Qaka ea Bolulo e Bakoa ke Eng?
MATHŌKONG a motse o mong o moholo oa Afrika, Josephine ea lilemo li 36 o lula le bara ba hae ba bararo, bao e moholo a leng lilemo li 11 ha oa ho fela a le lilemo li 6. Hore a tsebe ho phela, o bokella libotlolo tsa lipolasetiki ’me o li rekisetsa feme e haufi e li sebelisang hape. Mosebetsi ona o boima o mo fa chelete e ka tlaase ho liranta tse 12 ka letsatsi. Motseng oo, chelete ena e ’nyane haholo hore e fepe lelapa la hae e be e lefelle le chelete ea sekolo.
Mantsiboea, o khutlela sebakeng seo a qobellehang ho se bitsa lehae. Mabota a lehae lena la hae a entsoe ka litene tsa mobu le letsopa tse kopantsoeng ka lithupa. Marulelo ke masenke a rusitseng a sa kokoteloang, makapa-kapa hammoho le lipolasetiki. Ka holim’a tsona ho behiloe majoe, patsi le litšepe tsa khale e le ho etsa hore marulelo ana a se ke a fefoha ha ho e-na le moea o matla. “Monyako” le “fensetere” li entsoe ka ’methe o marantha, o sa ba sireletseng boemong bo bobe ba leholimo—ho se ho sa thoe letho ka masholu haeba a ka fihla.
Esita le lehae lena le boemo bo tlaase hase la hae. Josephine le bana ba hae ba lula ba tšohile hore ba tla tlosoa sebakeng sena. Sebaka seo lehae la bona le leng ho sona se tlameha ho sebelisoa ha ho atolosoa tsela e haufinyane le moo. Ka masoabi, maemo a tjena a teng linaheng tse ngata lefatšeng ho pota.
Lehae le Kotsi
Robin Shell, ofisiri e ka sehloohong lenaneong la machaba la ho thusa ka bolulo, o re “mahaeng ana a futsanehileng, bana ba hlajoa ke lihlong ke matlo a bo bona, . . . malapa a lula a kula, ’me . . . ha a tsebe mohla a tla lelekoa ke ofisiri ea ’muso kapa mong’a sebaka ’me ho heletsoe [mahae a ’ona].”
Ho lula maemong a joalo ho qobella batsoali hore ba lule ba tšoenyehile ka bophelo bo botle le tšireletseho ea bana ba bona. Ho e-na le hore ba sebeletse ho ntlafatsa maemo a bona, hangata ba tlameha ho qeta boholo ba nako le matla a bona ba loanela feela hore ba hlokomele bana ka litlhoko tsa bona tsa motheo, tse kang lijo, phomolo le bolulo.
Ho motho ea seng boemong bona, ho ka ba bonolo hore a etse qeto ea hore mafutsana a ka lokisa boemo ba ’ona haeba a ikemiselitse. Empa ho bolella batho feela hore ba tiise marapo ho ntlafatsa boemo ba bona hase tharollo. Ho na le lisosa tse matla tseo ho seng motho ea ka li laolang qakeng ena ea bolulo. Babatlisisi ba re lisosa tse ka sehloohong ke keketseho ea baahi, ho eketseha ha batho ba fallelang litoropong, meferefere ea lipolotiki le bofutsana bo ntseng bo eketseha. Lisosa tsena li patisa bophelo ba batho ba bangata ba futsanehileng lefatšeng joalokaha menoana e patisana ha feisi e finnoe.
Tšubuhlellano ea Baahi
Ka tloaelo ho hakanngoa hore selemo le selemo lefatše le hloka bolulo ba batho ba eketsehileng ba limilione tse 68 ho ea ho tse 80. Ho latela Letlōle la Baahi la Machaba a Kopaneng, palo ea baahi ba lefatše e ile ea feta limilione tse likete li 6,1 ka 2001 ’me ho lebeletsoe hore ka 2050 e be e fihlile ho limilione tse likete tse pakeng tsa tse 7,9 le tse 10,9. Ntho e bohloko le ho feta ke ea hore karolo ea 98 lekholong ea keketseho eo lilemong tse mashome a mabeli a tlang e tla etsahala linaheng tse hōlang moruong. Likhakanyo tseo ka botsona li bontša hore ho tla ba le bothata bo boholo tabeng ea bolulo. Empa bothata boo bo mpefatsoa le ho feta ke ’nete ea hore libaka tseo baahi ba eketsehang haholo ho tsona ke tse seng li ntse li pepeteha ke baahi.
Ho Fallela Libakeng Tsa Litoropo ka Bongata
Litoropo tse khōlō—tse kang New York, London le Tokyo—hangata li nkoa e le tsa bohlokoa bakeng sa ho hōlisa moruo oa naha. Ka lebaka leo, selemo le selemo batho ba likete ba libakeng tsa mahae ba tla ka bongata ‘makhulong a matala a litoropo,’ lebaka le ka sehloohong e le ho batla thuto le mosebetsi.
Ka mohlala, moruo o hōla ka potlako Chaena. Ka lebaka leo, tlaleho e ’ngoe e hakanya hore lilemong tse mashome a ’maloa tse tlang, ho tla hlokahala matlo a macha a fetang limilione tse 200 metseng ea litoropo feela. Eo ke palo e batlang e imenne habeli ea matlo ’ohle a teng naheng eohle ea United States. Ke lenaneo lefe la kaho ea matlo le ka khonang tlhoko e kaalo?
Ho latela Banka ea Lefatše, “selemo le selemo malapa a macha a ka bang limilione tse 12 ho ea ho tse 15, a hlokang bolulo bo a lekanang, aa eketseha metseng e meholo ea linaha tse ntseng li hōla moruong.” Kaha ha ho na matlo a lekaneng ao batho ba ka khonang ho a lefella, mafutsana ana a litoropong a qobelleha ho batla leha e le kae moo a ka sunyang lihlooho teng, ’me hangata e ba libakeng tseo ho seng motho ea ka khethang ho lula ho tsona.
Likoluoa Tsa Tlhaho le Tsa Lipolotiki
Bofutsana bo qobelletse batho ba bangata ho lula libakeng tse pepesehetseng meroallo, ho ritsa ha seretse le litšisinyeho tsa lefatše. Ka mohlala, Caracas, Venezuela, ho hakanngoa hore batho ba fetang halofo ea milione “ba lula mek’huk’hung ea baipehi e methipoloheng eo nako le nako e angoang ke ho ritsa ha lefatše.” Hape hopola kotsi e ileng ea hlaha ka 1984 indastering e ’ngoe Bhopal, India, moo batho ba likete tse ’maloa ba ileng ba shoa ’me ba bangata ba tsoa likotsi. Ke hobane’ng ha ho ile ha ameha batho ba bangata hakaalo? Lebaka le ka sehloohong ke la hore mek’huk’hu e haufi le feme eo e ne e atolohile ho fihlela limithara tse hlano haufi le meeli ea feme.
Likoluoa tsa lipolotiki, tse kang lintoa tsa lehae, le tsona li ekelitse bothata ba bolulo. Tlaleho e ’ngoe e ileng ea hatisoa ka 2002 ke sehlopha sa litokelo tsa batho e ile ea bontša hore pakeng tsa 1984 le 1999, batho ba bangata ba ka etsang limilione tse 1,5, bao boholo e neng e le baahi ba motse, ba ile ba hloka moo ba lulang teng Turkey ka boroa-bochabela nakong ea ntoa ea lehae. Ba bangata ba bona ba ile ba tlameha ho fumana bolulo leha e le kae moo ba ka bo fumanang, hangata ba petetsana le beng ka bona libakeng tsa nakoana, libakeng tse hiroang, mehahong ea temo kapa litšeng tsa kaho. Ho ile ha tlalehoa hore sehlopha se seng sa malapa se ile sa lula litaleng, batho ba 13 kapa ho feta ba lula ka kamoreng e le ’ngoe, ’me ho sebelisoa ntloana e le ’ngoe le pompo e le ’ngoe ea metsi ka jareteng eo. Mophaphathehi e mong o ile a re: “Re batla ho tsoa bophelong bona. Re lula sebakeng se hahetsoeng liphoofolo.”
Moruo o sa Hōleng
Qetellong, bothata ba bolulo ba batho ba futsanehileng bo tsamaisana le maemo a bona a lichelete. Ho latela tlaleho ea Banka ea Lefatše eo ho builoeng ka eona pejana, ka 1988 feela, ho ile ha boleloa hore baahi ba litoropong linaheng tse hōlang moruong, ba limilione tse 330, ba futsanehile, e leng boemo boo ho neng ho sa lebelloa hore bo tla fetoha lilemong tse latelang. Ha batho ba futsanehile hoo ba sitoang ho lefella litlhoko tsa motheo tse kang lijo le liaparo, ba ka khona ho lefella rente kapa ho haha ntlo e loketseng joang?
Tsoala e holimo le ho phahama ha theko ea lintho li qobella libanka ho nyolla litefello tsa kalimo ea chelete haholo hoo malapa a mangata a sitoang ho li finyella, ’me ho nyolloa ha tefello ea litšebeletso tsa motheo ho thatafalletsa batho hore ba hatele pele. Palo ea ba sa sebetseng eo linaheng tse ling e leng karolo ea 20 lekholong e etsa hore ho be thata ho iphelisa.
Mabaka ana le a mang a qobelletse batho ba limilione tse makholo likarolong tsohle tsa lefatše hore ba amohele maemo a sa lokelang a bolulo. Batho ba lula libeseng tsa khale, lik’hontheinareng tse neng li tsamaisa thepa le ka lik’hatebotong. Ba lula ka tlas’a litepisi, tlas’a maphephe a polasetiki le a likotoana tsa mapolanka a sebelitseng. Esita le lifeme tse seng li sa sebetse li ’nile tsa fetoha mahae a ba bang.
Ho Etsoa’ng ka Bothata Boo?
Boiteko bo matla ba hore ho sebetsanoe le qaka ena bo se bo ntse bo etsoa ke batho ba bangata ba tšoenyehileng, mekhatlo le mebuso. Japane, mekhatlo e ’maloa e ’nile ea thehoa ho thusa ho haha matlo a seng theko e boima. Lenaneo la ho haha matlo le qalileng Afrika Boroa ka 1994 le se le hahile matlo a likamore tse ’nè a fetang milione. Kenya teng, boikemisetso bo thata ho finyelloa ba leano la kaho ea matlo ke ba hore ho hahoe libaka tsa bolulo tse 150 000 libakeng tsa litoropo ’me libakeng tsa mahaeng e be palo e menang eo habeli. Linaheng tse ling, joaloka Madagascar, ho ’nile ha etsoa boiteko bo matla ho fumaneng mekhoa ea ho haha e tla thusa hore ho se sebelisoe chelete e ngata ha ho hahoa matlo.
Mekhatlo ea machaba, e kang oa UN-HABITAT, e ’nile ea thehoa ho bontša boikemisetso ba lefatše ho “thibela le ho ntlafatsa mathata a hlahang ka lebaka la ho eketseha ho hoholo ha baahi litoropong.” Mekhatlo e sa etseng phaello le e sa oeleng ’musong le eona e leka ho thusa. Mokhatlo o mong o sa etseng phaello o thusitse malapa a 150 000 linaheng tse ’maloa hore a se ke a hlola a lula libakeng tse maemo a tlaase haholo a sa lokelang. O hakanya hore ka 2005 o tla be o thusitse batho ba limilione hore ba fumane bolulo bo loketseng, bo seriti le boo ba ka khonang ho bo lefella.
E mengata ea mekhatlo ena e ’nile ea fana ka boitsebiso bo lulang bo fumaneha, bo molemo bakeng sa ho thusa batho ba lulang maemong a sa lokelang hore na ba ka sebetsana joang le boemo kapa hore na ba ka bo ntlafatsa joang. Ka sebele, haeba u iphumana u hloka thuso, u ka sebelisa tokisetso ena hamolemo. Hape ho na le lintho tse ngata tsa motheo tseo u ka li etsang ho itsoela khomo.—Bona lebokose le reng “Ntlo ea Hao le Bophelo ba Hao,” leqepheng la 23.
Ho sa tsotellehe hore na u ka ntlafatsa boemo ba hao kapa che, ho na le tšepo e fokolang ea hore ho na le mokhatlo kapa motho ea ka felisang lisosa tsa lefatše lohle tse bakang qaka ena. Lichaba tsa lefatše lohle li iphumana li ntse li tetebela le ho feta tlhokong e potlakileng le e eketsehang ea ho ntlafatsa moruo le ho fana ka thuso ea liphallelo. Selemo le selemo bana ba limilione ba tsoalloa bofutsaneng bona bo ntseng bo mpefala ho ea pele. Na ho na le tšepo leha e le efe ea sebele e ka rarollang bothata boo ka ho sa feleng?
[Lebokose le leqepheng la 23]
NTLO EA HAO LE BOPHELO BA HAO
Ho latela Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo, hore batho ba be le bophelo bo botle, ka kakaretso ntlo e lokela ho ba le lintho tse latelang:
◼ Marulelo a matle ho sireletsa batho puleng
◼ Mabota le menyako e boemong bo botle ho sireletsa batho boemong bo bobe ba leholimo le ho thibela liphoofolo ho kena
◼ Sefe lifensetereng le mamating ho thibela likokoanyana ho kena, haholo-holo menoang
◼ Lephephe le pota-potileng ntlo ho sireletsa mabota hore a se otloe ke lebatama la letsatsi ha ho chesa haholo
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 24]
Matlo A Tloaelehileng A Seafrika
Ka lilemo tse ngata, matlo ana a tloaelehileng a ’nile a jaleha le naha ea Afrika. Matlo ana a boholo bo fapaneng ’me le sebōpeho sa ’ona se fapane. Litso tse ling tse kang tsa Makikuyu le tsa Maluo, Kenya, li khetha ho haha lirontabole. Tse ling tsona, ho kopanyelletsa le Masai a Kenya le a Tanzania, li rata ho haha liheise. Libakeng tse iphaphathileng ka lebōpo la leoatle tse Afrika Bochabela, matlo a mang a ruletsoe ka joang ho tloha fatše, ’me a machitja ka hohle.
Kaha boholo ba thepa e sebelisoang ho haha matlo a joalo e ne e fumaneha habonolo, mathata a bolulo a ne a fokola. Seretse se ne se ka lubjoa ka ho kopanya mobu le metsi. ’Me meru e mengata e haufi e ne e etsa hore ho fumanehe patsi, joang, mahlaka le leqala. Ka hona, ho sa tsotellehe hore na malapa a ne a ruile kapa a futsanehile, e ne e se bothata hore a be le matlo.
Ke ’nete hore matlo a joalo le ’ona a ne a e-na le mathata a ’ona. Kaha boholo ba marulelo bo ne bo entsoe ka thepa e chang habonolo, a ne a le kotsing e khōlō ea ho cha. Hape lesholu le ne le ka kena habonolo feela ka ho cheka lesoba leboteng la litene tsa mobu. Ka hona, ha ho makatse hore ebe libakeng tse ngata kajeno, matlo a tloaelehileng a Seafrika a nkeloa sebaka butle-butle ke a hahiloeng ka thepa e sa senyeheng habonolo.
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]
Mohloli: African Traditional Architecture
Huts: Courtesy Bomas of Kenya Ltd - A Cultural, Conference, and Entertainment Center
[Setšoantšo se leqepheng la 21]
EUROPE
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
© Tim Dirven/Panos Pictures
[Setšoantšo se leqepheng la 22]
AFRIKA
[Setšoantšo se leqepheng la 22]
AMERIKA BOROA
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
AMERIKA BOROA
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
ASIA
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 22]
© Teun Voeten/Panos Pictures; J.R. Ripper/BrazilPhotos
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 23]
JORGE UZON/AFP/Getty Images; Frits Meyst/Panos Pictures