Naha e Nang le Litora—Svaneti e Lithabeng
RE ILE ra nyarela re itšoarelelitse ka thata ka maballo, re le holimo toreng e hahiloeng ka majoe lilemong tse 800 tse fetileng, naheng ea Georgia. Re le bophahamong ba limithara tse ka bang 25, re ile ra bona litora tse ngata tsa ho lebela tsa boholo-holo, likarolong tse sa tšoaneng tsa motse oa Mestia, e leng motse-moholo oa Svaneti.
Sebakeng sena se phuleng e ntle, ho na le masimo a matalana a lesere, ’me se fapane hōle le lithaba tse ntle le tse telele tse koahetsoeng ke lehloa, tse re potolohileng. Re ile ra khahloa ke sebaka sena sa boholo-holo, hoo e neng eka re phela Mehleng e Bohareng. Ha e le hantle, sepheo sa rōna e ne e le ho etela litoreng tsena tse tummeng tsa Svaneti.
Ho Boha Sebaka Seo
Leeto la rōna la ho ea Svaneti e lithabeng tse phahameng le qalile Zugdidi, Georgia, haufi le Leoatle le Letšo. Hoseng leholimo le ne le hlakile, ’me ha re le moo re khona ho bona litlhōrō tse ntle haholo tsa lithaba tse koahetsoeng ke lehloa. Ha re fihla khohlong ea Nōka ea Inguri, re ile ra tsamaea butle khohlong eo. Morung o moo ho na le lipalesa tse ngata tsa ’mamauoaneng, limela tsa azalea, tsa laurel le hlathe ea li-rhododendron tse etsang lithunthung tse ’mala o lebejana.
Ha shoalane e tšoara, re ne re se re fihlile motseng o motle oa Becho. Motse oo o mosikong oa thaba e ntle haholo ea Ushba, e nang le litlhōrō tse peli tse telele tsa lejoe la morema-phofu. Feela joalokaha tšoele e hoheloa ke lelakabe la kerese, batho ba hloang lithaba ba labalabela ho hloa litlhōrō tse leqhoa tsa Thaba ea Ushba. Kaha e bophahamo ba limithara tse 4 710, hangata e bitsoa “Matterhorn ea Caucasus.”
Re ne re khathetse re bile re lapile ke ho tsamaea, kahoo ra emisa molisana e mong, ra reka nku ho eena eaba rea e pheha ’me re e ja mantsiboea. Ho e-s’o ee kae, re ile ra lula mollong le metsoalle ea rōna ea Masvaneti e nang le kamohelo e mofuthu ea baeti ’me mantsiboea ra thabela ho ja mtsvadi e latsoehang, e leng seo batho ba bangata ba se tsebang e le shish kebabs. Re ile ra ja liphaphatha tsa batho ba Georgia tse qetang ho tsoa ka ontong ea letsopa. Ra ntan’o theolela ka Saperavi, e leng veine e khubelu e bohale ebileng e babang ea Georgia.
Hoseng ho latelang re ile ra ea Mestia. Ha re nyarela ka ntle re le toreng e boletsoeng qalong ea sehlooho sena, re ile ra etsa qeto ea hore Svaneti ke se seng sa libaka tse ntle ka ho fetisisa lefatšeng tse nang le lithaba. Motse oa Ushguli, o lik’hilomithara tse ka bang 45 ho tloha Mestia, le oona o ka har’a lithaba. Baahi ba motse ona ba sebakeng se phahametseng leoatle ka limithara tse ka bang 2 200. Motse oa Ushguli o ’nile oa bitsoa “motse o phahameng ka ho fetisisa Europe o lulang o e-na le baahi.”
E le hore re fihle motseng ona o lithabeng, re ile ra tsamaea ka tsela e tšesaane, e ngoese, e tsoelipanang lilomong tse nang le nōka tlaase. Qetellong, ha re fihla Ushguli, re ile ra bona ntho eo re ke keng ra hlola re e lebala—e leng matlo a khobokaneng nģ’a e le ’ngoe a potolohileng litora tsa ho lebela tsa mehleng e bohareng. Ka mor’a ’ona ho ne ho e-na le Thaba ea Shkhara, ea tonanahali. Lehloa la eona le phatsimang le ne le etsa motsoako o motle ha le kopana le leholimo le boputsoa bo loileng lithabeng tseo tse telele.
Thaba ea Shkhara, e bophahamo ba limithara tse 5 201, ke e telele ka ho fetisisa Georgia, ’me ke karolo ea se bitsoang Lerako la Bezengi, e leng mokoloko oa lithaba tse batlang li lekana ka bophahamo, o bolelele ba lik’hilomithara tse 12. Lithaba tsena ke karolo ea mokoloko o bolelele ba lik’hilomithara tse ka bang 1 207 oa Caucasus e Khōlō. Hohle moo re neng re sheba teng, re ne re bona liphula tse ntle tse nang le limela tse tlokomang. Leha ho le joalo, ha ho bonolo ho fihla liphuleng tseo, ho fihla feela batho ba sebete haholo kapa batho ba lulang Svaneti.
Batho ba Lulang Mona
Masvaneti a lulang Svaneti e ka Holimo, ke batho ba boholo-holo ba nang le puo ea bona. Ke khale a tsejoa ka hore ke batho ba hanang ho busoa ke morena leha e le ofe. Lekholong la bo18 la lilemo, mofuputsi e mong o ile a hlokomela hore Masvaneti “a ne a iphelela hamonate, a nka hore ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa ke hore motho a be le bolokolohi ba ho ikhethela seo a batlang ho se etsa.”
Ho na le lintho tse peli tse tlatselitseng hore batho ba Svaneti ba phele ka bolokolohi ka tsela ena e ikhethang. Ntlha ea pele, lithaba tsa moo tse telele haholo li ’nile tsa thibela matsoa-ntle ho kena sebakeng seo ’me tsa sireletsa baahi litlhaselong. Ea bobeli, litora li ne li sireletsa malapa hore a be le bolokolohi. Li a sireletsa ho ba lireng le ho baahi ba metse e meng, bao ka linako tse ling ba neng ba a loantša, ebile li a sireletsa lehloeng le thetehang lithabeng le neng le koahela mehaho e menyenyane.
Tsela eo ho Pheloang ka Eona ka Toreng
Lelapa le leng la Masvaneti le ile la re memela hore re le etele toreng ea lona ea lekholong la bo12 la lilemo. E ne e le mohaho o nang le likarolo tse peli tse khōlō—tora ea ho lebela e bitsoang murkvam le ntlo e haheletsoeng ho eona e bitsoang kor. Mokatong oa pele oa kor ho ne ho e-na le leifo le leholo, le neng le futhumatsa ntlo le ho e khantša. Ntho e ’ngoe e ikhethang e ne e le setulo sa setonanahali sa lehong se sebelisoang ke hlooho ea lelapa, e okamelang lelapa le leholo, le akarelletsang mosali, bara le lingoetsi. Basali ba abeloa mesebetsi ea lapeng ’me ba chenchana ho e etsa. Mesebetsi ea bona e akarelletsa ho sila, ho luba bohobe, ho hloekisa ntlo, ho fepa liphoofolo le ho beseletsa mollo leifong leo le leholo.
Tora ena e khōlō e hahiloe ka majoe ’me e litsoe ka plastara e tšoeu. E na le mekato e mene. Mekato eo e hlaheletse ka holim’a ntlo e nang le mekato e ’meli, e haheletsoeng ho eona. Ha re tsoa ka tlung re kena ka toreng, ho ile ha nka nakoana pele mahlo a rōna a tloaela lefifi le ka moo. Mekatong e ka tlaase ea tora eo ho ne ho bolokiloe metsi, phofo, litholoana, chisi, veine le nama.
Maemong a tšohanyetso, lelapa le robala mokatong o ka tlaase le e bohareng ea tora. Mokato o ka holimo, o neng o ruletsoe ka letlapa, e ne e le sebaka sa ho loana, se nang le masoba a manyenyane karolong e ka holimo. Motho e mong ea ileng a etela moo lekholong la bo19 la lilemo o ile a tlaleha hore kaha ho ne “ho se na balaoli leha e le bafe sebakeng seo, ba neng ba ka tiisa hore ho lateloa qeto e itseng, hangata batho ba ne ba lokisa liqabang ka ho loana.” Kahoo lelapa ka leng le ne le ikemiselitse ho loana e le hore le itšireletse.
Ha re khutlela hae, re ile ra leboha Jehova ka lipelo tsohle tsa rōna ha re nahana ka botle boo re bo boneng pōpong ea hae e hlollang, Svaneti. Batho ba neng ba lula litoreng tsa ho lebela tsa moo mehleng ea khale, ba na le monyetla oa ho phela lefatšeng le lecha la Molimo. Ka nako eo, ha ho na motho ea tla bona ho hlokahala hore a hahe tora kapa qhobosheane e le hore a itšireletse. Hobane’ng? Hobane, joalokaha Bibele e tšepisa, ka nako eo “e mong le e mong o tla lula tlas’a sefate sa hae sa morara le tlas’a sefate sa hae sa feiga, ho ke ke ha e-ba le ea etsang hore ba thothomele.”—Mikea 4:4; Baroma 8:21, 22.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 16]
Top: Paata Vardanashvili