore u ka thetsa motho eo u tšepisitseng hore u tla mo phelela. Hore u tseba ho ipehela mabaka. Hore u ka khelosoa boitlamong boo u bo entseng. Hore u hoheloa le hona ho nkoa ke menyaka kapa ho ikhotsofatsa. . . . Molekane oa bobeli o tseba joang hore ha u na ho hoheleha hape?”
[Lebokose le leqepheng la 14]
BOHLALE BO FUMANOANG MAELENG A BIBELE
• Liproverbia 10:19: “Lipolelong tse ngata, tšito ha e hlokoe; ka baka leo, ea itšoarang molomo o bohlale.”
Ha u khopehile, u ka ’na ua bua lintho tseo u neng u sa ikemisetsa ho li bua—’me hamorao ua ikoahlaea.
• Liproverbia 15:18: “Motho ea bohale o hotetsa phapang; empa ea liehang ho hlonama o tima likomang.”
Liqoso tse etsoang ka tsela e hlabang li ka ’na tsa etsa hore molekane oa hao a ipuelle, athe ho mamela ka mamello ho ka le thusa ka bobeli hore le sebeletse ho rarolla bothata.
• Liproverbia 17:27, (NW): “Mang kapa mang ea tšoarang lipolelo tsa hae o na le tsebo, ’me motho ea nang le temoho o na le moea o khutsitseng.”
Ha u utloa eka khalefo ea tota, ho molemo ho thōla e le ho qoba ntoa e feletseng.
• Liproverbia 29:11: “Lehlanya le hlahatsa khalefo ea lona; empa ea bohlale oa e tšoara, oa e khutsisa.”
Boitšoaro ke ba bohlokoa. Ho tlakoloha ka bohale ka mantsoe a hlabang ho mpa feela ho suthisetsa molekane oa hao hōle le uena.