Tsa Mona le Mane
“Hona joale batho ba etsang karolo ea 60 lekholong ea baahi ba lefatše [ba na] le likonteraka tsa selefouno . . . Boemo bona bo fapane haholo ha bo bapisoa le lilemong tse tšeletseng tse fetileng, ha e ne e le batho ba ka tlaase ho karolo ea 15 lekholong feela ba neng ba e-na le liselefouno.”—MACLEAN’S, CANADA.
Lilemong tse leshome tse fetileng, ho fumanoe mefuta e mecha ea limela le liphoofolo e 1 068 sebakeng se seholo sa Mekong se ka Boroa-bochabela ho Asia.—WORLD WILDLIFE FUND, UNITED STATES.
“Baahi ba Amerika ba ka tlaase ho karolo ea 5 lekholong ea baahi ba lefatše, empa batšoaruoa ba teng ba etsa karolo ea 25 lekholong. Ho baahi ba 100 000 ho tšoaroa ba ka bang 756, e leng palo e batlang e mena karolelano ea lefatše hahlano.”—THE ECONOMIST, BRITHANI.
“Ho Sitisoa ke Lintho Tse Ngata”
Litsela tse ling tsa puisano tsa theknoloji e phahameng li ka sitisa motho ho tsepamisa mohopolo linthong tse ling. Litsebi tse ithutang tsela eo lintho tse kang melaetsa, likhopotso le litlhokomeliso tse fanoang ke mechine ea elektronike hammoho le boitsebiso bo itlhahelang thoboloko k’homphieutheng li amang batho ka eona, li tlaleha hore ba li sebelisang “ba sitisoa ke lintho tse ngata ’me ba thatafalloa ho lula ba tsepamisitse mohopolo.” Makasine ea Newsweek e re haeba lintho tsena li kena ka ho latellana, u ka ’na “ua qetella u sa tsepamise mohopolo nthong leha e le efe kapa u sa o tsepamise nako e telele ’me ha ho mohla u tla etsa mosebetsi u be u o qete ho se na ntho e u sitisang.” Har’a tse ling, litšitiso tseo li ka etsa hore motho “a lebale” a be a “se ke a hopola lintho hantle” ’me a etse liphoso tse ka ’nang tsa baka tlokotsi.
Ho Hlokahala Bafetoleli
Basebeletsi ba makhotla, baphethahatsi ba molao, ba lipetlele le ba bang ba fanang ka litšebeletso United States, hangata ba hloka thuso ho utloisisa seo batho ba se buang. Mekhatlo e fanang ka litšebeletso tsa bafetoleli ha ho hlokahala, e koala sekheo sa puisano ho seo tlaleho ea litaba ea Reuters e se bitsang “lefatše le ntseng le arohana ka lipuo le ho feta.” K’hamphani e ’ngoe ea California e hirile bafetoleli ba 5 200 ba buang lipuo tse 176—tse ling li tloaelehile joaloka Sechaena, Serussia le Sepanishe, ’me tse ling ha lia tloaeleha joaloka tse buuoang libakeng tse ling tsa Afrika le Mexico. Tlaleho eo e bontša hore ka nako e ka tlaase ho motsotso, lik’hamphani tseo li ka “tseba hore na motho o bua puo efe” ’me tsa fetisetsa mohala ho mofetoleli hore a thuse batho ba mohaleng hore “ba utloane ka puo.”
Mohloli o sa Lebelloang oa Khauta
Tlaleho ea litaba ea Reuters, Japane, e re Seterekeng sa Nagano se ka leboea-bophirimela ho Tokyo, “ho fumanoe mohloli o mocha oa liminerale tse ngata—e leng likhoerekhoere.” Litlhahlobo li senotse hore molora oa likhoerekhoere tse chesitsoeng setsing sa Suwa o na le khauta e ngata ho feta e majoeng a ntšitsoeng maeneng o nang le khauta e ngata ka ho fetisisa Japane. Ba boholong seterekeng seo ba lebeletse ho fumana li-yen tse limilione tse 15, e leng chelete e ka holimo ho R1 296 000, ka ho rekisa khauta e fumanoeng selemong sa lichelete se le seng feela. Tlaleho e re ho nahanoa hore khauta eo e ngata e likhoerekhoereng “e hlahisoa ke hore thepa e ngata e khōlō eo baetsi ba thepa sebakeng seo ba e sebelisang ho lekanya lintho ka nepo, e sebelisa khauta.”