Lekhetho—Na ke Moputso oa ho ba “Sechaba se Tsoetseng Pele?”
“Re lefa lekhetho e le hore re be sechaba se tsoetseng pele.”—Mongolo o mohahong oa Tšebeletso ea Chelete ea ’Muso e Kenang, Washington, D.C.
MEBUSO e bolela hore lekhetho ke ntho e mpe feela e hlokahalang—ke moputso oa “sechaba se tsoetseng pele.” Ebang u lumellana le polelo eo kapa che, ke ntho e ke keng ea latoloa hore hangata moputso oo o tsamaisana le mathata.
Lekhetho le ka aroloa lihlopha tse peli: le tobileng le le sa tobang. Lekhetho la basebetsi, lekhetho la likhoebo tse khōlō le lekhetho la thepa ke mehlala ea lekhetho le tobileng. Lekhetho la basebetsi mohlomong ke lona le sa ratoeng ka ho fetisisa. Sena ke ’nete haholo-holo linaheng tseo lekhetho la basebetsi le eketsehang—ha moputso oa hao o eketseha le lekhetho lea eketseha. Batho ba khahlanong le tsamaiso e itseng ea lekhetho ba bolela hore lekhetho le itšetlehang ka moputso le utloisa batho ba sebetsang ka thata le ba atlehang bohloko.
OECD Observer, sengoliloeng sa Mokhatlo oa Tšebelisano Moruong le Tsoelo-peleng, se re hopotsa hore ho phaella lekhethong le lefshoang mebusong, “basebetsi ba ka ’na ba tlameha ho lefa lekhetho la sebaka seo ba lulang ho sona, la tikoloho, la profinse kapa la setereke ho phaella lekhethong la basebetsi leo ba seng ba ntse ba le lefa ’muso. Ho joalo Belgium, Canada, Iceland, Japane, Korea, linaheng tsa Scandinavia, Spain, Switzerland le United States.”
Lekhetho le sa tobang le akarelletsa lekhetho la thekiso, lekhetho joaleng le lisakereteng le lekhetho la tse kenang le tse tsoang. Lekhetho lena ha le bonahale joaloka lekhetho le tobileng empa setoropo se ntse se ka monyela batho, haholo-holo ba futsanehileng. Makasineng oa India Frontline, mongoli Jayali Ghosh o re ke leshano hore boholo ba lekhetho India le lefshoa ke batho ba boemong bo bohareng le ba ruileng. Ghosh o re: “Mebusong ea litereke, lekhetho le sa tobang le ka etsa chelete e fetang karolo ea 95 lekholong ea lekhetho lohle leo e le bokellang. . . . Ha e le hantle ho ka etsahala hore ebe ho huloa lekhetho le lengata moputsong oa batho ba futsanehileng ho feta le huloang moputsong oa barui.” Ho bonahala lekhetho le phahameng linthong tse rekoang haholo, tse kang sesepa le lijo, e le lona le bakang phapang ena.
Hantle-ntle mebuso e etsa’ng ka chelete eohle eo e e bokellang?
Moo Chelete e Eang Teng
Ke ’nete hore mebuso e hloka chelete e ngata haholo hore o sebetse le ho isa litšebeletso tse hlokahalang sechabeng. Ka mohlala, Fora motho a le mong ho ba bane o sebetsa ’musong. Bana ba akarelletsa matichere, basebetsi ba liposo, limusiamo le lipetlele, sepolesa le basebetsi ba bang ba ’muso. Ho hlokahala lekhetho e le hore ba lefuoe. Chelete ea lekhetho e boetse e etsa litsela, e haha likolo le lipetlele ’me e ea litšebeletsong tse kang ho bokelloa ha lithōle le ho tsamaisoa ha poso.
Litšenyehelo tsa sesole ke lebaka le leng la bohlokoa la hore ebe ho na le lekhetho. Lekhetho la basebetsi le qalile ka hore ho lefisoe Manyesemane a ruileng hore ho tšehetsoe ntoa khahlanong le Fora ka 1799. Leha ho le joalo, Ntoeng ea II ea Lefatše, ’muso oa Brithani o ile oa qala ho lefisa batho ba sebetsang lekhetho la basebetsi. Kajeno ho tšehetsa sesole e ntse e le ntho e jang chelete e ngata esita le nakong ea khotso. Ka 2000, Stockholm International Peace Research Institute e ile ea hakanyetsa litšenyehelo tsa sesole tsa lefatše ho liranta tse libilione tse 5,9.
Ho Fetola Mekhoa ea Sechaba
Lekhetho le boetse le sebelisoa bakeng sa ho fetola “mekhoa ea sechaba”—e leng ntho e khothalletsang kapa e ntšetsang batho mekhoa e itseng. Ka mohlala, ho lumeloa hore ho khafisa joala ho fokotsa ho noa ho tlōla. Kahoo, linaheng tse ngata lekhetho e ka ba karolo ea 35 lekholong ea chelete ea thekiso ea biri.
Koae le eona e khafisoa haboima. Afrika Boroa karolo ea 45 ho ea ho 50 lekholong ea theko ea pakete ea lisakerete e ea lekhethong. Leha ho le joalo, hase kamehla sepheo sa ’muso sa ho buella lekhetho le joalo e leng molemong oa baahi. Joalokaha mongoli Kenneth Warner a hlokomela makasineng ea Foreign Policy, koae e “kenya chelete e ngata haholo moruong eo ka selemo e etsang makholo a likete tsa limilione tsa lidolara khoebong le likete tsa limilione cheleteng ea lekhetho.”
Mohlala o mong o ikhethang oa ho fetola mekhoa ea sechaba ke oa se etsahetseng mathoasong a lekholo la bo20 la lilemo. Baetsi ba molao ba United States ba ile ba batla ho thibela hore ho be le leloko la malapa a ruileng. Joang? Ka ho theha lekhetho la lefa. Ha motho ea ruileng a e-shoa, lekhetho le nka karolo e khōlō ea leruo leo a le bokeletseng. Ba buellang lekhetho lena ba re “ho e-na le ho lumella hore matlotlo a fetisetsoe ho litho tsa lelapa feela, lekhetho la lefa le etsa hore chelete ena e sebelisoe le molemong oa sechaba.” Mohlomong, empa batho ba ruileng ba lefang lekhetho ba qapile maano a mangata ho bebofatsa lekhetho leo le boima.
Lekhetho le tsoela pele ho sebelisetsoa ho ntšetsa pele mananeo a sa tšoaneng, a kang la tikoloho. The Environmental Magazine ea tlaleha: “Linaha tse Robong tsa Europe Bophirimela li sa tsoa kenya tšebetsong lekhetho la tikoloho, haholo-holo e le ho fokotsa ho silafatsoa ha moea.” Lekhetho la basebetsi le itšetlehileng ka moputso, le boletsoeng pejana, e sa le tsela e ’ngoe ea ho fetola mekhoa ea sechaba; khopolo ke ho fokotsa lekhalo le teng pakeng tsa barui le mafutsana. Mebuso e meng le eona e fokoletsa ba ntšang menehelo mekhatlong ea lithuso lekhetho kapa balekane ba nang le bana.
Ke Hobane’ng ha e Rarahane Hakaale?
Nako le nako ha ho buelloa lekhetho le lecha, baetsi ba melao ba leka ho koala likheo leha e le life tse ka behang molao oo ka mosing. Hopola: Ho ka ’na ha lahleha chelete e ngata haholo. Ka phello efe? Melao ea lekhetho hangata e ba e rarahaneng le eo ho leng thata ho e utloisisa. Sehlooho se seng makasineng ea Time se hlalosa hore mathata a mangata molaong oa lekhetho la United States a mabapi le ho fumana hore na ke ‘chelete efe e kenang e lokelang ho khafisoa.’ Mathata a mang a eketsehileng a hlaha melaong e mengata e “lumellang mekhoa e sa tšoaneng ea ho fokotsa chelete e khafisoang le ea ho lokoloha lekhethong.” Leha ho le joalo, hase United States feela e nang le melao e rarahaneng ea lekhetho. Khatiso ea morao tjena ea lekhotla la ketsa-molao oa lekhetho la United Kingdom e ile ea e-ba le maqephe a 9 521, ea etsa libuka tse leshome.
Ofisi ea Liphuputso Tsa Leano la Lekhetho Univesithing ea Michigan, ea tlaleha: “Selemo le selemo batho ba lefang lekhetho United States ba qeta lihora tse fetang likete tse tharo tsa limilione ba tlatsa liforomo tsa lekhetho. . . . Ka kakaretso, nako le chelete tseo batho ba lefang lekhetho ba United States ba e senyang [ha ba tlatsa liforomo tsa lekhetho] e ka ba liranta tse limilione tse likete tse 740 selemo le selemo, kapa hoo e ka bang karolo ea 10 lekholong ea lekhetho le bokelloang. Boholo ba tšenyehelo ena bo bakiloe ke ha ho lateloa molao ona oa lekhetho la basebetsi o rarahaneng ka ho fetisisa.” Reuben, ea boletsoeng qalong ea sehlooho sa pele letotong lena, o re: “Ke ne ke tloaetse ho itlatsetsa liforomo tsa lekhetho, empa ho ne ho ntjella nako e ngata, ’me hangata ke ne ke e-na le maikutlo a hore ke lefisoa haholo ho feta tekano. Kahoo hona joale ke lefa ’moloki oa libuka tsa khoebo hore a ntlatsetse liforomo tsa lekhetho.”—Bona lebokose la “Ho Iphaphatha le Melao ea Lekhetho” leqepheng la 8.
Ba Lefang Lekhetho, ba le Qobang le ba le Tsoang Tlaase
Bonyane boholo ba batho ba tla lumela ka lekhonono hore lekhetho le tlisa melemo e itseng sechabeng sa habo bona. Hlooho ea Lefapha la Chelete ea ’Muso ka Har’a Naha e kile ea hlalosa: “Ha ho motho ea thabelang ho lefa lekhetho la basebetsi, empa ke batho ba fokolang feela ba reng boemo bo ka be bo le molemonyana hoja le ne le sa lefuoe.” Ba bang ba hakanya hore batho ba iphaphathang le melao ea lekhetho United States e ka ba karolo ea 90 lekholong. E mong ea boholong litabeng tsa lekhetho oa lumela: “Boholo ba batho ba sa iphaphatheng le melao ea lekhetho bo etsoa ke ho thatafala ha molao le mehato e lateloang, eseng hobane ba rerile ho e tsoa tlaase.”
Leha ho le joalo, ba bangata ba fumana litsela tsa ho qoba ho lefa mefuta e itseng ea lekhetho. Ka mohlala, nahana ka se builoeng ke sehlooho sa U.S.News & World Report ka lekhetho la likhoebo tse khōlō: “Lifeme tse ngata li qoba ka molao ho lefa karolo e khōlō ea lekhetho—’me ka linako tse ling kaofela ha lona—ka ho phahamisa litšenyehelo le ka ho fana ka boitsebiso bo fosahetseng libukeng tsa khoebo.” Ha se fana ka mohlala oa leqheka le leng, sehlooho seo se tsoela pele: “Khoebo e ’ngoe ea United States e theha feme naheng e ’ngoe moo lekhetho la teng le seng boima. Ebe joale e etsa hore khoebo ena ea United States e be lekala la eane e naheng e ’ngoe.” Ka hona, k’hamphani eo ha e lefe lekhetho la United States—le ka phahamang ho fihlela le etsa karolo ea 35 lekholong—le hoja “ntlo-khōlō ea eona e ka ’na eaba ke ofisi e nang le k’habote e le ’ngoe le lebokose la poso.”
Batho ba boetse ba tsoa lekhetho tlaase ka ho toba. Ho tlalehoa hore ho tsoa lekhetho tlaase ho talingoa e le “papali ea sechaba” sechabeng se seng sa Europe. Ho latela phuputso e ’ngoe United States, ke karolo ea 58 lekholong feela ea banna ba pakeng tsa lilemo tse 25 le 29 ba lumelang hore ho fosahetse ho se bolele chelete eohle eo motho a e amohelang. Mongoli oa phuputso eo oa lumela: “Tlaleho ha e bontše sechaba sa habo rōna e le se nang le litekanyetso tse phahameng tsa boitšoaro.” Mexico, ho hakanyetsoa hore karolo ea 35 lekholong ea batho e tsoa lekhetho tlaase.
Leha ho le joalo, ka kakaretso batho baa lumela hore lekhetho lea hlokahala ’me ha ba tsotelle ho lefa seo ba se kolotang. Empa, mantsoe a tummeng a Tiberius Caesar a bonahala e le ’nete ha a re: “Molisa ea molemo o lokela ho kuta mohlape oa hae, eseng ho o mumula letlalo.” Haeba u lumela hore u tšoeroe hampe ke tsamaiso ena e bonahalang e imela, e le leeme, ebile e rarahane ho feta tekano, u lokela ho talima ho lefa lekhetho joang?
[Lebokose le leqepheng la 7]
Nahana Pele U Falla!
Tsamaiso ea lekhetho ea fapana ho ea ka linaha. Ha e le hantle, lekhetho la basebetsi le ka ba la fapana haholo ka har’a naha e le ’ngoe. Na ho molemo ho nahanela ho fallela sebakeng seo lekhetho le leng tlaase? Mohlomong, empa u lokela ho nahana pele u falla.
Ka mohlala, sehlooho se seng ho OECD Observer se hopotsa babali hore lekhetho le tloaelehileng la basebetsi hase lona feela le amehang. Se re: “Chelete ea lekhetho e hlileng e lefshoang ke batho ka bomong e boetse e angoa ke liphokoletso tse sa tšoaneng.” Ka mohlala, linaha tse ling li na le lekhetho le tlaase la basebetsi. Empa li thusa “hanyenyane tabeng ea ho fokoletsa batho lekhetho kapa ho ba lokolla ho lona.” Ka lebaka leo, motho a ka qetella a khafa haholo moo ho feta linaheng tse nang le lekhetho le phahameng empa li fana haholoanyane ka liphokoletso le ho lokoloha lekhethong.
United States, ba bang ba nahana ka ho fallela liprofinseng tseo ho tsona ho se nang lekhetho la basebetsi la profinse. Na see se hlile se bolokela motho chelete? Eseng ho latela Kiplinger’s Personal Finance, e reng: “Mabakeng a mangata, lipatlisiso tsa rōna li bontša hore liprofinse tse se nang lekhetho la basebetsi li koala sekheo seo ka lekhetho le phahameng la litša le thepa, lekhetho la thekiso le mefuta e meng ea lekhetho.”
[Lebokose le leqepheng la 8]
Ho Iphaphatha le Melao ea Lekhetho
Ho ba bangata ho rōna, ho lefa lekhetho ke taba e sithabetsang, e imelang. Kahoo Tsoha! e ile ea kōpa setsebi sa lekhetho hore se fane ka litlhahiso tse sebetsang.
“Kōpa keletso e ntle. Sena sea hlokahala hobane molao oa lekhetho e ka ba o rarahaneng, ’me ke ka seoelo ho se tsebe molao ho amoheloang e le lebaka le utloahalang la ho se iphaphathe le oona. Le hoja motho ea lefang lekhetho a ka ’na a nahana hore bakhafisi ke lira, hangata ba ka fana ka litaelo tse nepahetseng le tse bonolo mabapi le hore na ho ka sebetsanoa joang le litaba tsa lekhetho. Ba boholong litabeng tsa lekhetho ba ne ba ka rata hore u tlatse liforomo tsa lekhetho ka nepo lekhetlo la pele. Ha ba batle ho u qosetsa hore ha u iphaphathe le melao ea lekhetho.
“Haeba litaba tsa hao tsa lichelete li rarahane, batla keletso ho setsebi sa lekhetho. Empa hlokomela! Le hoja ho e-na le litsebi tse ngata tsa lekhetho tse u tsotellang, ho na le tse ngata tse sa u khathalleng. Batla setsebi se buelloang ke motsoalle eo u mo tšepang kapa motho eo u mo tloaetseng oa khoebo, ’me u hlahlobe mangolo a hae a thuto.
“Nka bohato ka potlako. Kotlo ea ho tlisa foromo ea lekhetho ka mor’a nako e ka ba e boima.
“Libuka tsa khoebo li bolokoe ka makhethe. Ho sa tsotellehe hore na u sebelisa mokhoa ofe oa ho boloka libuka tsa khoebo, etsa hore li lule li le nakong. Ka tsela eo, u ke ke ua ba le mosebetsi o mongata ha nako ea ho tlatsa foromo ea lekhetho e fihla. Hape u tla ba boemong bo molemo haeba ho ka etsahala hore bahlahlobi ba batle ho hlahloba libuka tsa hao.
“Tšepahala. U ka ’na ua ba tekong ea ho qhekella kapa mohlomong ho sotha melao hanyenyane. Empa liofisiri tsa lekhetho li na le litsela tse ngata tse bohlale tsa ho fumana liphokoletso tse batliloeng ka bolotsana. Kamehla ho molemo ho tšepahala.
“Kenya letsoho. Haeba motho eo u mo hiretseng ho etsa mosebetsi ’ohle o amanang le lekhetho a fana ka boitsebiso bo fosahetseng, e ntse e le boikarabelo ba hao. Kahoo e-ba hlokolosi hore moemeli oa hao o sebetsa tumellanong le seo u se ratang.”
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Linaheng tse ngata lekhetho le phahameng le behoa lihlahisoeng tsa koae le linong tse tahang
[Litšoantšo tse leqepheng la 8, 9]
Lekhetho le lefella litšebeletso tse ngata tseo re li nkang habobebe