Tsa Mona le Mane
◼ Litšenyehelo tse etsang karolo ea 5 lekholong ea chelete eo lelapa le tloaelehileng la Macanada le e lefellang motlakase ke tse bakoang ke thepa ea motlakase e siuoang e sa tingoa empa e ntse e sa sebelisoe.—NATIONAL POST, EA CANADA.
◼ Phuputso e ’ngoe e bontša hore Marussia a lumela hore lintho tse ka sehloohong tseo ’muso o lokelang ho sebetsana le tsona ke ho loantša “bobolu” le “ho fokotsa litheko tse nyolohang ka sekhahla.”—PRAVDA, EA RUSSIA.
◼ Ho latela phuputso e ’ngoe, bana ba etsang karolo ea 26,4 ho ba lekholo ba sehlopheng sa bohlano le sa botšelela Taiwan ba kile “ba nahana ho ipolaea.”—THE CHINA POST, EA TAIWAN.
◼ “Le hoja theknoloji e thusitse ho fokotsa nako eo ka karolelano batho ba United States ba e sebetsang ka beke ka karolo ea 38 lekholong lilemong tse lekholo tse fetileng, nako ea basebetsi ea boikhathollo ha ea eketseha ka lebaka la ho nka nako e telele ha ba e-ea le ha ba khutla mosebetsing, ho kena sekolo ha batho ba baholo le ho eketseha ha mesebetsi ea lelapa.”—FORBES, EA UNITED STATES.
◼ Lipakeng tsa 2003 le 2004 meea e bakang ho futhumala ha lefatše e ile ea nyoloha ka karolo ea 1,6 lekholong linaheng tse nang le liindasteri tse khōlō, ’me ena e ne e le “keketseho e phahameng ka ho fetisisa nakong ea lilemo tse fetang leshome.”—REUTERS, OSLO, EA NORWAY.
Bothata ba Metsi Chaena
Chaena e na le bothata ba “tšilafalo ea metsi le leqeme la metsi a hloekileng.” Metse e meholo e mengata e na le libaka tseo ho hloekisoang metsi ho tsona empa e hloka chelete ho etsa hore li lule li sebetsa. Koranta ea The Wall Street Journal e re: “Boholo ba linōka tsa naha eo, matša a teng le likanale tsa teng li silafalitsoe ke likhoerekhoere tse hlahang metsing a litšila a tsoang lifemeng le malapeng haesita le metsi a silafalitsoeng ke meriana e bolaeang likokoanyana a tsoang mapolasing.” Koranta eo e boetse e re, “batho ba ka bang limilione tse 300 ha ba na metsi a nooang a hloekileng.” Koranta eo e re maemo ana aa “sithabetsa” ’me a ntse a mpefala ho ea pele.
“Le Bo-mang? Le Lipaki Tsa Jehova?”
Ngoahola ha bahahlauli ba bang ba ne ba le lebōpong la leoatle la sehlekehleke se senyenyane sa Elba, Italy, bacha ba bang ba Mak’hatholike ba neng ba amohetse tlhahiso ea mobishopo oa diocese ea Massa Marittima-Piombino ba ile ba buisana le bona. O ne a ba boleletse hore haeba ba batla ho ba Bakreste le hore ba lule e le bona, ba tlameha ho bolella ba bang ka tumelo ea bona. Sena se ile sa makatsa ba tlileng phomolong. Ho latela koranta ea Il Tempo, batho ba bangata ba ile ba re ho bacha bao, “Le bo-mang? Le Lipaki Tsa Jehova?”
’Mino o Amahanngoa le ho Kopanela Liphate
Tlaleho e fanoeng ke phuputso e entsoeng ke Associated Press e bontša hore ho ka etsahala hore bacha ba mamelang ’mino o nang le “mantsoe a litšila a buang ka ho kopanela liphate ba qale ho kopanela liphate kapele ho feta bacha ba bang ba ratang ho mamela lipina tsa mofuta o mong.” Tlaleho eo e re: “E ka ’na eaba lipina tse bontšang banna e le ‘batho ba laoloang ke litakatso,’ basali e le batho ba ka sebelisoang feela ka morero oa ho kopanela liphate le tse buang puo-phara ka ho kopanela liphate, li khothalletsa batho ho kopanela liphate pele ho nako ho feta tseo ho tsona litaba tsa ho kopanela liphate li sa buuoeng pepenene le moo litaba tsa lerato li nkoang ka ho teba. E boletse ho re “batsoali, matichere le bacha ka bobona ba lokela ho nahanisisa ka seo mantsoe a lipina a se bolelang.”
Bareki ba Senyang
Setsi sa Australia se etsang liphuputso se tlaleha hore ka 2004, Maaustralia a ile a lahla lijo tse sa jeoang tse jang lidolara tse limilione tse likete tse 29,5. Chelete ena e mena ka makhetlo a 13 chelete eo Maaustralia a faneng ka eona e le liphallelo linaheng tse ling ka 2003. Ka kakaretso, ka selemo Maaustralia a senya chelete e etsang liranta tse limilione tse likete tse 58,4 thepeng le litšebeletsong tseo a sa li sebeliseng ho hang kapa tseo a li sebelisang seoelo—e leng chelete e fetang eo naha eo e e sebelisang ho tsamaisa liunivesithi le ho lokisa mebila.