Lishaka li Maqakabetsing
KA MONGOLI OA TSOHA! MEXICO
KE LIPHOOFOLO tse ’maloa tse tšosang joaloka lishaka. Lefatšeng ka bophara, ho ba le liketsahalo tse hakanyetsoang ho tse 75 tseo ho tsona lishaka li hlaselang batho ntle ho mabaka, ’me ho tse leshome tsa liketsahalo tseo, batho baa shoa. Litlhaselo tseo tse phatlalalitsoeng hohle, ha li kopana le maikutlo a fosahetseng a hlahisoang lifiliming, li etsa hore lishaka li nkoe e le liphoofolo tse jang batho. Ke ’nete hore batho ba lokela ho ba hlokolosi ha ba bona lishaka. Leha ho le joalo, bonneteng, batho ba bangata ba bolaoa ke linotši kapa ke likoena ho feta ba hlaseloang ke lishaka.
Ka lehlakoreng le leng, batho ba hlasela lishaka. Makasineng ea Premier, mofuputsi e mong oa mokhatlo oa Argus Mariner Consulting Scientists, o tlalehile tjena: “Selemo le selemo, ho tšoasoa lishaka tse limilione li 100—e leng lishaka tse ngata hoo haeba li kolokisoa, li neng li ka potoloha lefatše ka makhetlo a mahlano.” Ho phaella ho sena, ntho e ’ngoe e etsang hore palo ea lishaka e fokotsehe ka potlako ke hore ka tlhaho ha li tsoale haholo, li lieha ho hōla, li emara nako e telele hape tikoloho eo li tsoallang ho eona e silafetse. Hang ha palo ea tsona e fokotsehile haholo, ho tla nka lilemo tse ngata hore li boele li be ngata.
Lishaka tse ngata li tšoasetsoa mapheo a tsona, ao Maasia a mang a a nkang e le a bohlokoa ka lebaka la tumelo ea hore a na le matla a ho phekola a bile a na le metsoako e tsosang takatso.a Sopho e entsoeng ka mapheo a shaka ke sejo se khethehileng se turang, se ka jang chelete e kaalo ka R1 000 sekotlolo se le seng! Ho fepela ’maraka o lefang haholo oa Asia ho entse hore ho be le mokhoa o khopo le o bakang tšenyo e khōlō oa ho batla mapheo—e leng oa ho seha mapheo a lishaka li ntse li phela ebe li lahleloa ka leoatleng ho ea shoela teng li bolaoa ke tlala kapa li khangoe ke metsi.
Ho Hlokahala ho Nkoe Bohato ho li Sireletsa
Na re lokela ho tšoenngoa ke maqakabetsi ao lishaka li leng ho ’ona? Ho ka ’na ha e-ba boima hore re utloele lishaka bohloko ka tsela e tšoanang le eo re utloelang litlou kapa maruarua bohloko ka eona. Leha ho le joalo, re lokela ho lemoha karolo ea bohlokoa eo li e phethang ho bolokeng teka-tekano pakeng tsa liphoofolo tse ling tsa maoatleng le tikoloho ea tsona. Ka mohlala, tsela eo li jang ka eona hona joale e thusa ho laola palo ea litlhapi tse ling.
Linaheng tse ling ha ho na melao e laolang ho tšoasoa ha lishaka. Naheng e ’ngoe moo lishaka li tšoasoang haholo, ka selemo ho tšoasoa tse etsang lithane tse fetang 30 000. Ho phaella bothateng boo, ho batla mapheo a lishaka ho entse hore ho be le keketseho ho tšoaseng lishaka ka ntle ho molao libakeng tseo ho sa lumelloang hore ho tšoasoe ho tsona linaheng tse ngata. Ka mohlala, mookameli oa Galapagos National Park Service, oa tletleba: “Ho tšoasa lishaka ka tsela e seng molaong ka lebaka la mapheo a tsona Lihlekehlekeng tsa Galapagos ho eketsehile ka sekhahla se tšosang lilemong tse ’maloa tsa morao tjena. Ho fana ka chelete e ngata haholo ’me ho entse hore ho be le sehlopha se matla sa limokolara mona.”
Ho ’nile ha nkoa bohato bo botle ba ho sireletsa lishaka—linaha tse ling li thibetse mokhoa oa ho khaola mapheo a lishaka. Leha ho le joalo, Charlotte Mogensen, ofisiri ea maano a Letlōle la Lefatše la Liphoofolo le Limela Tsa Naha, o lemosa hore ho sa na le ho hongata ho hlokahalang. O re: “Lishaka li ntse li le kotsing lefatšeng lohle. Re khothalletsa mekhatlo eohle ea taolo ea ho tšoasa litlhapi hore e se felle feela tabeng ea ho thibela ho khaoloa ha mapheo a lishaka, empa e be le melao ea ho bokella boitsebiso ka lishaka, e laole ho tšoasoa ha tsona e le hore li se ke tsa qetella li felile.”
Ho thabisang ke hore ’Mōpi oa liphoofolo tse hlaha a ke ke a lumella hore pōpo ea hae e hlollang e tšoaroe hampe ka nako e telele. Pōpo ena e akarelletsa lishaka tse tšosang, empa e le tsa bohlokoa haholo.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ho makatsang ke hore ho fumanoe hore mapheo a lishaka a na le mercury e ngata haholo hoo e ka etsang hore banna ba hloke matla a ho etsa bana.
[Lebokose/Litšoantšo leqepheng la 17]
BOITSEBISO KA LISHAKA
Boholo: Mofuta o moholohali, e leng whale shark (ka holimo), e ka ba bolelele ba limithara tse 18 ’me ea e-ba boima ba lithane tse ’maloa. Empa ke phoofolo e seng kotsi ho batho, e itjellang boieane ba limela le liphoofotsoana tsa metsing hammoho le litlhapi tse nyenyane.
Nako ea kemaro: Lishaka li ba le malinyane ka mor’a ho emara likhoeli tse 22.
Palo ea malinyane: Lishaka li ba le malinyane a ka bang mabeli ho ea ho a leshome ka karolelano. Mefuta e mengata e tsoaloa e phela.
Lebelo leo li hōlang ka lona: Boholo ba tsona li nka lilemo tse 12 ho ea ho tse 15 hore e be tse hōlileng hoo li ka bang le malinyane.
Lilemo tseo li li phelang: Ha ho bonolo ho tseba hore na mefuta e mengata ea lishaka e phela lilemo tse kae, empa ho hakanngoa hore shaka e khōlōhali e tšoeu e bohale (e ka tlaase) e ka phela lilemo tse 60.
[Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]
Seawatch.org
© Kelvin Aitken/age fotostock
[Setšoantšo se leqepheng la 16, 17]
Mefuteng e fetang 300 e teng, hona joale e 62 e kotsing ea ho fela
[Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
© Mark Strickland/SeaPics.com
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
K’hilograma e le ’ngoe feela ea lepheo la shaka e ka rekoa ka chelete e kaalo ka R3 000 kapa ho feta. Mehlahare ea shaka e khōlōhali e tšoeu e ka bitsa chelete a kaalo ka R70 000
[Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
© Ron & Valerie Taylor/SeaPics.com