Tloo U Tl’o Ithuta ka Mabatak
Ha mofuputsi oa Motaliana oa lekholong la bo13 la lilemo ea bitsoang Marco Polo a ne a etetse sehlekehlekeng sa Sumatra, Indonesia, o ile a bua ka batho ba itseng ba “lulang maralleng” bao a ileng a re “ba phela . . . joaloka libatana . . . ’me ba ja nama ea batho.” Ho lumeloa hore batho bana bao a neng a bua ka bona ke Mabatak. Leha ho le joalo, ’na le mosali oa ka re na le maikutlo a fapaneng haholo ka bona. Ithute ka batho bana bao re seng re ba tseba ebile re ba rata.
METSOALLE ea rōna e mecha ea Mabatak e ile ea re amohela ka mofuthu Sumatra Leboea, Indonesia, ea re “Horas!” ha re ne re fihla kabelong ea rōna e ncha ea boromuoa haufi le Letša la Toba. Letša la Toba ke se seng sa libaka tsa tlhaho tse khahlang ka ho fetisisa tsa Sumatra ebile ke lona letša le leholo ka ho fetisisa lefatšeng le hlahisitsoeng ke ho foqoha ha seretse se chesang, ’me le khubung ea sebaka sa Mabatak.—Sheba lebokose le ka tlaase mona.
Mabatak ke o mong oa merabe e meholo ka ho fetisisa har’a matsoalloa a Indonesia. Ho hakanyetsoa hore a ka ba limilione tse robeli ’me a kopanyelletsa merabe e tšeletseng e ikemetseng, empa e amana haufi-ufi—e leng Matoba, Masimalungun, Makaro, Madairi, Maangkola le Mamandailing. Morabe ka mong o na le maloko a maholo. Ha Mabatak a kopana, hangata ntho ea pele eo a e botsang ke hore, “Uena u ua ha mang?” Ebe kapele aa hlokomela hore na a amana haufi-ufi hakae.
Melao ea Lenyalo
Ka tloaelo, manyalo a moetlo a Mabatak ha a kopanye batho ba babeli feela empa a boetse a kopanya le maloko a mabeli. Ke ntho e amohelehang ha motho a nyalana le eo a amanang le eena ka ’mè oa hae. Empa ke ntho e mpe ha a nyalana le eo a amanang le eena ka ntate oa hae. Ho seng joalo, manyalo a moetlo a latela molao ona: Banna ba leloko la A ba nyala basali ba leloko la B, athe banna ba leloko la B ba nyala basali ba leloko la C ’me banna ba leloko la C ba nyala basali ba leloko la A. Lilekane tsena li matlafatsa maqhama a Mabatak haholo ’me banyalani ba bacha ba ba le beng ka bona ba bangata feela.
Esita le haeba banyalani ba Mabatak ba nyalane ka molao ’me ba e-na le bana, ba leloko ha ba amohele lenyalo leo la bona ho fihlela ho entsoe lenyalo la moetlo. Meketeng ena e meholo ho tla beng ka bona ba makholo ’me e qeta lihora tse ’maloa.
Ka mohlala, meketeng ea lenyalo ea Makaro, mahali a habo moshanyana le limpho tsa habo ngoanana li baloa ka hloko ’me li aroleloa malapa a itseng lelokong ka leng. Mokete o ka tsoela pele hafeela seo se etsahetse. Ba leloko ba bua lolololo ka bophelo ba lenyalo. Monyali le monyaluoa ba mamela ka tlhompho. Mokete o phetheloa ka ho ja le ho tantša.
Sebaka se Loketseng Lihoai
Nakong e fetileng, malapa a mangata a Mabatak a ne a lula ’moho matlong a maholo, a malelele a nang le marulelo a ikhethang a likarolo li peli, tse tšoanang le manaka a nare. A mang a matlo ana a majabajaba—a entsoeng ka lehong, lehlaka le ’moba—a hahiloe holim’a litšiea ’me a mang a ne a le maholo hoo a neng a ka lekana malapa a 12. Ho ne ho sa sebelisoe lipekere. Batho ba ntse ba lula mehahong e mengata e nang le lilemo tse 300 e le teng. Karolong e phahameng ka tlas’a matlo ao ho lula liphoofolo tse ruuoang—likhomo, likhoho, lintja, likolobe le linare.
Moruo oa sebakeng seo o itšetlehile haholo ka temo, ho tšoasa litlhapi, ho rua liphoofolo le bohahlauli. Ha e le hantle, sebaka se seholo se pharaletseng se haufi le Letša la Toba se loketse lihoai. Ka holim’a letša leo ho na le litselana tse pakeng tsa masimo a raese a botala bo khanyang. Kofi, litholoana le linoko li atlehile haholo haufi le lirapa tsa meroho e tlokomang tse mobung o motšo, o nonneng, o bileng teng ha ho foqoha seretse se chesang. Batšoasi ba litlhapi ba tsamaeang ka liketsoana tsa lehong ba tšoasa litlhapi tse ngata metsing a pholileng le a hloekileng a letša leo.
Qetellong ea letsatsi, bana ba thabileng ba ikakhela ka metsing ebe baa sesa, athe banna bona ba kopana mabenkeleng a lijo ’me ho utloahala ’mino moeeng o pholileng oa bosiu. Ha e le hantle, Mabatak a tumme ka ho bina ka matla le ka tsela e amang maikutlo. Hape a rata ho tantša—banna ba arohane le basali—a tsamaisa liphaka le matsoho ka tsela e khahlehang.
Histori e Neng e sa Thabise ka Linako Tse Ling
Ho tloha mehleng ea Marco Polo ho fihlela lekholong la bo19 la lilemo, litlaleho li bontša hore Mabatak e ne e le malimo a bohale a neng a tloaetse ho ja bahlabani ba lireng le linokoane. Leha ho le joalo, Leonard Y. Andaya, eo e leng moprofesa oa histori o re “e ka ’na eaba Mabatak ke ’ona a neng a pheta liketso tse ling tse tšosang tseo malimo a neng a li etsa e le ha a leka ho thibela batho ba tsoang libakeng tse ling ho kena naheng ea ’ona.” Ho sa tsotellehe hore na boemo e ne e le bofe, buka e bitsoang The Batak—Peoples of the Island of Sumatra e re “lekholong la bo19 la lilemo ’muso oa bokoloni oa Madache o ile oa thibela liketso tsa malimo libakeng tseo o neng o li laola.”
Mabatak a ne a lumela hore moea o arohana le ’mele a bile a lumela ho melimo e mengata le meea. A ne a boetse a etsa mahlabelo, a leka ho buisana le bafu, a laola ebile a noha. Malepa a boloi le a bonohe hammoho le mekhoa ea phekolo e ne e ngoloa makhapetleng a sefate a bolelele ba limithara tse ka bang 15 ebe a menoa joaloka k’horiana, ’me a qetelle a tšoana le buka e ikhethang. A ne a etsa liaparo tse khabisitsoeng tse halalelang tse neng li sebelisetsoa ho thibela bobe le ho noha bokamoso.
Litlaleho li bontša hore baromuoa ba pele ba Bophirimela ba ileng ba tla ho Mabatak e ne e le R. Burton le N. Ward, bao e neng e le Mabaptiste, ba ileng ba fihla moo ka 1824. Lilemo tse leshome hamorao, nakong eo lebotho la Madache le neng le leka ho hapa likarolo tse ling tsa naha eo, baromuoa ba bang ba babeli bao e neng e le Maamerika, e leng H. Lyman le S. Munson, ba ile ba iteta sebete, ’me ba kena naheng ea Mabatak, empa ka mor’a nakoana ba ile ba bolaoa. Baromuoa ba babeli ba Mak’hatholike ba ileng ba hlokomoloha temoso ea hore ba tsamaelle hōle le libaka tse kotsi, e ka ’na eaba le bona ba ile ba bolaoa.
Leha ho le joalo, moromuoa oa Lejeremane ea bitsoang Ludwig Nommensen, ea ileng a qala ho sebetsa har’a Mabatak ka 1862, o ile a pholoha ’me a atleha haholo. Ha e le hantle, o ntse a nkeloa holimo ke batho ba bangata ba sebakeng seo. Kajeno Mabatak a mangata a ipolela hore ke Bakreste, karolo e setseng boholo ke Mamosleme, kapa ba litumelo tsa meea. Leha ho le joalo, a mangata a ntse a khomaretse likarolo tse ling tsa litumelo tsa ’ona tsa moetlo.
Litaba Tse Molemo Tsa ’Nete Lia Fihla
Hoo e ka bang ka selemo sa 1936, Lipaki Tsa Jehova li ile tsa fihla moo Mabatak a lulang teng, li a tliselitse litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo, tseo Jesu a boletseng esale pele hore li tla boleloa “lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona.” (Matheu 24:14) Mabatak a mangata a ile a amohela molaetsa oa Bibele ’me a tlohela mekhoa ea ’ona ea litumela-khoela. Ka lebaka leo, hona joale ho na le liphutheho tse ka bang 30 tsa Lipaki Tsa Jehova sebakeng seo.—Sheba lebokose le kenyelelitsoeng.
Ha ’na le mosali oa ka re ntse re bolella batho litaba tse molemo sebakeng sena, re atisa ho kopana le bahahlauli ba tsotang Letša la Toba le hlollang ka botle le tlelaemete ea teng e monate. Re lumellana le bona ka hohle-hohle. Empa re phaella ka ho re batho ba mona ke bona ba batle le ho feta—e leng Mabatak a mosa le a botsoalle.
[Lebokose le leqepheng la 17]
LETŠA LE PHOLILENG LE HLAHISITSOENG KE HO FOQOHA HA SERETSE SE CHESANG
Letša la Toba le bolelele ba lik’hilomithara tse 87 le bophara ba lik’hilomithara tse 27 ’me ho hlakile hore ke lona letša le leholo ka ho fetisisa lefatšeng le hlahisitsoeng ke ho foqoha ha seretse se chesang. Metsi a lona a hloekileng a ka koahela naha ea United Kingdom kaofela ka hoo e ka bang mithara. Letša lena le hlollang ka botle, le ka har’a lihlaba tse tala tse hlahisitsoeng ke ho foqoha ha seretse se chesang, tseo e leng karolo ea Lithaba Tsa Barisan, ’me bo-ralitšoantšo ba rata ho le nka lifoto ba le ka lehlakoreng leha e le lefe.
Letša lena le hlahisitsoe ke ho foqoha ho matla ha seretse se chesang ho etsahetseng hanngoe kapa ka makhetlo a ’maloa, hoo bo-rasaense ba lumelang hore e ka ’na eaba e ne e le e ’ngoe ea liketsahalo tse matla ka ho fetisisa historing ea lefatše. Ka mor’a nako, mokoti o moholo o ile oa tlala metsi, ’me ha hlaha sebaka seo hona joale se tsejoang e le Letša la Toba. Liphetoho tse bileng teng hamorao botlaaseng ba letša leo li ile tsa hlahisa Sehlekehleke se setle sa Samosir, se boholo ba lisekoere k’hilomithara tse 647, se ka lekanang le Rephabliki ea Singapore.
[Lebokose le leqepheng la 18]
PARADEISE E PHOLILENG HAMONATE
Letša la Toba le ka ba bohōle ba lik’hilomithara tse 300 ho tloha equator, leha ho le joalo ho makatsang ke hore le sebakeng se pholileng. Lebaka la sena ke hobane letša lena le phahametse leoatle ka limithara tse 900. Lifate tsa palema le tsa phaene lia tlokoma paradeiseng ena e pholileng hamonate.
Letša lena ke moeli o arolang liphoofolo tse ngata tse phelang tikolohong eo. Ka mohlala, litšoene tsa li-orangutan, litšoene tse bokopa le litšoene tsa Thomas tse jang makhasi li fumaneha karolong e ka boroa ea letša leo, athe liphoofolo tse anyesang tse bitsoang li-tapir, li-tarsier le litšoene tse ling tse jang makhasi tse tsamaeang ka lihlopha li fumaneha karolong e ka boroa ea letša.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 19]
E NE E LE SENOHE, JOALE KE MOKRESTE OA ’NETE
Nursiah e ne e le ḍukun kapa ngakana-ntšonyana ea Mobatak. O ne a sebelisa boselamose ho phekola maloetse, ho leleka meea e litšila le ho buisana le “bafu.”a Khoebo ea hae e ne e atlehile haholo—’me le hoja e ne e le senohe—e ne e le setho se hlomphehang sa kereke ea habo ea Boprostanta.
Ha Nursiah a kopana le Lipaki Tsa Jehova, o ne a maketse ha a ithuta hore lebitso la Molimo ke Jehova. (Pesaleme ea 83:18) Hamorao o ile a bala ka Bibeleng hore batho ba bangata ba neng ba fetohile balumeli lekholong la pele la lilemo ba ile ba khaotsa ho sebelisa boselamose ’me ba chesa libuka tsa bona tsa ho sebelisana le meea e le hore ba sebeletse Molimo ka tsela e amohelehang. (Liketso 19:18, 19) Le hoja a ne a hanyetsoa ka matla, o ile a etsa qeto ea ho etsa se tšoanang, a tšepile mantsoe a Jesu ka botlalo a reng: “’Nete e tla le lokolla.”—Johanne 8:32.
Kajeno, Nursiah le mor’a hae, Besli, ke Lipaki tse kolobelitsoeng ’me monna oa hae, Nengku, o ba teng kamehla libokeng tsa Bokreste. O re: “Kaha joale ke sebeletsa Jehova, bophelo ba ka bo ntlafetse haholo! Ha ke ne ke le ḍukun, ke ne ke labalabela ho tseba ’nete. Hona joale ke khotsofetse e le kannete.”
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Sheba sehlooho se reng, “Pono ea Bibele: Bademona ke Bo-mang?,” se leqepheng la 20.
[Setšoantšo]
Nursiah o na le monna oa hae le mor’a hae
[Limmapa tse leqepheng la 16]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Sumatra
Letša la Toba
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Based on NASA/Visible Earth imagery
[Setšoantšo se leqepheng la 16, 17]
Ha motho a sheba Letša la Toba a le matsoapong a Thaba ea Pusuk Buhit e karolong e khōlō ea naha
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Phororo ea Sipisopiso, e qetellong ka leboea ho Letša la Toba, e bolelele ba limithara tse 110