Ho Thusa Bacha ho Hlōla Bothata Bona
LEFATŠE le lula le fetoha, mekhoa ea lona ea bophelo le lintho tsa lona tsa sejoale-joale tse ratoang li ’nile tsa lula li fetoha. Liphetoho li totobala haholo kajeno ka lebaka la theknoloji ea morao-rao. Se neng se kene fesheneng maobane kajeno se tsoile, se ratoang kajeno se tla be se se na thuso ka moso. Liphetoho tsena tse etsahalang ka potlako li ama batho ba bacha haholo.
Phetoho e Khōlō Sechabeng
Lilemong tsa morao tjena, theknoloji e bakile phetoho e khōlō e ammeng bacha haholo. Ho etsa mohlala, linaheng tse ngata cell phone le k’homphieutha li fetohile lintho tseo mocha a utloang hore a ke ke a phela kantle ho tsona e le hore a tsebe ho buisana le ba bang. Mecha ea ho arolelana maikutlo Inthaneteng e butse menyetla ea lintho tse ngata. Ngoanana e mong oa Australia ea lilemo li 19 o re: “Bophelong ba sebele u ka hloka motsoalle empa hang-hang ua ba le metsoalle e makholo Inthaneteng.”
Batho ba bangata ba ke ke ba latola hore cell phone le Inthanete li na le melemo e mengata. Leha ho le joalo, batho ba bangata ba lemaletse ho sebelisa lisebelisoa tsena. Moprofesa oa univesithi e ’ngoe ea bitsoang Donald Roberts o bolela hore barutoana “ba sitoa ho qeta metsotso e seng mekae feela lipakeng tsa tlelase e qalileng ka 10 hoseng le tlelase e qalang ka 11 hoseng ba sa bue ka li-cell phone.” O re: “Ke bona eka ba sitoa ho lula feela ba sa itlose bolutu ka letho—ekare ba re ‘ke sitoa ho mamella ho khutsa.’”
Bacha ba bang ba bile ba lumela hore ba ikutloa ba tšoasehile. Stephanie ea lilemo li 16 o re: “Ke se ke le lekhoba la ho romella melaetsa le la cell phone, hobane ke tsela eo ke buisanang le metsoalle ea ka ka eona. Ha ke fihla hae, ke bula Inthanete hang-hang ebe ke lula ho eona . . . ka linako tse ling ke lula ho fihlela ka hora ea boraro ka meso.” Mokitlane oa Stephanie oa thelefono oa khoeli le khoeli o ka ba lipakeng tsa R730 le R3 800. O re: “Hona joale, ke kolota batsoali ba ka chelete e ka holimo ho R15 000, ke sa balelle chelete e tloaelehileng e lefelloang cell phone khoeli le khoeli. Empa ke se ke tloaetse ho tsamaea ka cell phone hoo nke keng ka phela bophelo bo tloaelehileng ha e le sieo.”
Mathata a bang teng hase a lichelete feela. Ha a ntse a etsa liphuputso ka bophelo ba lelapa, setsebi litabeng tsa thuto e mabapi le batho, Elinor Ochs, o ile a fumana hore ha motsoali ea sebetsang a fihla hae, hangata o fumana molekane oa hae le bana ba phathahane ka seo ba ntseng ba se etsa hoo ka makhetlo a 2 ho a 3 ba sa kang ba mo lumelisa! Ba ’nile ba itsoella pele ba ntse ba itšebelisetsa thepa ea bona ea elektronike. Ochs o re: “Re ile ra boela ra bona hore na ho thata hakae hore batsoali ba kenye letsoho linthong tseo bana ba li etsang.” O phaella ka ho re nakong ea liphuputso batsoali ba bang ba ile ba bonoa ba chechella morao, ba suthela thōko le bana ba bona ba neng ba nkehile ke seo ba neng ba ntse ba se etsa.
Mecha ea ho Arolelana Maikutlo Inthaneteng—Na ha e na Kotsi?
Batsoali ba bangata le matichere ba tšoenyehile ka nako eo bacha ba e qetang ba butse mecha ea Inthanete moo ba arolelanang maikutlo le ba bang. Ena ke mecha ea Inthanete e fang litho tsa eona monyetla oa ho ba le leqephe la bona Inthaneteng leo ba ka le ntlafatsang ka ho beha lifoto, livideo, litlaleho tsa liketsahalo tsa letsatsi le letsatsi tse bitsoang li-blog.
Ntho e ’ngoe e hohelang batho mecheng ea mofuta ona ke hore e thusa litho tsa eona hore li tsebe ho buisana le metsoalle ea tsona. Lebaka le leng ke hore ho ithehela leqephe Inthaneteng ho thusa mocha hore a iponahatse hore na ha e le hantle eena ke mang, “hore a hlahise maikutlo a hae.” Hoa utloahala hore na ke hobane’ng ha ba haptjoa ke lintho tsena, hobane nako ea bocha ke nako eo ka eona motho a qalang ho itseba, a qalang ho bontša maikutlo a hae ka tsela e susumetsang ba bang.
Leha ho le joalo, bothata ke hore leqepheng leo la bona le Inthaneteng, ba bang ba itlhalosa ka tsela eo ba batlang ho hlaha ka eona eseng kamoo ba hlileng ba leng kateng. Moshanyana e mong ea lilemo li 15 o itse: “Ho na le ngoana e mong eo re leng sehlopheng se le seng le eena ea reng o lilemo li 21 ebile o lula Las Vegas.” Bacha bana ka bobeli ba lula lik’hilomithara tse ka bang 1 600 ho tloha motseng oo oa United States.
Ho thetsa batho ka tsela e tjena ke ntho e tloaelehileng. Ngoanana e mong ea lilemo li 18 oa Australia o ile a re: “U ka etsa ntho efe kapa efe Inthaneteng. U ka iketsa motho ea fapaneng hōle le seo u leng sona hobane ha ho na motho ea hlileng a u tsebang. U ba sebete. U ka iqapela lintho tse tla etsa hore ho utloahale u le motho ea thahasellisang. U ka beha litšoantšo tsa hao tsa moo u apereng lintho tseo le ka mohla u neng u ke ke ua li apara u bile u etsa lintho tseo ho seng mohla u neng u ka li etsa bophelong ba hao ba sebele. U ka ngola lintho tseo ho seng mohla u ka li ntšang ka molomo. U ikutloa eka u ka etsa le lintho tse mpe empa u se ke ua tšoaroa hobane u li etsa u ipatile. Ha ho na motho ea hlileng a tsebang hantle hore na u mang.”
Joaloka mokhoa ofe kapa ofe oa ho fetisa melaetsa, mecha ea ho arolelana maikutlo le ba bang Inthaneteng le eona e ka ba molemo empa e ka boela ea sebelisoa hampe. Joaloka motsoali, na ua tseba hore na bana ba hao ba etsa’ng Inthaneteng? Na u etsa bonnete ba hore bana ba hao ba sebelisa nako ea bona ka bohlale?a (Baefese 5:15, 16) Ho feta moo, ho sebelisa Inthanete hampe ho ka pepesetsa mocha likotsi tse ngata. Tse ling tsa likotsi tsee ke life?
Mathata a Inthanete
Taba ea hore batho ba sebelisang Inthanete ba ka ipata hore na ke bo-mang e fetola Inthanete sebaka seo batho ba hlekefetsang bana ka thobalano ba tsomang liphofu tsa bona ho sona. Bacha ba ka tšoaseha ba sa hlokomele haeba ba fana ka boitsebiso bo ba amang ka ho toba Inthaneteng kapa ba lumela ho kopana le motho eo ba buisaneng le eena ka Inthanete. Buka e bitsoang Parenting 911 e re batho ba bang ba bolela hore “bana ba kotsing e khōlō ea ho thulana le liketso tse mabifi kapa ho hlekefetsoa malapeng abo bona kapa moo ba bapallang teng. Leha ho le joalo, batsoali ba bangata ba nka hore taba ea hore ebe batho bana ba qhekellang bana ka thobalano ba tseba ho kena ka malapeng a bona ka k’homphieutha, ebe ba senya likelello tsa bana ba bona ba se nang molato ke bolotsana bo boholo.”
Theknoloji e sebelisetsoang ho buisana e sebelisitsoe hampe ka litsela tse ling hape. Bacha ba bang ba iketsa “bo-’mampoli Inthaneteng”—ba lula ba soma ba bang Inthaneteng, baa ba khetholla, baa ba hobosa kapa baa ba tšosa. Ba bang ba thehile li-website tseo morero oa tsona e leng feela ho hobosa batho ba bang, athe ba bang ba sebelisa melaetsa e romeloang ka k’homphieutha, mecha eo ho eona batho ba buisanang le ba bang k’homphieutheng le lintho tse ling tse joalo ho senya ba bang mabitso. Mookameli oa sehlopha se shebaneng le litaba tsa tšireletseho Inthaneteng o lumela hore bana ba ka bang 80 ho ba lekholo ba pakeng tsa lilemo tse 10 le 14 ba angoa ke bompoli ba Inthaneteng, ebang ke ka ho toba kapa ka tsela e sa tobang.
Ke ’nete hore ho iketsa ’mampoli hase ntho e ncha. Empa hona joale litaba tsa bo-ba-re, litšebo, le ho senya batho mabitso ke lintho tse ka fihlang hōle haholo le hona e le ka ho panya ha leihlo. Li boetse li baka mathata a maholo. Ka linako tse ling batho ba bang ba sebelisa li-cell phone tse nang le lik’hamera ho nka ba bang lifoto le livideo tse mpe tse bileng li ka ba soabisang, mohlomong ba li nkela moo bana ba sekolo ba aparelang teng kapa moo ba itlhatsoetsang teng. Litšoantšo tsa mofuta ona li ’nile tsa papanehoa Inthaneteng tsa ba tsa romelloa batho leha e le bafe ba bontšang hore ba rata ho fumana litšoantšo tsa mofuta oo.
Sechaba se Ntse se Khathatseha
Litaba tsa mofuta ona li susumelelitse Lefapha la Molao le Tšireletso ea Sechaba la New Jersey, U.S.A. hore le romelle batsoali le bahōlisi lengolo, le ba kōpang hore ba “re thuse ho loantša bothata bo hlahileng ba bana ba sebelisang Inthanete hampe, sekolong le ka ntle ho sekolo.” Lengolo leo le bontšitse ho tšoenyeha haholo-holo ka ho beha litaba tse fanang ka boitsebiso ba motho le lifoto tsa hae Inthaneteng. Mecha ea Inthanete e fanang ka boitsebiso ba mofuta oo e atisa ho hohela bacha ba balotsana le batho ba baholo ba balotsana. Lengolo le itse: “Joaloka motsoali, u tlameha ho tseba hore ho tšoenyeha ha rōna ka lintho tsena ke ha sebele, le hore u ka phetha karolo ea bohlokoa ho sireletsa bana ba hao ka hore u tsebe se etsahalang le hore u behe bana ba hao leihlo hore u bone hore na ba sebelisa Inthanete joang.”
Leha ho le joalo, se makatsang ke hore batsoali ba bang ha ba hlile ha ba tsebe hore na bana ba bona ba etsa’ng Inthaneteng. ’Mè e mong, ea lulang a behile morali oa hae ea lilemo li 16 leihlo hore na o etsa’ng Inthaneteng, o re: “Batsoali ba ne ba tla haroha letsoalo ba be ba soabe ha ba ne ba ka tseba hore na ke lintho tsa mofuta ofe tseo bana ba bona ba li behang Inthaneteng le tseo ba buang ka tsona moo.” Ho ea ka setsebi se seng sa tšireletso Inthaneteng, bacha ba bang ba beha litšoantšo tse litšila tsa thobalano Inthaneteng.
Litholoana Tse Mpe
Na ho tšoenyeha hoo e mpa feela e le ho tšoha lifotle ha batho ba baholo ba bonahalang ba se ba lebetse hore na ho ba mocha ke ntho e joang? Lipalo-palo li bontša hore ha ho joalo. Hlokomela sena: Libakeng tse ling, hoo e ka bang ngoanana kapa moshanyana a le mong ho ba bararo ba pakeng tsa lilemo tse 15 le 17 ba se ba ile ba kopanela liphate. Ho bacha ba pakeng tsa lilemo tse 13 le 19, ba fetang halofo ba bolela hore ba se ba kile ba nyanyana litho tsa ka sephiring.
Na ebe theknoloji e kentse letsoho lipalo-palong tsee tse tšoenyang maikutlo? Ha ho pelaelo hore e kentse letsoho. Tlaleho e hlahang ho New York Times Magazine e re: “Li-cell phone le Inthanete, e leng lintho tse fang bacha monyetla oa ho etsa lintho ka lekunutu ka tsela e ke keng ea lekanngoa, li etsa hore ho be bonolo hore bacha ba koalle.”b Ha e le hantle, ho laetsana ka sekhukhu le motho oa bong bo fapaneng ho itlhokela feela hore motho a tobetse likonopo tse seng kae feela k’homphieutheng. Phuputsong e ’ngoe, banana ba fetang 4 ho ba 5 ba ile ba lumela hore ha ba hlokolosi ka tsela eo ba lokelang ho ba hlokolosi ka eona ha ba le Inthaneteng.
Ba bang ba kenang Inthaneteng ka morero oa ho fumana motho eo ba ka intšang le eena kapa motho eo ba ka mo koallang ba fumana lintho tseo ba neng ba sa li lebella. Jennifer Welch oa Lefapha la Sepolesa la Novato, California, o re: ‘Re fumane hore lenane la batho ba hlekefetsoang litabeng tsa thobalano lea eketseha.’ O re mahlatsipa a mangata a ile a qala ho buisana le mohlekefetsi oa ’ona ka Inthanete eaba a lumela hore ba teane ka seqo.
Hlokomela “Bohlale ba Lefatše”!
Likhutloana tse fang bacha boeletsi likoranteng le limakasineng li atisa ho bebofatsa lintho ha li bua ka bacha le thobalano. Le hoja li lumellana le ho ila thobalano kapa boitšoaro bo hloekileng, sepheo sa tsona se ka sehloohong ke ho khothalletsa thobalano e “sireletsehileng” ho e-na le ho khothalletsa hore ba se kopanele thobalano ho hang. Ho bonahala eka ba beha mabaka ka ho re, ‘Kaha re ke ke ra ba thibela, bonyane a re ba ruteng ho ba le boikarabelo.’
Sehloohong se phatlalalitsoeng mocheng o mong oa Inthanete o hlomphuoang o buang ka litaba tsa bacha, ho ile ha boleloa hore taba ea hore na bacha ba lokela ho kopanela liphate kapa che e itšetlehile ka lintho tse tharo feela: (1) ho ipeha kotsing ea ho ima, (2) kotsi ea ho tšoaroa ke mafu a tšoaetsanoang ka ho kopanela liphate le (3) bohlokoa ba ho etsa qeto ea hore na maikutlo a batho ba babeli ba amehang a se a loketse hore ba ka kopanela liphate. Mocha oo oa Inthanete o re, “Qetellong ke uena ea lokelang ho etsa qeto.” Taba ea ho buisana ka taba ena le motsoali e okoloa ka holimo feela. Ha e le taba ea hore na ho kopanela liphate ho lokile kapa ho fosahetse eona ha hoa ka ha buuoa ka eona le hanyenyane feela.
Haeba u motsoali, e tlameha ebe u batla hore bana ba hao ba tataisoe ke ntho e molemo ho feta “bohlale ba lefatše” bo sa tsitsang boo ebileng e leng booatla. (1 Bakorinthe 1:20) U ka ba thusa joang hore ba fumane tsela e nepahetseng bocheng ba bona ’me ba qobe likotsi tse hlalositsoeng sehloohong see? Tharollo e ke ke ea e-ba feela ho chomola mehala ea k’homphieutha kapa ho ba amoha fono. Ho rarolla bothata ka holimo feela tjena hase hangata ho finyellang pelo. (Liproverbia 4:23) Hlokomela hape hore e ka ’na eaba bana ba hao ba sebelisa lintho tse kang cell phone le Inthanete ho batla lintho tseo uena u le motsoali u neng u ka ba fa tsona ka tsela e tsoileng matsoho. Ba hloka eng?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ho e-na le hore ba be ba se ba nyatsa Inthanete, batsoali ba khothalletsoa hore ba ithute ka mecha ea Inthanete eo bana ba bona ba ratang ho e bula. Ka tsela ena, bana ba ka rutoa ho ‘koetlisa matla a bona a ho lemoha e le hore ba khetholle se nepahetseng le se fosahetseng.’ (Baheberu 5:14) Lintho tsena tseo batsoali ba ba rutileng tsona li tla thusa bana ha e se e le batho ba baholo le bona.
b “Ho koalla” ho ka bolela ho qeta nako hammoho esita le ho kopanela thobalano. Ntlheng ena, ho bolela ho robala le ngoanana kapa moshanyana ka morero oa ho ikhotsofatsa feela empa ho se boitlamo ba letho.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 4]
“Ha ke fihla hae, ke bula Inthanete hang-hang ebe ke lula ho eona . . . ka linako tse ling ke lula ho fihlela ka hora ea boraro ka meso”
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 5]
“U ka etsa ntho efe kapa efe Inthaneteng. U ka iketsa motho ea fapaneng hōle le seo u leng sona hobane ha ho na motho ea hlileng a u tsebang”
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 7]
“Batsoali ba ne ba tla haroha letsoalo ba be ba soabe ha ba ne ba ka tseba hore na ke lintho tsa mofuta ofe tseo bana ba bona ba li behang Inthaneteng le tseo ba buang ka tsona moo”
[Lebokose le leqepheng la 6]
Mocha oa ho Arolelana Maikutlo Inthaneteng Pale ea Ngoanana e Mong
“Ke ile ka qala ho sebelisa mocha oa sekolo sa rōna oa Inthanete ho buisana le bana bao ke kenang sekolo le bona le matichere. Ke qalile ke qeta hora e le ’ngoe ka beke. Ho e-s’o ee kae ke ne ke se ke lula Inthaneteng letsatsi le leng le le leng. Ke ne ke se ke fetohile lekhoba la Inthanete hoo ha ke ne ke se ho eona, ke neng ke lula ke ntse ke nahana ka eona. Ke ne ke sitoa ho tsepamisa mohopolo nthong efe kapa efe. Ke ile ka salla morao mosebetsing oa ka oa sekolo, ke ne ke sa mamele libokeng tsa Bokreste, ke se ke bile ke se na taba le metsoalle ea ka ea sebele. Leha ho le joalo, batsoali ba ka ba ile ba qetella ba hlokometse hore na ho etsahala’ng eaba ba fokotsa nako eo ke neng ke e qeta Inthaneteng. Sena se ne se le boima ho ’na. Ke ne ke halefile haholo. Empa hona joale ke thabetse hore ebe litaba li ile tsa tsamaea ka tsela eo, ke se ke tloaetse boemo bona. Ha ke sa batla ho ba lekhoba la Inthanete hape!”—Bianca.