Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 7/09 maq. 21-22
  • Richa ke Ena! Ua Palama?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Richa ke Ena! Ua Palama?
  • Tsoha!—2009
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Liricha Tsa Mehleng ea Pele
  • Liricha Tse Khabisitsoeng
  • Mokhanni oa Richa
  • Sepalangoang se Ikhethang
  • Lethathamo la Tse ka Hare
    Tsoha!—2009
  • Re Ile ra Sebelisa Maemo a Rōna a Feto-Fetohang Hore re Pake Hohle
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Lintho Tse Mpe ke Kobo-anela!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
  • Lebokose la Lipotso
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
Bala Tse Ling
Tsoha!—2009
g 7/09 maq. 21-22

Richa ke Ena! Ua Palama?

HA MOETI a fihla Dhaka, e leng motse-moholo oa Bangladesh, hang-hang o hlokomela ntho e ’ngoe e fapaneng. Har’a letšoele le phetheselang moo, ho boetse ho na le liricha tse ngata tse soaeloang! Li ea holimo le tlaase literateng tsa moo, li nkile batho le thepa.

Liricha li ntse li sebelisoa haholo Dhaka e le lipalangoang. Le hoja ho ngolisitsoe liricha tse ka bang 80 000, batho ba bangata ba nahana hore ka letsatsi ho tsamaea tse ngata ho feta moo. Ha e le hantle, ho ’nile ha thoe Dhaka ke motse o nang le liricha tse ngata ka ho fetisisa lefatšeng!

Liricha Tsa Mehleng ea Pele

Le hoja nakong ea puso ea Louis XIV oa Fora (1638-1715), ho ne ho sebelisoa likariki tsa meetso ea pejana, ka linako tse ling ho tlotloa moromuoa oa Leamerika ea sebelelitseng Japane lilemong tsa bo-1870, ea bitsoang Jonathan Gable, ka hore ke eena ea qapileng richa e huloang ke motho. Ho bontšoa hore o ile a etsetsa mosali oa hae ea fokolang sepalangoang, seo qalong se neng se bitsoa jinrikisha ka Sejapane, e bolelang koloi e huloang ke motho. Lentsoe leo le ile la qetella e le “rickshaw” ka Senyesemane. Ha nako e ntse e ea, mefuta e fapaneng ea liricha e ile ea ata ho pholletsa le Asia, kaha e ne e le sepalangoang se se nang litšenyehelo hakaalo. Ha Charles Taze Russell (ea ka ho le letona), ea neng a eteletse pele ka cheseho mosebetsing oa Liithuti Tsa Bibele (e leng kamoo Lipaki Tsa Jehova li neng li bitsoa kateng nakong eo), a ne a etetse Japane ka 1912, batho bao a neng a tsamaea le bona ba ile ba sebelisa liricha ha ba le naheng eo.

Liricha tse mabili a mararo li qalile ho sebelisoa Dhaka lilemong tse qetellang tsa bo-1930. Ho fapana le richa e huloang ke motho a sebelisa lithupa tse peli tse faselelitsoeng ho eona, tsona li tšoana le baesekele e khōlō e mabili a mararo. Mokhanni oa richa o soaela a le ka pele. Sena se mo nolofalletsa hore a tsamaise bapalami kapa thepa litseleng tse phetheselang.

Liricha Tse Khabisitsoeng

Ho bonahala eka liricha tsohle tsa Dhaka li khabisitsoe hohle. Tloaelo ee ea ho khabisa liricha e qalile joang? Ha liricha li ne li qala Dhaka, li ne li tlameha ho hlōlisana le li-tomtom, e leng likariki tse huloang ke lipere, tse neng li nka batho le thepa ’me li bitsoa. Mohlomong ha liricha li sa fihla, beng ba tsona ba ile ba qala ho li khabisa e le hore ba hohele batho. Qetellong, ho li khabisa le ho bapatsa ho ile ha fetoha mosebetsi oa bonono.

Liricha tsena li khabisoa ka tsela e hlollang. Ke bonono bo tsamaeang. Ha e le hantle, Syed Manzoorul Islam oa Bangladesh ea hlahlobisisang mesebetsi ea bonono, o re liricha tsa Dhaka ke “litšoantšo tse tsamaeang tsa bonono.” Richa e takoa hohle ka mebala e khanyang, ’me e manehoa litšoantšo ka mefuta-futa. Ka mahlakoreng kapa ka holim’a eona ho leketlile litjellane, malente le lifaha tse phatsimang.

Baetsi ba litšoantšo ba na le litsela tse sa tšoaneng tseo ba toroeang ka tsona le lintho tseo ba ratang ho li toroea. Litšoantšo tse ling li batla li tšoana le boto e bontšang lintho tse neng li etsahala libaesekopong tsa India le Bangladesh nakong e fetileng le tse etsahalang hona joale. Tse ling li bontša batho ba hlolohetsoeng bophelo ba motseng le libaka tsa mahaeng, ’me ka linako tse ling li bontša maemo a teng sechabeng le lipolotiking. Baetsi ba litšoantšo ba atisa ho toroea liphoofolo, linonyana, batho ba tsomang le libaka tse ntle tse nang le joang bo botala.

Lilemong tsa bo-1950, ho ne ho e-na le bataki ba seng bakae feela ba liricha. Kajeno, ho na le bataki ba 200 ho isa ho ba 300 ba etsang litšoantšo tsena tse ikhethang. Liricha li etsetsoa libakeng tse khethehileng moo ho kopanngoang likarolo tsa tsona ka bonngoe, ’me hangata ho sebelisoa thepa ea khale e sebelitseng. Ka mohlala, moetsi oa litšoantšo o toroea setšoantšo se setle se mebala-bala ka pente ea enamele lekapeng le sehiloeng moqomong oa oli e phehang kapa nthong leha e le efe e ’ngoe e lahliloeng. Batho ba Bangladesh ba tseba ho taka liricha. Ba li taka ka tsela e ikhethang le e khahlang.

Mokhanni oa Richa

Mohlomong ua lemoha hore mokhanni oa richa o sebetsa ka thata. Ak’u inahanele u qeta letsatsi lohle u soaela richa e laetseng batho kapa thepa. Bapalami ba ka ’na ba akarelletsa bo-’mè ba malapa, bana ba sekolo, bo-rakhoebo, kapa batho ba tsoang mabenkeleng. Hangata, richa e palamisa batho ba babeli, kapa ba bararo, kapa ba fetang moo. Hape richa e ka ’na ea isetsa mohoebi mokotla oa raese, oa litapole, oa eeie, kapa oa linōko ’marakeng oa hae. Ka linako tse ling mopalami a ka ’na a lula holim’a thepa ea hae. Motho ea shebeletseng a ka ’na a bona eka mokhanni a ke ke a khona ho khanna moroalo o boima joalo. Leha ho le joalo, mokhanni oa richa o lula a khanna a sa tletlebe ho sa tsotelle letsatsi le chesang kapa pula ea litloebelele.

Bakhanni ba bangata ba tlile toropong ba tsoa libakeng tse futsanehileng tsa mahaeng moo ba neng ba sitoa ho phelisa ba malapa a bona ka temo. Kaha ha ba khone ho fumana mesebetsi e lefang hantle, ba bangata ba bona ba siile malapa e le hore ba tl’o khanna liricha. Ba sebelisa matla a potongoane, ’me ka letsatsi ba ka ’na ba fumana chelete e lekanang le lidolara tse seng kae feela tsa Amerika.

Sepalangoang se Ikhethang

Liricha li ntse li sebelisoa haholo Dhaka, kaha ho bataletse ebile li khona ho tsamaea litselaneng tseo lipalangoang tse ling li ke keng tsa khona ho tsamaea ho tsona. Batho ba bangata ba nka hore lipalangoang tsena tse sa silafatseng tikoloho lia thusa ebile lia khatholla.

Metseng e mengata ea Asia, liricha “li mothating oa ho fela.” Kaha batho ba se ba batla lipalangoang tse nkang batho ba bangata ba bile ba batla ho phela bophelo ba sejoale-joale, liricha li se li batla li felloa ke nako. Le hoja batho ba bangata ba re li feletsoe ke nako, ho etsoa boiteko ba ho li boloka li le teng ka hore ho etsoe tse ntlafetseng.

Ha u le Dhaka, u ka ’na ua khetha ho tsamaea ka o mong oa mefuta e mengata ea lipalangoang tsa moo—bese, tekesi, sethuthuthu, richa e nang le enjene, kapa e mebala-bala e soaeloang. Empa haeba u ka khetha ho tsamaea ka richa e soaeloang u iketlile literateng tse phetheselang tsa Dhaka, u ke ke ua e lebala le ka mohla!

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela