Na ho se Rate ho Lefa Lekhetho ho Ntse ho E-ja Setsi?
“Esita leha ke e sebelelitse ka thata kea e amohuoa.”—Maele a Babylona, hoo e ka bang ka 2300 B.C.E.
“Lefatšeng lena, ha ho letho leo motho a ka kholisehang ka lona haese ka lefu le lekhetho.”—Setsebi ho tsa lipolotiki United States, Benjamin Franklin, 1789.
REUBEN ke morekisi. Selemo se seng le se seng hoo e ka bang karolo ea boraro ea moputso oa hae oo a o sebelelitseng ka thata o jeoa ke lekhetho. Oa belaela: “Ha ke bone hore na chelete ena kaofela e fella hokae. Ka lebaka la hore ’muso o fokotsa chelete e ngata ea litšebeletso tse itseng, litšebeletso tseo re li fumanang li fokotseha ho feta leha e le neng pele.”
Leha ho le joalo, ebang rea rata kapa che, lekhetho ke karolo ea bophelo. Mongoli Charles Adams o re: “Mebuso e ’nile ea sebelisa litsela tse ngata ho khafisa meputso ea batho ho tloha tšimolohong ea tsoelo-pele.” Hangata lekhetho le halefisitse batho ’me ka linako tse ling le bile la baka phetohelo. Manyesemane a boholo-holo a ile a loantša Maroma, a re: “Ho ne ho ka ba molemo hakaakang hore re bolaoe ho e-na le ho qobelloa ho lefa lekhetho!” Fora lehloeo la gabelle, e leng lekhetho la letsoai, le ile la thusa ho qholotsa Phetohelo ea Fora, nakong eo bakhafisi ba neng ba khaoloa lihlooho. Ho ba khahlanong le lekhetho le hona ho bile le seabo ntoeng ea boipuso ea United States khahlanong le Engelane.
Ha ho makatse hore le kajeno ho se rate ho lefa lekhetho ho ntse ho kekela. Litsebi li bolela hore linaheng tse ntseng li hōla moruong tsamaiso ea lekhetho hangata ha e “sebetse hantle” ebile “e leeme.” Ho latela mofuputsi e mong, ho na le naha e ’ngoe ea Afrika e futsanehileng e kileng ea e-ba le “mefuta e fetang 300 ea lekhetho, eo ho e laola ho neng ho se bonolo esita leha ho ne ho e-na le basebetsi ba hloahloa ka ho fetisisa. Ha ho na mekhoa e nepahetseng ea ho le bokella le ea ho laola tšebeliso ea lona kapa mekhoa eo ha e sebelisoe, . . . e leng ho bulang menyetla ea hore le sebelisoe hampe.” Litaba tsa BBC li tlalehile hore naheng e ’ngoe ea Asia, “liofisiri tsa moo li ne li imetsa batho ka . . . litefiso tse ngata tse seng molaong—ebang ke ka ho ba khafisetsa ho lema libanana kapa ho hlaba lifariki—ebang ke ka morero oa ho tlatsa mokotla [eketsa chelete] oa ’muso sebakeng seo kapa ho aletsa lipokotho tsa bona.”
Lekhalo le teng pakeng tsa barui le mafutsana le rotetsa khalefo. Africa Recovery e leng sengoliloeng sa Machaba a Kopaneng e re: “Phapang e ’ngoe tabeng ea moruo linaheng tse tsoetseng pele le tse ntseng li hōla moruong ke hore linaha tse tsoetseng pele li tšehetsa lihoai ka chelete ha linaha tse ntseng li hōla tsona li khafisa lihoai. . . . Liphuputso tse entsoeng ke Banka ea Lefatše li bontša hore tšehetso ena ea lihoai tsa United States feela e fokotsa chelete e kenang Afrika Bophirimela ka selemo bakeng sa k’hothone eo e e romelang ka ntle ka [limilione tse] 250 tsa lidolara [liranta tse limilione tse likete tse 1,84].” Kahoo lihoai tse linaheng tse ntseng li hōla li ka ’na tsa se rate ha mebuso ea tsona e li batla lekhetho cheleteng eo li e fumanang e seng e ntse e fokola. Sehoai se seng naheng e ’ngoe ea Asia se re: “Neng le neng ha [liofisiri tsa ’muso] li tla mona re ne re tseba hore joang kapa joang li tlil’o batla chelete.”
Khalefo e tšoanang e bonoe haufinyane tjena Afrika Boroa ha ’muso o re lihoai li khafele mobu. Lihoai li ile tsa sokela ’muso ka hore li tla o qosa. ’Muelli oa lihoai o boletse hore lekhetho le “tla liha lihoai ’me ho feta moo le tla etsa hore basebetsi ba mapolasing ba hloke mesebetsi.” Ka linako tse ling, ho se rate lekhetho le kajeno ho ntse ho fella ka pefo. BBC News ea tlaleha: “Lihoai tse peli [tsa Asia] li ile tsa bolaoa selemong se fetileng ha mapolesa a hlasela motse o mong moo balemi ba neng ba ipelaetsa khahlanong le lekhetho le boima haholo.”
Leha ho le joalo, hase mafutsana feela a hloileng ho lefa lekhetho. Phuputso e ’ngoe Afrika Boroa e senotse hore batho ba bangata ba ruileng ba lefang lekhetho “ha ba rate ho lefa lekhetho le eketsehileng—esita le haeba sena se bolela hore ’muso o ke ke oa ntlafatsa litšebeletso tse ba tsoelang molemo.” Likhalala tse tsebahalang ’minong, lifiliming, lipapaling le batho ba hlaheletseng lipolotiking ba ’nile ba hlahella litabeng ka lebaka la ho qoba ho lefa lekhetho. Buka ea The Decline (and Fall?) of the Income Tax e re: “Hoa soabisa hore ebe liofisiri tsa rōna tse phahameng tsa ’muso, bapresidente ba rōna, le bona ha ea ka ea e-ba mehlala e metle ho sechaba tabeng ea ho mamela molao oa ho lefa lekhetho.”
Mohlomong le uena u na le maikutlo a hore lekhetho le phahame ho feta tekano, le leeme ebile le boima. Joale, u lokela ho talima ho lefa lekhetho joang? Na le hlile le na le molemo? Ke hobane’ng ha tsamaiso ea lekhetho hangata e le e rarahaneng hakaale e bile e bonahala e hloka toka? Lihlooho tse latelang li tšohla lipotso tsena.
[Setšoantšo se leqepheng la 4]
Linaheng tse ntseng li hōla moruong batho ba futsanehileng ba ka ’na ba jara boima ba lekhetho leo ba le lefisoang ka leeme
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Godo-Foto