Khaolo 8
Ho Loanela ho ba Bahlōli
SMYRNA
1. (a) Ke phutheho efe e latelang e amohelang molaetsa o tsoang ho Jesu ea tlotlisitsoeng? (b) Ka ho ipitsa “oa Pele le oa ho Qetela,” Jesu o ne a hopotsa Bakreste ba phutheho eo eng?
KAJENO, Efese ea boholo-holo ke lesupi. Empa motse oo molaetsa oa bobeli oa Jesu o lebisitsoeng ho oona e ntse e le motse o phetheselang. Lik’hilomithara tse ka bang 56 ka leboea ho masupi a Efese ke motse oa Turkey oa Izmir, moo liphutheho tse ’nè tse chesehang tsa Lipaki Tsa Jehova li ka fumanoang teng le kajeno. Mona, lekholong la pele la lilemo, e ne e le Smyrna. Joale, hlokomela mantsoe a latelang a Jesu: “Ngolla lengeloi la phutheho e Smyrna u re: Tsena ke lintho tse boleloang ke ‘oa Pele le oa ho Qetela,’ ea ileng a shoa ’me a boela a phela.” (Tšenolo 2:8) Ha Jesu a bua mantsoe ao ho Bakreste bao ba Smyrna, o ba hopotsa hore ke eena feela motho oa pele le oa ho qetela ea tšepahalang eo ka ho toba Jehova a ileng a mo tsosetsa bophelong ba moea ba ho se shoe. Jesu ke eena ea neng a tla tsosa Bakreste ba bang bohle ba tlotsitsoeng. Kahoo o tšoaneleha hantle ho eletsa barab’abo, ba nang le tšepo ea ho phela le eena leholimong ba sa shoe.
2. Ke hobane’ng ha Bakreste bohle ba tšelisoa ke mantsoe a Ea ileng “a shoa ’me a boela a phela”?
2 Jesu o ile a bula tsela ka ho mamella mahloriso ka lebaka la ho loka, ’me o ile a amohela moputso o mo loketseng. Ho tšepahala ha hae ho isa lefung le ho tsoha ha hae ka mor’a moo ke tsona lintho tse etsang hore Bakreste bohle ba be le tšepo. (Liketso 17:31) Taba ea hore ebe Jesu o ile “a shoa ’me a boela a phela” e paka hore ntho efe kapa efe e lokelang ho mamelloa tseleng ea ’nete hase ea lefeela. Tsoho ea Jesu e khothatsa Bakreste bohle haholo, haholo-holo haeba ba lokela ho utloa bohloko ka lebaka la tumelo ea bona. Na le uena u boemong boo? Haeba ho joalo, le uena u ka khothatsoa ke mantsoe a latelang a Jesu a eang phuthehong ea Smyrna:
3. (a) Jesu o ile a khothatsa Bakreste ba Smyrna joang? (b) Le hoja Bakreste ba Smyrna ba ne ba futsanehile, ke hobane’ng ha Jesu a ile a re ba ‘ruile’?
3 “Ke tseba matšoenyeho le bofutsana ba hao—empa u ruile—le nyefolo ea ba reng ke Bajuda, leha ho le joalo e se bona empa e le synagoge ea Satane.” (Tšenolo 2:9) Jesu ha a nyatse barab’abo ba Smyrna, o mpa a ba babatsa ka mofuthu feela. Ba sotliloe haholo ke ho tšoenngoa ka lebaka la tumelo ea bona. Nameng ba futsanehile, mohlomong ka lebaka la ho tšepahala ha bona. (Baheberu 10:34) Leha ho le joalo, ba amehile haholo ka lintho tsa moea, ’me ba bokeletse matlotlo leholimong, joalokaha Jesu a elelitse. (Matheu 6:19, 20) Kahoo, Molisa ea ka Sehloohong o nka hore ba ‘ruile.’—Bapisa le Jakobo 2:5.
4. Bakreste ba Smyrna ba ile ba hanyetsoa haholo ke bo-mang, ’me Jesu o ile a talima bahanyetsi bao joang?
4 Ka ho khetheha Jesu o hlokomela hore Bakreste ba Smyrna ba mameletse ha ba hanyetsoa haholo ke Bajuda ba tlhaho. Matsatsing a pejana, ba bangata bolumeling bona ba ile ba hanyetsa ho ata ha Bokreste ka matla. (Liketso 13:44, 45; 14:19) Joale, lilemo tse mashome a seng makae feela ka mor’a hore Jerusalema e oe, Bajuda bao ba Smyrna ba bontša moea o tšoanang oa bosatane. Hase feela Jesu a ba talimang e le “synagoge ea Satane”!a
5. Ke liteko life tse neng li emetse Bakreste ba Smyrna?
5 Kaha Bakreste ba Smyrna ba tobane le lehloeo le joalo, ba tšelisoa ke Jesu, ha a re: “U se ke ua tšaba lintho tseo u leng haufi le ho utloisoa bohloko ke tsona. Bona! Diabolose o tla ’ne a lahlele ba bang ba lōna chankaneng e le hore le ka lekoa ka ho feletseng, le hore le ka ba le matšoenyeho ka matsatsi a leshome. U tšepahale esita le ho isa lefung, ’me ke tla u fa moqhaka oa bophelo.” (Tšenolo 2:10) Mona Jesu o sebelisa sebōpeho se ka bongateng sa lentsoe la Segerike e leng “lōna,” ho bontša hore mantsoe a hae a akaretsa phutheho kaofela. Jesu a ke ke a tšepisa hore liteko tsa Bakreste ba Smyrna li tla fela kapele. Ba bang ba bona ba tla tsoela pele ho hlorisoa le ho kenngoa teronkong. Ba tla ba le matšoenyeho ka “matsatsi a leshome.” Leshome ke palo e tšoantšetsang ho fella ha lintho tsa lefatšeng kapa ntho kaofela. Esita le bao ba lutseng ba tšepahala ba ruileng moeeng ba tla lekoa ka ho feletseng hafeela e ntse e le batho ba nama.
6. (a) Ke hobane’ng ha Bakreste ba Smyrna ba sa lokela ho tšoha? (b) Jesu o ile a qetella molaetsa oa hae o eang phuthehong ea Smyrna joang?
6 Leha ho le joalo, Bakreste ba Smyrna ha baa lokela ho tšaba kapa ho sekisetsa. Haeba ba tšepahala ho fihlela qetellong, ba tla fumana “moqhaka oa bophelo” e le moputso, ’me ho bona e tla ba bophelo ba ho se shoe maholimong. (1 Bakorinthe 9:25; 2 Timothea 4:6-8) Moapostola Pauluse o ne a nka moputso ona e le oa bohlokoa hoo a neng a lokela ho tela ntho e ’ngoe le e ’ngoe, esita le bona bophelo ba hae ba lefatšeng, ka lebaka la oona. (Bafilipi 3:8) Ho totobetse hore le bao ba tšepahalang ba Smyrna ba ikutloa ka tsela e tšoanang. Jesu o qetella molaetsa oa hae ka ho re: “Ea nang le tsebe a ke a utloe seo moea o se bolellang liphutheho: Ea hlōlang ho hang a ke ke a ntšoa kotsi ke lefu la bobeli.” (Tšenolo 2:11) Bahlōli ba tiisetsoa hore ba tla fumana bophelo ba ho se shoe leholimong moo ba ke keng ba angoa ke lefu.—1 Bakorinthe 15:53, 54.
“Matšoenyeho ka Matsatsi a Leshome”
7, 8. Joaloka phutheho ea Smyrna, phutheho ea Bokreste e ile ea “lekoa ka ho feletseng” joang ka 1918?
7 Hantle feela joaloka Bakreste ba Smyrna, sehlopha sa Johanne le metsoalle ea sona kajeno ba ‘lekiloe ka ho feletseng’ ebile ba ntse ba tsoela pele ho lekoa. Ho tšepahala ha bona tlas’a teko hoa ba khetholla hore ke batho ba Molimo. (Mareka 13:9, 10) Hang hoba letsatsi la Morena le qale, mantsoe a Jesu a eang ho Bakreste ba Smyrna a ile a tlisa matšeliso a sebele ho sehlopha se senyenyane sa batho ba Jehova se entsoeng ka lichaba tse ngata. (Tšenolo 1:10) Haesale ho tloha ka 1879, ba ’nile ba cheka maruo a moea Lentsoeng la Molimo ’me ba a abela ba bang ka bolokolohi. Empa nakong ea Ntoa ea I ea Lefatše, ba ile ba hlouoa le ho hlorisoa haholo, lebaka le leng e le hobane ba sa ka ba kena moeeng oa ntoa ’me lebaka le leng e le hobane ba ne ba pepesa liphoso tsa Bokreste-’mōtoana ka sebete. Tlhoriso eo ba ileng ba e fumana ka lebaka la tšusumetso ea baeta-pele ba bang ba Bokreste-’mōtoana e ile ea fihla tlhōrōng ka 1918 ’me e ne e tšoana le eo Bakreste ba Smyrna ba ileng ba e fumana ho sechaba sa Bajuda sebakeng seo.
8 Mahloriso a ileng a e-ba teng United States of America a ile a fihla tlhōrōng ha mookameli e mocha oa Mokhatlo oa Watch Tower, Joseph F. Rutherford, le ba bang ba supileng ba ne ba kenngoa teronkong ka la 22 June, 1918, boholo ba bona ba ahloletsoe lilemo tse 20. Ba ile ba lokolloa ka beile likhoeli tse robong hamorao. Ka la 14 May, 1919, lekhotla la boipiletso le ile la etsolla likahlolo tse fosahetseng tseo ba neng ba li fuoe; ho ile ha bontšoa hore ho ne ho e-na le liphoso tse 130 nyeoeng eo. Moahloli Manton oa Roma e K’hatholike, eo e neng e le setho sa lebotho la Mohalaleli Gregory e Moholo, eo ka 1918 a neng a ile a hanela Bakreste bana ka beile, hamorao ka 1939 o ile a ahloleloa lilemo tse peli teronkong le ho lefa R20 000 ka lebaka la liqoso tse tšeletseng tsa ho qela lichelete ka bolotsana le ho amohela tjotjo.
9. Hitler o ile a tšoara Lipaki Tsa Jehova tse Jeremane ea Bonazi joang, hona baruti ba ile ba ikutloa joang ka see?
9 Pusong ea Bonazi Jeremane, Hitler o ile a thibela mosebetsi oa ho bolela oa Lipaki Tsa Jehova ka ho feletseng. Ka lilemo, Lipaki tse likete li ile tsa kenngoa likampong tsa mahloriso le literonkong ka sehlōhō, ’me tse ngata li ile tsa shoela teng, ha bahlankana ba ka bang 200 ba ileng ba hana ho loana sesoleng sa Hitler bona ba ile ba bolaoa. Mantsoe a moruti e mong oa K’hatholike, a ileng a ngoloa koranteng ea The German Way ea la 29 May, 1938, ke bopaki ba hore baruti ba ne ba tšehelitse sena sohle. Mantsoe a mang a hae a ne a re: “Hona joale ho na le naha e le ’ngoe lefatšeng moo bana bao ho thoeng ke . . . Liithuti Tsa Bibele [Lipaki Tsa Jehova] ba thibetsoeng. Naha eo ke Jeremane! . . . Ha Adolph Hitler e e-ba moeta-pele, ’me Sehlopha sa Babishopo ba K’hatholike sa Jeremane se boela se ipiletsa ho eena, Hitler o ile a re: ‘Bana bao ho thoeng ke Liithuti Tse Matla Tsa Bibele [Lipaki Tsa Jehova] ke batho ba likhathatso; . . . ke ba talima e le baikaketsi; ha ke lumelle hore Mak’hatholike a Jeremane a tle a silafatsoe ka mokhoa o joalo ke Moahloli Rutherford enoa oa Leamerika; ke felisa [Lipaki Tsa Jehova] Jeremane.’” Ha moruti a utloa mantsoe ana, o ile a re: “Le lumme!”
10. (a) Ha letsatsi la Morena le ntse le tsoela pele, Lipaki Tsa Jehova li ile tsa hlorisoa ka tsela efe? (b) Ha Bakreste ba loanela tokoloho ea bolumeli ka makhotleng a molao, hangata hoo ho ne ho fella ka eng?
10 Ha letsatsi la Morena le ntse le tsoela pele, ha ho mohla Noha le peō ea eona ba kileng ba khaotsa ho loantša Bakreste ba tlotsitsoeng le metsoalle ea bona. Ba bangata ba bona ba ’nile ba kenngoa literonkong ’me ba hlorisoa ka sehlōhō. (Tšenolo 12:17) Lira tseo li tsoetse pele ho ‘fetola bobe molao,’ empa batho ba Jehova ba tsitlella ka tieo ho re: “Re tla mamela Molimo e le ’musi ho e-na le batho.” (Pesaleme ea 94:20, Bibele—Phetolelo e Ncha; Liketso 5:29) Ka 1954, makasine ea Molula-Qhooa e ile ea re: “Nakong ea lilemo tse mashome a mane tse fetileng linaha tse fetang mashome a supileng li entse melao e thibelang lipaki tsa Jehova ’me li li hlorisitse.” Moo ba neng ba khona ho loanela tokoloho ea bolumeli ka makhotleng a molao, Bakreste bana ba ile ba etsa joalo ’me ba ile ba hlōla ka mokhoa o babatsehang linaheng tse ’maloa. Lekhotleng le ka Holimo-limo la United States feela, Lipaki Tsa Jehova li ile tsa hlōla linyeoe tse 50.
11. Ke boprofeta bofe ba Jesu bo mabapi le pontšo ea ho ba teng ha hae bo phethahetseng ho Lipaki Tsa Jehova letsatsing la Morena?
11 Ha ho na sehlopha se seng se bileng seli hakaalo ho mamela taelo ea Jesu ea ho lefa Cesare lintho tsa Cesare. (Luka 20:25; Baroma 13:1, 7) Leha ho le joalo, ha ho sehlopha se seng se kileng sa e-ba le litho tse kenngoang teronkong linaheng tse ngata hakana ke mefuta e mengata hakana e sa tšoaneng ea puso, ’me hona ho tsoela pele ho tla fihlela nakong ena Linaheng Tsa Amerika, Europe, Afrika le Asia. Boprofeta bo boholo ba Jesu mabapi le pontšo ea ho ba teng ha hae bo ne bo akarelletsa mantsoe ana a reng: “Joale batho ba tla nehelana ka lōna matšoenyehong ’me ba tla le bolaea, ’me le tla hlouoa ke lichaba tsohle ka lebaka la lebitso la ka.” (Matheu 24:3, 9) Ka sebele ho bile joalo ho Lipaki Tsa Jehova tsa Bakreste letsatsing la Morena.
12. Sehlopha sa Johanne se matlafalitse batho ba Molimo joang hore ba tobane le mahloriso?
12 E le ho matlafatsa batho ba Molimo khahlanong le matšoenyeho, sehlopha sa Johanne se ’nile sa ba hopotsa bohlokoa ba mantsoe a Jesu a eang ho Bakreste ba Smyrna. Ka mohlala, ha mahloriso a Bonazi a qala, ka 1933 le ka 1934 Molula-Qhooa (oa Senyesemane) o ne o e-na le lihlooho tse kang se reng “Le se ke la ba Tšaba,” se neng se tšohla Matheu 10:26-33; se reng “Teko e Matla,” se neng se thehiloe ho Daniele 3:17, 18; le se reng “Melomo ea Litau,” seo lengolo la sehlooho ho sona e neng e le Daniele 6:22. Ka bo-1980, lilemong tseo ka tsona buka ena e ileng ea hatisoa ka lekhetlo la pele le nakong eo ka eona Lipaki Tsa Jehova li neng li hlorisoa ka sehlōhō linaheng tse fetang 40, Molula-Qhooa o ile oa matlafatsa batho ba Molimo ka lihlooho tse kang se reng “Ho Thaba Leha re Hlorisoa!” le se reng “Bakreste ba Thulana le Tlhoriso ka Mamello.”b
13. Joaloka Bakreste ba Smyrna, ke hobane’ng ha Lipaki Tsa Jehova tsa Bakreste li sa tšabe mahloriso?
13 Kannete, Lipaki Tsa Jehova tsa Bakreste li utloa bohloko ka lebaka la ho hlorisoa ’meleng le ka lebaka la liteko tse ling ka matsatsi a leshome a tšoantšetso. Joaloka Bakreste ba Smyrna, le tsona ha li tšabe; ebile ha ho hlokahale hore leha e le ofe oa rōna a tšohe ha mathata a ntse a mpefala mona lefatšeng. Re ikemiselitse ho mamella bohloko le ho ‘tlatlapuoa lintho tsa rōna’ ka thabo. (Baheberu 10:32-34) Ka ho ithuta Lentsoe la Molimo le ho le sebelisa bophelong ba rōna, re tla hlomelloa hore re eme re tiile tumelong. Kholiseha hore Jehova a ka u lebela ebile o tla u lebela ha u tšepahala. “[Lahlelang] matšoenyeho ’ohle a lōna ho eena, hobane oa le tsotella.”—1 Petrose 5:6-11.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Lilemo tse ka bang 60 hoba Johanne a shoe, Polycarp ea lilemo li 86 o ile a chesoa ho fihlela a e-shoa Smyrna hobane a ne a ke ke a latola hore o lumela ho Jesu. The Martyrdom of Polycarp, e leng buka eo ho lumeloang hore ke ea mehleng ea ketsahalo ena, e bolela hore ha ho ne ho roalloa patsi a tl’o chesoa, “Bajuda ba ne ba cheseha ka ho feteletseng, joalokaha e le tloaelo ea bona, ho thusa ho sena”—le hoja a ne a bolaoa ka “letsatsi le leholo la Sabatha.”
b Bona Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa November 1, 1933; le oa October 1 le 15, oa December 1 le 15, 1934; Molula-Qhooa oa September 15, 1983.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 39]
Ka lilemo tse ngata, bo-rahistori ba ’nile ba fana ka bopaki mabapi le botšepehi ba Lipaki Tsa Jehova tsa Jeremane nakong ea puso ea Bonazi. Buka ea Mothers in the Fatherland, ea setsebi sa histori Claudia Koonz, e hatisitsoeng ka 1986, e re: “Majeremane a mangata haholo a neng a sa tšehetse Bonazi a ile a iphumanela litsela tsa ho phela tlas’a puso eo a neng a e nyatsa. . . . Ka lehlakoreng le leng letotong lena le leholohali la batho le maikutlo a sa tšoaneng ho ne ho e-na le Lipaki Tsa Jehova tse 20 000 tseo, e le batho ka bomong, li neng li sa sisinyehe ha li hana ho mamela ’muso oa Bonazi ka mokhoa leha e le ofe. . . . Sehlopha se momahaneng ka ho fetisisa sa batho ba neng ba hanyetsa ’muso se ne se tšehelitsoe ke bolumeli. Ho tloha qalong, Lipaki Tsa Jehova ha lia ka tsa sebelisana le karolo leha e le efe ea ’muso oa Bonazi. Le ka mor’a hore Gestapo e senye ntlo-khōlō ea tsona ka har’a naha ka 1933 ’me e thibele sehlotšoana seo sa bokhelohi ka 1935, li ne li hana feela le ho re ‘Heil Hitler.’ Ba ka etsang halofo (bao boholo ba bona e neng e le banna) ba Lipaki tsohle Tsa Jehova ba ile ba romeloa likampong tsa mahloriso, ba sekete ba bona ba bolaoa, ’me ba bang ba sekete ba shoa pakeng tsa 1933 le 1945. . . . Mak’hatholike le Maprostanta a ile a utloa ha baruti ba ’ona ba a khothalletsa hore a sebelisane le Hitler. Haeba a hana, a ne a e-ba khahlanong le litaelo tsa kereke le tsa naha.”