Linakong tsa mathata, boloka likamano tsa hao li le ntle le batho bao u ba ratang ka hore
MATLAFATSA LENYALO LA HAO
U matlafatse lenyalo la hao
Seo Bibele e se buang: “Ba babeli ba molemo ho feta a le mong. . . Etsoe haeba a le mong oa bona a ka oa, e mong a ka emisa molekane oa hae.” (Moeklesia 4:9, 10) Banyalani ba lokela ho sebetsa hammoho mahetla a bapile, e seng e mong khahlanong le e mong.
Le ka mohla le se ke la tšoarana hampe ka lebaka la mathata ao le nang le ’ona. Le be le mamello.
Bonyane ha ’ngoe ka beke, buisanang ka mathata ao le nang le ’ona. Ha le sebetsana le bothata, le se ke la tšoaeana liphoso.
Behang nako ea ho etsa lintho tseo le li ratang le le babeli.
Ikhopotseng ka lintho tse monate tseo le li entseng hammoho joaloka ho sheba linepe tsa lona tsa lenyalo kapa liketsahalo tse ling tse le thabisang.
David o re: “Le hoja banyalani ba ke ke ba lumellana ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe, seo ha se bolele hore ba ke ke ba khona ho sebelisana ’moho. Banyalani ba ka etsa qeto ’me ba sebetsa hammoho hore qeto eo e atlehe.”
MATLAFATSA SETSOALLE SA HAO
U sireletse setsoalle sa hao
Joalokaha metsoalle ea hao e u tšehetsa, le uena u tšehetse batho ba bang. Ka ho matlafatsa batho ba bang, le uena oa imatlafatsa.
Kamehla buisana le e meng ea metsoalle ea hao ho utloa hore na e ntse e-ea joang.
Botsa metsoalle ea hao hore na e khonne joang ho mamella mathata a tšoanang le ao u nang le ’ona.
Nicole o re: “Ha u ba le mathata a mangata, metsoalle e ka u thusa ho sebetsana le ’ona leha e ka ba ka ho u hopotsa lintho tseo u seng u ntse u li tseba. Metsoalle e ea u khathalla ’me le eona e ea tseba hore oa e khathalla.”
E-BA MOTSOALI EA NAHANELANG
U be motsoali ea nahanelang
Seo Bibele e se buang: ‘Potlakela ho utloa, u liehe ho bua.’ (Jakobo 1:19) Hangata bana ba ka thatafalloa ke ho bua ka lintho tse ba tšosang kapa tseo ba tšoenyehileng ka tsona empa ha u ba mamela u sa fele pelo u tla ba thusa hore ba ntše maikutlo a bona.
Etsa hore bana ba hao ba ikutloe ba phutholohile e le hore ba ka ntša maikutlo a bona. Bana ba bang ba khona ho ntša maikutlo a bona ha ba ntse ba tsamaea kapa ba palame koloi ho feta ha ba lutse ba shebane mahlong le batsoali ba bona.
Etsa bonnete ba hore bana ba hao ha ba shebelle litaba tse ngata tse ka ba tšosang.
Tsebisa bana ba hao hore na u etsa’ng hore lelapa le lule le bolokehile.
Itokisetseng hammoho le bana ba hao hore na le tla etsa’ng ha maemo a tšohanyetso a hlaha.
Bethany o re: “Buisana le bana ba hao, u ba lumelle ho ntša maikutlo a bona. Ho ka etsahala hore ho na le lintho tseo ba li patileng tse ba utloisang bohloko, tse ba tšoenyang le tse ba koatisang. Ba bolelle hore le uena u ntse u ikutloa ka tsela e tšoanang u be u ba bolelle hore na u etsa’ng ho sebetsana le boemo boo.”