Bacha Baa Botsa
Nka Etsa’ng e le Hore ke Thabele ho Ithuta Bibele?
Ke hobane’ng ha u lokela ho ithuta Bibele? Nahana ka lintlha tsena:
Bibele e ka u thusa hore u fumane letlotlo. Buka ena e rekoang ka ho fetisisa e ka
● U bontša kamoo u ka itokiselletsang bophelo bo molemo kateng
● U bolella ka bokamoso—le ka lintho tse etsahetseng nakong e fetileng—tseo u neng u ke ke ua li tseba
● U thusa hore u itsebe le hore u be motho ea molemoa
HO HLOKAHALA hore motho a etse boiteko e le hore a ithute Bibele, empa o tla rua molemo o moholo ka ho etsa joalo! Na u ka rata ho tseba hore na bacha ba bang ba etsa see joang? Seha ’me u mene leqephe le latelang. U tla ba le maqephe a mane ao u tla ’ne u shebe ho ’ona e le hore u bone kamoo bacha ba bang ba hlōlang litšitiso le kamoo ba ruang molemo kateng ha ba ithuta Bibele boinotšing.
“Bibele e na le boitsebiso bo thahasellisang le bo ka thusang batho kaofela. Ho na le lintho tse ngata tse thahasellisang tseo motho a ka ithutang tsona!”—Valerie.b
Lihlooho tse ling tsa “Bacha Baa Botsa” li ka fumanoa mocheng oa boitsebiso oa Inthanete ho www.watchtower.org/ype
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a E le hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng mabapi le hore na Bibele e ka u thusa joang lintlheng tseo kaofela, ikopanye le Lipaki Tsa Jehova tse sebakeng sa heno kapa u ngolle atereseng e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5.
b Mabitso a mang a fetotsoe sehloohong sena.
[Lebokose/Litšoantšo tse maqepheng a 19, 20]
KAMOO U KA ITHUTANG BIBELE
Bothata: HA U THAHASELLE HO ITHUTA
“Hase kamehla ke ikutloang ke batla ho qeta hora ke ithuta.”—Lena.
Seo u se hlokang: SE KA U SUSUMETSANG
E le hore u thabele ho ithuta Bibele, u lokela ho araba potso e reng, Ke tla rua molemo ofe ha ke ithuta? Na u ka rata ho ba le botsoalle le Molimo? ho eketsa kutloisiso ea hao mabapi le liketsahalo tsa lefatše? ho ntlafatsa litšobotsi tsa hao? Bibele e ka u thusa lintlheng tseo—le ho tse ling tse ngata!
“U se ke ua nka hore ho ithuta Bibele ho tšoana le ho etsa mosebetsi o itseng kapa ho etsa mosebetsi oa sekolo. Ho e-na le hoo, talima ho ithuta Bibele e le tsela ea ho atamela haufi le Motsoalle oa bohlokoa ka ho fetisisa, e leng Jehova Molimo.”—Bethany.
“Ha u ithuta, u ba le nako ea ho ba boinotšing le Jehova Molimo. Haeba u qeta nako le motho ea itseng ha batsoali ba hao ba le teng feela, na motho eo ke motsoalle oa hao kapa ke oa batsoali ba hao? Haeba u ithuta boinotšing, Jehova e ka ba motsoalle oa hao.”—Bianca.
Hopola: “Lintho tsohle tse ngotsoeng ka Mangolong ke Lentsoe la Molimo. Li molemo bakeng sa ho ruta le ho thusa batho le ho ba khalemela le ho ba bontša tsela eo ba lokelang ho phela ka eona.” (2 Timothea 3:16, Contemporary English Version) Le uena Bibele e ka u thusa ka litsela tseo!
“Ke leka ho tsepamisa kelello melemong eo ke tla e fumana. Haeba ke e-na le litšobotsi tse itseng tseo ke lokelang ho li ntlafatsa, ho ithuta ho mpha monyetla oa hore ke tsebe hore na ke’ng eo ke lokelang ho e etsa e le hore ke li ntlafatse.”—Max.
Seo u ka nahanang ka sona:
Ke’ng e ka u susumeletsang hore u ithute?
Bothata: HO BOREHA
“Ka mor’a ho qeta metsotso e leshome ke ithuta, ke qala ho khathala; ka mor’a metsotso e 20 ke se ke batla ho etsa ntho e ’ngoe; ka mor’a e 30, ke borehile hona hoo!”—Allison.
Seo u se hlokang: BOKHONI BA HO QAPA
Sebelisa matla a hao a ho nahana, ebang ho akarelletsa seo u ithutang sona, tsela eo u ithutang ka eona le sebaka seo u khethang ho ithutela ho sona.
“Iphe nako ea ho batlisisa likarabo tsa lipotso tseo u nang le tsona. Ha u ithuta ntho e itseng eo u ’nileng ua nahana ka eona, u ikutloa u khotsofetse—ebile u thabile ha u qetile ho ithuta.”—Richard.
“Ha u ntse u bala ka ketsahalo e itseng, ipone u le teng ha e etsahala. Nka hore u sebapali se ka sehloohong ketsahalong eo, kapa u moshebelli feela. Leka ho bona ketsahalo eo joalokaha eka ke ea sebele.”—Steven.
“Etsa hore ho ithuta ho be monate. Lula ka mor’a ntlo ’me u itšelle ‘lemonade’ ka khalaseng. Ke rata ho ja lijo tse bobebe ha ke ntse ke ithuta. Ha ho na motho ea sa li rateng.”—Alexandra.
Hopola: Ka linako tse ling ho boreha e ka ba ntho e ka kelellong, eseng taba ea sebele. Kahoo, ho e-na le hore u re “ho ithuta hoa bora,” e re “ke borehile.” Amohela hore ke boikutlo ba hao bo etsang hore u borehe ha u ithuta. Ha u etsa joalo u tla khona ho laola maikutlo ao le ho ba le matla a ho etsa ho hong ka ’ona.—Liproverbia 2:10, 11.
“Ha ua lokela ho boreha ha u etsa thuto ea boinotšing. E ka ba ka tsela leha e le efe eo u e batlang.”—Vanessa.
Seo u ka nahanang ka sona:
U ka sebelisa bokhoni ba ho qapa joang ha u ithuta?
Bothata: HO HLOKA NAKO
“Nka rata ho ithuta Bibele ka ho eketsehileng, empa ke na le mesebetsi e mengata, bothata ba ka bo boholo ke ho fumana nako ea hore ke lule fatše ke ithute!”—Maria.
Seo u se hlokang: LINTHO TSE TLANG PELE
Ntho e ’ngoe eo u lokelang ho ithuta eona ha u kena lilemong tsa ho ba motho e moholo, ke ho “nepisisa lintho tsa bohlokoa haholo.”—Bafilipi 1:10.
“’Mè o ile a nthusa ho lemoha hore ha ho mohla ke tla ba le nako e eketsehileng. Ke ne ke lokela ho ipha nako. Ha ke se ke matlafalitse lerato la ka la ho ithuta, ke ile ka ipha nako ea hona.”—Natanya.
“Ha ke ntse ke hōla, ke ithutile hore ke lokela ho etsa kemiso ea nako ea ho ithuta, ’me ke ithute ho sa tsotellehe hore na ho etsahala’ng.”—Yolanda.
“Haeba u etsa hore ho ithuta e be ntho ea bohlokoa ho feta ho ikhatholla, kea u tiisetsa u tla thabela ho ithuta haholo—’me u ke ke ua ikutloa u le molato ha u ikhatholla.”—Diana.
Hopola: Haeba u sa etse hore lintho tsa bohlokoa li tle pele, u ke ke ua khona ho laola nako ea hao ’me u tla sitoa ho etsa lintho tseo u batlang ho li etsa. Ho molemo haholo hore u ikemisetse ’me u iphe nako ea ho ithuta.—Baefese 5:15, 16.
“Kaha ke seithuti sekolong se phahameng, ho bonolo hore ke iphumane ke phathahane ka lintho tse ling! Leha ho le joalo, ho leka ka tieo ho kenyelletsa thuto ea boinotšing ea Bibele kemisong ea ka, ke ntho ea bohlokoa ho ’na.”—Jordan.
Seo u ka nahanang ka sona:
U ka iketsetsa kemiso efe ea ho ithuta?
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 19]
LITHLAHISO TSA BACHA BA BANG
Zachary—U se ke ua ithuta feela seo batsoali ba hao kapa batho ba bang ba ithutang sona. U tla be u etsa thuto ea boinotšing e le kannete ha u ithuta ka ntho eo u ratang ho e tseba.
Kaley—Qala hanyenyane. U ka ’na ua ithuta ka metsotso e mehlano feela, empa u etse joalo letsatsi le letsatsi. Joale u ka eketsa nako butle-butle ka metsotso e leshome, e 15, . . . Qetellong u tla thabela ho ithuta!
Daniela—Lintho tse nyenyane li ka etsa phapang e khōlō. Batla lipene tse ’maloa tsa mebala-bala le buka e ntle e ngollang lintlha, kapa u iketsetse faele ea k’homphieutha ’me u e ngole Thuto ea Boinotši.
Jordan—Haeba ke fumana sehlooho seo ke se ratang, ke qeta nako e telele ke se bala. Ke boetse ke hloka ho ba sebakeng se khutsitseng. Ke sitoa ho balla moo ho leng lerata.
[Setšoantšo se Qanollang se leqepheng la 18]
(For fully formatted text, see publication)
E sehe
E mene