Pono ea Bibele
Re Lokela ho Tšoara Batho ba Hōlileng Joang?
LEHLABULENG la 2003, ba likete ba ile ba shoa Europe ka lebaka la lebatama la mocheso o matla ka ho fetisisa o kileng oa hlasela K’honthinente eo lilemong tse 60. Boholo ba batho ba shoeleng e ne e le batho ba hōlileng. Ba bang ba ne ba siiloe ba le bang ke beng ka bona, ba ile phomolong. Ba bang bona ho tlalehoa ba ne ba lahliloe kherehloa kapa ba sa hlokomeloe ke basebetsi ba sepetlele le ba mahaeng a tlhokomelo ba neng ba imetsoe haholo ke mosebetsi. Koranta ea Le Parisien e ile ea tlaleha hore Paris feela, litopo tse ka bang 450 ha lia ka tsa tla batloa ke ba seng. Koranta eo e ile ea botsa ka boemo ba ba ileng ba shoa ba le bang ba bile ba sa tsejoe: “Re phela tlas’a maemo a joang moo re lebalang bo-ntate, bo-’mè, bo-ntate-moholo le bo-nkhono ba rōna?”
Lefatšeng lena leo baahi ba ka holimo ho lilemo tse 65 ba eketsehang ho feta leha e le neng pele ka batho ba 795 000 khoeli e ’ngoe le e ’ngoe, ho hlokomela litlhoko tsa ba hōlileng e se e le e ’ngoe ea lintho tseo ho tšoenyehiloeng ka tsona. Nancy Gordon, e mong oa batsamaisi ba mananeo a thuto ea lipalo-palo tsa baahi oa U.S. Census Bureau, o ile a re: “Batho ba tsofalang lefatšeng ka bophara ba eketseha ka lebelo le e-s’o bonoe ’me ho tla hlokahala hore re shebisise tsela eo linaha li tla arabela ka eona liphephetsong tse tsamaisanang le ho tsofala le menyetla e tsamaisanang le hona.”
’Mōpi oa rōna le eena o thahasella batho ba hōlileng. Ha e le hantle, Lentsoe la hae, Bibele, le re fa tataiso ea hore na re ba tšoare joang.
Ho Hlompha ba Hōlileng
Molao oa Molimo, o ileng oa fuoa Moshe, o ne o ruta ho hlompha batho ba hōlileng. Molao o ne o re: “U eme pel’a moriri o moputsoa, ’me u nahanele motho ea tsofetseng.” (Levitike 19:32) Ho ne ho lebeletsoe hore barapeli ba mamelang ba Molimo ba “eme” ka pel’a ba hōlileng (1) e le pontšo ea ho hlompha motho e moholo, hape (2) e le pontšo ea hore barapeli ba tšaba Molimo ka tsela e nang le tlhompho. Ka hona, batho ba hōlileng ba ne ba lokela ho hlomphuoa le ho nkoa e le batho ba bohlokoa haholo.—Liproverbia 16:31; 23:22.
Le hoja kajeno Bakreste ba se tlas’a Molao oa Moshe, melao-motheo ea eona e senola mehopolo ea Jehova le lintho tseo a li nkang e le tsa bohlokoa, e leng ho hlakisang ka ho feletseng hore o nka batho ba hōlileng e le ba bohlokoa. Melao-motheo ena e ne e utloisisoa ke litho tsa phutheho ea Bokreste ea lekholong la pele la lilemo. Bopaki ba pele ba seo bo tlalehiloe bukeng ea Bibele ea Liketso. Ho ne ho e-na le bahlolohali ba futsanehileng har’a Bakreste ba Jerusalema nakong eo. Ha ho pelaelo hore ba bangata ba bona e ne e le batho ba hōlileng. Baapostola ba ile ba khetha “banna ba supileng ba pakiloeng” hore ba etse bonnete ba hore basali bana ba fumana lijo tsa letsatsi le letsatsi ka tsela e hlophisehileng, ba nka tlhokomelo e khethehileng joalo e le ‘mosebetsi o hlokahalang’ oa phutheho.—Liketso 6:1-7.
Moapostola Pauluse o ile a sebelisa molao-motheo o tšoanang oa ‘ho ema ka pel’a moriri o moputsoa’ phuthehong ea Bokreste. O ile a bolella molebeli e monyenyane oa Mokreste, Timothea: “U se ke ua nyatsa monna e moholo ka matla. Ho fapana le hoo, u mo kōpe ka tieo joaloka ntate, . . . basali ba baholo joaloka bo-’mè.” (1 Timothea 5:1, 2) Le hoja Timothea e monyenyane a ne a e-na le matla a itseng a bolaoli ho Bakreste ba hōlileng, o ile a bolelloa hore a se ke a nyatsa motho ea hōlileng. Ho e-na le hoo, o ne a lokela ho mo kōpa ka tieo ka tlhompho joaloka ntate. Hape o ne a lokela ho bontša tlhompho e tšoanang le ho basali ba hōlileng ka phuthehong. Ha e le hantle, moapostola Pauluse o ne a khothatsa Timothea—’me ha ho se ho atolosoa taba, litho tsohle tsa phutheho ea Bokreste—hore a ‘eme ka pel’a moriri o moputsoa.’
Ke ’nete hore batho ba tšabang Molimo ha ba hloke molao o itseng hore ba tšoare batho ba hōlileng ka seriti le ka tlhompho. Nahana ka mohlala oa Bibele oa Josefa, ea ileng a etsa sohle se matleng a hae hore a tlise ntate oa hae ea tsofetseng Egepeta, ka ho etsa joalo a balehisa Jakobo ea lilemo li 130 tlaleng ea boja-likata e neng e aparetse naha. Ha a bona ntate oa hae ka lekhetlo la pele ka mor’a lilemo tse 20, Josefa o ile a “itihela hang-hang molaleng oa hae ’me a ’na a ntšetsa meokho molaleng oa hae.” (Genese 46:29) Nako e telele le pele ho tšoara batho ba hōlileng ka kutloelo-bohloko le ka tlhompho e tebileng ho etsoa molao ho Baiseraele, Josefa o ile a bonahatsa maikutlo a Molimo ka ho etsa joalo.
Jesu o ile a bontša ho nahanela batho ba hōlileng nakong ea tšebeletso ea hae. O ile a khalemela ka matla baeta-pele ba bolumeli ba neng ba itokafatsa ha ba hlokomoloha batsoali ba bona ba hōlileng ka lebaka la lineano tsa bona tsa bolumeli. (Matheu 15:3-9) Jesu o ile a boela a hlokomela ’mè oa hae ka lerato. Ha a le bohlokong bo boholo thupeng ea tlhokofatso, o ile a etsa bonnete ba hore ’mè oa hae ea neng a hōlile o tla hlokomeloa ke moapostola oa hae ea ratoang, Johanne.—Johanne 19:26, 27.
Molimo ha a Lahle Batho ba Hae ba Tšepahalang
Mopesaleme o ile a rapela: “U se ke ua ntahla nakong ea botsofali; ha ke felloa ke matla, u se ke ua ntlohela.” (Pesaleme ea 71:9) Molimo ha a ‘lahle’ bahlanka ba hae ba tšepahalang, esita le haeba bona ba ikutloa ba se ba se na molemo. Mopesaleme ha aa ka a ikutloa a lahliloe ke Jehova; ho e-na le hoo, o ile a lemoha hore o ne a tlameha ho itšetleha ka ’Mōpi oa hae le ho feta ha a ntse a tsofala. Jehova o arabela botšepehing bo joalo ka ho fana ka tšehetso bophelong bohle ba motho. (Pesaleme ea 18:25) Hangata tšehetso e joalo e hlaha ho Bakreste-’moho le motho.
Ho latela se ka holimo, ho hlakile hore bohle ba batlang ho hlompha Molimo ba lokela ho hlompha le batho ba hōlileng. Ka sebele batho ba hōlileng ke ba bohlokoa mahlong a ’Mōpi. Joaloka batho ba entsoeng ka setšoantšo sa hae, e se eka kamehla re ka bonahatsa pono ea Molimo ka ‘bohlooho-putsoa.’—Pesaleme ea 71:18.
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
Bakreste ba tšoara ba hōlileng ka tlhompho