Buka eo U ka e Tšepang—Karolo ea 6
Roma Historing ea Bibele
Sehlooho sena ke sa botšelela letotong la tse supileng tse hlahang makasineng ea “Tsoha!” tse tšohlang mebuso e supileng e matla ea lefatše eo ho buuoang ka eona historing ea Bibele. Sepheo sa sona ke ho bontša hore Bibele e ka tšeptjoa le hore e bululetsoe ke Molimo ’me molaetsa oa eona o fana ka tšepo ea hore mahlomola a bakiloeng ke puso e mpe ea batho a tla fela.
JESU o ile a theha Bokreste ’me balateli ba hae ba ile ba bo isa libakeng tse ling nakong ea ’Muso oa Roma. U ntse u ka bona litsela, likotopo le liemahale tsa Baroma libakeng tse kang Brithani le Egepeta. Mesaletsa eo ea Baroma ke ea sebele. E re hopotsa hore Jesu le baapostola ba hae e ne e le batho ba sebele, feela joalokaha lintho tseo ba ileng ba li bua le ho li etsa e ne e le tsa sebele. Ho tea mohlala, ha u tsamaea Tseleng ea Apiase ea boholo-holo, ho ka etsahala hore ebe u tsamaea tseleng eo moapostola oa Mokreste, Pauluse, a ileng a tsamaea ho eona ha a ne a ea Roma.—Liketso 28:15, 16.
Histori e ka Tšeptjoang
Tlaleho ea Bibele e buang ka Jesu le barutuoa ba hae, e akarelletsa liketsahalo tse ngata tsa histori tse etsahetseng lekholong la pele la lilemo. Hlokomela kamoo mongoli oa Bibele, e leng Luka a hlalositseng ka hloko kateng selemo seo ka sona ho ileng ha etsahala lintho tse peli tsa bohlokoa haholo: ho qaleha ha tšebeletso ea Johanne Mokolobetsi le kolobetso ea Jesu, e leng nako eo e bileng Kreste, kapa Mesia ka eona. Luka o ile a ngola hore lintho tseo li etsahetse “ka selemo sa leshome le metso e mehlano sa puso ea Tiberiuse Cesare [ka 29 C.E.], ha Ponse Pilato e ne e le ’musisi oa Judea, ’me Heroda e le ’musi oa setereke oa Galilea.” (Luka 3:1-3, 21) Luka o ile a boela a bua ka batho ba bang ba bane ba bohlokoa ba boholong—e leng Filipi (mor’abo Heroda), Lysaniase, Anase le Kaifase. Bo-rahistori ba lefatše ba tiisa hore mabitso a batho bana ba supileng kaofela ke a sebele. Empa hajoale, a re ke re bue ka Tiberiuse, Pilato le Heroda.
Tiberiuse Cesare o tsebahala haholo ’me ho ’nile ha etsoa litšoantšo tsa hae. Ntlo ea Senate ea Roma e ile ea mo khetha hore e be moemphera ka la 15 September, selemong sa 14 C.E., ha Jesu a ne a ka ba lilemo li 15.
Lebitso la Ponse Pilato le hlaha le la Tiberiuse tlalehong e ngotsoeng ke rahistori oa Moroma ea bitsoang Tacitus, nakoana ka mor’a hore Bibele e phethoe. Mabapi le lebitso lena “Mokreste,” Tacitus o ile a ngola a re: “Christus, eo lentsoe lena le tsoang ho eena, o ile a fuoa kahlolo e boima pusong ea Tiberiuse, a ahloloa ke e mong oa babusi ba rōna ea bitsoang Ponse Pilatuse.”
Heroda Antipase o tsejoa ka hore ke eena ea hahileng motse oa Tiberiase o haufi le Leoatle la Galilea. O ile a boela a ikahela ntlo ea bolulo motseng oo. Ho ka etsahala hore ebe Heroda o ile a laela hore Johanne Mokolobetsi a khaoloe hlooho motseng oa Tiberiase.
Litlaleho tsa Bibele li boetse li bua ka liketsahalo tsa bohlokoa tse etsahetseng mehleng ea Baroma. Ha Bibele e bua ka nako ea ho tsoaloa ha Jesu, e re: “Joale matsatsing ao ha tsoa molao-taelo ho Cesare Augustase oa hore lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona le ngolisoe; (ngoliso ena ea pele e ile ea etsahala ha Kuirinease e ne e le ’musisi oa Syria;) ’me batho bohle ba qala ho tsamaea ho ea ngolisoa, e mong le e mong motseng oa habo.”—Luka 2:1-3.
Tacitus le rahistori oa Mojuda ea bitsoang Josephus ba bua ka Kuirinease. Ho na le bopaki bo tiisang hore ngoliso e joalo e ile ea etsahala, bo fumanoang taelong ea ’musisi oa Moroma e bolokiloeng Laebraring ea Brithani. E baleha tjena: “Kaha joale nako ea ho bala sechaba ka ntlo le ntlo e fihlile, ho hlokahala hore bohle, bao ka mabaka a itseng ba sa luleng literekeng tsa habo bona, ba qobelloe ho khutlela ha habo bona.”
Bibele e boetse e bua ka “tlala e khōlō . . . nakong ea Claudiase,” Moemphera oa Roma. (Liketso 11:28) Rahistori oa lekholong la pele la lilemo, e leng Josephus o tiisa hore tlaleho ena ke ’nete. O ile a ngola, a re: “Ba ile ba hlaseloa ke tlala ea boja-likata nakong eo, ’me batho ba bangata ba shoa.”
Ho phaella moo, ho Liketso 18:2, Bibele e bolela hore “Claudiase o ne a laetse Bajuda bohle hore ba tlohe Roma.” Taba ena e tšehetsoa ke tlaleho ea bophelo ba Claudiase, e ngotsoeng ka 121 C.E. ke rahistori oa Moroma ea bitsoang Suetonius. Suetonius o re Claudiase “o ile a leleka Bajuda bohle Roma,” ’me o phaella ka ho re kaha Bajuda ba ne ba hloile Bakreste “ba ne ba lula ba baka meferefere.”
Bibele e re hoo e ka bang nakong ea tlala ea boja-likata e boletsoeng ka holimo, Heroda Agripa, o ile a apara “liaparo tsa borena,” eaba o fana ka puo letšoeleng le neng le mo nketse holimo, le ileng la re: “Ke lentsoe la molimo, eseng la motho!” Bibele e re ka mor’a moo, Agripa o ile “a jeoa ke libōkō ’me a shoa.” (Liketso 12:21-23) Josephus le eena o ile a tlaleha ketsahalo ena ’me a eketsa lintlha tse seng kae. O tlaleha hore Agripa o ile a fana ka puo a apere “seaparo se entsoeng ka silevera hohle.” O boetse o re ‘Agripa o ile a tšoaroa ke lehlaba le bohloko haholo ka mpeng ’me la qala ka sekhahla se tšosang.’ Josephus o re Agripa o ile a shoa matsatsi a mahlano ka mor’a moo.
Boprofeta bo ka Tšeptjoang
Bibele e boetse e na le boprofeta bo hlollang bo ileng ba ngoloa mehleng ea Baroma ’me ba phethahala hona nakong eo. Ka mohlala, ha Jesu a ne a kena Jerusalema a kaletse esele, o ile a lla ’me a bolela esale pele hore mabotho a Baroma a ne a tla timetsa motse oo. Jesu o ile a re: “Matsatsi a tla u tlela ha lira tsa hao li tla haha thibello e nang le lithupa tse nchocho ho u likoloha . . . Li ke ke tsa tlohela lejoe holim’a lejoe ho uena, hobane ha ua ka ua lemoha nako ea ho hlahlojoa ha hao.”—Luka 19:41-44.
Leha ho le joalo, balateli ba Jesu ba ne ba tla ba le monyetla oa ho baleha. Joang? Jesu o ile a ba fa litaelo tse tobileng esale pele. O ile a lemosa, a re: “Ha le bona Jerusalema e lika-likelitsoe ke mabotho a liahelong, joale le tsebe hore ho etsoa lesupi ha eona ho atametse. Joale ba leng Judea ba ke ba qale ho balehela lithabeng, ’me ba ka hare ho eona [Jerusalema] ba tlohe.” (Luka 21:20, 21) Mohlomong balateli ba Jesu ba ile ba ipotsa ba re, ‘Re tla baleha joang motseng o thibeletsoeng?’
Josephus o tlalehile se ileng sa etsahala. Ka 66 C.E., ha ’musisi oa Moroma a inkela lekhetho ka likhoka polokelong ea tempele ea matlotlo, leo Bajuda ba neng ba le kolota, marabele a halefileng a Bajuda a ile a bolaea mabotho a Baroma, eaba ka mor’a moo a phatlalatsa hore aa ipusa. Hamorao selemong sona seo, Cestius Gallus, e leng ’musisi oa Moroma oa Syria, o ile a leba ka boroa a e-na le masole a 30 000 ’me a fihla Jerusalema nakong ea mokete oa bolumeli. Gallus o ile a kena motseng, a ba a qala ho qhibolla lerako la tempele, moo marabele ao a neng a ipatile teng. Joale, ka tšohanyetso Gallus o ile a khutlela morao! Bajuda ba thabileng ba ile ba hlasela lebotho leo le khutlelang morao.
Bakreste ba tšepahalang ha baa ka ba isoa le khongoana holimo ke seo. Ba ile ba hlokomela hore ba ne ba bone ha boprofeta bo hlollang ba Jesu bo phethahala: Motse o ne o lika-likelitsoe ke mabotho a hlometseng! Kaha mabotho ao a ne a khutletse morao, Bakreste ba tšepahalang ba ile ba sebelisa monyetla oo hore ba balehe. Ba bangata ba ile ba leba Pella, e leng motse oa Balichaba o neng o le lithabeng tse ka mose ho Jordane ’me o sa ikamahanye le litaba tsa lipolotiki.
Ho ile ha etsahala’ng ka Jerusalema? Mabotho a Baroma a ile a boea sekoele, a eteletsoe pele ke Vespasian le mora oa hae Titus—lekhetlong lena e le masole a 60 000. A ile a hlasela motse oo pele ho Paseka ea 70 C.E., ’me a qabella baahi le baeti ba neng ba khobokane moo ba tlile moketeng. Mabotho a Baroma a ile a rema lifate seterekeng seo, ’me a haha lerako la lithupa tse nchocho, feela joalokaha Jesu a ne a boletse esale pele. Ka mor’a likhoeli tse ka bang hlano, motse oo o ile oa oa.
Titus o ile a laela hore tempele e tloheloe; empa lesole le leng le ile la e chesa, eaba ea heleha—hantle feela joalokaha Jesu a ne a boletse esale pele. Ho ea ka Josephus, Bajuda le basokolohi ba ka bang 1 100 000 ba ile ba shoa, boholo ba bona ba bolaoa ke tlala le mafu a seoa ’me ba bang ba 97 000 ba tšoaroa. Ba bangata ba ile ba isoa Roma e le makhoba. Ha u etela Roma kajeno, u ka bona Lebala le tsebahalang haholo la Lipapali, le ileng la qeteloa ke Titus ka mor’a hore a hlasele Judea. Hape u ka bona Sefika sa Titus, seo e leng sehopotso sa ho hlōloa ha Jerusalema. Ka sebele boprofeta ba Bibele bo ka tšeptjoa ka litsela tsohle. Ke habohlokoa hore re ele hloko seo bo se buang ka bokamoso!
Tšepiso eo U ka e Tšepang
Ha Jesu a ne a eme ka pel’a ’Musisi oa Moroma, e leng Ponse Pilato, o ile a bua ka ’Muso, kapa puso eo ‘e seng karolo ea lefatše lena.’ (Johanne 18:36) Ha e le hantle, Jesu o ile a ruta balateli ba hae hore ba rapelle puso eo ea borena. O ile a re: “Ntat’a rōna ea maholimong . . . ’muso oa hao o ke o tle. Thato ea hao e ke e etsahale lefatšeng, joalokaha e etsahala leholimong.” (Matheu 6:9, 10) Ela hloko hore ’Muso oa Molimo o tla etsa hore thato ea Molimo e etsoe lefatšeng—eseng thato ea batho ba ikhohomosang ba bileng ba ratang ho hlahella.
Jesu o busa e le Morena ’Musong oo oa leholimo. Tumellanong le morero oa Molimo oa qalong, o tla fetola lefatše lohle hore e be paradeise.—Luka 23:43.
’Muso oa Molimo o tla kenella neng litabeng tsa batho? Jesu ea tsositsoeng bafung o ile a fana ka ntlha e thusang ho araba potso eo ha a ne a bua le moapostola oa hae, Johanne, eo ka nako eo e neng e le motšoaruoa sehlekehlekeng sa Patmose, pusong ea Moemphera oa Roma, ea bitsoang Domitian, e leng mor’abo Titus. Jesu o ile a re: “Ho na le marena a supileng: a mahlano a oele, e mong o teng, e mong ha a e-s’o fihle, empa ha a fihla o tla lula nakoana e khutšoanyane.”—Tšenolo 17:10.
Ha Johanne a ne a tlaleha mantsoe ao, “marena” a mahlano kapa mebuso, a ne a se a oele, e leng Egepeta, Assyria, Babylona, Medo-Persia le Greece. Morena ea neng a le “teng” nakong ea moapostola Johanne ke ’muso oa Roma. Kahoo, ho ne ho setse a le mong feela—e leng ’muso oa ho qetela o matla oa lefatše historing ea Bibele. Bopaki bo bontšitse hore ke ofe? Hona o tla busa halelele hakae? Lipotso tsena li tla tšohloa makasineng e latelang ea Tsoha!
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Pauluse o ile a tsamaea Tseleng ea Apiase
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Tiberiuse Cesare ke e mong oa batho ba bangata ba boholong ba Roma, bao Luka a buang ka bona Kosepeleng ea hae
[Setšoantšo se leqepheng la 11]
Lejoe le nang le lebitso la Ponse Pilato
[Setšoantšo se maqepheng a 12, 13]
Setšoantšo sa Titus, mora oa Vespasian, se cheleteng ea tšepe ea Roma
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Musée de Normandie, Caen, France
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
Sefika sa Titus se Roma, ke sehopotso sa ho timetsoa ha Jerusalema ka 70 C.E.
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 10]
Top, time line: Egyptian wall relief and bust of Nero: Photograph taken by courtesy of the British Museum; Persian wall relief: Musée du Louvre, Paris; bottom, bust of Tiberius Caesar: Photograph taken by courtesy of the British Museum