“Molimo a le Mong Feela oa ’Nete” ke Mang?
JESU o ne a rapela Molimo hangata, eo a neng a mo bitsa Ntate, ’me hape o ile a ruta ba bang ho etsa joalo. (Matheu 6:9-11; Luka 11:1, 2) Thapelong eo a e entseng le baapostola ba hae—lihora li se kae pele ho lefu la hae—Jesu o ile a kōpa ka tieo: “Ntate, hora e fihlile; tlotlisa mora oa hao, e le hore mora oa hao a ka u tlotlisa. Sena se bolela bophelo bo sa feleng, ho tsoela pele ba rua tsebo ka uena, Molimo a le mong feela oa ’nete, le ka eo u mo romileng, Jesu Kreste.”—Johanne 17:1, 3.
Hlokomela hore Jesu o rapela Ea mo bitsang “Molimo a le mong feela oa ’nete.” O bontša boemo bo phahameng ba Molimo ha a tsoela pele: “Kahoo joale, Ntate, u ntlotlise haufi le uena ka khanya eo ke neng ke e-na le eona haufi le uena pele lefatše le e-ba teng.” (Johanne 17:5) Kaha Jesu o ile a rapela hore a be haufi le Molimo, ke joang Jesu e neng e ka boela ea e-ba “Molimo a le mong feela oa ’nete”? A re ke re hlahlobeng taba ena.
Boemo ba Jesu Leholimong
Lihora li se kae feela ka mor’a thapelo ena, Jesu o ile a bolaoa. Empa ha aa ka a shoa nako e telele—e bile feela ho tloha thapama ea Labohlano ho fihlela Sontaha hoseng. (Matheu 27:57–28:6) Moapostola Petrose oa tlaleha: “Jesu enoa Molimo o ile a mo tsosa, e leng ’nete eo kaofela re leng lipaki tsa eona.” (Liketso 2:31, 32) Na Jesu o ne a ka itsosa? Che, kaha ho latela Bibele, bafu “ho hang ha ba tsebe letho.” (Moeklesia 9:5) “Molimo a le mong feela oa ’nete,” Ntate oa Jesu oa leholimo, ke eena ea tsositseng Mora oa hae.—Liketso 2:32; 10:40.
Hamorao, Setefane, morutuoa oa Jesu, o ile a bolaoa ke bahlorisi ba balumeli. Ha ba le mothating oa ho mo tlepetsa ka majoe, Setefane o ile a bontšoa pono. O ile a re: “Bonang! Ke bona maholimo a bulehile le Mor’a motho a eme ka letsohong le letona la Molimo.” (Liketso 7:56) Jesu, “Mor’a motho,” o ile a bonoa ke Setefane a le boemong bo tšehetsang lithahasello tsa Molimo leholimong—“ka letsohong le letona”—feela joalokaha a ne a bile ‘haufi le Molimo’ pele a tla lefatšeng.—Johanne 17:5.
Hamorao, ka mor’a ho bolaoa ha Setefane, Jesu o ile a hlaha ka mohlolo ho Saule, ea tsebahalang haholo ka lebitso la hae la Seroma, Pauluse. (Liketso 9:3-6) Ha Pauluse a ne a le Athene, Greece, o ile a bua ka “Molimo ea entseng lefatše le lintho tsohle tse ho lona.” O ile a re Molimo enoa, “Molimo a le mong feela oa ’nete,” o ne a tla “ahlola ka ho loka lefatše leo ho ahiloeng ho lona ka monna eo a mo behileng, ’me o fane ka tiiso ho batho bohle ka hore o mo tsositse bafung.” (Liketso 17:24, 31) Mona moapostola Pauluse o ile a hlalosa Jesu e le “monna”—ea tlaasana ho Molimo—eo Molimo a neng a mo tsoselitse bophelong ba leholimo.
Moapostola Johanne le eena o ile a hlalosa Jesu a le tlaasana ho Molimo. Johanne o itse o ngotse Kosepele e le hore babali ba ka lumela hore “Jesu ke Kreste Mora oa Molimo”—eseng hore e ne e le Molimo. (Johanne 20:31) Johanne o ile a boela a bontšoa pono ea leholimo eo ho eona a ileng a bona “Konyana,” eo Kosepeleng ea hae e hlalosoang e le Jesu. (Johanne 1:29) Konyana e eme le ba bang ba 144 000, bao Johanne a reng ke “ba rekiloeng [kapa ba tsositsoeng] lefatšeng.” Johanne o hlalosa hore ba 144 000 ba na le “lebitso” la konyana “le lebitso la Ntat’a eona le ngotsoeng liphatleng tsa bona.”—Tšenolo 14:1, 3.
Na “Konyana” e ne e ka tšoana le “Ntat’a eona”? Le hanyenyane. Ba fapane ka Bibeleng. Ba bile ba na le mabitso a sa tšoaneng.
Lebitso la Konyana le la Ntate
Joalokaha re sa tsoa bona, lebitso le fuoeng Mora oa Molimo, Konyana, ke Jesu. (Luka 1:30-32) Ho thoe’ng ka lebitso la Ntate oa hae? Le hlaha ka Bibeleng ka makhetlo a likete. Ka mohlala, Pesaleme ea 83:18 e re: “Uena, eo lebitso la hao e leng Jehova, uena u le mong u Ea Phahameng ka ho Fetisisa holim’a lefatše lohle.” Ka masoabi, lebitso la Molimo, Jehova, le ’nile la nkeloa sebaka liphetolelong tse ngata tsa Bibele ka mantsoe “MORENA” le “MOLIMO,” ao hangata a ngoloang ka litlhaku tse khōlō. Litlhaku tse khōlō li ngotsoe ka morero oa hore li khetholle Jehova ho ba bang ba bitsoang melimo kapa marena.a Leha ho le joalo, liphetolelong tse ngata tsa Bibele, Lebitso la Molimo le khutliselitsoe malulong a lona.
American Standard Version (1901) ea Senyesemane, ke mohlala o motle oa phetolelo ea Bibele e khutliselitseng lebitso la Molimo, Jehova, malulong a lona. Selelekela sa eona se re: “Ka mor’a ho nahanisisa ka hloko, Bantlafatsi ba American Standard Version ba ile ba ba ntsoe-leng tabeng ea hore tumela-khoela ea Bajuda, e neng e nka Lebitso la Molimo le halalela hoo le ke keng la bitsoa, ha e ea tlameha ho ’na e susumetsa Senyesemane kapa phetolelo leha e le efe e ’ngoe ea Testamente ea Khale, kaha ka lehlohonolo e se e sa susumetse liphetolelo tse ngata tse entsoeng ke barumuoa ba mehleng ena.”
Boraro-bo-bong—Ke Thuto e Simolohang Hokae?
Joale, ho thoe’ng ka thuto ea hore Jehova le Jesu ha e le hantle ke motho a le mong, joalokaha thuto ea Boraro-bo-bong e bolela? Makasineng ea The Living Pulpit ea April ho ea ho June 1999, Boraro-bo-bong bo ile ba hlalosoa tjena: “Ho na le Molimo a le mong Ntate, Morena a le mong Jesu Kreste le Moea o le mong o Halalelang, ‘batho’ ba bararo . . . bao e leng ntho e le ’ngoe kapa motho a le mong . . . ; batho ba bararo bao ka ho lekana e leng Molimo, ba nang le litšobotsi tse tšoanang, empa ba hlile ba fapane, ba tsejoa ka litšoaneleho tsa bona tsa botho.”b
Thuto ee e rarahaneng ea Boraro-bo-bong e simoloha hokae? Christian Century, tokollong ea eona ea May 20 ho ea ho 27, 1998, e qotsa moruti e mong ea lumelang hore Boraro-bo-bong ke “thuto ea kereke eseng thuto ea Jesu.” Le hoja thuto ea Boraro-bo-bong e se thuto ea Jesu, na e lumellana le seo a ileng a se ruta?
Ntate—O Moholo ho Mora
Jesu o ile a ruta barutuoa ba hae ho rapela: “Ntat’a rōna ea maholimong, lebitso la hao le ke le halaletsoe.” Ntate oa rōna oa leholimo, eo lebitso la hae e leng Jehova, ka Bibeleng o hlalosoa a le moholo ho Mora oa hae. Ka mohlala, Jehova ke “oa ho tloha ho bo sa hlaheng ho isa ho bo sa feleng.” Empa Bibele e re Jesu ke “letsibolo la pōpo eohle.” Ho bontša hore Jehova o moholo ho Jesu, Jesu ka boeena o ile a ruta: “Ntate o moholo ho ’na.” (Matheu 6:9; Pesaleme ea 90:1, 2, Bibele ea Sesotho; Bakolose 1:15; Johanne 14:28) Leha ho le joalo, thuto ea Boraro-bo-bong e bolela hore Ntate le Mora ke “Molimo ka ho lekana.”
Taba ea hore Ntate o moholo ho Mora, hammoho le ea hore Ntate ke motho ea ikemetseng, e totobatsoa hape lithapelong tsa Jesu, tse kang ea ha a ne a rapela pele a bolaoa: “Ntate, haeba u lakatsa, tlosa senoelo sena [ke hore, lefu le lihlong] ho ’na. Leha ho le joalo, ho ke ho etsahale thato ea hao, eseng ea ka.” (Luka 22:42) Haeba Molimo le Jesu ke “motho a le mong” joalokaha thuto ea Boraro-bo-bong e bolela, ke joang thato ea Jesu, kapa takatso ea hae, e neng e ka ba e fapaneng le ea Ntate oa hae?—Baheberu 5:7, 8; 9:24.
Ho feta moo, haeba Jehova le Jesu e ne e le motho a le mong, ke joang e mong a neng a ka tseba lintho tseo e mong a sa li tsebeng? Ka mohlala, Jesu o ile a re mabapi le nako ea kahlolo ea lefatše: “Malebana le letsatsi leo kapa hora eo ha ho ea tsebang, leha e le mangeloi leholimong kapa Mora, haese Ntate.”—Mareka 13:32.
Boraro-bo-bong le Kereke
Thuto ea Boraro-bo-bong hase ea Jesu kapa ea Bakreste ba mehleng ea pele. Joalokaha ho boletsoe pejana, ke “thuto ea kereke.” Tokollong ea eona ea 1999 e buang ka Boraro-bo-bong, makasine ea The Living Pulpit e ile ea re: “Ka linako tse ling, ho bonahala motho e mong le e mong a nahana hore thuto ea boraro-bo-bong ke thuto ea bolumeli e tsitsitseng ea Bokreste,” empa ea phaella ka hore hase “thuto ea Bibele.”
New Catholic Encyclopedia (1967) e hlalosa Boraro-bo-bong ka mokhoa o batsi ’me ea lumela: “Thuto ea Boraro-bo-bong ho bonahala e le e iqapetsoeng ho ea bofelong a lekholo la bone la lilemo. . . . Taba ena e iqapetsoeng ea ‘Molimo a le mong Bathong ba bararo’ e ne e se na motheo o tiileng, ebile e sa teba bophelong ba Bakreste le tumelong ea bona pele lekholo la bone la lilemo le fela.”
Martin Werner, joaloka moprofesa Univesithing ea Bern, Switzerland, o itse: “Kae kapa kae moo ho buuoang ka kamano ea Jesu le Molimo, Ntate, Testamenteng e Ncha, ebang ho buuoa ka ho tla ha hae e le motho kapa ka boemo ba hae ba ho ba Messia, hoa utloahala ’me ho hlalosoa ka ho hlaka hore ha ba lekane.” Ka ho hlakileng, seo Jesu le Bakreste ba pele ba neng ba se lumela se fapane hōle le thuto ea Boraro-bo-bong e rutoang ke likereke kajeno. Joale thuto ee e tsoa hokae?
Tšimoloho ea Boraro-bo-bong
Bibele e bua ka melimo e mengata le melimotsana eo batho ba neng ba e rapela, ho akarelletsa le Ashtorethe, Milkome, Kemoshe le Moloke. (1 Marena 11:1, 2, 5, 7) Esita le batho ba bangata sechabeng sa boholo-holo sa Iseraele ho na le nako eo ba kileng ba lumela hore Baale ke Molimo oa ’nete. Kahoo, moprofeta oa Jehova, Elia, o ile a re ba etse khetho: “Haeba Jehova ke Molimo oa ’nete, mo lateleng; empa haeba Baale ke eena, mo lateleng.”—1 Marena 18:21.
Borapeli ba melimo ea bohetene e neng e tsamaea ka boraro, bo ne bo se bo ntse bo tloaelehile le pele Jesu a tsoaloa. Rahistori Will Durant o itse: “Khopolo ea boraro-bo-bong bo halalelang e tsoa Egepeta. Ho Encyclopædia of Religion and Ethics, James Hastings o ngotse: “Bolumeling ba India, ka mohlala, re kopana le sehlopha sa boraro-bo-bong sa Brahmā, Siva, le Viṣṇu; ’me bolumeling ba Egepeta re kopana le sehlopha sa boraro-bo-bong sa Osiris, Isis le Horus.”
Ka hona, melimo e mengata. Na Bakreste ba mehleng ea pele ba ne ba tseba see? Hona na ba ne ba nka Jesu e le Molimo ea Matla ’Ohle?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ka mohlala, bona Pesaleme ea 110:1 ho King James Version. Petrose le Jesu ba ile ba qotsa temana ena.—Matheu 22:42-45; Liketso 2:34-36.
b Tumelo ea Mohalaleli Athanasius, e entsoeng makholo a ’maloa a lilemo ka mor’a lefu la Jesu, e hlalosa Boraro-bo-bong tjena: “Ntate ke Molimo: Mora ke Molimo: le Moea o Halalelang ke Molimo. Ho ntse ho le joalo hase Melimo e meraro: empa ke Molimo o le mong.”
[Setšoantšo se leqepheng la 19]
EGEPETA
Boraro-bo-bong ba Horus, Osiris le Isis, seketeng sa bobeli sa lilemo B.C.E.
[Setšoantšo se leqepheng la 19]
PALMYRA, SYRIA
Boraro-bo-bong ba molimo oa khoeli, Morena oa Maholimo le molimo oa letsatsi, hoo e ka bang lekholong la pele la lilemo C.E.
[Setšoantšo se leqepheng la 19]
INDIA
Hlooho ea molimo oa Boraro-bo-bong oa Mahindu, hoo e ka bang lekholong la bosupa la lilemo C.E.
[Setšoantšo se leqepheng la 19]
NORWAY
Boraro-bo-bong (Ntate, Mora le Moea o Halalelang), hoo e ka bang lekholong la bo13 la lilemo C.E.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 19]
Top two photos: Musée du Louvre, Paris