Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 7/09 leq. 10
  • Tlhapi ea Boxfish e Baballang Matla

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tlhapi ea Boxfish e Baballang Matla
  • Tsoha!—2009
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lethathamo la Tse ka Hare
    Tsoha!—2009
  • Ha e le Hantle ke Mang ea li Qapileng?
    Na Lintho Tse Phelang li Bōpiloe?
  • Tlhaho e Ruta Eng?
    Tsoha!—2006
  • Mokhoa oo Litlhapi li Sesang ka Oona ka Sehlopha
    Tsoha!—2012
Bala Tse Ling
Tsoha!—2009
g 7/09 leq. 10

Tlhapi ea Boxfish e Baballang Matla

Na e Entsoe?

E le hore baqapi ba likoloi ba hlahise koloi e tsamaeang ka mokhoa o tsitsitseng, e baballang mafura le e sa silafatseng tikoloho hakaalo ba ile ba fuputsa sebakeng se sa tloaelehang—e leng bolibeng ba leoatle! Tlhapi ea boxfish e fumanehang haufi le mafika a likorale metsing a libakeng tsa tropike, ke mohlala o motle o ka etsisoang ha ho etsoa koloi e bobebe e phunyeletsang moea habonolo, ka tsela e hlollang.

Ak’u nahane: Tlhapi ena ea boxfish e sesa ka potlako—ka motsotsoana e tsamaea sebaka se kopolang bolelele ba ’mele oa eona ka makhetlo a tšeletseng. Empa hase hore e lebelo tjena hobane e le matla. Ho fapana le se neng se lebeletsoe, sebōpeho sa tlhapi ena se kang lebokose ke sona se e nolofalletsang hore e phunyeletse habonolo metsing. Ha e le hantle, baenjiniere ba ileng ba etsa koloi ea mohlala e bōpehileng joaloka boxfish ’me ba e tsamaisa ka thaneleng e nang le moea, ba fumane hore moetso ona o lelemela feela moeeng ho feta likoloi tse ling tse nyenyane.

Letlalo la boxfish le na le masatsoana, e leng se etsang hore e be matla empa e le bobebe. Ho na le maqhubu a manyenyane haufi le moo tlhapi ena e sesang teng, ’me aa e tsitsisa ha e tsukutloa ke maqhubu a matla. Kahoo, boxfish e sesa ka tsela e hlollang, e e sireletsang kotsing.

Baenjiniere ba lumela hore boxfish e ba file sephiri sa kamoo ba ka etsang koloi e sireletsehileng haholoanyane, e baballang mafura e bileng e leng bobebe. Dr. Thomas Weber ea eteletseng pele liphuputso le ntšetso-pele ea morero ona o re: “Ho bua ’nete, re ile ra makala haholo ha tlhapi ena e shebahalang hampe e e-ba mohlala oo re ka o latelang ha re etsa koloi e phunyeletsang moea habonolo le e baballang mafura.”

U nahana’ng ka see? Na tlhapi ea boxfish e baballang matla e bile teng ka tšohanyetso? Kapa na e entsoe?

[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 10]

Boxfish: © Hal Beral/V&W/SeaPics.com; car: Mercedes-Benz USA

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela