Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g02 11/8 leq. 19
  • Na Tšepo ea ho ba le Khotso ea Fela?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Tšepo ea ho ba le Khotso ea Fela?
  • Tsoha!—2002
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bokhukhuni—Bo Haufi le ho Fela!
    Tsoha!—2001
  • Botšosi—Karabo ke Efe?
    Tsoha!—1987
  • Botšosi bo ama bo-mang?
    Tsoha!—1987
  • Botšosi—Bo Susumetsoa ke Eng Hona Hobane’ng?
    Tsoha!—1987
Bala Tse Ling
Tsoha!—2002
g02 11/8 leq. 19

Na Tšepo ea ho ba le Khotso ea Fela?

“Kajeno re ba le boikutlo ba hore re phela . . . har’a sefefo se matla, koluoa eo ho seng e lekanang le eona.”—Koranta ea “La Repubblica,” Roma, Italy.

KA MOR’A hore likhukhuni li hlasele New York City le Washington, D.C., selemong se fetileng, batho ba bangata ba amehile ka bokamoso ba moloko oa batho ho feta leha e le neng pele. Litšoantšo tsa TV tse bontšang ha Mehaho e ’Meli e Melelele e putlama e aparetsoe ke malakabe—hammoho le tse bontšang batho ba pholohileng ba tsielehileng—li ’nile tsa bontšoa ka makhetlo a se nang palo. Litšoantšo tsena li baketse batho masisa-pelo lefatšeng ka bophara. Hammoho le masisa-pelo ao ho bile le boikutlo ba hore lefatše le bile le phetoho e itseng historing. Na ho bile joalo?

Ho ile ha qhoma ntoa ka mor’a ketsahalo ea la 11 September, 2001. Hang ka mor’a moo, lichaba tseo pele e neng e le lira li ile tsa fetoha metsoalle boitekong ba ho felisa bokhukhuni. Ha ho se ho hlahlobiloe tsohle, ho fumanoe hore ho shoele batho ba bangata, le tšenyo e bile e khōlō. Empa mohlomong phetoho e khōlōhali ho batho ba bangata lefatšeng ka bophara ke ho ikutloa ba lahlehetsoe ke tšireletseho, boikutlo bo hōlang ba hore ha ho motho ea hlileng a sireletsehileng kae kapa kae.

Baeta-pele ba lefatše ba iphumana ba tobane le mathata a maholo. Baqolotsi le batlalehi ba litaba baa ipotsa hore na bokhukhuni bo ka thibeloa joang hore bo se ke ba ata ka potlako, kaha ho bonahala bo hlohlelletsoa ke bofuma le ho chesehela lintho ka ho feteletseng—e leng maemo a nyahamisang ao ho bonahalang ho se motho ea tsebang hore na a ka felisoa joang. Ho hloka toka ho atile haholo lefatšeng hoo taba e fokolang e ka tsosang tabahali. Batho ba mefuta eohle baa ipotsa hore na ho tla ke ho etsahale hore maemo a nyahamisang a batho a fele. Na ntoa—hammoho le masisa-pelo, lefu le tšenyo eo e e bakang—e tla ke e fele?

Batho ba limilione ba retelehela bolumeling ka lipotso tsena. Leha ho le joalo, ba bang ba batla ba le lekhonono. Uena? Na u nahana hore baeta-pele ba bolumeli ba ka arabela lipotso tse joalo? Hona na ba ka hla ba tlatsetsa ho tliseng khotso ka lithapelo tsa bona?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela