Kamoo ke Ileng ka Nyorolloa Kateng Moeeng
JOALOKAHA HO BOLETSE LUCIA MOUSSANETT
SEBAKA sa Valle d’Aosta se lithabeng tse ka thōko ka leboea-bophirimela Italy, haufi le Lithaba Tsa Switzerland ebile se le haufi le Mont Blanc e tummeng ea Fora. Ke moo ke hlahetseng teng ka 1941, motsaneng oa Challant St. Anselme.
Ke letsibolo baneng ba bahlano; ’me ke hlahlangoa ke bashanyana ba bane. ’Mè e ne e le sekhothali ebile e le Mok’hatholike ea chesehang. Ntate le eena o ne a e-tsoa lelapeng la bolumeli. Khaitseli tsa hae tse peli e ne e le masistere. Batsoali ba ka ba ile ba itella ’na haholo, ba ba ba etsa hore ke khone ho kena sekolo. Kaha motsaneng oa heso ho ne ho se na likolo, ha ke le lilemo li 11 batsoali ba ka ba ile ba nkisa sekolong se nang le bolulo se neng se tsamaisoa ke masistere.
Ke ile ka ithuta Selatine le Sefora sekolong seo, hammoho le lithuto tse ling. Ha ke le lilemo li 15, ka qala ho nahana ka botebo hore na nka sebeletsa Molimo joang. Ka etsa qeto ea hore ho ea boitlaming e ne e le ntho e molemo eo nka e etsang. Leha ho le joalo, batsoali ba ka ba ne ba sa utloisise taba ena kaha ’Mè o ne a tla tlameha ho hlokomela likhaitseli tsa ka a le mong. Ba ne ba tšepile hore thuto eo ke e fumaneng e tla etsa hore ke fumane mosebetsi o motle o neng o tla etsa hore ke thuse lelapa leso ka lichelete.
Le hoja maikutlo ao a batsoali ba ka a ile a nkutloisa bohloko, ke ne ke batla ho fumana morero oa sebele bophelong ’me ke ne ke nka hore Molimo o lokela ho tla pele bophelong. Ka hona, ke ile ka kena boitlaming ba Roma e K’hatholike ka 1961.
Bophelo ba ha ke le Lesistere
Likhoeling tsa pele, ke ile ka ithuta mekhoa le melao ea kereke le ho phetha mesebetsi e itseng lehaeng la baitlami. Ka August 1961, ke ile ka qala ho koetlisoa, ’me ka qala ho apara seaparo sa masistere. Ke ile ka boela ka kōpa ho fetola lebitso la ka, ka ipitsa Ines, e leng lebitso la ’Mè. Ka mor’a hore le amoheloe, ke ile ka tsejoa ke le Sistere Ines.
Le hoja masistere a koetlisong a ne a phetha mesebetsi ea lehaeng la boitlami, ke ne ke fumane thuto e lekaneng hore nka ea sebetsa ke le tichere sekolong sa mathomo. Lilemo tse peli hamorao, ka August 1963, ke ile ka nka likano ’me ka ba lesistere tumellanong le tsamaiso ea Masistere a San Giuseppe, Aosta, Italy. Hamorao lehae la baitlami le ile la lefella thuto ea ka e phahameng ’me ka romeloa Univesithing ea Maria Santissima Assunta, Roma.
Ka mor’a hore ke qete lithuto tsa ka Roma, ke ile ka khutlela Aosta ka 1967 ’me ka qala ho ruta sekolong se phahameng. Ke ile ka phahamisetsoa boemong ba ho ba hlooho ea sekolo ka 1976. Le hoja ke ne ke ntse ke ruta litlelaseng tse ling, ke ile ka abeloa ho phetha mesebetsi ea tsamaiso ea sekolo ’me ka ba setho sa boto ea sekolo ea lebatooa la Valle d’Aosta.
Takatso ea ka e khōlō e ne e le ho thusa ba futsanehileng. Ke ne ke ba utloela bohloko haholo. Ka hona, ke ile ka lokisetsa hore ho be le mananeo a sa tšoaneng a sechaba, a akarelletsang la ho thusa ba kulelang lefu ba neng ba se na mang-oe. Ke ile ka boela ka theha lenaneo la ho ruta bana ba bajaki ba tsoang linaheng tse ling. Hape ke ile ka fumanela ba futsanehileng mesebetsi le bolulo ka ba ka ameha ho faneng ka thuso ea meriana ho ba hlokang. Ke ile ka leka ho phela tumellanong le melao-motheo ea kereke.
Ka nako eo, ke ne ke lumela thuto ea K’hatholike, e akarelletsang thuto ea kereke ea Boraro-bo-bong, ho se shoe ha moea le maikutlo a K’hatholike ka bokamoso ba motho ba ka ho sa feleng. Ka nako eo thuto ea K’hatholike e ne e boetse e amohela tumelo e kopanetsoeng, e leng ho neng ho bolela ho amohela malumeli a mang le ho itsoakanya le ’ona.
Lintho Tse Ileng Tsa Qala ho Ntšoenya
Empa ho ne ho e-na le lintho tse ling tse ntšoenyang ka har’a Kereke e K’hatholike. Ka mohlala, pele ho litiiselletso le kolobetso, batsoali le bana ba ne ba lokela ho ithuta hore na mehato ena e bolela eng. Leha ho le joalo, ba bangata ba ne ba sa tle litlelaseng, ’me ba bang ba ne ba sa etse boiteko ba ho ithuta. Ho feta moo, ba bang ba neng ba sa lumelloe ho kolobetsoa le ho tiiselletsoa pharisheng e ’ngoe ba ne ba ka ikela ho e ’ngoe ebe baa kolobetsoa kapa ba tiiselletsoa moo. Ke ne ke nka seo e le ntho e sa tsoeng pelong le boikaketsi feela.
Ka linako tse ling ke ne ke ipotsa ke be ke botse masistere a mang, “Na ha rea lokela ho ruta Kosepele ho e-na le ho inehela feela mesebetsing e meng?” Karabo eo ke neng ke e fumana e ne e le e reng: “Re e ruta ka ho etsa mesebetsi e metle.”
Ho phaella moo, ke ne ke sitoa ho lumela taba ea ho ea ipolela libe ho moprista. Ke ne ke ipehela lebaka la hore nka khona ho bolella Molimo litaba tse joalo tsa botho. Hape ntho eo ho neng ho le thata ho e amohela e ne e le ea ho tšoara lithapelo ka hlooho le ho li pheta-pheta. Ke ne ke boetse ke sitoa ho lumela hore mopapa ha a fose. Ha nako e ntse e feta, ke ile ka etsa qeto ea hore litabeng tse joalo ke tla lumela seo ke se lumelang ’me ke ’ne ke tsoele pele ka bophelo ba ka ba bolumeli.
Takatso ea ho Tseba Bibele
Kamehla ke ’nile ka hlompha Bibele haholo le ho lakatsa ho e tseba. Neng le neng ha ke ne ke lokela ho etsa qeto kapa ke utloa ke hloka tšehetso ea Molimo, ke ne ke bala Bibele. Le hoja ho se mohla re ileng ra e bala lehaeng la boitlami, ke ne ke e bala moo ke leng mong. Kamehla ke ne ke angoa ke tlaleho e ho Esaia 43:10-12, moo Jehova Molimo a itseng, “Le lipaki tsa ka.” Leha ho le joalo, ka nako eo ke ne ke sa utloisise hantle hore na mantsoe ao a bolela’ng.
Ke ne ke ithutile thuto ea bolumeli ea lilemo tse ’nè e lefeletsoeng ke Vatican ha ke ne ke le univesithing ea Roma lilemong tse mahareng tsa bo-1960. Empa Bibele e ne e se har’a libuka tseo re ithutang tsona. Ha ke se ke khutletse Aosta, ke ile ka tsamaea liboka tse ngata tsa ntšetso-pele ea bonngoe ba bolumeli lefatšeng ka bophara, esita le tse neng li tšehelitsoe ke malumeli a fapaneng le mekhatlo eo e seng ea K’hatholike. Seo se ile sa etsa hore ke labalabele ho tseba lithuto tsa Bibele le ho feta. Ho ne ho e-na le pherekano e khōlō har’a lihlopha tse ipolelang hore li ruta ka buka e le ’ngoe!
Ho Ithuta se Eketsehileng ka Bibele
Ka 1982, Paki e ’ngoe ea Jehova e ile ea tla setsing seo ke neng ke sebeletsa sechaba ho sona ’me ea leka ho buisana le ’na ka Bibele. Le hoja ke ne ke phathahane, ke ile ka ba le thahasello tabeng ea ho ithuta Bibele. Ka hona, ke ile ka re: “Ke kōpa hore u tle sekolong seo ke rutang ho sona, ’me ha ho e-na le hora eo ke sa etseng letho ka eona re tla qoqa.”
Le hoja mosali eo a ile a tla, ho ne ho se na “hora eo ke sa etseng letho ka eona.” Joale ’Mè o ile a fumana hore o tšoeroe ke kankere, eaba hamorao ke nka phomolo ho ea mo thusa. Ka mor’a hore a hlokahale ka April 1983, ke ile ka khutlela mosebetsing, empa ka nako eo ke ne ke se ke lahlehelane le Lipaki. Leha ho le joalo, nakoana ka mor’a moo ho ile ha tla Paki e ’ngoe e ka bang lilemo li 25 ho tla buisana le ’na ka Bibele. Ke ne ke ile ka ipalla buka ea Bibele ea Tšenolo. Kahoo ke ile ka e botsa, “Ebe baa ba 144 000 bao ho buuoang ka bona khaolong ea 14 ea Tšenolo ke bo-mang?”
Ke ne ke rutiloe hore batho bohle ba lokileng ba tla ea leholimong, ka hona, ke ne ke utloa e le ntho e sa utloahaleng hore na bana ba 144 000 ba tla aroloa joang ho ba bang leholimong. Ke ne ke ipotsa hore, ‘Baa ba 144 000 ke bo-mang? Mosebetsi oa bona ke ofe?’ Lipotso tsena li ile tsa lula li luma ka kelellong ea ka. Paki eo e ile ea ’na ea leka ho ikopanya le ’na empa ha ea ka ea atleha hobane ke ne ke lula ke le sieo.
Hamorao Paki eo e ile ea fa Marco, moholo e mong phuthehong ea habo, aterese ea ka. Qetellong, ka February 1985, o ile a mphumana. Re ile ra buisana metsotso e se mekae kaha ke ne ke phathahane, empa ra lumellana hore na re kopane neng. Hamorao, eena le mosali oa hae, Lina, ba ile ba lula ba nketela, ba nthusa hore ke utloisise Bibele. Ho e-s’o fete le nako e kae, ke ile ka hlokomela hore lithuto tsa motheo tsa K’hatholike, tse kang Boraro-bo-bong, ho se shoe ha moea le mollo oa lihele li ne li sa tsoe Bibeleng.
Ho Kopanela le Lipaki
Ha ke e-ea sebokeng sa Lipaki Tsa Jehova Holong ea tsona ea ’Muso, ho ile ha hlaka hore lintho li fapane hōle le Kerekeng e K’hatholike. Ho ne ho bina batho bohle, eseng k’hoaere feela. Hape kaofela ha bona ba ne ba nka karolo sebokeng. Ke ile ka boela ka lemoha hore mokhatlo oohle o ne o entsoe ka “barab’abo rōna” le “barali babo rōna.” Ba ne ba tsotellana e le kannete. Lintho tsena li ile tsa nkhahla.
Ka nako eo, ke ne ke e-ea libokeng ke apare seaparo sa masistere. Ho ile ha hlaka hore ba bang ba ne ba thabisoa ke ho bona lesistere Holong ea ’Muso. Ke ile ka thabisoa le ho khotsofatsoa ke ho ba ka har’a lelapa le leholo joalo le nang le lerato. Ha ke ntse ke ithuta ke ile ka boela ka hlokomela hore melao-motheo e mengata eo ke neng ke ithutile eona bophelong e ne e sa lumellane le Lentsoe la Molimo. Ka mohlala, ha ho moo Bibele e reng bahlanka ba Molimo ba apare liaparo tse khethehileng. Seo Bibele e se rutang ka baholo ba ikokobelitseng ba etellang pele ka phuthehong se ne se fapane hōle le sehlopha se phahameng sa kereke le mokete oa eona o moholo, o majabajaba.
Ke ile ka ikutloa ke khathetse litho. Ke ne ke sa lumele hore ka lilemo tse 24 ke ’nile ka lumela lintho tse fosahetseng. Empa ke ile ka hlakeloa hore ena ke ’nete ea Bibele. Ha ke nahana hore ke ne ke lokela ho qala bophelo bocha ke se ke le lilemo li 44, sena se ne se ntšosa. Empa ke ne ke tla iphapanyetsa sena joang ha ke se ke tsebile seo Bibele e hlileng e se rutang?
Qeto ea Bohlokoa
Ke ne ke tseba hore ho tlohela boitlami ho ne ho tla ntšiea ke itlhophere. Leha ho le joalo, ke ile ka hopola mantsoe a Davida ka ea lokileng ha a re ‘ha ho mohla a kileng a tloheloa kapa bana ba hae ba sikila bohobe.’ (Pesaleme ea 37:25) Ke ne ke tseba hore ke tla lahleheloa ke tšireletseho e itseng, empa ke ile ka tšepa Molimo ’me ka re, ‘Hantle-ntle ke tšosoa ke’ng?’
Lelapa leso le ne le nahana hore kea hlanya. Le hoja seo se ne se ntšoenya, ke ile ka hopola mantsoe a Jesu a reng: ‘Ea ratang ntat’ae kapa ’m’ae ho mpheta ha a ntšoanele.’ (Matheu 10:37) Ka nako e tšoanang, liketso tse mosa tsa Lipaki li ile tsa nkhothatsa le ho ’matlafatsa. Ha ke ne ke tsamaea seterateng ke apere seaparo sa ka sa bosistere, li ne li etsa ka hohle-hohle hore li tl’o ntumelisa. Sena se ile sa etsa hore ke ikutloe ke le haufi le ho feta le bara le barali babo rōna le ho ikutloa ke le karolo ea bona.
Qetellong ke ile ka ea ho ’Mè ea Okamelang ’me ka mo hlalosetsa hore na ke hobane’ng ha ke entse qeto ea ho tloha lehaeng la baitlami. Le hoja ke ile ka leka ho mo bontša ka Bibeleng hore na ke hobane’ng ha ke entse qeto ena, o ile a hana ho mamela ’me a re: “Haeba ho na le ntho eo ke batlang ho e utloisisa ka Bibeleng, ke tla bitsa litsebi tsa Bibele!”
Kereke e K’hatholike e ile ea tšosoa ke qeto eo ke e entseng. E ile ea nqosa ka hore ke itšoere hampe le hore ke lahlehetsoe ke kelello. Leha ho le joalo, ba ntsebang ba ne ba utloisisa hore liqoso tseo ke tsa bohata. Batho bao ke neng ke sebetsa le bona ba ile ba itšoara ka litsela tse sa tšoaneng. Ba bang ba ile ba nka ketso eo ea ka e le e bontšang sebete. Ba bang ba ne ba utloile bohloko, ba nahana hore kea lahleha. Ba bang ba bile ba nkhauhela.
Ke ile ka itokolla Kerekeng e K’hatholike ka la 4 July, 1985. Kaha Lipaki li ne li tseba hore na ba bang ba ileng ba nka khato e joalo ba ile ba tšoaroa joang, li ile tsa tšaba hore ha kea sireletseha ’me tsa mpata nako e ka etsang khoeli. Li ne li ntata ho nkisa libokeng ebe li nkhutlisetsa moo ke lulang. Ke ile ka ipata ho fihlela moea o theohile. Joale ka la 1 August, 1985, ke ile ka qala ho kopanela mosebetsing oa boboleli le Lipaki Tsa Jehova.
Hamorao hona khoeling eo ha ke le Kopanong ea Setereke ea Lipaki Tsa Jehova, ba tsa phatlalatso ea litaba ba ile ba utloa hore ke ne ke tlohetse kereke ’me ba hatisa pale ea ka. Qetellong ha ke ne ke kolobetsoa ka la 14 December, 1985, seteishene sa thelevishene le koranta ea moo li ile tsa nka hore ke ntho e sa tloaelehang ka ho fetisisa hoo li ileng tsa pheta pale ea ka hape, tsa etsa bonnete ba hore motho e mong le e mong o tla utloa seo ke se entseng.
Ha ke tlohela boitlami, ke ne ke se na leha e le eng feela linthong tse bonahalang. Ke ne ke se na mosebetsi, ke se na lehae kapa eona penshene. Ka hona, ke ile ka qeta ntho e ka etsang selemo mosebetsi oa ka e le ho hlokomela motho ea shoeleng litho. Ka July 1986, ke ile ka ba pula-maliboho, kamoo basebeletsi ba nako e tletseng ba Lipaki Tsa Jehova ba bitsoang kateng. Ke ile ka fallela sebakeng se senyenyane moo ho neng ho sa tsoa thehoa phutheho e nyenyane. Ha ke le moo ke ile ka ba le litlelase tsa praefete tsa ho ruta puo ka ba ka ruta le lithuto tse ling, ka tsela eo ka sebelisa monyetla oa thuto eo ke nang le eona. Sena se ile sa etsa hore kemiso ea ka e tenyetsehe.
Ho Sebetsa Tšimo ea Naha Esele
Kaha joale ke ne ke se ke tseba ’nete ea Bibele, ke ne ke batla ho e bolella batho ba bangata ka hohle kamoo nka khonang. Kaha ke ne ke tseba ho bua Sefora, ke ile ka nahana ho ea sebeletsa naheng e ’ngoe ea Afrika moo ho buuoang Sefora. Empa ka 1992 ke ha Lipaki Tsa Jehova li lumelloa ka molao naheng e haufi ea Albania. Mafelong a selemo seo, sehlopha se senyenyane sa bo-pula-maliboho Italy se ile sa abeloa ho ea moo. Har’a sona e ne e le Mario le Cristina Fazio ba neng ba le phuthehong ea heso. Ba ile ba nkōpa hore ke ba etele le hore ke nahanele taba ea ho ea sebeletsa Albania. Ka hona, ka mor’a ho nahana ka hloko le ho rapela, ha ke le lilemo li 52 ke ile ka boela ka tlohela tšireletseho e itseng eo ke neng ke e-na le eona, ka ea sebakeng seo ke sa se tsebeng.
Seo se etsahetse ka March 1993. Hang ha ke fihla ke ile ka hlokomela hore le hoja sebaka seo se ne se se hōle le naha ea heso, se ne se fapane ka ho feletseng. Batho ba ne ba tsamaea ka maoto ho sa tsotellehe hore na ba ea hokae, ’me ba ne ba bua Sealbania, puo eo ke neng ke thatafalloa ke ho e utloisisa. Naha eo e ne e le tlas’a liphetoho tse khōlō, e busoa ke enoa ka mor’a eane lipolotiking. Empa batho ba ne ba nyoretsoe ’nete ea Bibele, ’me ba ne ba rata ho bala le ho ithuta. Liithuti tsa Bibele li ile tsa hatela pele ka potlako moeeng, ’me sena sa nthoba maikutlo, sa nthusa hore ke tloaele sebaka sena se secha.
Ha ke ne ke fihla motse-moholo, Tiranë, ka 1993, ho ne ho e-na le phutheho e le ’ngoe feela Albania, ’me naheng eohle ho e-na le Lipaki tse ka holimo hanyenyane feela ho lekholo. Khoeling eo, kopanong ea pele ea letsatsi le khethehileng e neng e tšoaretsoe Tiranë, ho ile ha e-ba teng batho ba 585 ’me ba 42 ba kolobetsoa. Le hoja ke ne ke sa utloisise letho, ke ile ka angoa ke ho utloa Lipaki li bina le ho bona li mametse ka hloko joalo. Ho ile ha ketekoa Sehopotso sa lefu la Jesu Kreste ka April, ’me ha e-ba teng batho ba 1 318! Ho tloha ka nako eo ho ea pele, keketseho e ile ea e-ba khōlō mosebetsing oa Bokreste Albania.
Ke ne ke tloaetse ho sheba motse oa Tiranë ke le foranteng ea mokato oa bone moo ke lulang ’me ke ipotse, ‘Ekaba re tla ke re finyelle batho baa kaofela neng?’ Jehova Molimo o ile a etsa hore seo se phethahale. Hona joale ho na le liphutheho tse 23 tsa Lipaki Tsa Jehova Tiranë. Naheng ka bophara ho na le liphutheho tse 68 le lihlopha tse 22, ’me Lipaki li 2 846. Ke keketseho e kaakang ka lilemo tse ’maloa feela! ’Me re bile le palo ea batho ba 12 795 ba bileng teng Sehopotsong ka 2002!
Lilemong tsena tse leshome ke le Albania, ke bile le tokelo ea ho thusa bonyane batho ba 40 hore ba kolobetsoe. Ba ’maloa ba bona hona joale ke bo-pula-maliboho ’me ba bang ba mefuteng e meng ea tšebeletso ea nako e tletseng. Ho theosa le lilemo, lihlopha tse tšeletseng tsa bo-pula-maliboho ba Mataliana li ile tsa abeloa ho tla thusa ka mosebetsi Albania. Sehlopha se seng le se seng se ile sa fuoa likhoeli tse tharo hore se ithute puo ’me ka fuoa monyetla oa ho ruta litlelase tse ’nè tse qetellang.
Metsoalle e ile ea utloa bohloko haholo ha e ne e utloa ka qeto ea ka ea ho tlohela kereke. Leha ho le joalo, hona joale kaha e bona ke se na mathata ke bile ke e-na le khotso, ka mor’a lilemo boikutlo ba eona bo fetohile. Ho nthabisang ke hore lelapa leso le se le ntšehetsa, ho kopanyelletsa le Rakhali ea seng a le lilemo li 93, eo e ntseng e le lesistere.
Ha e sa le ke tseba Jehova, o ’nile a ntlhokomela maemong a mangata a fapa-fapaneng! O ile a ntataisetsa mokhatlong oa hae o hlophisitsoeng. Ke sa ntse ke hopola morao koana ha ke ne ke labalabela ho thusa ba futsanehileng, ba se nang hona le ba hlokang le takatso ea ka ea ho tšoareha ka ho feletseng ho sebeletseng Molimo. Ke kahoo ke lebohang Jehova kaha o entse bonnete ba hore kea nyorolloa moeeng.
Haeba u rata ho fumana boitsebiso bo eketsehileng kapa ho ba le motho ea u etelang ho u khannela thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng, ka kōpo ngola ’me u romelle lebitso la hao le aterese ea hao ea lapeng ho Lipaki Tsa Jehova, Private Bag X2067, Krugersdorp, 1740, South Africa, kapa atereseng e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5.
[Setšoantšo se leqepheng la 31]
Lelapa la Maalbania leo ke ithutileng Bibele le lona. Ho kolobelitsoe ba 11
[Setšoantšo se leqepheng la 31]
Bongata ba basali bana ba Albania bao ke ithutileng Bibele le bona hona joale ba tšebeletsong ea nako e tletseng