Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g26 no. 1 maq. 4-6
  • Ke Hobane’ng ha Batho ba Bangata ba Jeoa ke Bolutu?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Hobane’ng ha Batho ba Bangata ba Jeoa ke Bolutu?
  • Tsoha!—2026
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • KE ENG E ETSANG HORE BATHO BA JEOE KE BOLUTU?
  • LINTHO TSE LING TSE KA ETSANG HORE BATHO BA JEOE KE BOLUTU
  • U KA HLOLA BOIKUTLO BA HO JEOA KE BOLUTU
  • U se ke Ua Lumella Bolutu ho Ama Bophelo ba Hao ka Mokhoa o Kotsi
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Tse ka Hare
    Tsoha!—2026
  • Ke Hobane’ng ha ke se na Metsoalle?
    Bacha Baa Botsa
  • Ke Hobane’ng ha ho E-na le Batho ba Bangata Hakaale ba Jeoang ke Bolutu?
    Tsoha!—2004
Bala Tse Ling
Tsoha!—2026
g26 no. 1 maq. 4-6
Mohlankana o lutse a le mong ka lebenkeleng la kofi ’me o ntse a nahana. Ho na le kopi ea kofi ka pela hae. Ka mor’a hae ho na le batho ba ntseng ba qoqa ha e mong a ntse a bala.

Ke Hobane’ng ha Batho ba Bangata ba Jeoa ke Bolutu?

Ho na le mabaka a fapaneng a etsang hore batho ba jeoe ke bolutu. Ho utloisisa hore na ke eng e etsang hore u ikutloe ka tsela eo, ho ka u thusa hore u sebetsane le bothata bona.

KE ENG E ETSANG HORE BATHO BA JEOE KE BOLUTU?

Batho ba bang ba jeoa ke bolutu hobane ha ba khone ho qeta nako le batho ba bang. Ka mohlala, u ka ’na oa jeoa ke bolutu haeba . . .

  • ha u khone ho bona metsoalle ea hao kapa ba lelapa khafetsa.

  • ho lula ho se na motho eo u qetang nako le eena ha u se mosebetsing kapa sekolong, kapa u bona ba bang ba ithabisa ’me u se karolo ea bona.

  • ha u na metsoalle e ratang lintho tseo u li ratang.

  • ha oa mengoa boithabisong bo itseng ka lebaka la lilemo tsa hao, ho kula kapa ka mabaka a mang ao u ke keng oa khona ho a fetola.

  • u lahlehetsoe ke metsoalle ea hao hobane u se u kena sekolo se seng, u qetile sekolong, u se u lula sebakeng se seng kapa u behile meja fatše.

Batho ba bang ba jeoa ke bolutu le hoja ba ntse ba e-na le metsoalle eo ba ka qetang nako le eona. Mohlomong ba ile ba lahleheloa ke batho bao ba neng ba le haufi le bona. E ka ’na eaba u boemong bona haeba . . .

  • u hlokahalletsoe ke molekane kapa motsoalle ea haufi.

  • uena le molekane oa hao le arohane kapa le hlalane.

  • u ka thabela ho kena lenyalong empa ha u e-s’o fumane motho eo u ka nyalanang le eena.

  • u utloa eka batho ba haufi le uena ha ba u utloisise, ha ba u nkele hloohong ebile ha ba u rate.

  • u utloa eka batho bao u tloaelaneng le bona ha ba iphe nako ea ho u tseba hantle kapa ea ho utloisisa hore na u ikutloa joang.

Ba bang bona ba jeoa ke bolutu hobane ba utloa eka bophelo ba bona ha bo na morero. Ba ka ikutloa ka tsela eo le hoja ba e-na le metsoalle e mengata. Boikutlo bona bo ka etsa hore ba utloe eka ha ho na motho ea ba utloisisang.

Ho na le lintho tse ngata tse ka etsang hore u jeoe ke bolutu, empa u ka hlola boikutlo bona.

LINTHO TSE LING TSE KA ETSANG HORE BATHO BA JEOE KE BOLUTU

Theknoloji. Le hoja Inthanete le mecha ea puisano li re tsoela molemo ka tsela e itseng, batho ha ba sa khona ho qeta nako hammoho joaloka pele. Ka mohlala, batho ba bangata ba se ba reka lintho Inthaneteng, ho e-na le ho ea lishopong moo ba ka kopanang le batho. Ba bang bona ba sebelisa lik’homphieutha ho sebeletsa hae. Le hoja mecha ea puisano e re thusa hore re buisane le batho ba bangata, e boetse e etsa hore batho ba bang ba jeoe ke bolutu le ho feta. Ba utloa bohloko ha batho ba sa bontše hore ba rata lintho tseo ba li behileng mecheng ea puisano. Ha ba bona linepe tsa ba bang ba ithabisa le metsoalle ea bona, ba ikutloa e le metoaitoai ebile ba utloa bohloko ha ba hlokomela hore ha ba na metsoalle e mengata.

Moshanyana o paqame betheng ’me o tšoere fono.

Na u ne u Tseba?

Phuputsong ea morao-rao, batho ba ile ba botsoa hore na ba nahana hore ke eng e etsang hore batho ba jeoe ke bolutu. Boholo ba batho bo ile ba re ke theknoloji.

Ho imeloa kelellong le maikutlong. Ho jeoa ke bolutu ho ka etsa hore re imeloe kelellong le maikutlong. Ka tsela e tšoanang, ho imeloa kelellong le maikutlong ho ka etsa hore re jeoe ke bolutu le ho feta. Ha motho a jeoa ke bolutu a ka tšoenyeha haholo, a boela a ba le khatello ea maikutlo. Khatello ea maikutlo eona e ka etsa hore motho a utloe eka bophelo ba hae ha bo na morero, ha a na thuso kapa ha a na mang oee! Ho ekelletsa moo, ho tšoenyeha le ho se itšepe ho ka etsa hore motho a itšehle thajana le hore a tšabe ho kopa thuso ho ba bang.a

’Mè ea tšoenyehileng o lutse a le mong ka tlung.

Tšusumetso ea sebaka seo re phelang ho sona. Libakeng tse ling, batho ba ikutloa ba le tlas’a khatello ea ho sebetsa lihora tse ngata, e le hore ba khone ho koahela litlhoko tsa bona le hore ba se ke ba lahleheloa ke mosebetsi. Hangata sena se etsa hore ba lule ba khathetse le hore ba hloke nako ea ho ba le metsoalle ea bona. Ba bang ba lula libakeng tseo ho nang le melao e ba thibelang ho tloaelana le batho ba itseng. Ba bang bona ba lula libakeng tseo batho ba inahanang bobona ho e-na le ho bontša thahasello ho batho ba bang, e leng se etsang hore ho be thata ho etsa metsoalle.

Ke mantsiboea, rakhoebo o eme a le mong pela fensetere ’me o shebile ka ntle.

Lintho tse ileng tsa re hlahela nakong e fetileng. Ha motho a ile a utloisoa bohloko ’meleng le maikutlong, a ka lula a utloile bohloko a ba a sitoa ho lebala se mo etsahaletseng. Kahoo, a ka thatafalloa ke ho tšepa batho ba bang le ho ba etsa metsoalle.

Ngoanana e monyenyane ea utloileng bohloko o furalletse batsoali ba hae ba ntseng ba ngangisana.

U KA HLOLA BOIKUTLO BA HO JEOA KE BOLUTU

U ka nka mehato ea ho sebetsana le ho jeoa ke bolutu ho sa tsotellehe hore na ke eng e etsang hore u ikutloe joalo. Batho ba bangata ba ile ba khona ho hlola boikutlo bona. Lihloohong tse latelang, re tla bona hore na le uena u ka hlola boikutlo bona joang.


ITHUTE HO EKETSEHILENG: Shebella video ea Ke’ng eo u Lokelang ho e Tseba ka Mecha ea Puisano?.

a Haeba motho a lula a tšoenyehile kapa a e-na le khatello ea maikutlo, ho ka ’na ha hlokahala hore a fumane thuso ea lingaka. Ho etsa joalo ho ka mo thusa ho sebetsana ka katleho le ho jeoa ke bolutu.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela