TSA MEHLENG EA KHALE
Aristotle
LILEMONG tse ka bang 2 300 tse fetileng, lintho tseo Aristotle a li entseng li susumelitse saense le filosofi haholo. Le kajeno, mosebetsi oa hae o tsoela pele ho khahla batho ba bangata, o fetoletsoe ka lipuo tse ngata ’me batho ba ithuta lintho tseo a li ngotseng. Moprofesa oa Histori e leng James MacLachlan o ile a re “lithuto tseo Aristotle a li rutileng ka pōpo li ile tsa ama tsela eo lintho li etsoang ka eona linaheng tsa Europe ka lilemo tse ka bang 2 000.” Menahano ea hae e ile ea boela ea susumetsa lithuto tsa Mak’hatholike, Maprostanta le Mamosleme.
O Ile a Ngola ka Lintho Tse Ngata
Aristotle o ile a ngola ka botaki, bolepi ba linaleli, baeloji, melao ea boitšoaro, lipuo, melao, ho beha mabaka ka tsela e utloahalang, matla a khoheli, fisiks, lintho tseo batho ba li ratang, lithothokiso, lipolotiki le lithuto tsa kelello. O ile a boela a ngola ka moea oo a neng a lumela hore o oa shoa. Leha ho le joalo, Aristotle o tsebahala haholo ka thuto ea hae ea baeloji le ea ho beha mabaka ka tsela e utloahalang.
Litsebi tsa khale tsa puo ea Segerike li ne li sebelisa lintho tseo li li bonang le tsela eo li utloisisang lintho ka eona ho hlalosa hore na lefatše le entsoe joang. Batho bana ba ne ba lumela hore lintho tseo ho neng ho hlakile hore ke ’nete li ne li tla ba thusa ho fihlela qeto e nepahetseng ea hore na lefatše le bōpiloe joang.
Litsebi tsa mehleng ea khale li ile tsa sebelisa filosofi ena ho fihlela liqeto tse ’maloa tse kang ea hore na bokahohle bo hlophisitsoe joang. Leha ho le joalo, bothata e ne e le hore ho ne ho e-na le lintho tseo ba sitoang ho li hlokomela, e leng se ileng sa etsa hore Aristotle le litsebi tse ngata li lahlehe. Ho etsa mohlala, ba ne ba lumela hore lipolanete le linaleli li pota-pota lefatše. Ka nako eo, batho ba ne ba lumela hore seo ba se hlalosang se hlakile ebile ke ’nete. Buka e ’ngoe e ile ea re: “Ho ne ho bonahala eka maikutlo a Bagerike a hore lefatše le bohareng ba bokahohle ke ’nete.”
Taba ea hore lefatše le bohareng ba bokahohle e ile ea ata le ho feta hobane Kereke e K’hatholike le eona e ne e se e ruta thuto ena.
Kereke e K’hatholike e Tlotla Aristotle
Batho ba bang ba neng ba ipitsa Bakreste linaheng tsa Europe ea boholo-holo ba ne ba lumela hore lithuto tsa Aristotle li nepahetse. E mong oa bona ke setsebi sa tsa bolumeli sa Roma e K’hatholike e leng Thomas Aquinas (ea phetseng lilemong tsa bo-1224 ho ea ho 1274) ea ileng a leka ho kopanya filosofi ea Aristotle le thuto ea kereke. Kahoo, khopolo ea Aristotle ea hore lefatše le lutse bohareng ba bokahohle e ile ea e-ba e ’ngoe ea lithuto tseo Mak’hatholike a li rutang. Baeta-pele ba bang ba Maprostanta e leng Calvin le Luther, le bona ba ne ba ruta thuto eo hobane ba lumela hore e tsoa ka Bibeleng.—Sheba lebokose le reng “Ba ne ba sa Utloisise Bibele.”
Batho ba ne ba nka hore lithuto tsa Aristotle ke ’nete
Charles Freeman o ile a re: “Lithuto tse ling tsa Aristotle li ne li se li tšoana le tsa K’hatholike.” Kahoo, batho ba bangata ba ne ba lumela hore Aquinas o ile a susumetsa Aristotle hore a lumele lithuto tsa K’hatholike. Leha ho le joalo, seo e ne e se ’nete. Freeman o ile a re: “Aquinas o ile a qetella a lumellana le lithuto tsa Aristotle.” Kereke ea hae le eona e ile ea lumellana le tsona. Ka lebaka la sena, Galileo e leng setsebi sa linaleli le thuto ea lipalo se neng se ikemiselitse ho paka hore lefatše le potoloha letsatsi, o ile qobelloa hore a hule mantsoe a hae.a Ho makatsang ke hore Aristotle o ile a hlokomela hore motho a ke ke a qeta ho ithuta ka saense. Ho ne ho tla ba molemo haeba likereke le tsona li ne li e-na le maikutlo a tšoanang!
a Ha u batla ho tseba ho eketsehileng ka “Khohlano Pakeng Tsa Saense le Bolumeli,” sheba Tsoha! ea June 8, 2002.