Mars e Boneloa Haufi
KA August 2003, Mars e ne e qala ho atamela haufi le lefatše hakaalo ka mor’a lilemo tse ka bang 60 000, e le sebakeng se bohōle ba lik’hilomithara tse limilione tse 56. Ho ea ka litsebi tsa linaleli, seo se ne se tšoana leha eka Mars e hona ka mor’a ntlo mona feela, e leng se ileng sa thabisa bafuputsi ba sepakapaka.
Mathoasong a 2004, ho ne ho rometsoe lifofa-sebakeng tse ’maloa Mars. Tse ling li ne li lekola polanete ka ho toba ha tse ling li ne li lekola tsela eo e potolohang ka eona. Maeto aa a re rutile eng ka polanete ee e haufi le ea rōna?
Ho Hlahloba Mars
Ka 1997, ho ile ha romeloa sefofa-sebakeng se bitsoang Mars Global Surveyor ho ea lekola Mars. Ho ile ha fumanoa hore ka nako e ’ngoe Mars e ne e kile ea e-ba le matla a maholo a khoheli a makenete. Sefofa-sebakeng seo se ile sa boela sa etsa ’mapa o nepahetseng oa sebōpeho sa Mars, har’a tse ling sa bontša hore ho tloha sebakeng se tlaase ka ho fetisisa polaneteng eo ho ea ho se phahameng ka ho fetisisa ke lik’hilomithara tse fetang 29, ha li bapisoa le tse ka holimonyana ho tse 19 lefatšeng.a
Sebaka se tlaase ka ho fetisisa Mars ke khohlo e khōlō ea Hellas, eo kamoo ho bonahalang kateng e fatiloeng ke naleli e ileng ea oa ka matla. Sebaka se phahameng ka ho fetisisa ke tlhōrō ea Thaba ea Olympus Mons e hlahisitsoeng ke ho foqoha ha seretse se chesang, e bophahamo ba lik’hilomithara tse 21. K’hamera e haheletsoeng sefofa-sebakeng sa Surveyor, e ile ea boela ea hlahisa mafika a neng a bonahala a le bophara ba limithara tse fetang 18, hammoho le litutulu tse khōlō tsa lehlabathe ha li ntse li tloha moo li le teng le likhohlo tse sa tsoa fateha. Mochine o mong o ile oa bontša hore boholo ba majoe a moo ke a hlahisitsoeng ke ho foqoha ha seretse se chesang.
Le hoja ka November 2006, mocha oa ho fetisetsana boitsebiso le Mars Global Surveyor o ile oa khaoha, lifofa-sebakeng tse tharo—e leng 2001 Mars Odyssey, Mars Express le Mars Reconnaissance Orbiter—li ile tsa tsoela pele ho lekola polanete eo.b Li sebelisa lik’hamera le mechine e meng e matla le ho feta, li ile tsa lekola tikoloho le sepakapaka sa Mars ’me tsa sibolla leqhoa le lengata le ntlheng e ka leboea ea polanete eo le ho etsa ’mapa oa sebaka seo.
Sefofa-sebakeng se bitsoang Phoenix Mars Lander se shebaneng haholo le leqhoa se ile sa atleha ho lula polaneteng eo ka la 25 May, 2008. Sefofa-sebakeng sena se kentsoe mechine e tsoetseng pele haholo e hlahlobisisang tikoloho ea polanete eo hammoho le sebaka se lulang se letse leqhoa se ntlheng ea polanete eo. Bo-rasaense ba tšepa hore ba tla fumana hore na ho kile ha e-ba le lintho tse nyenyane tse phelang mobung oo o lulang o letse leqhoa kapa che. Leha ho le joalo, boiteko ba ho fumana lintho tse phelang moo—kapa bonyane maemo a ka etsang hore li be teng—bo qalile khale.
Liroboto: Spirit le Opportunity
Ka January 2004, ho ile ha fihla Liroboto tse peli tse Hlahlobang Mars tse bitsoang Spirit le Opportunity, ’me li ne li khethetsoe ka hloko hore na li fihlele hokae ho itšetlehiloe ka boitsebiso bo neng bo fumanoe maetong a fetileng. Liroboto tsena tse batlang li lekana le koloi e nyenyane li ile tsa theohela Mars butle li sebelisa lintho tse li sireletsang mochesong, lipharachuti le lirokete. Li ile tsa fihla tsa khatlamana fatše li le ka har’a mekotla e tletseng moea, ho tšoana le sefofa-sebakeng se senyenyane se neng se rometsoe pele ho tsona ka 1997, se bitsoang Mars Pathfinder.c
Mars e batla e lekana le sebaka se ommeng mona lefatšeng, kahoo ho na le sebaka se seholo seo liroboto tsena li ka se hlahlobang. Roboto ea Opportunity e ile ea khetheloa ho lula sebakeng sa Meridiani Planum, e leng sehlaba se tletseng majoe a nang le hematite e nang le tšepe e ngata. Roboto ea Spirit eona e ile ea lula ka lehlakoreng le leng la Mars ho lekola mohohlo o moholo oa Gusev, oo bafuputsi ba bang ba lumelang hore ho ne ho kile ha e-ba le metsi ka har’a oona. Ho ea ka tokomane e ntšitsoeng ke NASA, sepheo sa ho romela liroboto tsena tse peli e ne e le hore “ho fumanoe histori ea libaka tseo ka nako e ’ngoe li neng li kile tsa e-ba le metsi ’me lintho li ka phela ho tsona.”
“Litsebi Tsa Jeoloji” Mars
Ha roboto ea Spirit e fihla Mars ka la 4 January, 2004, e ile ea fumana e le letsoatlara le tletseng majoe le nang le mekoti e sa tebang hakaalo. Roboto eo e ile ea hlahloba tikoloho feela joalokaha setsebi sa jeoloji se ne se ka etsa, ka hore e hlahlobe mefuta e sa tšoaneng ea mobu, mafika le lintho tse ling tse tikolohong. Bo-rasaense ba tsamaisang Spirit ba ile ba etsa qeto ea hore sebaka seo e lutseng ho sona se ne se koahetsoe ke majoe a hlahisitsoeng ke ho foqoha ha seretse se chesang ’me se na le mekoti e fatiloeng ke linaletsana tse oang. Ka mor’a moo, roboto ea Spirit e ile ea tsamaea lik’hilomithara tse 2,6 ho ea lekola marallana a ’maloa. Ha e fihla moo, e ile ea fumana mopopotlo oa majoe a sa tsitsang ao e ka ’nang eaba a ne a hlahisitsoe ke ho foqoha ha seretse se chesang.
Ka nako e tšoanang, ka la 25 January, 2004, ka mor’a hore roboto ea Opportunity e tsamaee lik’hilomithara tse limilione tse 456, e ile ea fihla ea lula sebakeng sa lik’hilomithara tse 25 feela ho tloha bohareng ba moo e neng e lokela ho lula teng. Roboto e ka mokotleng o tletseng moea e ile ea oela sebakeng se bataletseng sa Meridiani ea ntan’o thetehela ka mohohlong o monyenyane. Rasaense e mong o re e fihlile ea lula ka tsela e hlollang!
Opportunity e ile ea lekola mehohlo e ’maloa e nang le majoe a koahetseng majoana a chitja a nang le hematite e ngata. ’Mala oa ’ona o mothokoa o fapana le oa mobu le majoe a mafubelu. Majoe a mang a na le makukuno a bile a na le mefopholi e bonahalang eka ho ile ha fihla ha lula lehlabathe moo metsi a neng a phalla teng. Bo-rasaense ba bang ba nahana hore mefopholi ena hammoho le chlorine le bromine e majoeng ana, e bontša hore ho kile ha e-ba le metsi a letsoai ka nako e ’ngoe moo.
Leeto la Phoenix Mars Lander la 2008 le fane ka boitsebiso bo eketsehileng ka tikoloho ea Mars, haholo-holo ka sebaka sa eona se nang le leqhoa. Roboto eo e ile ea fata ea kha mobu o ka tlaase o nang le leqhoa, ea o tšela ka “lilaboratoring” tse peli tse ka har’a Phoenix hore o hlahlojoe. Makasine ea Science e re Phoenix e ne e reretsoe ho ba moo ka nakoana hobane likhoeli tse seng kae feela ka mor’a hore sefofa-sebakeng seo se qete mosebetsi oa sona, ho ne ho qala mariha a Mars a neng a tla “e pupetsa ka leru le ririellaneng la serame se nang le carbon dioxide.”
Taba ea hore bo-rasaense ba khona ho hlahloba lipolanete tse ling ba le bohōle ba lik’hilomithara tse limilione tse makholo, e bontša seo batho ba ka se finyellang ha ba sebelisana ’moho hore ba finyelle pakane e itseng. Ho atleha ho finyella seo ho bontša bohlale ba batho. Ho hlakile hore batho ba khona ho hlahloba sepakapaka—ha e le hantle, likarolo tsohle tsa saense—hobane ho e-na le melao ea tlhaho e tsitsitseng le e tšepahalang ka ho feletseng e laolang bokahohle. Melao ena ha ea itlhahela ka boeona empa e behiloe ke Ea entseng bokahohle, e leng Jehova Molimo.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bolelele ba lik’hilomithara tse 19 bo lekana le ho tloha botlaaseng ba khohlo ea Mariana e leoatleng la Pacific ho fihla tlhōrōng ea Mount Everest.
b National Aeronautics and Space Administration (NASA) e ile ea romela lifofa-sebakeng tse peli, e leng 2001 Mars Odyssey le Mars Reconnaissance Orbiter ’me European Space Agency ea romela Mars Express.
c Sheba sehlooho se reng “Roboto e Lekola Mars,” Tsoheng! (ea Senyesemane) ea June 22, 1998.
[Mantsoe a hlalosang setšoantšo se leqepheng 16]
NA HO NA LE LINTHO TSE PHELANG MARS?
Sir William Herschel le Percival Lowell, bao e neng e le litsebi tsa linaleli tsa lekholong la bo18 le la bo19 la lilemo, ba ile ba bontša hore ho na le libōpuoa tse ngata tse bohlale tse phelang Mars ’me khopolo ea Darwin ea ho iphetola ha lintho e ne e bonahala e tšehetsa maikutlo ao. Empa ho bonahatse hore likhopolo tseo kaofela li fosahetse. Litšoantšo tse nkiloeng ka sathelaete li bontšitse letsoatlara le nang sepakapaka se senyenyane seo karolo e khōlō ea sona e leng carbon dioxide. Liteko tse entsoeng ka 1976 ho sebelisoa sefofa-sebakeng sa Viking 1 li senotse hore ha ho na lintho tse phelang tikolohong ea Mars.d
Leha ho le joalo, bo-rasaense ba ntse ba batla matšoao a bontšang hore ho na le lintho tse phelang moo, ’me ba sebelisa Phoenix Mars Lander ho leka ho sibolla seo. Bo-rasaense ba nahana hore kaha likokoana tse ling li khona ho phela maemong a mabe ka ho fetisisa lefatšeng, e ka ’na eaba ho na le tse phelang libakeng tse itseng tsa Mars. Beagle 2 e neng e tlameletsoe ho Mars Express, e ne e etselitsoe hore e lekole lintho tse phelang mobung oa Mars, empa e ile ea lahleha ka 2003. Selemong se latelang seo, bo-rasaense ba ile ba fumana methane e seng kae sepakapakeng sa Mars, ’me seo sa etsa hore ba nahane hore e ka ’na eaba khase eo e tsoa linthong tse phelang kapa seretseng se foqohang se chesa.
Na lintho tse phelang li ka itlhahela feela tjee sebakeng leha e le sefe bokahohleng? Bibele e araba ka ho re: “Mohloli oa bophelo o ho [Molimo].” (Pesaleme ea 36:9) Ka sebele, lintho tse phelang li ka hlaha feela moo ho nang le bophelo, ’me Monehi-Bophelo ke ’Mōpi, e leng Jehova Molimo.—Liketso 17:25.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
d Sheba sehlooho se reng “Polanete e Khubelu e Eteloa Bocha” Tsoheng! (ea Senyesemane) ea November 22, 1999.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
NASA/JPL/Cornell
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Letsoho la roboto ea Phoenix Mars Lander, le nang le kharafu, peke le k’hamera
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Setšoantšo se ntlafalitsoeng ’mala sa majoana a chitja a nang le “hematite”
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Thaba e seng e sa foqohe seretse se chesang ea Olympus Mons e bophahamo ba lik’hilomithara tse 21
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Roboto ea Spirit e ile ea fata ’me ea hohla bokaholimo ba lejoe lena
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 15]
Top left: NASA/JPL-Caltech/University of Arizona/Texas A&M University; top right: NASA/JPL/Malin Space Science Systems; bottom left and right: NASA/JPL/Cornell