Pono ea Bibele
Na U Lokela ho Rapela Moroetsana Maria?
MARIA ke motho ea tloaelehileng ho batho ba bangata ba tsebang ho hong ka Bokreste. Mangolo a bolela hore Molimo ea Matla ’Ohle ka ho khetheha o ile a hlohonolofatsa moroetsana enoa ka ho mo khetha hore e be ’mè oa Jesu. Ho tsoaloa ha Jesu ho ne ho ikhetha kaha Maria e ne e ntse e le moroetsana ha a mo ima. Ke khale likereke tse ling tsa Bokreste-’mōtoana li hlompha Maria ka tsela e khethehileng. Ka 431 C.E., Lekhotla la Efese le ile la mo phatlalatsa e le “’M’a Molimo,” ’me kajeno batho ba bangata ba rutoa ho mo rapela.a
Barapeli ba tiileng baa tseba hore ba lokela ho lebisa lithapelo tsa bona ho motho ea nepahetseng. Bibele e ruta’ng tabeng ee? Na Bakreste ba lokela ho rapela Moroetsana Maria?
“Re Rute ho Rapela”
Tlaleho ea Kosepele ea Luka e tlaleha hore e mong oa barutuoa ba Jesu o ile a mo kōpa: “Morena, re rute ho rapela.” Ha a arabela, Jesu o ile a qala ka hore: “Neng kapa neng ha le rapela, le re, ‘Ntate, lebitso la hao le ke le halaletsoe.’” Thutong ea hae ea Thabeng, ka tsela e tšoanang Jesu o ile a laela balateli ba hae hore ba rapele: “Ntat’a rōna ea maholimong, lebitso la hao le ke le halaletsoe.”—Luka 11:1, 2; Matheu 6:9.
Ntho ea pele eo re ithutang eona mona ke hore thapelo kapa mantsoe a borapeli a lokela ho lebisoa ho Ntate oa Jesu, e leng Jehova. Ha ho kae kapa kae moo Bibele e re fang matla a ho rapela mang kapa mang e mong. Sena se loketse kaha Jehova ke “Molimo ea batlang boinehelo bo khethehileng,” joalokaha Moshe a ile a bolelloa ha a ne a amohela Melao e Leshome.—Exoda 20:5.
Ho Thoe’ng ka Rosari?
Ba bangata ba rapelang Maria ba ’nile ba rutoa hore mahlohonolo a ka fumanoa ka ho pheta lithapelo tse latelang mekhoa e itseng—lithapelo tse kang tsa Ahe Maria, Ntat’a Rōna le tse ling. Buka ea Symbols of Catholicism e re, ho Mak’hatholike, “mokhoa o atileng haholo oa ho inehela ho Maria ha ho pelaelo hore ke oa rosari.” Rosari ke mokhoa oa bolumeli oa ho tlotlisa Moroetsana Maria. Hape e sebelisoa e le letoto la lifaha tse sebelisetsoang ho bala makhetlo a lithapelo. Eona buka eo ha e hlalosa e re: “Lihlopha tse hlano tsa lifaha tse leshome tsa rosari, li aroloa ka sefaha se le seng se fapaneng le tse ling, seo e leng memo ea ho pheta ‘Ahe Maria’ ka makhetlo a mashome a mahlano, le ‘Ntat’a Rōna’ ka makhetlo a mahlano, le ‘Letlotlo le be ho Ntate’ ka makhetlo a mahlano.” Na Molimo o mamela ho phetoa ha sekoto sa rosari ha batho ba inehetseng?
Litaelo tseo Jesu a ileng a li fa balateli ba hae li sa boetse li re fa karabo e kholisang. O ile a re: “Ha u rapela, u se ke ua pheta-pheta lintho tse tšoanang, feela joalokaha batho ba lichaba ba etsa, kaha ba nahana hore ba tla utluoa ka lebaka la ho sebelisa mantsoe a mangata.” (Matheu 6:7) Kahoo Jesu o ile a bolella barutuoa ba hae ka ho khetheha hore ba qobe ho pheta mekhoa e itseng lithapelong tsa bona.
E mong a ka ’na a botsa, ‘Empa na Jesu ha aa ka a ruta barutuoa ba hae ho pheta Ntat’a Rōna, e leng karolo ea rosari?’ Ho hlokomeloe hore mona Jesu o ne a fana ka thapelo ea mohlala, eo e ileng ea tla tsejoa e le Ntat’a Rōna, kapa Thapelo ea Morena. Leha ho le joalo, re lokela ho hlokomela hore o entse joalo hang-hang ka mor’a hore a fane ka temoso mabapi le ho “pheta-pheta lintho tse tšoanang.” Taba ea hore Jesu o ne a sa rera hore thapelo ea mohlala e phetoe ka hlooho e boetse e totobala lipolelong tsa hae tse sa tšoaneng liketsahalong tse peli tse tlalehiloeng tseo ho tsona a ileng a ruta barutuoa ba hae ho rapela. (Matheu 6:9-15; Luka 11:2-4) Mohopolo oo Jesu a neng a o fetisa moo o ne o tšoana, empa mantsoe a hae a ne a sa tšoane. Sena se re fihlisa qetong ea hore Jesu o ne a mpa a fana ka mehlala feela ea kamoo balateli ba hae ba ka rapelang kateng le hore na ke eng seo ba ka se rapellang ka nepo. Habohlokoa le ho feta, mantsoe a hae a ile a bontša hore na ke mang eo thapelo e lokelang ho lebisoa ho eena.
Ho Hlompha Maria
Taba ea hore Mangolo ha a rute Bakreste hore ba rapele Maria ho hang ha e fane ka maikutlo a hore ho khelloa fatše seabo seo a bileng le sona ho phethahaleng ha merero ea Molimo. Mahlohonolo a bang teng ka Mora oa hae a tla ba molemong oa moloko ’ohle oa batho ba mamelang ka ho sa feleng. Maria ka boeena o ile a re: “Meloko eohle e tla phatlalatsa hore ke thabile.” ’Me Elizabetha ngoan’a ngoan’abo o ile a re Maria o “hlohonolofetse . . . har’a basali.” ’Me ho ne ho fela ho le joalo. E ne e le tokelo e babatsehang ho Maria ho khetheloa ho tsoala Mesia.—Luka 1:42, 48, 49.
Leha ho le joalo, Maria hase eena feela mosali eo Mangolo a reng o hlohonolofetse. Ka lebaka la bohato boo Jaele a ileng a bo nka molemong oa sechaba sa boholo-holo sa Iseraele, le eena ho ile ha thoe o tla “hlohonolofatsoa ka ho fetisisa har’a basali.” (Baahloli 5:24) Jaele, Maria le basali ba bang ba bangata ba tšabang Molimo ba tšepahalang ba boletsoeng ka Bibeleng, ka sebele ba tšoaneloa ke hore re ba etsise—empa eseng hore re ba hlomphe ka tsela ea borapeli.
Maria e ne e le molateli ea tšepahalang oa Jesu. O ne a le teng liketsahalong tse sa tšoaneng nakong ea tšebeletso ea hae lefatšeng hape le lefung la hae. Ka mor’a tsoho ea Jesu o ne a “phehella thapelong” le barab’abo Jesu. Hona ho re fa lebaka la ho lumela hore le eena o ile a tlotsoa ka moea o halalelang ka Pentekonta ea 33 C.E. ’me kahoo o ne a e-na le tšepo ea ho ba karolo ea sehlopha sa monyaluoa se tla busa leholimong le Kreste.—Matheu 19:28; Liketso 1:14; 2:1-4; Tšenolo 21:2, 9.
Leha ho le joalo, ha ho letho le re fang matla a ho rapela Maria. Thapelo e tlohang botebong ba pelo ke karolo ea bohlokoa ea borapeli, ’me Bakreste ba khothalletsoa ho ‘phehella thapelong.’ (Baroma 12:12) Leha ho le joalo, lithapelo tsohle tse joalo tsa borapeli li lokela ho lebisoa ho Jehova feela, ka Jesu Kreste.—Matheu 4:10; 1 Timothea 2:5.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Khopolo ea hore Maria ke ’mè oa Molimo e thehiloe thutong eo e seng ea Mangolo ea Boraro-bo-bong, e bolelang hore Jesu ke Molimo.