Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g20 no. 3 maq. 4-5
  • Tseba Mahlakore ’Ohle a Taba

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tseba Mahlakore ’Ohle a Taba
  • Tsoha!—2020
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bothata
  • Keletso ea Bibele e Re’ng?
  • Bohlokoa ba ho Tseba Mahlakore ’Ohle a Taba
  • Seo U ka se Etsang
  • Khethollo​—⁠Na e u Tšoaelitse?
    Tsoha!—2020
  • Na U Tlas’a Khatello ea Leeme?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Khethollo—Bothata bo Aparetseng Lefatše Lohle
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • Lefatše le se Nang Khethollo—Le Tla ba Teng Neng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
Bala Tse Ling
Tsoha!—2020
g20 no. 3 maq. 4-5
Banna ba babali ba hlahlobela mosali mosebetsi femeng ea likoloi. Mosali eo o shebahala a le tlas’a khatello.

Tseba Mahlakore ’Ohle A Taba

Bothata

Hangata khethollo e bakoa ke ho se tsebe hoo e leng ’nete. Nahana ka mehlala e latelang:

  • Bahiri ba bang ba na le boikutlo bo fosahetseng ba hore basali ba ke ke ba khona ho etsa mesebetsi e amanang le saense kapa e etsoang ka mechine le lik’homphieutha.

  • Lilemong tsa bo-1800 Europe, Bajuda ba ile ba qosoa ka bohata ka hore ba tšetse chefo lilibeng le hore ke bona ba etsang hore mafu a ate. Nakong ea puso ea Manazi, Bajuda ba ile ba boela ba etselletsoa ka sehloho. Leha ho le joalo, lekhetlong lena ba ne ba se ba qosoa ka ho putlamisa moruo oa Jeremane. Liketsahalo tsena ka bobeli li ile tsa fella ka hore Bajuda ba khetholloe ka tsela e feteletseng ’me le mehleng ena khethollo eo ha e e-s’o fele.

  • Batho ba bangata ba etsa qeto e fosahetseng ea hore batho bohle ba nang le bokoa ba hloname kapa ba lipelo li makoebeta.

Batho ba lumelang litšomo tse kang tseo, ba ka ’na ba fana ka mehlala kapa bopaki boo ho bonahalang eka bo tšehetsa leeme la bona. Ba nahana hore mang kapa mang ea sa lumellaneng le maikutlo a bona o iphapanyetsa ’nete.

Keletso ea Bibele e Re’ng?

‘Ha se ntho e ntle hore motho a se ke a ba le tsebo.’​—LIPROVERBIA 19:2.

Temana ee e bolela’ng? Re ka etsa liqeto tse fosahetseng haeba re sa tsebe mahlakore a taba kaofela. Haeba re lumela litšomo ho e-na le ho batla hoo e hlileng e leng ’nete, re ka ahlola batho ba bang hampe.

Na Bibele e Tšehetsa Khethollo?

Batho ba bang ba re Bibele e khothaletsa khethollo. Leha ho le joalo, Bibele eona e re’ng?

  • Kaofela re bana ba motho: Molimo “o entse ho tsoa mothong a le mong sechaba se seng le se seng sa batho.”​—Liketso 17:26.

  • Molimo ha a leeme: “Molimo ha a leeme, empa sechabeng se seng le se seng motho ea mo tšabang le ea sebetsang ho loka oa amoheleha ho eena.”​—Liketso 10:​34, 35.

  • Molimo ha a ee ka tšobotsi empa o sheba seo motho a hlileng a leng sona ka pelong: “Motho o bona se bonahalang mahlong, empa ha e le Jehova, o bona seo pelo e leng sona.”​—1 Samuele 16:7.a

a Jehova ke lebitso la Molimo le hlahang ka Bibeleng.

Bohlokoa ba ho Tseba Mahlakore ’Ohle a Taba

Haeba re tseba seo e hlileng e leng ’nete ka batho ba itseng, re ke ke ra lumela mashano ao batho ba a buang ka batho bao. Haeba re elelloa hore seo batho ba se buang ka sehlopha sa batho ba itseng ke leshano, re ke ke ra potlakela ho lumellana le menahana eo re se nang bonnete ba eona.

Nahana ka Mohlala Ona: Jovica (Europe)

Jovica eo ho buuoeng ka eena pejana, o hotse a utloa batho ba habo le mananeo a thelevishene le a litaba a bua hampe ka sehlopha sa batho ba itseng naheng eo habo. O re: “Ke ne ke hloile batho bao ebile ke e-na le khethollo ha ke ea ke ba lebile. Ke ne ke nahana hore ha ho molato ha ke ikutloa ka tsela eo.”

“Leha ho le joalo, ha ke le sesoleng, ke ile ka tlameha ho lula le ho sebetsa le masole a tsoang sehlopheng seo sa batho. Ha nako e ntse e e-ea, ke ile ka ithuta haholoanyane ka bona. Ke ile ka qalella ho ithuta puo ea bona le ho mamela ’mino oa bona. Ke ne ke se ke thabela ho ba le bona ’me tsela eo ke ba shebang ka eona e ile ea fetoha. Leha ho le joalo kea tseba hore maikutlo a mabe a khethollo a ka ’na a boea sekoele. Kahoo ke qoba litlaleho tsa litaba tse buang hampe ka batho ba sehlopha seo. Hape ke khetha ho se shebelle lifilimi kapa mananeo a qabolang a ba tlepang litšeho. Kea tseba hore ho ba le khethollo ho ka etsa hore ke lule ke halefile ’me ke be le lehloeo.”

Seo U ka se Etsang

  • Hopola hore haeba motho oa sehlopha se itseng sa batho a etsa lintho tse mpe, seo ha se bolele hore batho bohle ba sehlopha seo ba tšoana le eena.

  • Amohela hore ho na le lintho tseo u sa li tsebeng ka batho ba sehlopha se itseng.

  • Leka ho fumana ’nete ho tsoa mehloling e nepahetseng.

Ba ile ba hlola lehloeo

Litšoantšo: 1. Banna ba babeli ba tsamaea ba ntse ba qoqa. 2. E mong oa bona oa bososela ha a le har’a metsoalle.

Ke eng e ileng ea thusa Moarabo le Mojuda ho hlola bothata ba khethollo?

Shebella video e nang le sehlooho se reng Lerato la ’Nete le Tla Hlola Bobe Neng? Batla video eo ho jw.org/st.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela