Meru ea Tropike—Na e ka Sireletsoa?
KA MONGOLI OA TSOHA! BOLIVIA
RAMIRO o na le phula e koahetsoeng ke meru ea tropike e melang libakeng tse phahameng.a Phula ena e mosikong oa Lithaba Tsa Andes tsa Amerika Boroa, ke e ’ngoe ea liphula tse seng kae tse ntseng li e-na le lifate tsa boholo-holo. Libakeng tse ling tse haufi le eona ke lepalapala feela. Bo-rasaense ba tloha libakeng tse hōle ba tlil’o etsa lipatlisiso linthong tsa tlhaho tse fumanehang morung ona oa Ramiro o melang libakeng tse phahameng, ’me ba sibolotse mefuta e ’maloa e neng e sa tsejoe. Ramiro o thahasella ho sireletsa tlhaho haholo. O re: “Ha ho motho ea tla rema lifate morung oa ka.”
Ka lehlakoreng le leng, Roberto ke mohlokomeli oa moru oa tropike o boholo ba lisekoere-k’hilomithara tse 5 600 mabalaneng a phula ea Amazon. Ke setsebi sa meru se remang le ho rekisa lifate tsa tropike ’marakeng oa lefatše. Empa Roberto le eena o hlile o thahasella ho sireletsa meru ea tropike le lintho tsa tlhaho tse fumanehang ho eona. O tiisa hore: “Lifate tsa tropike li ka rengoa ho sa senngoe mefuta-futa ea lintho tse phelang.”
Le hoja ba fapane, Ramiro le Roberto ba amehile ka ho tšoanang ka bokamoso ba meru ea tropike. ’Me hase bona feela. Mashomeng a morao tjena a lilemo, tšenyo e mpe ea meru ea tropike e eketsehile ka mokhoa o tšosang.
Na kameho e joalo e mpa e le ho feteletsa litaba? Etsoe makholong a fetileng a lilemo, batho ba ile ba rema meru libakeng tseo boemo ba tsona ba leholimo bo itekanetseng, haholo-holo ka morero oa temo. Joale ke hobane’ng ha re lokela ho tšoenyeha ha batho ba Linaheng Tsa Tropike ba etsa se tšoanang? Ho na le phapang e khōlō. Ka mohlala, hangata meru ea tropike e mela letsoatlareng, moo temo e sa atleheng. Hape, mefuta-futa ea lintho tse phelang merung ea tropike e mengata; ’me ho fela ha eona ho ama batho bohle.
Liphello Tsa ho Senngoa ha Meru
Karolo e khōlō haholo ea mefuta ea lintho tse phelang lefatšeng e fumanoa merung ea tropike. Ebang ke litšoene le linkoe kapa boriba le likhahla, ebang ke linoha le lihohoana kapa lirurubele tse sa tloaelehang le lipapakhaie—palo ea mefuta ena e ngata haholo hore e ka lokolisoa.
Libōpuoa tse sa tšoaneng li atleha haholo mefuteng e mengata ea meru ea tropike. Ho na le meru e liehang ho hōla e melang litlhōrōng tsa lithaba, meru e ririellaneng e sa fumaneng khanya e lekaneng, meru ea tropike e melang moo ho omileng le meru eo lifate tsa eona li qaqolohaneng. Leha ho le joalo, batho ba bangata ha ba e-s’o etele meru ea tropike. Mohlomong le uena ha u e-s’o e etele. Kahoo, ke hobane’ng ha u lokela ho ameha ka libaka tse joalo?
Ho sireletsa meru ea tropike ke habohlokoa ho uena hobane limela tse ngata tse rekisoang tseo u li tšepileng, ka tsela e itseng li itšetlehile ka limela tse hlaha tse tlokomang merung e joalo. Mefuta ena ea limela tse hlaha ka linako tse ling e sebelisoa ho hlahisa mefuta e mecha e hlōlang maloetse le likokoanyana. Kahoo, ho se tšoane ho fumanoang mefuta-futeng ena ea lintho tse hlaha ke habohlokoa.
Hape, bafuputsi ba lula ba fumana lihlahisoa tse molemo merung ena ea tropike. Ka mohlala, meriana e mengata e sebelisoang hona joale e entsoe ka limela tsa merung ena ea tropike. Ka hona, mefuta-futa ea lintho tse phelang merung ea tropike hangata e tšoantšoa le laebrari ea tlhaho, empa ke laebrari eo boholo ba “libuka” tsa eona li e-s’o ka li phetloa.
Ho Lohellana ho Tetemang ha Bophelo
Boemo ba meru ea tropike e mongobo boa tetema ebile bo rarahane haholo. Boholo ba lintho tse phelang bo itšetlehile ka tse ling. Ka mohlala, limela tse ngata li itšetlehile ka linonyana, likokoanyana kapa liphoofolo tse itseng bakeng sa ho nyalisa limela le ho hasa peō. Molohong ona o rarahaneng oa bophelo, moru o sebelisa lintho tsohle tse phelang, ho akarelletsa le limela, liphoofolo, likokoanyana tse khōlō le tse sa bonahaleng, leha li se li shoele. Ka ho hlollang, tikoloho ena e rarahaneng le lintho tse phelang ho eona hangata e ba sebakeng se nang le mobu o seng motle. Hang ha e ka senngoa, ho ka ba thata kapa ha se ke ha khoneha hore moru o joalo o boele o mele.
Batho ba bangata ba iphelisa ka lintho tse tsoang merung ea tropike. Ho phaella lipatlisisong tsa saense le bohahlauling, meru ea tropike ke ea bohlokoa khoebong bakeng sa ho hlahisa lintho tse kang lifate, linate, mahe a linotši, likotoloana tse hlahang holimo sefateng sa palema, rabara le boka ba sefate. Empa meru ena ea tropike e nyamela ka potlako e khōlō. Ha ho lumellanoe ka palo e tobileng, empa ntlha eona e hlakile: Meru e fokotseha ka potlako.
Tšenyo ena ea tikoloho e utloisa bohloko le ho feta hobane hangata meru ena ea tropike e senngoa feela ho se na melemo e mekaalo. Bongata ba meru ena e se e fetotsoe makhulo a likhomo. Leha ho le joalo, hangata makhulo a joalo a felloa ke joang ebe aa nyahlatsoa. Amazonia ea Brazil, ho tlalehiloe hore sebaka se boholo ba lisekoere-k’hilomithara tse 165 000 se nyahlalitsoe ka tsela ena.
Na ho na le tšepo bakeng sa meru ea tropike le lintho tsa tlhaho tse fumanehang ka bongata ho eona? Ramiro, Roberto le ba bang ba bangata ba tšoanang le bona ba loanela ho sireletsa meru ea tropike khoebong ea machaba, tšubuhlellanong ea baahi, bathong ba tšoasang liphoofolo hore ba li rekise, litsoming le bathong ba remang meru kantle ho molao. Empa ha e le hantle lisosa tse ka sehloohong tsa ho senngoa ha meru ke life? Na ho na le mokhoa oa ho sebelisa lintho tse fumanehang merung ea tropike ntle le ho e senya?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Moru o melang libakeng tse phahameng, kapa moru oa tropike o melang litsullung, ke moru o melang libakeng tse bophahamo ba limithara tse fetang 1 000.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 19]
Karolo e khōlō haholo ea mefuta ea liphoofolo tse phelang lefatšeng e fumanoa merung ea tropike, hammoho le limela tse ngata ka mefuta ea tsona
[Litšoantšo tse leqepheng la 20, 21]
Ba remang meru le litsela tseo ba li etsang li ka senya meru ea tropike