Ho Etsahala’ng ka Boemo ba Leholimo?
“Meroallo ea likoluoa le likhohola tse matla tseo re bang le tsona hona joale li tla etsahala khafetsa.”—THOMAS LOSTER, SETSEBI SA TŠENYO E BAKOANG KE BOEMO BA LEHOLIMO.
NA HO hlile ho na le ho hong ho phoso ka boemo ba leholimo? Ba bangata ba na le tšabo ea hore ho joalo. Setsebi sa boemo ba leholimo, Dr. Peter Werner oa Potsdam Institute for Climate Impact Research se re: “Ha re sheba boemo ba leholimo lefatšeng lohle—ho na ha lipula ka tsela e feteletseng, meroallo, komello le likhohola—’me re hlokomela le liphetoho tsa bona, ka nepo re ka bolela hore lintho tsena tse feteletseng li imenne ka makhetlo a mane lilemong tse 50 tse fetileng.”
Batho ba bangata ba na le maikutlo a hore ho feto-fetoha ho sa tloaelehang ha boemo ba leholimo ke bopaki ba hore lefatše le ntse le futhumala—e leng hoo ho thoeng ke ho futhumala ha lefatše ka tsela e tsoileng taolong. U.S. Environmental Protection Agency ea hlalosa: “Ho futhumala ha lefatše ho etsahala ha thempereichara ea Lefatše e phahama ka lebaka la mefuta e itseng ea meea sepakapakeng (e kang mouoane, carbon dioxide, nitrous oxide le methane) e thibella matla a letsatsi lefatšeng. Haeba likhase tsena li ne li le sieo, mocheso o ne o tla khutlela sepakapakeng ’me thempereichara e itekanetseng ea Lefatše e ne e tla bata haholoanyane ka likhato tse 33 tsa Celsius.”
Leha ho le joalo, ba bangata ba bolela hore motho o kena-kenane le tšebetso ena ea tlhaho a sa ikemisetsa. Sehlooho se seng sa Earth Observatory mocheng oa Internet oa U.S. National Aeronautics and Space Administration se re: “Ka mashome a lilemo, lifektheri le likoloi tse entsoeng ke batho li ’nile tsa tšoella sepakapakeng lithane tse libilione tsa likhase tse bakang mocheso lefatšeng . . . Litsebi tse ngata tsa saense li tšaba hore ho bokellana ka bongata ha likhase tse etsang hore lefatše le futhumale ho thibetse mahlaseli a moea o chesang a eketsehileng hore a tsoe Lefatšeng. Ha e le hantle, likhase tsena li thibella mocheso o sepakapakeng sa Lefatše ka tsela e batlang e tšoana le ha fensetere e ka pele ea koloi e thibella mocheso oa letsatsi ka koloing.”
Batho ba lekhonono ka taba ena ba bolela hore ke karolo e nyenyane feela e entsoeng ke batho ea likhase tsena tse etsang hore lefatše le futhumale. Leha ho le joalo, Intergovernmental Panel on Climate Change (IPCC), e leng sehlopha sa phuputso se tšehetsoang ke Mokhatlo oa Lefatše oa Tsebo ea Boemo ba Leholimo le Lenaneo la Tikoloho la Machaba a Kopaneng, e ea tlaleha: “Ho na le bopaki bo bocha le bo matla ba hore boholo ba ho futhumala ha lefatše ho ’nileng ha behoa leihlo ka lilemo tse 50 tse fetileng ho ka thoe ho bakiloe ke liketso tsa batho.”
Setsebi sa tlelaemete Pieter Tans oa National Oceanic and Atmospheric Administration se re: “Haeba ke ne nka lekanyetsa, ke ne ke tla re karolo ea 60 lekholong ke molato oa rōna . . . Karolo e setseng ea 40 lekholong ke ka lebaka la lisosa tsa tlhaho.”
Liphello Tse ka Bakoang ke ho Futhumala ha Lefatše
Joale liphello tse bonahalang tsa likhase tse entsoeng ke batho tse ntseng li phaellana tse futhumatsang lefatše e ’nile ea e-ba life? Litsebi tse ngata tsa saense hona joale li ea lumela hore lefatše e hlile lea futhumala. Feela lithempereichara tsee li phahame hampe hakae? Tlaleho ea IPCC ea 2001 e re: “Lithempereichara tsa lefatše li eketsehile ho tloha ho tse 0,4 ho ea ho tse 0,8°C ho tloha qetellong ea lekholo la bo19 la lilemo.” Bafuputsi ba bangata ba lumela hore keketseho ena e nyenyane e ka ikarabella bakeng sa liphetoho tse khōlō tse teng boemong ba leholimo.
’Nete ke hore tsamaiso ea lefatše ea boemo ba leholimo e rarahane ka tsela e makatsang, ’me litsebi tsa saense li ke ke tsa bolela ka tieo hore na liphello tsa ho futhumala ha lefatše ke life haeba li le teng. Leha ho le joalo, ba bangata ba lumela hore ka lebaka la ho futhumala ha lefatše, ho na ha lipula ho ’nile ha eketseha Karolong e ka Leboea ea Lefatše, ha e-ba le komello Asia le Afrika, ’me El Niño ea e-hloa mekoalaba Pacific.
Ho Hlokahala Tharollo Lefatšeng
Kaha ba bangata ba talima bothata bona e le bo entsoeng ke motho, na motho a ke ke a bo rarolla? Metse e mengata e se e entse melao e fokotsang mosi o silafetseng oa likoloi le lifektheri. Leha ho le joalo, le hoja boiteko boo bo babatseha—bo bile le tšusumetso e fokolang haholo. Tšilafalo ke bothata ba lefatše, kahoo le tharollo e lokela ho ba ea lefatše! Ka 1992 ho ile ha tšoaroa Seboka sa Lefatše Rio de Janeiro. Lilemo tse leshome hamorao, Seboka sa Lefatše sa Ntlafatso e Tsoelang Pele se ile sa tšoareloa Johannesburg, Afrika Boroa. Baemeli ba ka bang 40 000 ba bile teng sebokeng sena sa 2002, ho akarelletsa le baeta-pele ba 100 ba lichaba.
Liboka tseo li entse ho hoholo ho etsa hore litsebi tsa saense ka kakaretso li lumellane. Koranta ea Jeremane Der Tagesspiegel ea hlalosa: “Le hoja litsebi tse ngata tsa saense ka nako eo [ka 1992] li ne li e-na le lipelaelo ka phello e bakoang ke ho futhumala ha lefatše, kajeno ho na le lipelaelo tse fokolang haholo.” Leha ho le joalo, letona la tikoloho la Jeremane, Jürgen Trittin, o re hopotsa hore tharollo ea sebele bothateng boo e ntse e e-s’o fumanoe. O ile a hatisa: “Seboka sena sa Johannesburg ha ea lokela ho ba sa mantsoe feela, empa hape e be seboka sa liketso.”
Na Tšenyo e Bakiloeng Tikolohong e ka Thibeloa?
Ho futhumala ha lefatše ke bo bong ba mathata a mangata a tikoloho ao moloko oa batho o talimaneng le ’ona. Ho bua ho ka ba bonolo haholo ho feta ho etsa. Setsebi sa Brithani sa bophelo ba liphoofolo, Jane Goodall, sea ngola: “Kaha qetellong re tobane le tšenyo e tšabehang eo re e entseng tikolohong ea rōna, re leka makhobonthithi ’ohle a ho fumana tharollo ea theknoloji.” Empa oa lemosa: “Theknoloji e le eona feela ha ea lekana. Re tlameha ho ameha le ka lipelo tsa rōna.”
Nahana hape ka bothata ba ho futhumala ha lefatše. Mehato ea ho thibela tšilalafo e hloka chelete e ngata haholo; hangata lichaba tse futsanehileng ha li e khone. Kahoo litsebi li na le tšabo ea hore ho thibela liindasteri ho tla li lelekella linaheng tse futsanehileng moo li ka etsang phaello e ngata teng. Ka lebaka leo, esita le baeta pele ba nang le boikemisetso bo botle, ba iphumana ba tšoere ’m’amphele ka sekotlo. Haeba ba sireletsa moruo oa lichaba tsa habo bona, tikoloho e ba kotsing. Haeba ba buella ho sireletsa tikoloho, ba beha moruo ka mosing.
Kahoo, Severn Cullis-Suzuki, e leng oa moifo oa baeletsi Sebokeng sa Lefatše, o tšetleha mabaka ka hore phetoho e tlameha ho ba teng ka hore motho e mong le e mong a kenye letsoho, o re: “Phetoho ea sebele ea tikoloho e itšetlehile ka rōna. Re ke ke ra letela baeta-pele ba rōna. Re lokela ho tsepamisa mohopolo oa rōna tabeng ea hore na boikarabelo ba rōna ke bofe le hore na re ka etsa joang hore phetoho eo e be teng.”
Ke ntho e utloahalang ho lebella hore batho ba hlomphe tikoloho. Empa ho etsa hore batho ba etse liphetoho tse hlokahalang tseleng eo ba phelang ka eona ha ho bonolo hakaalo. Ka mohlala: Batho ba bangata baa lumela hore likoloi lia tlatsetsa ho futhumaleng ha lefatše. Kahoo, motho e mong a ka ’na a fokotsa kapa a tlohela ho sebelisa koloi ka ho feletseng. Empa ho etsa joalo ho ke ke ha e-ba bonolo hakaalo. Joalokaha Wolfgang Sachs oa Wuppertal Institute for Climate, Environment, and Energy a totobalitse haufinyane tjena, “libaka tsohle tsa bohlokoa bophelong ba kamehla (mosebetsing, kerecheng, sekolong, kapa mabenkeleng) li arohane haholo hoo motho a ke keng a fihla ho tsona ntle ho sepalangoang. . . . Ebang ’na ke batla koloi kapa che, eo hase eona taba. Batho ba bangata ha ba na khetho ho hang.”
Litsebi tse ling tsa saense, tse kang Moprofesa Robert Dickinson oa Georgia Institute of Technology’s School of Earth and Atmospheric Sciences, o na le tšabo ea hore e ka ’na eaba e se e le morao haholo hore ho ka bolokoa lefatše liphellong tsa ho futhumala ha lona. Dickinson o lumela hore leha tšilafalo e ka khaotsa kajeno, liphello tsa tšilafalo e bileng teng sepakapakeng li ne li tla ’ne li be teng bonyane le ka mor’a lilemo tse 100!
Kaha ha ho na mebuso leha e le batho ka bomong ba ka rarollang mathata a tikoloho, ke mang ea ka a rarollang? Ho tloha mehleng ea boholo-holo, batho ba ’nile ba talima maholimong bakeng sa thuso mabapi le ho laola boemo ba leholimo. Le hoja boiteko bo joalo e bile ba lefeela, bo senola ’nete ea hore: Moloko oa batho o hloka thuso ea Molimo ho rarolla mathata ana.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 7]
“Ho na le bopaki bo bocha le bo matla ba hore boholo ba ho futhumala ha lefatše ho ’nileng ha behoa leihlo ka lilemo tse 50 tse fetileng ho ka thoe ho bakiloe ke liketso tsa batho”
[Lebokose le leqepheng la 6]
“Na ho Futhumala ha Lefatše ho Kotsi Bophelong?”
Sehlooho se seng ho Scientific American se ile sa botsa potso ena e thahasellisang. Se ile sa bolela esale pele hore ho futhumala ha lefatše “ho tla atolosa ho ba teng le ho jaleha ha mafu a mangata a kotsi.” Ka mohlala, libakeng tse ling “ho hakanngoa hore palo ea batho ba shoang ba bolaoa ke leqhubu la mocheso e tla imena habeli ka 2020.”
Ho sa totobalang ke hore na ho futhumala ha lefatše ho tla phetha karolo efe mafung a tšoaetsanoang. “Maloetse a bakoang ke menoang ho nahaneloa hore a tla ata haholo,” kaha menoang “e ata ka potlako ebile e loma haholoanyane ha moea o ntse o futhumala. . . . Joale, ha libaka tsohle li futhumala, menoang e ka ea libakeng tseo pele e neng e ke ke ea phela ho tsona, ebe joale e tla le mafu.”
Qetellong, ho na le liphello tsa moroallo le komello—tseo ka bobeli li ka fellang ka phepelo e silafetseng ea metsi. Ka sebele tšokelo ea ho futhumala ha lefatše e lokela ho nkoa ka ho teba.
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Ho futhumala ha lefatše ho etsa hore mocheso o bokellane sepakapakeng ho e-na le hore o fetele ka nģ’ane ho sona
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
NASA photo
[Litšoantšo tse leqepheng la 7]
Motho o ntšelitse lithane tse libilione tsa litšila moeeng, e leng ho potlakisang ho futhumala ha lefatše