Tsa Mona le Mane
◼ “Ebang ke ka lebaka la ho futhumala ha lefatše kapa ka mabaka a mang, palo ea likoluoa tse amanang le boemo ba leholimo e imenne hararo ho tloha lilemong tsa bo-1970 ho fihlela ho tsa bo-1990.”—THE ECONOMIST, BRITHANI.
◼ Moshanyana ea likhoeli li leshome o fuoe lengolo la molao la ho ba le sethunya Illinois, U.S.A. Lengolo leo o le batletsoe ke ntate oa hae, ’me le bontša hore ngoana eo o bolelele ba maoto a mabeli le linōkō tse tharo (lisenthimithara tse 68,5) le hore o boima ba liponto tse 20 (lik’hilograma tse 9). Sebakeng seo, ha ho na thibelo ea lilemo ho ba kōpang lengolo la molao la ho ba le sethunya.—CABLE NEWS NETWORK, U.S.A.
◼ Bo-rasaense ba bang ba entse hore metsi “a belang” a fetohe leqhoa ha a behiloe tlas’a khatello e matla haholo. Ho phaella leqhoeng le “tloaelehileng,” ho na le “mefuta e meng e ka ba bang 11 ea leqhoa e bang teng lithempereichareng tse sa tšoaneng le tlas’a khatello e sa tšoaneng.”—SANDIA NATIONAL LABORATORIES, U.S.A.
Lekhotla le Boela le Phatlalatsa Tokoloho ea Bolumeli Georgia
Lekhotla la Europe la Litokelo Tsa Botho le ahlotse ’muso oa Georgia ka ho lumella tšoaro e mabifi eo Lipaki Tsa Jehova li neng li tšoeroe ka eona ka lebaka la bolumeli ba tsona. Lekhotla le ile la boela la phatlalatsa hore Lipaki li na le tokelo ea ho kopana bakeng sa borapeli le bakeng sa ho ithuta Bibele joaloka bolumeli ba Bokreste, ’me la ntša taelo ea hore Lipaki li lefshoe litšenyehelo tsa nyeoe le matšeliso ka lebaka la mahlomola ao li bileng ho ’ona. Ho tloha ka October 1999 ho fihlela ka November 2002, Lipaki Tsa Jehova li ile tsa hlaseloa ka mabifi ka makhetlo a 138, ’me Lipaki li ile tsa kenya litletlebo tse 784 ho ba boholong Georgia. Leha ho le joalo, litletlebo tseo ha lia ka tsa batlisisoa ka botlalo. Mapolesa a ne a bile a hana ho nka khato ka potlako e le ho sireletsa Lipaki ha li hlaseloa. Ho tloha ka November 2003, liketsahalo tsa ho hlasela Lipaki ka mabifi li fokotsehile haholo.
Sebaka sa Boholo-holo sa Peru sa ho Sheba Letsatsi
Hona joale baepolli ba lintho tsa khale ba bolela hore lithako tse makatsang tsa Peru, tse nang le lilemo tse 2 300, e ne e le karolo ea sebaka seo batho ba neng ba sheba letsatsi ba eme ho sona. Sebaka sena, se bitsoang Chankillo, se na le mokoloko oa litora tse 13 tse hahiloeng holim’a letsatsa, tse shebahalang joaloka meno ha motho a li bonela hōle. Makasine ea Science e hlalosa hore libaka tseo ho neng ho engoa ho tsona li ne li le “moo ha letsatsi le kena tlung mariha, le neng le likella qetellong ea mokoloko oa litora tsena, ’me ha le tsoa lehlabula, le neng le chabela hona qetellong ea mokoloko oo, ho bontša ho qaleha ha selemo se secha le ha selemo se le bohareng ba sona.” Litora tse bohareng li tšoaea hore na letsatsi ha le chaba le hlaha hokae le hore na le likela hokae. Sebakeng sena se omeletseng haholo, e ne e le habohlokoa haholo ho tseba hore na lijalo li lengoe neng, ka hona, “batho ba ne ba [hloka] ho tseba nako e tobileng.”
[Setšoantšo se Qanollang/ Setšoantšo se leqepheng la 29]
(Sheba boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle khatisong)
Ha letsatsi le Ha bosiu bo lekana Ha letsatsi le tsoa
kena tlung le motšehare tlung ka December
ka June ka bolelele
↑ ↑ ↑
Sebaka seo batho
ba shebang letsatsi ba
le ho sona
[Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
REUTERS/Ivan Ghezzi/Handout
Litšoantšo Tse Nyahamisang Basali
“Banana ba basesaane ba batle, ba moriri o motle, ba hlahang likoahelong tsa limakasine, ba etsa hore basali bohle ba li shebang ba se ke ba khotsofalla ’mele ea bona, ho sa tsotellehe hore na ba ’mele o mokae, ba bōpehile joang, ba balelele hakae kapa ba lilemo li kae.” Ho rialo tlaleho e tsoang Univesithing ea Missouri-Columbia, United States. Ho latela Laurie Mintz, moprofesa ea boemong bo bohareng oa thuto, sekolo le likeletso thutong ea kelello, “ho ’nile ha nahanoa hore basali ba batenya ba nyahama ho feta ba basesaane ka mor’a ho sheba litšoantšo tsa basali ba lifikara li ntle ba hlahang mecheng ea litaba.” Leha ho le joalo, Mintz o re: “Re fumane hore seo hase ’nete. Ho sheba litšoantšo tsena ho ama bohle ka tsela e tšoanang.”