Linonyana Tsa Metsing—Mehahlaula e Ipetsang Pele Lefatšeng
KA MONGOLI OA TSOHA! SPAIN
AK’U nahane feela u se u qeta likhoeli tse peli tsa lehlabula lesabasabeng le Ntlheng e ka Leboea ea Lefatše, moo ha e le hantle letsatsi le sa likeleng. Leha ho le joalo, ha mariha a atamela, u leba Amerika Boroa, Australia, kapa Afrika Boroa. ’Me selemo kaofela u lula u le tseleng, u sela lijo tseo u li ratang mabōpong a lik’honthinente tsohle. Bona ke bophelo bo tloaelehileng ba linonyana tse ngata tsa metsing tse hahlaulang lefatšeng.
Linonyana tsena tsa metsing li rata ho sela lijo mekhoabong.a Likhoeling tsa mariha Karolong ea Lefatše e ka Leboea, linonyana tsena tsa metsing li khobokana seretseng sa moo linōka li kenang maoatleng teng, mabōpong, qhafutsong ea seretse, kapa mafikeng a iphaphathileng ka mabōpo, e leng libaka tseo batho ba sa tsotelleng ho ea ho tsona. Likhoeling tseo ho futhumetseng, ha bahahlauli ba tla ka bongata mabōpong, boholo ba linonyana tsena li fallela Ntlheng e ka Leboea ea Lefatše le libakeng tse ling tse haufi le teng, moo nako e khutšoaane ea mofuthu e etsang hore li fumane bolulo le lijo tse ngata tseo li li hlokang bakeng sa ho hōlisa litsuonyana tsa tsona.
Linonyana tsa metsing li thothofa ka ’mala, empa ba bangata ha ba li shebeletse ba khahloa ke ho fofa ha tsona ho khahlehang le mapheo a tsona a nang le matheba a botle bo hlollang. Buka e reng Shorebirds—Beautiful Beachcombers, e re: “[Linonyana tsa metsing] li ka fofa li ntse li thetsa metsi hanyenyane ka ntlha ea mapheo a tsona, kapa li le bophahamong ba lik’hilomithara tse tšeletseng kapa ho feta. Ka sebele ke litsebi tse hloahloa ha li le moeeng.”
Li Sireletsehile ha li Ikentse Seqhoqho
Ka tloaelo linonyana tsa metsing li khobokana ka bongata moo lijo li leng ngata. Ho bonahala li rata ho iketsa seqhoqho bakeng sa tšireletseho. Linonyana tse jang tse ling, joaloka liphakoe tse sollang hohle, li khetha ho hlasela linonyana tse itsamaelang li le ling, athe li ka ’na tsa tsoafa ho hlasela ha linonyana li khobokane ka bongata. Hape monyetla o moholo oa hore linonyana tsena kaha li ngata, li bone mohlaseli oa tsona ka potlako. E le hore li rue molemo ka ho eketsehileng tšireletsehong ena, linonyana tsena li etsa sehlopha se le seng sa mefuta e fapaneng ea tsona.
Ha linonyana tsena tsa metsing li phahama fatše, ke pono e bohehang ruri. Linonyana tsena tse makholo kapa tse likete tse teteaneng lia phethoha le ho thinya, li ea holimo ’me li tsubelle fatše, joalokaha eka ho na le motho ea sa bonahaleng ea ntseng a li laola kaofela. Buka ea Handbook of the Birds of the World, e re: “Taba ea hore linonyana tsena tse likete tse fofang ka lebelo le leholo li khona ho etsa menyakoe ka tšohanyetso ’me e le ka tumellano e tsotehang, ke mohlolo ka bohona.” Ka ho hlahloba filimi e nkang litšoantšo tse fetang ka lebelo e nkiloeng likoekoe-lemao li ntse li fofa, litsebi tsa linonyana li fihletse qeto ea hore nonyana e le ’ngoe e ka qala monyakoe ’me tse ling kaofela tsa latela.
Li ka Pota Lefatše
Linonyana tse ling tsa metsing ka sebele ke mehahlaula ea lefatše ho pota. Ka mohlala, likoekoe-lemao tse menoto e mefubelu le tse sefuba se sesoeu li qhotsetsa karolong e ka leboea e hōle ho feta linonyana tse ling. Linonyana tsa metsing li ka fumanoa mabōpong sebakeng leha e le sefe lefatšeng ’me ka selemo e ka ’na eaba li fofa lik’hilomithara tse 32- 000 ha li falla.
Le hoja ka linako tse ling linonyana tsena li lokela ho tšela maoatle ha li falla, ha li tsebe ho sesa ’me ha li phomole metsing. Ka hona, li lokela ho ba le matla a lekaneng a ho fofa—a batlang a feta a hlokoang ke sefofane se seholo sa jete, seo nakong eo se tlohang, liphesente tse 40 tsa boima ba sona e leng peterole. Linonyana tsee li fumana matla aa joang?
David Attenborough bukeng ea The Life of Birds, oa hlalosa: “[Matla ana] ke mafura ao li a bokellang ha li ntse li ja ka pelo e tšoeu liretseng tsa mabōpo hoo ka libeke li se kae feela, boima ba tsona ba ’mele bo batlang bo imenne habeli ha bo bapisoa le boima ba tsona lehlabula. Mafura ana a bokelloang a mangata ho feta kamoo a boleloang, kaha litho tsa tsona tse ngata tsa ka hare, ho akarelletsa boko le mala, lia nyenyefala e le hore li suthele mafura sebaka le ho fokotsa boima.”
Mohlala o mong o ipiletsang ke oa matletleruane a Pacific, a tlohang Alaska a ea Lihlekehlekeng tsa Hawaii. Ntle le hore ho hlokahala hore a hule lik’hilomithara tse 4 500 a sa phomole, hore ebe a khona ho fumana Hawaii e bohareng ba leoatle, ke mohlolo oa linonyana oa ho tseba libaka. Letletleruane le ileng la behoa leihlo ha le fofa, le ile la phetha leeto la lona le pele matsatsi a mane a fela. ’Me nonyana e ’ngoe e seng e hōlile e nkile maeto ao ka makhetlo a fetang 20!
Ha qetellong e fihla sebakeng seo e qhotsetsang ho sona Ntlheng e ka Leboea ea Lefatše, mehahlaula ena e tiileng e kena bophelong bo bong bo maphathaphathe. Nakong ea libeke tse peli, e lokela ho fumana molekane, e fumane sebaka sa ho qhotsetsa e be e etse sehlaha. Ka mor’a moo, e na le libeke tse ka bang tharo tseo ka tsona e lokelang ho fuama mahe le tse ling tse tharo tsa ho hōlisa litsuonyana. Ho ea bofelong ba July, e leetong hape ho leba boroa.
Likotsi Tsa Leetong
Maetong a malelele ao linonyana tsa metsing li a nkang ho na le likotsi tse ngata. Kotsi e khōlōhali ke e bakoang ke batho. Lilemong tsa bo-1800, John James Audubon, ea ithutetseng tlhaho, o ile a tlaleha hore sehlopha se seng sa litsomi se ile sa thunya matletleruane a Amerika a 48 000 ka letsatsi le le leng. Kajeno, palo ea linonyana tseo e batla e eketsehile, empa ho ka etsahala hore e ntse e le ka tlaase ho palo ea tse ileng tsa bolaoa letsatsing leo.
Kotsi e khōloanyane le ho feta e tobaneng le linonyana tsena tsa metsing ke ea ho fela ha libaka tse mokhoabo. Linonyana tsena li sitoa ho tloaela sena. Buka e reng Shorebirds—An Identification Guide to the Waders of the World, ea hlalosa: “Mokhoa oo linonyana tsena li qhotsang le ho hōlisa litsuonyana tsa tsona ka oona, ho falla le ho ea libakeng tse sa tšoaneng ho baleha mariha, kaofela ke lintho tseo li ileng tsa li tloaela ka lilemo tse likete ’me ka masoabi, batho ba fetola kapa ho senya libaka tseo habonolo feela.” Linonyana tsa metsing tse limilione li tla tsoela pele li phela haeba ho ka bolokoa libaka tsena tsa bohlokoa tseo li khefutsang ho tsona ha li le leetong.
Mohlala o motle oa seo ke Delaware Bay, e lebōpong le ka boroa-bophirimela New Jersey, U.S.A. Likoekoe-lemao tse likete li makholo tse menoto e mefubelu li bokana moo nakong ea selemo ho harinya mahe a makhala. Linonyana tsena li ja ka meharo eohle kaha li qala ho phomola ka mor’a “leeto le lelelele ka ho fetisisa lefatšeng la bara ba nonyana.” Ka libeke tse peli, li fofile lik’hilomithara tse 8 000 ho tloha boroa-bochabela Brazil ho ea sebakeng seo, ’me nakong ena, boima ba tsona ba ’mele bo fokotsehile ka halofo.
Boiteko ba batho ba loanelang ho baballoa ha libaka tsa tlhaho bo ka thusa ho netefatsa hore libaka tse joalo tseo linonyana tsa metsing li khefutsang ho tsona li lula li sa fetoha. Mohlomong ho na le sebaka se joalo haufi le moo u lulang. Ka mor’a ho bona ha linonyana tsena tsa metsing li phethoha le ho etsa selikalikoe ka holim’a maqhubu kapa ka mor’a ho utloa lerata la tsona le phehellang, u tla sitoa ho li lebala.
Joalokaha Arthur Morris, motho ea ithutetseng tlhaho, a ngotse, “bohle ba ratang ho sheba linonyana tsa metsing re entse ntho e tšoanang: e mong le e mong oa rōna o eme ka makhetlo a mangata-ngata mabōpong a leoatle kapa libakeng tse liretse ’me a shebella ha likoekoe-lemao li phukalatsa mapheo a nang le ’mala o fifetseng le o hlakileng, li phethoha li bile li thinya ka tumellano ha li fofa. ’Me nako le nako ha sena se etsahala, re sala re hloletsoe re bile re tsota.”
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Linonyana tsena tsa metsing li oela sehlopheng sa likoekoe-lemao, ’me li mefuta e fetang 200.
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 18]
Mehahlaula e Ipabolang Lefatšeng
Likoekoe-lemao tse menoto e mefubelu e ka ’na eaba ke tsona tse hapang khau ho nkeng maeto a malelele ka ho fetisisa. Tse qhotsetsang karolong e hōle e ka leboea Canada, mariha li atisa ho ea Europe Bophirimela kapa li ee mabōpong a Amerika Boroa (bohōle ba lik’hilomithara tse fetang 10 000)
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
KK Hui
Sehlopha sa Likoekoe-lemao se ’nile sa bonoa linaheng tsa Netherlands le Mauretania
Likoekoe-lemao tse setono se metsero li phasalla sebakeng seo li qhotsetsang ho sona Siberia, li leba lihlekehlekeng tse nyenyane tsa Brithani, Afrika Boroa, Bochabela bo Hare, Australia, kapa New Zealand
Likoekoe-lemao tse sefuba se sesoeu li ka fumanoa li tšema-tšema mabōpong sebakeng leha e le sefe lefatšeng. Tse ling li ka qhotsetsa North Pole e bohōle ba lik’hilomithara tse 950
[Litšoantšo tse leqepheng la 16, 17]
Linonyana tsa metsing li lokela ho bokella mafura a mangata hore li tsebe ho haola maoatle a maholohali kaha li ke ke tsa phomola metsing
[Setšoantšo se leqepheng la 16, 17]
Likoekoe-lemao tse sefuba se sesoeu li itšireletsa ka ho iketsa seqhoqho
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
Nonyana ea Europe le Asia e inolang li-“oyster”
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
Koekoe-lemao e matheba-theba e batla lijo mohlakeng
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 16]
Top and bottom panoramic photos: © Richard Crossley/VIREO