Tabàky—Setlolo se Tsoang Lifateng
◼ Basali ba lulang sebakeng se ommeng se karolong e ka boroa-bophirimela ea Madagascar, ba batla likhetla ka hloko lebōpong, e le hore ba li rekisetse bahahlauli. Basali bana ba itlotsitse lifahleho ka setlolo se sesoeu se bitsoang tabàky. Setlolo sena se hlollang ha se sireletse letlalo feela letsatsing le bohale empa se boetse se sebelisetsoa ho khaba.
Tabàky e entsoe ka lehong la sefate sa masonjoany le sa fihamy (seo hape ho thoeng ke aviavy). Ho bonolo ho e etsa: Mosali o hohla lehong lejoeng, ’me o rothetsa metsi a seng makae hore a etse setlolo seo. A ka ’na a qopetsa thutsoana kapa polasetiki e ntlha e chitja kapa e motsu ka setlolong seo ebe o ikhabisa ka sona sefahlehong.
Basali ba bang ba itlotsa ka tabàky hohle sefahlehong, ba siea mahlo feela. Ba bang bona ba rata ho itlotsa phatleng, marameng kapa selelung feela. Tabàky e ka sebelisetsoa ho pata mabali kapa ho thusa motho ha a e-na le letlalo le mafura, kapa ea sebelisetsoa ho khaba. Ka linako tse ling, ho sebelisoa metsoako e meng, kahoo setlolo sena se ka etsoa ka litsela tse sa tšoaneng, ka mebala le boleng bo sa tšoaneng.
Ke mang ea neng a ka nahana hore ho ka etsoa setlolo sa ho khaba ka lehong? Naheng ea Madagascar e hōle le litsi tsa feshene tsa Paris le New York, tabàky ke setlolo se sa tloaelehang empa e le se thusang.