Ho Sebelisa Leihlo ka Bohlale
● Leihlo la motho lea hlolla. Empa ha le hlolle feela. Le boetse le matla. Buka ea Visual Impact, Visual Teaching e re, “karolo ea 40 lekholong ea methapo eohle ea kutlo e hokahantsoeng le boko, e boetse e hokahantsoe le methapo ea pono,” e leng sehlopha sa lisele tse tšesaane le tse rarahaneng tse ka har’a leihlo.
Ke ka nepo Jesu Kreste a ileng a re “lebone la ’mele ke leihlo.” Ha a hlalosa seo a neng a se bolela o ile a re: “Haeba leihlo la hao le talima nģa e le ’ngoe [le tšepahala, le tsepame ho se molemo], ’mele oohle oa hao o tla khanya; empa haeba leihlo la hao le le khopo, ’mele oohle oa hao o tla ba lefifi.” (Matheu 6:22, 23) Ka mantsoe ana, Jesu o ne a re hopotsa kamoo leihlo kapa lintho tseo re li bonang li ka susumetsang menahano, maikutlo le liketso tsa rōna kateng. Ho nahana ka lintho tse molemo ho etsa hore bophelo ba motho bo khanye; ho nahana ka lintho tse mpe ho etsa hore bo fifale.
Ka mohlala, nahana ka mantsoe a Jesu a fumanoang ho Matheu 5:28, 29 a reng: “E mong le e mong ea ntseng a tsoela pele ho sheba mosali e le hore a be le takatso e matla bakeng sa hae o se a febile le eena ka pelong ea hae. Joale, haeba leihlo leo la hao le letona le etsa hore u khoptjoe, u le honye [e seng ka tsela ea sebele].” O ne a bolela’ng? Leihlo le lelerang le ka totisa takatso e fosahetseng hoo haeba motho a fumana monyetla, a ka etsang boitšoaro bo bobe ’me a lahleheloa ke kamohelo ea Molimo.—Jakobo 1:14, 15.
Ho ka ba molemo hakaakang ho bontša boitšoaro le hoja ho etsa joalo ho ka ba thata joaloka ho honya leihlo! Ho feta moo, na motho a ka lahleheloa ke bophelo bo sa feleng ka lebaka feela la monate oa nakoana o tlisoang ke ho khotsofatsa takatso ea nama?
Seo re se talimang se ka boela sa susumetsa meharo. Ka lebaka leo, Bibele e re lemosa hore “takatso ea mahlo . . . ha e simolohe ho Ntate, empa e simoloha lefatšeng. Ho feta moo, lefatše lea feta ’me ho joalo le ka takatso ea lona, empa ea etsang thato ea Molimo o hlola ka ho sa feleng.”—1 Johanne 2:16, 17.
Na Bibele e re behela lithibelo tse sa hlokahaleng? Le hanyenyane! Ho hlokomoloha melao ea Bibele ke ho ipitsetsa mathata le masoabi. (Bagalata 6:7, 8) Ho mamela Lentsoe la Molimo le keletso ea lona e bohlale e mabapi le kamoo re lokelang ho sebelisa leihlo la rōna la tšoantšetso kateng, ho tla re tlisetsa thabo. Jesu o itse: “Ho thaba ba utloang lentsoe la Molimo ’me ba le boloka.” (Luka 11:28) Ho feta moo, batho ba joalo ba na le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng, athe ba nang le leihlo le ratang boitšoaro bo bobe le le meharo, ba tla lahleheloa ke thabo le bophelo.