Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 11/11 maq. 12-13
  • Na Liboka Tse Mabapi le Boemo ba Leholimo li Tla bo Ntlafatsa?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Liboka Tse Mabapi le Boemo ba Leholimo li Tla bo Ntlafatsa?
  • Tsoha!—2011
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Selekane sa Kyoto
  • Seboka sa Copenhagen
  • Ho Etsahala’ng ka Mor’a Moo?
  • Ke Molimo Feela ea Tla Felisa ho Futhumala ha Lefatše
  • Boemo ba Leholimo bo Ferekaneng
    Tsoha!—1998
  • Ho Etsahala’ng ka Boemo ba Leholimo?
    Tsoha!—2003
  • Na Lefatše le Kotsing?
    Tsoha!—2008
  • Lefatše le Tšoeroe ke “Feberu”—Na ho na le Pheko?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
Bala Tse Ling
Tsoha!—2011
g 11/11 maq. 12-13

Na Liboka Tse Mabapi le Boemo ba Leholimo li Tla bo Ntlafatsa?

“Mebuso eohle ea lefatše e lokela ho ikopanya hammoho e le hore e loantše ho fetoha ha boemo ba leholimo. Bo-rasaense ba bangata ba lumela hore haeba ho se letho le etsoang, ho tla ba le komello e eketsehileng, tlala ea sekoboto esita le hore batho ba falle libakeng tseo ba lulang ho tsona, e leng se tla baka likhohlano ka lilemo tse ngata.”—Mopresidente oa United States, Barack Obama.

HO EA ka bo-rasaense ba bang, Lefatše lea kula. Koranta ea Brithani e bitsoang The Guardian e re ho ea ka bona, e ka ’na eaba thempereichara ea lefatše e haufi le ho fihla tlhōrōng—eo ho eona haeba e ka nyoloha hanyenyane e ka ’nang ea baka “phetoho e khōlō tikolohong, e leng se ka etsang hore thempereichara ea lefatše e nyolohe haholo.”

Ke eng e bakileng boemo boo? Na bo ka fetoloa? Na ruri batho ba ka khona ho lokisa bothata ba ho futhumala ha lefatše—re se re sa re letho ka mathata a mang a mangata ao batho ba tobaneng le ’ona kajeno?

Bo-rasaense ba bangata ba lumela hore lintho tseo batho ba li etsang ke tsona tse bakang bothata bona, ho qala ka phetoho e bileng teng liindastering esita le ho sebelisoa haholo ha libeso tse kang mashala le oli. Bothata bo bong ke ba ho senngoa ha meru ho ntseng ho ata. Meru e sebetsa joaloka matšoafo tikolohong eo re phelang ho eona. Lifate li monya tse ling tsa likhase tse kotsi tse bakang ho futhumala ha lefatše. Leha ho le joalo, ho rengoa ha meru e mengata ho fella ka hore likhase tsena tse kotsi li ee sepakapakeng. E le hore ho rarolloe bothata bona, baeta-pele ba lefatše ba hlophisitse hore ho be le liboka tse mabapi le boemo ba leholimo.

Selekane sa Kyoto

Selekaneng sa Kyoto sa 1997, ho ile a etsoa lipakane tse ncha tsa ho fokotsa tšilafalo e bakoang ke carbon dioxide e tsoelang moeeng. Ka ho saena tumellano ena, linaha tsa European Union le tse ling tse 37 tse nang le liindasteri tse ngata, li ile tsa itlama hore li tla fokotsa tšilafalo eo li e bakang ka karolelano ea liphesente tse hlano ha ho bapisoa le tsa 1990, ’me seo se tla finyelloa nakong ea lilemo tse hlano ho tloha ka 2008 ho ea ho 2012.

Leha ho le joalo, ho ne ho e-na le moo Selekane sa Kyoto se haelloang teng. Ka mohlala, United States ha ea ka ea se amohela. Hape, linaha tse khōlō tse ntseng li hōla moruong, tse kang Chaena le India, ha lia ka tsa itlama ka hore na li tla fokotsa tšilafalo eo li e bakang hakae. Empa United States le Chaena feela, li baka hoo e ka bang liphesente tse 40 tsa carbon dioxide e tsoelang sepakapakeng.

Seboka sa Copenhagen

Morero oa seboka sa Copenhagen, se bitsoang COP 15, e ne e le ho nkela Selekane sa Kyoto sebaka, le hore ho etsoe lipakane tse ncha tse tlamang tse tla sebetsa ho tloha ka 2012 ho ea pele.a E le hore ho loantšoe ho fetoha ha boemo ba leholimo, ho ile ha tšoaroa seboka Copenhagen, Denmark, ka December 2009 moo ho ileng ha kopana baemeli ba tsoang lichabeng tse 192 ho akarelletsa baeta-pele ba tsoang Linaheng tse 119. COP 15 e ile ea tobana le mathata ana a mararo a ka sehloohong:

1. Ho fihlela tumellano e tlamang ka molao. Na linaha tse tsoetseng pele li tla lumela ho fokotsa mosi oo li o ntšang o silafatsang tikoloho ho ea ka tekanyetso eo li e behetsoeng, hape na linaha tse khōlō tse ntseng li tsoela pele li tla beha meeli e le hore li se ke tsa eketsa tšilafalo eo li e bakang?

2. Ho tšehetsa ka lichelete leano lena le tsoelang pele. Linaha tse tsoelang pele li tla hloka libilione tsa liranta ka lilemo tse ngata e le hore li sebetsane ka katleho le mathata a eketsehang ka sekhahla a bakoang ke ho futhumala ha lefatše esita le hore li hlahise thepa ea theknoloji e ke keng ea silafatsa tikoloho.

3. Ho lumellana ka mokhoa o tla sebelisetsoa ho beha leihlo lintho tse bakang tšilafalo. Mokhoa oo o ne o tla thusa linaha ka bomong hore li se ke tsa feta tekanyetso eo li e behetsoeng ea mosi oo li o ntšetsang tikolohong. O ne o tla boela o thuse ho netefatsa hore linaha tse tsoelang pele li sebelisa chelete eo li e filoeng ka nepo.

Na mathata ao a mararo a ile a rarolloa? Ho ile ha e-ba le mathata a maholo kopanong eo, hoo ho ileng ha e-ba thata ho fihlela tumellano esita le linthong tse nyenyane. Ho elella lihoreng tsa ho qetela tsa kopano eo, baeta-pele ba tsoang linaheng tse 28 ba ile ba etsa tokomane ea makhaola-khang e bitsoang Tumellano ea Copenhagen. Tšebeletso ea litaba ea Reuters e re tumellano eo e ile ea amoheloa ka molao empa e le ka tsela e monyebe ka mantsoe ana: “Batho ba tlileng kopanong ena . . . ba hlokomela se boleloang ke Tumellano ea Copenhagen.” Ka mantsoe a mang, naha ka ’ngoe e ne e tla ikhethela hore na e sebelisa se boletsoeng kapa che.

Ho Etsahala’ng ka Mor’a Moo?

Ho ’nile ha tšoaroa likopano tse ngata ’me ho ntse ho hlophisoa tse ling, empa ho felloa ke tšepo ho ntse ho e-ja setsi. Mongoli oa koranta ea New York Times e leng Paul Krugman o re: “Bothata ba ho futhumala ha lefatše bo tla ’ne bo tsoele pele.” Maemong a mangata, melemo ea nako e khutšoanyane e tlisoang ke lipolotiki kapa moruo e pupetsa melemo ea nako e telele e tlisoang ke ho sireletsa tikoloho, ebe ho behoa khoebo ka pele, joalokaha ho tloaelehile. Krugman o re: “Chelete e ngata e etsoang ke liindasteri, ke eona e etsang hore ho be boima ho loantša bothata ba tšilafalo ea tikoloho.” O ile a boela a ngola hore mohato oa ho lokisa ho fetoha ha boemo ba leholimo naheng ea habo o ile oa sitisoa ke “lintho tse tloaelehileng e leng: meharo le [bo-ralipolotiki] ba makoala.”

Ho futhumala ha lefatše ho bonahala ho tšoana le leholiotsoana. Litsebi tsa saense ea maemo a leholimo li khona ho lekanya matla a leholiotsoana le ho bolela se le bakileng ka ho nepahala ho itseng—ebe seo se thusa batho ba tseleng eo leholiotsoana le tl’o feta ho eona. Empa ha ho na bo-rasaense, bo-ralipolotiki kapa bo-rakhoebo lefatšeng ba ka khonang ho thibela leholiotsoana. Ho bonahala eka boemo boa tšoana le tabeng ea ho futhumala ha lefatše. Taba ena e re hopotsa mantsoe a ka Bibeleng ho Jeremia 10:23 a reng: “Tsela ea motho oa lefatše ha e matleng a hae. Ha ho matleng a motho ea tsamaeang hore a tsamaise mehato ea hae.”

Ke Molimo Feela ea Tla Felisa ho Futhumala ha Lefatše

Bible e re bolella hore ‘’Mōpi oa lefatše le Moetsi oa lona . . . ha aa le bōpela lefeela.’ (Esaia 45:18) Bibele e boetse e re: “Lefatše le hlola ka ho sa feleng.”—Moeklesia 1:4, Bibele ea Sesotho.

Ka sebele, Molimo a ke ke a lumella hore lefatše e be sebaka seo ho ke keng ha luloa ho sona. Ho e-na le hoo, o tla kenella litabeng tsa batho ’me a felise puso ea motho e hlōlehileng esita le batho ba sa hlokomeleng lefatše. Leha ho le joalo, o tla pholosa bohle ba phelang ka boitšoaro bo hloekileng le bao ka tieo ba batlang ho mo khahlisa. Liproverbia 2:21, 22 e re: “Ba lokileng ke bona ba tla lula lefatšeng, ’me ba sa tšoauoeng phoso ke bona ba tla sala ho lona. Ha e le ba khopo, ba tla felisoa lefatšeng; ha e le ba bolotsana, ba tla tlosoa ho lona.”

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Seboka sa Mekha, e leng COP, se hlophisoa kamehla ke Seboka sa Machaba a Kopaneng sa Meralo Litabeng Tsa Phetoho ea Maemo a Leholimo.

[Lebokose le leqepheng la 13]

Khase e futhumatsang lefatše ke karolo ea tikoloho e monyang mahlaseli a tsoang holim’a lefatše. Likhase tse ngata tse tsoelang sepakapakeng tse tsoang liindastering ke likhase tse futhumatsang lefatše. Tsona li akarelletsa carbon dioxide, chlorofluorocarbons, methane le nitrous oxide. Lithane tse fetang libilione tse 25 tsa carbon dioxide feela li ntšetsoa sepakapakeng selemo le selemo. Litlaleho li bontša hore ho tloha ha ho qaloa liindasteri, carbon dioxide e ntšetsoang sepakapakeng e nyolohile ka liphesente tse 40.

[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 12]

Earth: NASA/The Visible Earth (http://visibleearth.nasa.gov/); Barack Obama: ATTILA KISBENEDEK/AFP/Getty Images

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela