Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 7/11 leq. 22
  • Tsa Mona le Mane

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tsa Mona le Mane
  • Tsoha!—2011
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Sheba Batho ka Sekhukhu ka Lik’hamera Tse Hoketsoeng Inthaneteng
  • Lipuo Tse Sibolotsoeng ke Bo-rasaense
  • Likolobe-moru Tse Nang le Lik’hemik’hale Tse Kotsi
  • Sebelisa Inthanete ka Bohlale
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Ha Bana ba Sebelisa Inthanete—Seo Batsoali ba ka se Etsang
    Tsoha!—2008
  • Litlhaselo Tse Etsoang ka Lik’homphieutha!
    Tsoha!—2012
Tsoha!—2011
g 7/11 leq. 22

Tsa Mona le Mane

Lipalo-palo tse ntšitsoeng ke Mokhatlo oa Boipaballo Mebileng Linaheng Tsa Maarabo o Tunisia, li bontša hore ho etsahala likotsi tsa ’mileng tse fetang 500 000 selemo le selemo linaheng tsa Maarabo, ’me ho shoa batho ba fetang 36 000.—REUTERS NEWS SERVICE, TUNISIA.

“Phuputso e ’ngoe e bontša hore Inthanete ke mohloli oa bohlokoa haholo oa boitsebiso ha ho tluoa tabeng ea ho kopanela liphate, ho bacha ba Chaena kaha sekolong le lapeng ha ba rutoe ka ho lekaneng ka taba eo.”—CHINA DAILY, CHAENA.

Ho Sheba Batho ka Sekhukhu ka Lik’hamera Tse Hoketsoeng Inthaneteng

Mapolesa a Jeremane a sa tsoa tšoara monna e mong ea qosoang ka hore o sebelisitse lik’hamera tse hoketsoeng Inthaneteng hore a bone lintho tse etsahalang likamoreng tsa banana ba bangata. A tlaleha hore monna eo, o ile a sebelisa password ea ak’haonte e ’ngoe ea Inthanete eo ho neng ho le bonolo hore a e hakanye, e leng se entseng hore a fumane liaterese tsa batho ba ’maloa. Ho belaelloa hore o sebelisitse ak’haonte eo ho romella metsoalle ea banana bao mananeo a kotsi a k’homphieutha a bonahalang eka ke litšoantšo tse reretsoeng ho hlaha ha e sa sebelisoe—’me sena se mo nolofalelitse hore a laole lik’homphieutha tsa bona le hore a sebelise ka nako leha e le efe lik’hamera tse hoketsoeng Inthaneteng tse ho tsona. Ho ea ka Aachener Zeitung, bafuputsi ba ileng ba phenyekolla ntlo ea monna eo, ba ile ba fumana litšoantšo tse limilione tse tharo le hore “o hoketse lik’homphieutha tsa banana ba 80 empa ba sa tsebe.”

Lipuo Tse Sibolotsoeng ke Bo-rasaense

Litsebi tsa puo tse neng li hlahloba Seaka le Semiji tse sa tsejoeng hakaalo—e leng lipuo tse buuoang profinseng ea Arunachal Pradesh e karolong e ka leboea-bochabela ho India, moeling oa Bhutan le Chaena—li fumane hore moo ho na le puo ea boraro e bitsoang Sekoro. Mofuputsi Gregory Anderson, e leng mookameli oa Mokhatlo o Sireletsang Lipuo Tse Kotsing ea ho Fela, o ile a re: “Ha ho na litlaleho tse kileng tsa bua ka puo ena.” Ho bile thata ho sibolla Sekoro kaha se buuoa ke batho ba ka bang 800 feela, sebakeng seo batho ba thibetsoeng ho kena ho sona. Ka 2009, ho ile ha fumanoa lipuo tse 24 Chaena, moo nakong e fetileng ho neng ho tlalehiloe hore ho na le puo e le ’ngoe feela.

Likolobe-moru Tse Nang le Lik’hemik’hale Tse Kotsi

Spiegel Online e tlaleha hore “chelete eo ’muso o e lefang litsomi tse sitoang ho fumana chelete ka lebaka la likolobe-moru tse nang le lik’hemik’hale tse kotsi, e imenne ka makhetlo a mane [Jeremane] ho tloha ka 2007.” Litsomi tse ngata li rekisetsa batho nama ea likolobe-moru, empa ’muso o li thibela ho rekisa nama e nang le cesium-137 e ngata, e leng k’hemik’hale e ileng ea tsoa kotsing ea Chernobyl e etsahetseng lilemo tse 25 tse fetileng. Spiegel e re ho bonolo hore likolobe-moru li be le k’hemik’hale ena hobane li rata “khoaeane le li-truffles, tseo ka ho khetheha li monyang k’hemik’hale ena e kotsi. Ka ho hlakileng, lebaka le etsang hore litefello li phahame, ke palo ea likolobe-moru e ntseng e eketseha ka sekhahla Jeremane, eseng hore lik’hemik’hale tse kotsi li ntse li eketseha.” Litsebi li re ho ka ’na ha nka lilemo tse ling tse 50 pele bothata boo ba lik’hemik’hale bo rarolleha.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela