Ho Jeoa ke Bolutu ho Bolela’ng?
Kaofela ha rona re hloka metsoalle ea sebele. Kahoo, ha re utloa eka ha ho na motho eo re ka buang le eena kapa ea re utloisisang, seo se ka re utloisa bohloko. Boikutlo boo bo seng monate ke boo litsebi li bo hlalosang e le ho jeoa ke bolutu.
Ho jeoa ke bolutu ha ho bolele hore ho na le ho hong ho phoso ka rona. Empa ho bolela hore ho na le ntho eo re e hlokang. Ho re bontša hore ha re na metsoalle eo re e hlokang kapa ha re na metsoalle e lekaneng.
Kaofela ha rona re na le ho jeoa ke bolutu ka linako tse ling. Ho ba bang, boikutlo bona ha bo nke nako e telele empa ho ba bang, bo nka nako e telele ebile bo etsa hore ba ikutloe ba se na thuso ba bile ba utloile bohloko haholo. Ho jeoa ke bolutu ho ka boetse ha etsa hore motho a ikutloe a koatile, a e-na le khatello ea maikutlo, a sa itšepe kapa a sa ratoe.
Haeba u ikutloa ka tsela ena, ha u mong. Batho ba bang ba bangata ba ikutloa ka tsela e tšoanang. Empa u ka etsa’ng ha u utloile bohloko kapa u ikutloa eka u mong? U ka qala ka ho utloisisa hore na ke eng e etsang hore u ikutloe ka tsela eo.