“Botle” ba Linaleli
NA U kile ua hlolloa ha u bona linaleli tse likete tse bonahalang bosiu ha leholimo le hlakile? Ha u ntse u shebile mathebanyana ao a khanya a phatsimang, e ka ’na eaba u ile ua elelloa hore aa fapana ka khanya esita le ka ’mala. Bibele e nepile ha e re: “Naleli e fapana le naleli ka khanya.”—1 Bakorinthe 15:41.
Ke hobane’ng ha linaleli li khanya kapa li phatsima ka tsela e sa tšoaneng? Ka mohlala, ke hobane’ng ha tse ling li bonahala li le tšoeu, ’me tse ling li le putsoa, li le tšehla kapa li le khubelu? Hona ke hobane’ng ha li phatsima?
Ka har’a linaleli ho na le sebōpi se fehlang matla a maholo. Matla ao a tsoela karolong e ka ntle ea naleli, ebe a qala ho ntšetsa khanya sepakapakeng, e le khanya eo re ka e bonang le mahlaseli a sa bonahaleng. U ka ’na ua makala ha u utloa hore linaleli tse chesang haholo li ’mala o moputsoa, athe tse batang haholo li khubelu. Ke hobane’ng ha ho e-na le phapang ee?
Khanya e ka ’na ea nkoa e le ho phalla ha likaroloana tsa khanya tse bitsoang li-photons tse boelang li sebetsa joaloka maqhubu a matla. Linaleli tseo khanya ea tsona e bonahalang e le ’mala o moputsoa li na le maqhubu a makhutšoanyane a khanya, ho feta tse bonahalang li le khubelu. Ka lehlakoreng le leng, linaleli tse batang, tseo ’mala oa tsona o bonahalang o le mokhubelu li ntša mahlaseli a khanya a manyenyane. Naleli ea rōna, e leng Letsatsi, e mahareng hobane e ntša khanya e ngata haholo ka ’mala o motala ho ea ho o mosehla. Joale ke hobane’ng ha ’mala oa letsatsi o sa bonahale o le motala? Ke hobane le ntša khanya e ngata mahlaseling a mang a khanya a bonahalang. Ke kahoo batho ba bonang letsatsi le le lesoeu ha ba le sheba le le sepakapakeng.
Sepakapaka se Etsa Hore Letsatsi le be le “’Mala”
Sepakapaka se fokotsa khanya eo re e bonang letsatsing ’me seo se fetola tsela eo le shebahalang ka eona, ho itšetlehile ka hore na ke nako mang. Ka mohlala, har’a mpa ea motšehare, letsatsi le shebahala le le bosehla bo khanyang. Empa ha le chaba kapa le likela, le le moo pono ea motho e fellang teng, le ka ’na la bonahala le le ’mala oa lamunu kapa le le lefubelu. Ho fetoha hona ha ’mala ho bakoa ke limolek’hule tsa khase, mouoane le lintho tse ling tse nyenyane haholo tse sepakapakeng.
Tsela eo sepakapaka se bōpehileng ka eona e etsa hore se ale khanya e ’mala o moputsoa le o bopherese bo boputsoa, e leng se etsang hore sepakapaka se be boputsoa bo botle ha leholimo le hlakile. Ha ’mala o moputsoa le o bopherese bo boputsoa o tlosoa mahlaseling a khanya a bonahalang, khanya ea letsatsi har’a mpa ea motšehare, e bonahala e le ’mala o mosehla. Empa ha letsatsi le se le likela, khanya ea lona e khitla sepakapakeng pele, ebe e tla ho rōna. Ka lebaka leo, letsatsi le chaba karolong e khōlō ea sepakapaka, e leng se etsang hore khanya e eketsehileng e pharalle ’me e ntše ’mala o moputsoa, hammoho le o motala. Kahoo, ha letsatsi le likela le ka ’na la bonahala le le lefubelu kapa eka ke bolo e ntle haholo e ’mala oa krimsone.
Sepakapaka se Mebala-bala Bosiu
Tsela eo re bonang sepakapaka ka eona bosiu e laoloa haholo ke bokhoni ba mahlo a rōna. Mahlo a rōna a bona khanya a sebelisa mefuta e ’meli ea lisele tsa pono—e leng tse re thusang ho bona khanya le mebala, le tse re thusang ho bona leroothong. Mothapo oa pono o khona ho lemoha ’mala empa ha ho le lerootho haholo, o khaotsa ho sebetsa. Le hoja lisele tse thusang mahlo hore a bone li sa angoe ke ’mala, li na le bokhoni bo phahameng ba ho amohela mahlaseli a khanya. Ha e le hantle, maemong a matle, mothapo ona o ka etsa hore leihlo le bone le lehlaseli le lenyenyane feela! Leha ho le joalo, mothapo oa rōna oa pono o angoa feela ke khanya e putsoa ea mahlaseli a khanya. Ka lebaka leo, ha re sheba linaleli tse lerootho tse khanyang ka ho tšoana, ho ka etsahala hore re bone tse putsoa feela, eseng tse khubelu. Empa rea thaba hore ebe ho na le lintho tse ling tseo re ka li sebelisang ho e-na le ho sheba ka mahlo feela.
Libonela-hōle li ntlafatsa bokhoni ba rōna ba ho bona lintho tse sa hlakang tse sepakapakeng bosiu, tse kang linaleli, lihlopha tsa linaleli, mechochonono hammoho le maru a entsoeng ka khase le lerole. Leha ho le joalo, sepakapaka se etsa hore pono ea rōna e haelloe. Sebonela-hōle se bitsoang Hubble Space kapa HST, se ntseng se likoloha lefatše se le sepakapakeng, se rarollotse bothata boo. Ona ke mohlolo o tsotehang e le kannete o entsoeng ke theknoloji, HST e khona le ho bona lintho tse khanyang moo ho leng lerootho ho feta linaleli tseo re li bonang ka mahlo! Ka lebaka leo, HST e hlahisitse litšoantšo tse tsotehang tsa lintho tse hare-hare sepakapakeng tse akarelletsang lihlopha tsa linaleli le maru a entsoeng ka khase le lerole a bitsoang nebulae.
Leha ho le joalo, libonela-hōle tse ncha tse sebelisoang li le mona lefatšeng li sebetsa hantle ho feta HST, ka tsela e itseng. Ka mohlala, litsebi tsa linaleli li ka sebelisa mekhoa e bohlale ea ho ntlafatsa ponahalo ea sepakapaka li sebelisa libonela-hōle tsena tse ncha, kahoo sena se li nolofalletsa ho bona litšoantšo tse hlakileng haholoanyane ho feta ha li sebelisa HST. Mohlala o mong ke W. M. Keck Observatory, (sebaka seo ho shejoang lintho tse sepakapakeng ho sebelisoa libonela-hōle) e sehlekehlekeng sa Hawaii moo ho nang le sebonela-hōle se bitsoang Keck I, e leng se seng sa libonela-hōle tse khōlō ka ho fetisisa lefatšeng. Setsebi sa linaleli, e leng Peter Tuthill oa Univesithi ea Sydney, Australia, o ile a sebelisa sebonela-hōle sena ho sibolla leru la lerole le hlahisitsoeng ke linaleli tse peli tse sehlopheng sa linaleli sa Sagittarius, seo ha re se sheba se bonahalang eka se haufi le karolo e bohareng ea sehlopha sa rōna sa linaleli sa Milky Way.
Ha litsebi tsa linaleli li ntse li tsoela pele ho hlahloba sepakapaka, li fumana hore ho na le linaleli le lihlopha tsa linaleli tse ngata. Li ngata hakae? Re ka hakanya feela. Empa ha ho joalo ka ’Mōpi oa rōna, Jehova Molimo. Pesaleme ea 147:4 e re: “O bala palo ea linaleli; kaofela ha tsona o li bitsa ka mabitso a tsona.”
Moprofeta Esaia o ile a bua mantsoe a tšoanang. Ha e le hantle, o ile a boela a bua ka tsela e hlollang e lumellanang le saense hore sepakapaka se bile teng ka lebaka la matla a ke keng a lekanngoa a Molimo. Esaia o ile a ngola a re: “Phahamisetsang mahlo holimo ’me le bone. Ke mang ea bōpileng lintho tsee? Ke Ea hlahisang lekhotla la tsona ka palo, e ’ngoe le e ’ngoe o e bitsa le ka lebitso. Ka lebaka la bonatla ba hae bo boholo, kaha o boetse o na le matla a maholo, ha ho le e ’ngoe ea tsona e haellang.”—Esaia 40:26.
Esaia ea phetseng lilemong tse ka bang 2 700 tse fetileng, o ne a tseba joang hore sepakapaka se bile teng ka lebaka la matla a ke keng a lekanngoa a Molimo? Ho hlakile hore ha aa ka a iphumanela seo ka boeena! Ho e-na le hoo, o ile a ngola seo Jehova a neng a mo bululetse hore a se ngole. (2 Timothea 3:16) Kahoo, eena le bangoli ba bang ba Bibele, ba ile ba etsa ntho e neng e ke ke ea etsoa ke buka ea saense kapa sebonela-hōle leha e le sefe. Ba ile ba bolela hore na ke mang Ea fileng linaleli botle le khanya ea tsona.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 16]
KE HOBANE’NG HA LINALELI LI PHATSIMA?
Se etsang hore linaleli li phatsime, kapa ho bonahale eka khanya le sebaka seo li leng ho sona li fetoha hanyenyane, ke tšitiso e bang teng sepakapakeng sa lefatše. Ho etsa mohlala, nahana ka mathebanyana a khanya a botlaaseng ba letamo la ho sesa. Ho etsahala’ng ka khanya eo ha maqhubu a metsi a feta ka holim’a eona? Ka sebele e phatsima joaloka linaleli. Ka lehlakoreng le leng ha ho bonolo hore khanya e khōloanyane e sitisehe. Lipolanete li ka tšoantšoa le khanya eo e khōloanyane, eseng hobane li le khōlō ho feta linaleli, empa hobane li le haufi haholo le lefatše ’me seo se etsa hore li bonahale eka li khōlō.
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 17]
MEBALA EA LITŠOANTŠO TSE NKILOENG SEPAKAPAKENG NA KEA SEBELE KAPA E IKETSELITSOE?
Ka thuso ea sebonela hōle sa Hubble Space (HST), mohlomong u kile oa bona litšoantšo tse hlollang tse mebala-bala tsa lihlopha tsa linaleli, maru a entsoeng ka khase le lerole hammoho le linaleli. Empa na mebala eo kea sebele? ’Nete ke hore e iketselitsoe ’me ho sebelisitsoe bonono le saense. HST e nka litšoantšo tse ’mala o motšo le o mosoeu, empa li nkoa ho sebelisoa li-filter, tse nang le mebala. Litsebi tsa linaleli le tsa litšoantšo li sebelisa theknoloji le mananeo a k’homphieutha ho hlahisa litšoantšo tseo re li bonang, ka linako tse ling li bile li leka ho etsisa ka hohle kamoo li ka khonang seo li nahanang hore ke mebala ea tlhaho ea lintho tse sepakapakeng.a Ka linako tse ling litsebi tsa linaleli li hlahisa mebala e fetotsoeng ka boomo e le ho etsa hore lintho tse ling li hlahelle ho feta tse ling, mohlomong ka morero oa ho hlahloba ntho e ’ngoe ea saense.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ha re sebelisa sebonela-hōle ho sheba lintho tse lerootho sepakapakeng bosiu, re bona feela ka lisele tse bonang leroothong tse ke keng tsa bona mebala.
[Litšoantšo]
Setšoantšo sa ’mala o motšo le o mosoeu
Bofubelu
Botala
Boputsoa
Setšoantšo se hlahang ha ho kopanngoa mebala e meraro
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
J. Hester and P. Scowen (AZ State Univ.), NASA
[Setšoantšo se leqepheng la 16]
Naleli e bitsoang V838 Monocerotis
[Setšoantšo se leqepheng la 16]
Lihlopha tsa linaleli tse kopanang tse bitsoang Arp 273
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 15]
NASA, ESA, and the Hubble Heritage (STScI/AURA) -ESA/Hubble Collaboration
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 16]
V838: NASA, ESA, and H. Bond (STScI); Arp 273: NASA, ESA, and the Hubble Heritage Team (STScI/AURA)