Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 1/08 maq. 22-23
  • Borokho bo Ileng ba Lula bo Tsosolosoa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Borokho bo Ileng ba Lula bo Tsosolosoa
  • Tsoha!—2008
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Moralo o Ikhethang
  • Lintho Tse Neng li Etsahala Borokhong
  • Ho Hlaha Tlokotsi
  • Borokho bo Nang le Litora—Khoro e Kenang London
    Tsoha!—2006
  • Ke Khethile Mosebetsi o Molemo
    Tsoha!—2010
  • Sebaka Sena se Tla u Rorisa
    Binelang Jehova le Thabile
  • Pont du Gard e Mamella Teko ea Nako
    Tsoha!—1991
Bala Tse Ling
Tsoha!—2008
g 1/08 maq. 22-23

Borokho bo Ileng ba Lula bo Tsosolosoa

KA MONGOLI OA TSOHA! BULGARIA

KAROLONG e ka leboea-bohareng ea Bulgaria ho na le borokho bo ruletsoeng ba Lovech, Nōkeng ea Osŭm. Joaloka batho ba teng, borokho bona bo hlollang bo na le pale e thahasellisang.

E mong oa batho ba qalileng ho ela hloko borokho boo e bile setsebi sa Austria sa thuto ea mafika se bitsoang Ami Boué, ea ileng a etela Lovech ka bo-1830. O ile a ngola ka “boroko ba majoe, bo ruletsoeng ’me bo khabisitsoe ka mabenkele a manyenyane.” Borokho bona bo ikhethang bo ne bo sebelisoa ke batho ba Lovech ho tšelela ka lehlakoreng le leng la motse, ebile e le ’maraka! Kahoo, e ne e le mohaho o ikhethang historing ea sechaba.

Qalong, borokho bo ruletsoeng ba Lovech bo ne bo hahiloe ka lehong, eseng ka majoe. Leha ho le joalo, ha lilemo li ntse li feta, khafetsa borokho bona bo ile ba senngoa ke likhohola ’me ba tlameha ho tsosolosoa. Qetellong, ka 1872, bo ile ba hoholoa ke metsi, e leng ho ileng ha siea baahi ba se na mokhoa oa ho tšelela ka lehlakoreng le leng la motse.

Ho ne ho ke ke ha e-ba bonolo ho tsosolosa borokho boo. Ka hona, ho ile ha hiroa sehahi se tummeng sa Bulgaria se bitsoang Kolyo Ficheto hore se rale borokho bo bocha bo matla le ho feta, se be se bo hahe.

Moralo o Ikhethang

Ficheto o ile a etsa qeto ea ho latela tsela eo bo neng bo se bo ntse bo entsoe ka eona ’me a etsa moralo oa borokho bo ruletsoeng, bo nang le mabenkele a manyenyane. E le hore a tšehetse borokho bona bo bolelele ba limithara tse 84 le bophara ba limithara tse 10, o ile a bo etsetsa litšiea tse motopo. Litšiea tsena tse neng li le bophahamo ba limithara tse hlano, tseo likarolo tsa tsona tse motopo li neng li shebile moo metsi a hlahang teng, li ne li entsoe ka tsela e ikhethang. Ho tloha bohareng ba litšiea tsena ho ea holimo ho ne ho e-na le masoba ao metsi a fetang ho ’ona. Ka holim’a litšiea tsena, Ficheto o ile a aletsa ka lipalo tse thata le mapolanka a leoka. Karolo e ’ngoe ea borokho, e akarelletsang mabenkele a 64 a neng a le ka mahlakoreng a mabeli a borokho, e ne e entsoe ka lehong le thata la lifate tsa beech. Maballo le ’ona a ne a entsoe ka lehong le thata la lifate tsa beech ’me ho ruletsoe ka masenke.

Ntho e ’ngoe e thahasellisang ka moralo oa Ficheto ke hore o ile a kopanya lipalo tse tšehelitseng borokho ka likurufu le liboutu tsa lehong ho e-na le ho li kokotela ka lipekere. Mapolanka a fatše a ne a tšetsoe majoe ka holimo ha ntan’o aletsoa ka lehlohlojane. Motšehare khanya ea letsatsi e ne e kena le lifensetereng tse nyenyane le masobeng a marulelong. Bosiu ho ne ho khantšoa mabone a khase. Ho rala borokho boo bo bocha le ho bo haha ho ile ha nka lilemo tse tharo [1].

Lintho Tse Neng li Etsahala Borokhong

Ho ne ho etsahala’ng moo borokhong? Hlokomela kamoo motho e mong ea kileng a ba moo a hlalosang boemo kateng: “Lerata la barekisi, la batho ba fetang ka tsela le la ba shebeletseng, bao kaofela ha bona ba neng ba sa khathatsoe ke likoloi tse fetang seoelo, kapa likariki le litonki tse kakatetseng, le ne le kopana le la litei . . . hammoho le la batho ba hoelelitseng ba thaothela lintho tseo ba li rekisang. Borokhong moo ho ne ho etsahala lintho tse ngata. Ho ne ho etsahala lintho tse ikhethang mabenkeleng a mangata a manyenyane a neng a khabile ka mebala-bala, a neng a tletse tsoete! ka lintho tsa ulu tse lohiloeng, lifaha le lintho tse ling tse ngata.”

Ntle le hore batho ba ne ba reka mabenkeleng a borokhong boo bo ruletsoeng, ba ne ba bokana moo ho ithabisa, kaha bo-ramabenkele ba bangata e ne e boetse e le libini. Motho ea buileng mantsoe a ka holimo o ile a boela a re: “Sebakeng seo ho kuteloang moriri ho sona, ho ne ho e-na le batho kutang moriri ba bahlano kapa ba tšeletseng, e bile e le libini tse hloahloa, bao boholo ba nako ba neng ba letsa liletsa. Ba ne ba atisa ho fumana nako ea ho letsa ’mino, ’me batho ba tlil’o kuta ba ne ba ba emela ka pelo e tšoeu hore ba qete.” Ka mor’a ntoa ea pele ea lefatše, bakuti ba bang ba ile ba theha sehlopha se neng se bitsoa Sehlopha sa ’Mino oa Liletsa sa Bakuti.

Ho Hlaha Tlokotsi

Ka lilemo tse ka bang 50, borokho bo ruletsoeng bo hahiloeng ke Ficheto ha boa ka ba senngoa ke meroallo, lintoa le litlokotsi tse ling. Empa bosiung ba la 2/3 August, 1925, khanare e khōlō ea mollo e ile ea aparela Lovech ha ho ne ho qhoma mollo borokhong boo bo botle ba motse ’me bo cha lore! Ho ne ho etsahetse eng? Le kajeno ho ntse ho se na motho ea tsebang hore na mollo oo o ne o bakiloe ke bohlasoa kapa o hotelitsoe ka boomo. Ho sa tsotellehe se neng se etsahetse, Lovech e ne e boetse e se na borokho bo hokahanyang mabōpo a eona.

Ka 1931 ho ile ha phethoa borokho bo bong bo bocha bo ruletsoeng, bo nang le mabenkele le libaka tseo ho sebeletsoang ho tsona ka mahlakoreng [2]. Empa ho e-na le hore sehahi se secha se hahe borokho boo ka lehong le ka majoe, se ile sa sebelisa tšepe ea setala le konkreite. Bo ne bo raliloe ka tsela e fapaneng hōle le ea Ficheto. Bo ne bo ruletsoe ka khalase, ’me karolo e bohareng ea borokho e ne e se na marako a sirelelitseng. Ka 1981/82, borokho boo bo ile ba boela ba hahoa ka tsela eo Kolyo Ficheto a neng a bo ralile ka eona qalong [3].

Borokho bo ruletsoeng ba Lovech ke seemahale sa motse se bileng se bontšang tsebo e ikhethang ea ho haha. Le kajeno borokho bona bo ntse bo khahla baahi le baeti ha ba feta borokhong bona bo nang le mabenkele.

[’Mapa leqepheng la 22]

(Sheba boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle khatisong)

BULGARIA

SOFIA

Lovech

[Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng leqepheng la 23]

Photo 2: From the book Lovech and the Area of Lovech

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1986-2025)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela