Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 8/08 maq. 4-7
  • Na Lefatše le Kotsing?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Lefatše le Kotsing?
  • Tsoha!—2008
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na ke ’Nete Hore Thempereichara e Ntse e Phahama?
  • Ho Futhumala ha Sepakapaka Hoa Hlokahala Hore Lintho li Phele
  • Na ke Phetoho Feela Tjee ho Tšoana le Tse Ling?
  • Ho Etsa Liteko ka Maemo a Tlelaemete
  • Na Liteko Tseo li ka Tšeptjoa?
  • Boemo ba Leholimo bo Ferekaneng
    Tsoha!—1998
  • Ho Etsahala’ng ka Boemo ba Leholimo?
    Tsoha!—2003
  • Lefatše le Tšoeroe ke “Feberu”—Na ho na le Pheko?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Na Liboka Tse Mabapi le Boemo ba Leholimo li Tla bo Ntlafatsa?
    Tsoha!—2011
Bala Tse Ling
Tsoha!—2008
g 8/08 maq. 4-7

Na Lefatše le Kotsing?

HO FUTHUMALA ha lefatše ho ’nile ha hlalosoa e le boemo bo ka ’nang ba bakela batho kotsi e khōlō ka ho fetisisa. Makasine ea Science e re bafuputsi “ba tšoenngoa ke hore ho bonahala eka ho na le liphetoho tse ngata tse etsahalang butle empa e le tse ke keng tsa thijoa.” Ba belaellang hore lefatše le ntse le futhumala ha ba lumele hore taba ena ke ’nete. Ke ’nete hore batho ba bangata baa lumela hore lefatše le ntse le futhumala, empa ha ba tsebe hantle sesosa sa seo le liphello tse tlisoang ke seo. Ba re lintho tseo batho ba li etsang li ka ’na tsa tlatsetsa ka tsela e itseng empa hase tsona sesosa se ka sehloohong. Ke hobane’ng ha ba sa lumellane tabeng ee?

Lebaka le leng ke hore batho ba ntse ba sa utloisise ka ho feletseng tsela e rarahaneng eo lintho tsa tlhaho li sebetsang ka eona ho hlahisa tlelaemete. Ho phaella moo, lihlopha tse lekang ho sireletsa tikoloho li atisa ho sebelisa boitsebiso ba saense ho tšehetsa likhopolo tsa tsona, bo kang boo li bo sebelisang ha li hlalosa lebaka leo thempereichara e ntseng e phahama ka lona.

Na ke ’Nete Hore Thempereichara e Ntse e Phahama?

Ho latela tlaleho ea morao tjena ea mokhatlo o tšehetsoang ke Machaba a Kopaneng ka lichelete o bitsoang Intergovernmental Panel on Climate Change (IPCC), ho “totobetse” hore ho futhumala ha lefatše hoa etsahala, ha e le hantle ke ’nete, ’me “ho ka etsahala” hore ebe batho ke bona ba ka sehloohong ba bakang sena. Ba bang ba hanyetsanang le sena, haholo-holo tabeng ea lintho tseo batho ba li etsang, ba lumela hore e ka ’na eaba metse e ntse e futhumala ka lebaka la hore ea hōla. Ho feta moo, konkreite le tšepe li tšoara mocheso oa letsatsi ’me hangata li o ntša butle-butle bosiu. Empa ba belaellang hore lefatše le ntse le futhumala ba re lipalo tse nkoang litoropong ha li bontše se etsahalang libakeng tsa mahaeng ’me sena se fana ka lipalo tse fosahetseng tsa lefatše ka bophara.

Ka lehlakoreng le leng, Clifford, moahi ea seng a hōlile oa sehlekehlekeng se haufi le lebōpo la Alaska, o re o bone liphetoho tseo ka mahlo. Batho ba motsana oa habo ba tsamaea holim’a leqhoa ha ba il’o tsoma caribou le moose (liphoofolo tsa mofuta oa khama) lebōpong le koung. Empa thempereichara e ntseng e phahama e sitisa batho bao ho phela ka tsela eo ba e tloaetseng. Clifford o re: “Maqhubu ha e sa le a tloaelehileng, leqhoa ha le sa tšoana le mehleng le Leoatle la Chukchi . . . ha le sa hoama joaloka pele.” O hlalosa hore leoatle leo le ne le atisa ho hoama ho elella bofelong ba October, empa hona joale le se le hoama ho elella qetellong ea December.

Ho futhumala ha lefatše ho ile ha boela ha bonahala metsing a Northwest Passage e kopanyang leoatle la Atlantic le la Pacific, a ileng a qhibiliha ka ho feletseng ka lekhetlo la pele ka 2007. Rasaense e moholo Setsing sa National Snow and Ice Data, United States o ile a re: “Seo re se boneng se etsahala selemong sena se lumellana le hore leqhoa le se le qhibiliha nako e telele.”

Ho Futhumala ha Sepakapaka Hoa Hlokahala Hore Lintho li Phele

Ho hlalosoa hore liphetoho tseo li bakoa ke ho eketseha ha mofuthu sepakapakeng, e leng ntho e etsahalang ka tlhaho e hlokahalang e le hore lintho li phele lefatšeng. Ha mocheso oa letsatsi o fihla lefatšeng, hoo e ka bang karolo ea 70 lekholong ea oona e monngoa ke moea, mobu le leoatle ’me ea li futhumatsa. Ha e ne e se ka oona, serame se lefatšeng e ne e ka ba likhato tse 18 ka tlas’a ntlha ea khoamo. Qetellong, mocheso oo o montsoeng o khutlela sepakapakeng, e le hore ho se ke ha chesa haholo lefatšeng. Empa ha tšilafalo e fetola boemo ba sepakapaka, seo se koalla mocheso fatše. Sena se ka etsa hore lefatše le futhumale haholo.

Likhase tse etsang hore sepakapaka se futhumale li akarelletsa carbon dioxide, nitrous oxide, methane, hammoho le mouoane. Lilemong tse fetang 250 tse fetileng likhase tsena li eketsehile haholo sepakapakeng, ho tloha ha ho e-ba le phetoho e khōlō indastering ’me batho ba qala ho sebelisa lirafshoa tse kang mashala le oli. Ntho e ’ngoe eo ho bonahalang eka le eona e etsa hore sepakapaka se futhumale ke lenane la mehlape e eketsehang, e hlahisang methane le nitrous oxide lijong tseo e li jeleng. Bafuputsi ba bang ba re ho na le lintho tse ling tse bakang ho futhumala hona tse bileng teng le pele batho ba ka etsa letho le ka fetolang tlelaemete.

Na ke Phetoho Feela Tjee ho Tšoana le Tse Ling?

Ba belaellang taba ea hore batho ke bona ba bakang ho futhumala ha lefatše ba bontša hore thempereichara ea lefatše e ’nile ea fetoha haholo nakong e fetileng. Ba bua ka nako eo thoeng ke mehla ea leqhoa, ha lefatše le ne le bata ho feta kamoo le leng kateng hona joale; ’me ba tšehetsa taba ea hore ho futhumala ha lefatše ke ntho ea tlhaho ka ho re libaka tse batang tse joaloka Greenland ke bopaki ba seo, kaha ka nako e ’ngoe ho ne ho fumaneha limela tseo ka tloaelo li melang libakeng tse futhumetseng. Ke ’nete hore bo-rasaense ba lumela hore ba sitoa ho tseba hantle hore na tlelaemete e ne e le joang mehleng ea khale.

Ke’ng seo e ka ’nang eaba se entse hore thempereichara e fetohe haholo le pele batho ba qala ho etsa lintho tse ka e fetolang? Har’a tse ling e ka ’na eaba ke libaka tse nang le matla a khoheli letsatsing, tse amang sefutho seo letsatsi le ntšang matla a lona ka sona. Ho feta moo, lefatše le nka lilemo tse likete-kete le ntse le potoloha ’me seo se ama sebaka se pakeng tsa lefatše le letsatsi. Seretse se foqohang se chesa hammoho le maqhubu a leoatle le tsona li fetola thempereichara.

Ho Etsa Liteko ka Maemo a Tlelaemete

Haeba mocheso oa lefatše o ntse o eketseha—ho sa tsotellehe hore na sesosa kapa lisosa ke eng—see se tla re ama joang se be se ame tikoloho joang? Ho thata ho lepa seo ka nepo. Empa matsatsing a kajeno, bo-rasaense ba khona ho sebelisa lik’homphieutha tse matla, ho etsisa maemo a fapa-fapaneng a tlelaemete. Ha ba etsa seo ba kenyelletsa melao ea fisiks, boemo ba tlelaemete le lintho tsa tlhaho tse amang tlelaemete.

Ho etsisa tlelaemete ho nolofalletsa bo-rasaense hore ba hlahlobe tlelaemete ka litsela tseo ba neng ba ke ke ba e hlahloba ka tsona pele. Ka mohlala, ba ka “fetola” mocheso oa letsatsi e le hore ba bone hore na seo se ka ama joang leqhoa le lintlheng tsa lefatše, thempereichara e moeeng le e leoatleng, moea o sepakapakeng, ho theha ha maru, ho foka ha moea le pula. Ba ka “etsa” hore ho foqohe seretse se chesang ’me ba hlahloba hore na seo se ama boemo ba leholimo joang. Ba ka hlahloba hore na ho eketseha ha baahi, ho senngoa ha meru, ho sebelisoa ha mobu, ho fetoha ha likhase tse tsoelang sepakapakeng le lintho tse ling ho hlahisa liphello life. Bo-rasaense ba nahana hore ba tla hatela pele litekong tseo ba li etsang e le hore li fane ka boitsebiso bo nepahetseng le bo ka tšeptjoang haholoanyane.

Liteko tseo ba li etsang hona joale li fana ka boitsebiso bo nepahetseng hakae? Ha e le hantle, ho itšetlehile ka hore na boitsebiso bo kenngoang mechineng eo bo nepahetse hakae le hore na bo bongata hakae. Kahoo, likhakanyo tsa tlelaemete lia fapana, tse ling li bontša boemo bo seng bobe hakaalo ha tse ling li bontša boemo ba tlokotsi. Makasine ea Science e re esita le “tlelaemeteng e tloaelehileng ho ntse ho ka etsahala lintho tse sa tloaelehang.” ’Me tse ling li se li etsahetse, joaloka ho qhibiliha ha leqhoa le Arctic ka potlako ka tsela e sa tloaelehang, e leng se makalitseng litsebi tse ngata tsa tlelaemete. Esita le hoja baetsi ba melao ba sa utloisise ka ho feletseng liphello tse hlahisoang ke lintho tse etsoang le tse sa etsoeng hona joale, ba ka etsa liqeto tse ka ’nang tsa fokotsa mathata nakong e tlang.

Ba nahanne ka seo, ba IPCC ba ile ba hlahloba maemo a tšeletseng a tlelaemete a etsisoang ke k’homphieutha—maemong a mang ho na le likhase tse ngata sepakapakeng, maemong a mang ho na le likhase ka tsela e tloaelehileng, ’me maemong a mang li thibetsoe haholo. Ka lebaka la likhakanyo tseo, litsebi li khothalletsa hore ho nkoe mehato e itseng. Mehato eo e akarelletsa hore ho etsoe melao e lekanyetsang likhase tse hlahisoang ke oli e rafshoang, ho fanoe ka likotlo ho ba tlōlang molao, ho hlahisoe matla a eketsehileng a nyutlelie le hore ho sebelisoe mekhoa e meng ea theknoloji e sa silafatseng tikoloho.

Na Liteko Tseo li ka Tšeptjoa?

Ba belaellang liteko tsena ba re mekhoa ea ho lepa boemo ba leholimo e sebelisoang kajeno “e nolofatsa haholo maemo a tlelaemete ao ho leng thata ho a utloisisa” ebile “e hlokomoloha a mang.” Ba boetse ba bolela hore k’homphieutha ha e hlahise boitsebiso bo tšoanang ka linako tsohle. Rasaense e mong ea neng a kenetse lipuisano tsa IPCC o ile a re: “Ba bang ba rōna re ikutloa re le basesaane ha re nahana ka mosebetsi oa ho lekanya le ho utloisisa maemo a tlelaemete a rarahaneng hoo re bileng re belaellang bokhoni ba rōna ba ho tseba tsela eo a etsahalang ka eona le lebaka la seo.”a

Ke ’nete hore ba bang ba ka bolela hore ho se etse letho hobane motho a belaella taba e itseng ke ho bapala ka bokamoso. Ba re: “Re tla hlalosetsa bana ba rōna see joang?” Ebang liteko tsa tlelaemete tse etsoang li nepahetse kapa li fosahetse, re kholisehile hore lefatše le kotsing e khōlō. Tikoloho ea lona e etsang hore lintho li ’ne li phele e senngoa ke tšilafalo, ho rengoa ha meru, ho etsoa ha litoropo, ho felisoa ha mefuta e itseng ea limela le liphoofolo, ha re bolela lintlha tse seng kae feela tseo ho seng motho ea ka li latolang.—Tšenolo 11:18.

Ha re nahana ka seo re se tsebang, na re ka lebella hore batho ka kakaretso ba tla fetoha e le hore ba sireletse lehae la rōna le ratehang—hammoho le rōna? Ho feta moo, haeba lintho tseo batho ba li etsang li etsa hore lefatše le futhumale, e ka ’na eaba re saletsoe ke lilemo tse seng kae feela, eseng tse makholo, hore re etse liphetoho tseo. E le hore liphetoho tseo li be teng, bonyane ho tla hlokahala hore ho nkoe khato e potlakileng ho sebetsana le lisosa tsa mathata a lefatše—e leng batho ba meharo, ba ichebileng bobona, ba hlokang tsebo, mebuso e hlōloang ke puso le batho ba sa tsotelleng. Na seo ke se ka etsahalang kapa e mpa e le takatso feela? Haeba ke takatso feela, na seo se bolela hore ha re sa na tšepo ea letho? Potso ena e tla tšohloa sehloohong se latelang.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Mantsoe a John R. Christy, eo e leng motsamaisi oa Setsi sa Saense ea Tsamaiso ea Lefatše Univesithing ea Alabama, Huntsville, U.S.A., a tlalehiloeng ho The Wall Street Journal, ea la 1 November, 2007.

[Mantsoe a hlalosang lebokose/setšoantšo se leqepheng 5]

U LEKANYETSA THEMPEREICHARA EA LEFATŠE JOANG?

Ho bontša kamoo ho leng thata kateng ho etsa sena, u ne u ka lekanyetsa thempereichara ka kamoreng e khōlō joang? Ka mohlala, u ne u tla beha thermometer hokae? Moea o haufi le marulelo o batla o futhumetse ho feta o fatše kaha mocheso oa nyoloha. Lipalo tse tla hlahisoa ke thermometer li boetse li angoa ke hore na e haufi le fensetere, e letsatsing, kapa e moriting. Mebala le eona e ka ’na ea fetola lipalo, kaha lintho tse ’mala o lefifi li tšoara mocheso o mongata.

Kahoo, ho ka ’na ha se ke ha lekana hore u nke lipalo sebakeng se le seng feela. U tla lokela ho nka lipalo libakeng tse sa tšoaneng ’me u batle karolelano ea tsona. Lipalo tseo u li fumanang li ka ’na tsa fapana ho ea ka matsatsi le ka linako tse sa tšoaneng tsa selemo. Kahoo e le hore u fumane karolelano e nepahetseng, u tla lokela ho nka lipalo libakeng tse ngata le hona ka nako e telele. Ka hona, u ka inahanela hore na ho thata hakaakang ho lekanyetsa thempereichara ea lefatše, ea sepakapaka le ea maoatle! Leha ho le joalo, lipalo-palo tseo lia hlokahala e le hore u lekanyetse ka nepo ho fetoha ha tlelaemete.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

NASA photo

[Lebokose mo leqepheng la 6]

NA MATLA A NYUTLELIE KE THAROLLO?

Tšebeliso ea matla lefatšeng ka bophara e ntse e hloa mekoalaba. Kaha ho sebelisa oli le mashala ho hlahisa likhase tse kotsi, mebuso e meng e nahana hore ho sebelisa matla a nyutlelie ke mokhoa o mong o batlang o sa silafatse hakaalo. Empa le oona o na le mathata.

International Herald Tribune e tlaleha hore naheng ea Fora, e leng e ’ngoe ea linaha tse itšetlehileng ka matla a nyutlelie haholo lefatšeng, ka selemo ho hlokahala metsi a etsang lik’hubiki-mithara tse limilione tse likete tse 19 ho theola mocheso mechineng e fehlang matla a nyutlelie. Ka 2003 ha ho ne ho chesa ka tsela e sa tloaelehang, metsi a chesang a tsoang mechineng e fehlang matla ao a ile a futhumatsa metsi a linōka hoo a neng a se a le boemong bo ka ’nang ba senya tikoloho. Kahoo, litsi tse ling tseo ho fehloang matla ana ho tsona li ile tsa tlameha ho koaloa. Ho lebeletsoe hore boemo bona bo tla mpefala le ho feta ha lefatše le ntse le futhumala haholo.

David Lochbaum, e leng setsebi sa matla a nyutlelie sa Union of Concerned Scientists, o re: “Re tla tlameha ho rarolla qaka ea ho fetoha ha tlelaemete haeba re batla ho sebelisa matla a nyutlelie.”

[Lebokose/’Mapa o leqepheng la 7]

LIKOLUOA TSE BAKILOENG KE MAEMO A LEHOLIMO KA 2007

Ka selemo sa 2007 ho ile ha e-ba le likoluoa tse ngata ka tsela e sa tloaelehang tse bakiloeng ke boemo ba leholimo ’me Ofisi ea Machaba a Kopaneng ea Bohokahanyi ba Liphallelo e ile ea kōpa liphallelo tse potlakileng ka makhetlo a 14, e leng makhetlo a mane ho feta ka 2005, ha ho ne ho e-na le likoluoa tse ngata. Mona ho thathamisitsoe likoluoa tse seng kae feela tse bileng teng ka 2007. U hopole hore hase hakaalo hore ketsahalo ka ’ngoe ho tsena tse boletsoeng e bontša se tla lula se etsahala.

◼ Brithani: Batho ba fetang 350 000 ba ile ba angoa ke likhohola tse mpe ka ho fetisisa tse bileng teng ka mor’a lilemo tse 60. Ho ile ha na pula e ngata Engelane le Wales ka May ho isa ho July, eo ho seng e kileng ea tšoana le eona ho tloha ka 1766 ha ho ne ho qala ho bolokoa litlaleho.

◼ Afrika Bophirimela: Likhohola li ile tsa ama batho ba 800 000 linaheng tse 14.

◼ Lesotho: Mocheso le komello li ile tsa senya limela. Ho ka ’na ha hlokahala hore batho ba ka bang 553 000 ba phalleloe ka lijo.

◼ Sudan: Lipula tsa litloebelele li ile tsa hohola matlo a batho ba 150 000. Ba ka bang 500 000 ba ile ba fuoa thuso.

◼ Madagascar: Maholiotsoana le lipula tse matla li ile tsa puputla sehlekehleke seo, ’me tsa qobella batho ba 33 000 hore ba balehe mahaeng a bona le ho senyetsa ba 260 000 lijalo.

◼ Korea Leboea: Batho ba ka bang 960 000 ba ile ba angoa hampe ke likhohola, mafika a thetehang le seretse se ritsang.

◼ Bangladesh: Likhohola li ile tsa ama batho ba limilione tse 8,5 ’me tsa bolaea ba fetang 3 000, hammoho le liphoofolo tse ruiloeng tse limilione tse 1,25. Mahae a ka bang limilione tse 1,5 a ile a senyeha.

◼ India: Likhohola li ile tsa ama batho ba limilione tse 30.

◼ Pakistan: Pula e tsamaeang le leholiotsoana e ile ea siea batho ba 377 000 ba se na mahae ’me ba makholo ba shoele.

◼ Bolivia: Batho ba fetang 350 000 ba ile ba angoa ke likhohola ’me ba 25 000 ba tloha mahaeng a bona.

◼ Mexico: Likhohola li ile tsa siea batho ba ka bang 500 000 ba se na mahae le ho ama ba fetang milione.

◼ Dominican Republic: Pula e matla e neleng ka nako e telele e ile ea baka likhohola, ea etsa hore mafika a thetehe ’me batho ba 65 000 ba tlamehe ho tloha mahaeng a bona.

◼ United States: Mollo o ile oa chesa hlaha karolong e ka boroa ea California ’me oa qobella batho ba 500 000 hore ba balehe mahaeng a bona.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Based on NASA/​Visible Earth imagery

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1986-2025)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela