Khaolo 22
Bomalimabe ba Pele—Litsie
1. Ke bo-mang ba latelang mohlala oa mangeloi ha a utloahatsa melumo e tlerolang ea literompeta, ’me molumo o tlerolang oa terompeta ea bohlano o phatlalatsa eng?
LENGELOI la bohlano le itokisetsa ho letsa terompeta ea lona. Literompeta tse ’nè tsa leholimo li se li letsitsoe, ’me likotlo tse ’nè li se li lihetsoe karolong ea boraro ea lefatše eo Jehova a e nkang e le eona e molato ka ho fetisisa—e leng Bokreste-’mōtoana. Boemo ba bona ba ho kulela lefu bo senotsoe. Ha mangeloi a utloahatsa melumo e tlerolang ea literompeta, manģosa a batho a latela mohlala oa ’ona lefatšeng. Joale terompeta ea lengeloi la bohlano e haufi le ho phatlalatsa bomalimabe ba pele, bo tšabehang le ho feta lintho tse tlileng pele. Bo amana le kotlo e tšosang ea litsie. Leha ho le joalo, pele a re hlahlobeng mangolo a mang a tla re thusa ho utloisisa kotlo ena hamolemo.
2. Ke buka efe ea Bibele e hlalosang kotlo ea litsie e tšoanang le eo Johanne a e bonang, ’me e ile ea ama Iseraele ea boholo-holo joang?
2 Buka ea Bibele ea Joele, e ngotsoeng lilemong tsa bo-800 B.C.E., e hlalosa kotlo ea likokoanyana, e akarelletsang litsie, e tšoanang le eo Johanne a e bonang. (Joele 2:1-11, 25)a E ne e tla tšoenya Iseraele e koenehileng haholo empa e ne e tla boela e felle ka hore Bajuda ka bomong ba bake ’me ba boele ba amoheloe ke Jehova. (Joele 2:6, 12-14) Ha nako eo e fihla, Jehova o ne a tla tšollela moea oa hae “holim’a nama ea mofuta o mong le o mong,” ’me lipontšo tse tšabehang le tse tšosang li ne li tla etella pele ‘ho fihla ha letsatsi le leholo le le tšosang la Jehova.’—Joele 2:11, 28-32.
Kotlo ea Lekholong la Pele la Lilemo
3, 4. (a) Joele khaolo ea 2 e ile ea phethahala neng, hona joang? (b) Ho bile le kotlo e kang boieane ba litsie joang lekholong la pele la lilemo C.E., ’me kotlo eo e ile ea tsoela pele halelele hakae?
3 Joele khaolo ea 2 e ile ea phethahala lekholong la pele la lilemo. E ne e le ka Pentekonta ea 33 C.E., ha moea o halalelang o tšolloa, ho tlotsoa Bakreste ba pele ba bile ba fuoa matla a ho bua “lintho tse hlollang tsa Molimo” ka lipuo tse ngata. Ka lebaka leo, ho ile ha bokana letšoele le leholo. Moapostola Petrose o ile a bua le bashebelli bao ba maketseng, a qotsa Joele 2:28, 29 ’me a hlalosa hore ba ne ba bona ha e phethahala. (Liketso 2:1-21) Empa ha ho tlaleho ea hore ho ile ha e-ba le kotlo ea likokoanyana tsa sebele ka nako eo, tse ileng tsa tšoenya ba bang le ho etsa hore ba bang ba bake.
4 Na ho ile ha e-ba le kotlo ea tšoantšetso mehleng eo? E, ka sebele! E ile ea bakoa ke ho bolela ho sa khaotseng ha Bakreste ba neng ba sa tsoa tlotsoa.b Jehova o ile a ba sebelisa ho mema Bajuda ba neng ba tla mamela hore ba bake ’me ba fumane mahlohonolo a tsoang ho eena. (Liketso 2:38-40; 3:19) Batho ba ileng ba amohela memo ena ba ile ba amohela mohau oa hae ka mokhoa o tsotehang. Empa ho ba ileng ba hana memo, Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba tšoana le boieane ba litsie tse senyang. Ho qala Jerusalema, ba ile ba hasana Judea eohle le Samaria. Ka potlako ba ile ba kena hohle, ba hlokofatsa Bajuda ba sa lumelang ha ba bolela tsoho ea Jesu phatlalatsa, le sohle seo e neng e se bolela. (Liketso 1:8; 4:18-20; 5:17-21, 28, 29, 40-42; 17:5, 6; 21:27-30) Kotlo eo e ile ea tsoela pele ho fihlela ‘letsatsing le tšosang,’ ka 70 C.E., ha Jehova a tlisa makhotla a Roma hore a tl’o timetsa Jerusalema. Bakreste ba ileng ba ipiletsa lebitsong la Jehova ka tumelo ke bona feela ba ileng ba pholoha.—Joele 2:32; Liketso 2:20, 21; Liproverbia 18:10.
Kotlo ea Litsie Kajeno
5. Boprofeta ba Joele bo phethahetse joang ho tloha ka 1919?
5 Ka ho utloahalang, re ne re ka lebella hore boprofeta ba Joele bo phethahale la ho qetela nakong ea bofelo. Ka sebele ho bile joalo! Kopanong ea Liithuti Tsa Bibele e neng e le Cedar Point, Ohio, U.S.A., ka la 1-8 September, 1919, ho tšolloa ho hlokomelehang ha moea oa Jehova ho ile ha matlafatsa batho ba hae hore ba hlophise phutuho ea boboleli lefatšeng lohle. Ho bohle ba neng ba ipolela hore ke Bakreste, ke bona feela bao eitseng ha ba hlokomela hore Jesu o behiloe teroneng e le Morena oa leholimo, eaba ba etsa boiteko bohle ba ho phatlalatsa litaba tseo tse molemo hohle. Ho paka ha bona ba sa khaotse ho neng ho phethahatsa boprofeta, ho ile ha fetoha kotlo e hlokofatsang ho Bokreste-’mōtoana bo koenehileng.—Matheu 24:3-8, 14; Liketso 1:8.
6. (a) Johanne o ile a bona eng ha lengeloi la bohlano le letsa terompeta ea lona? (b) “Naleli” ee e tšoantšetsa mang, hona hobane’ng?
6 Tšenolo, e ngotsoeng lilemo tse ka bang 26 ka mor’a hore Jerusalema e ripitloe, le eona e hlalosa kotlo eo. E eketsa eng tlhalosong ea Joele? A re hlahlobeng tlaleho eo, joalokaha e tlalehiloe ke Johanne: “Lengeloi la bohlano la letsa terompeta ea lona. Ka bona naleli e neng e oetse lefatšeng e tsoa leholimong, ’me ea fuoa senotlolo sa sekoti sa mohohlo.” (Tšenolo 9:1) “Naleli” ena e fapane le e boleloang ho Tšenolo 8:10 eo Johanne a e boneng e oa. O bona “naleli e neng e oetse lefatšeng e tsoa leholimong” eo joale e nang le kabelo lefatšeng lena. Na ebe eo ke motho oa moea kapa ke motho oa nama? Hamorao ho hlalosoa hore motšoari oa ‘senotlolo sena sa sekoti sa mohohlo’ o akhela Satane “ka mohohlong.” (Tšenolo 20:1-3) Kahoo e tlameha ebe ke motho oa moea ea matla. Ho Tšenolo 9:11, Johanne o re bolella hore litsie “li na le morena ea li okametseng, lengeloi la mohohlo.” (Tšenolo 9:11) E tlameha ebe litemana tsena ka bobeli li bua ka motho a le mong, kaha hoa utloahala hore ebe lengeloi le tšoereng senotlolo sa mohohlo ke lona lengeloi la mohohlo. E tlameha ebe naleli eona e tšoantšetsa Morena ea khethiloeng ke Jehova, kaha Bakreste ba tlotsitsoeng ba ela hloko hore ba na le Morena a le mong feela oa lengeloi, Jesu Kreste.—Bakolose 1:13; 1 Bakorinthe 15:25.
7. (a) Ho etsahala eng ha “sekoti sa mohohlo” se buloa? (b) “Mohohlo” ke eng, ’me ke bo-mang ba ileng ba qeta nako e khutšoanyane ka ho oona?
7 Tlaleho e tsoela pele ho re: “Ea bula sekoti sa mohohlo, ’me mosi oa nyoloha ka sekoting joaloka mosi oa sebōpi se seholo, ’me letsatsi la fifatsoa, le oona moea, ke mosi oa sekoti. Ho tsoa mosing litsie tsa tsoela lefatšeng; ’me tsa fuoa matla, matla a tšoanang le ao liphepheng tsa lefatše li nang le ’ona.” (Tšenolo 9:2, 3) Ho ea ka Mangolo, “mohohlo” ke sebaka seo ho se nang mosebetsi ho sona, sa lefu. (Bapisa le Baroma 10:7; Tšenolo 17:8; 20:1, 3.) Sehlotšoana sa barab’abo Jesu se ile sa qeta nako e khutšoanyane ‘ka mohohlong’ o joalo oo ho se nang mosebetsi ho oona qetellong ea ntoa ea pele ea lefatše (1918-19). Empa ha Jehova a tšollela moea oa hae holim’a bahlanka ba hae ba bakileng ka 1919, ba ile ba futuha ho ea thulana le phephetso ea mosebetsi o neng o larile ka pele.
8. Ke joang ho hlahang “mosi” o mongata ha litsie li lokolloa?
8 Joalokaha Johanne a hlokomela, ha litsie li lokolloa, ho hlaha mosi o mongata o “joaloka mosi oa sebōpi se seholo.”c Ke ka tsela eo ho bileng ka eona ka 1919. Boemo bo ile ba fifalla Bokreste-’mōtoana le lefatše ka kakaretso. (Bapisa le Joele 2:30, 31.) Ho lokolloa ha litsie tseo, e leng sehlopha sa Johanne, ha e le hantle e ne e le ho hlōloa ha baruti ba Bokreste-’mōtoana, ba neng ba lohile mano ba bile ba rerile ho bolaela mosebetsi oa ’Muso ruri, bao joale ba neng ba hana ’Muso oa Molimo. Bopaki ba ntho e lopaletseng joaloka mosi bo ile ba qala ho aparela Bokreste-’mōtoana ba bokoenehi ha Molimo a fa sehlopha sa litsie matla ’me se qala ho a sebelisa ho bolela melaetsa e matla ea kahlolo. “Letsatsi” la Bokreste-’mōtoana—e leng ho bonahala ha bona eka bo leseling—le ile la fifala, ’me “moea” oa ntšofala ka lebaka la liphatlalatso tsa kahlolo ea Molimo ha ho bontšoa hore “’musi oa matla a moea” oa lefatše lena ke molimo oa Bokreste-’mōtoana.—Baefese 2:2; Johanne 12:31; 1 Johanne 5:19.
Litsie Tse Hlokofatsang!
9. Litsie li ile tsa fuoa litaelo life tsa ntoa?
9 Litsie tseo li ile tsa fuoa litaelo life tsa ntoa? Johanne o tlaleha tjena: “Tsa bolelloa hore li se ke tsa senya limela tsa lefatše kapa ntho leha e le efe e tala kapa sefate leha e le sefe, haese feela batho ba se nang tiiso ea Molimo liphatleng tsa bona. Litsie tsa nehoa hore li se ke tsa ba bolaea, empa hore ba hlokofatsoe ka likhoeli tse hlano, ’me tlhokofatso ea bona e ne e tšoana le tlhokofatso ea phepheng ha e loma motho. Matsatsing ao batho ba tla batla lefu empa ho hang ba ke ke ba le fumana, ’me ba tla lakatsa ho shoa empa lefu le ntse le ba balehela.”—Tšenolo 9:4-6.
10. (a) Kotlo eo e tobisitsoe ho bo-mang haholo-holo, hona e ba amme joang? (b) Ho ameha tlhokofatso ea mofuta ofe? (Bona le mongolo o botlaaseng ba leqephe ho NW.)
10 Hlokomela hore kotlo ena ha ea tobisoa pele ho batho kapa ba hlaheletseng har’a bona—e leng ‘limela le lifate tsa lefatše.’ (Bapisa le Tšenolo 8:7.) Litsie li lokela ho hlokofatsa feela batho ba se nang tiiso ea Molimo liphatleng tsa bona, ba leng Bokreste-’mōtoaneng ba ipolelang hore ba tiisitsoe empa tlaleho ea bona e hanana le boipolelo boo. (Baefese 1:13, 14) Kahoo, lipolelo tse hlokofatsang tsa litsie tsena tsa kajeno li ile tsa tobisoa ho baeta-pele ba bolumeli ba Bokreste-’mōtoana pele. E tlameha ebe banna baa ba ikhantšang ba ile ba hlokofatsoa hakaakang ha ba utloa ho phatlalatsoa hore ha baa hlōleha feela ho etella pele mehlape ea bona ho e isa leholimong empa hore le bona ka bobona ba ke ke ba kena moo!d Ruri, ba bile boemong ba ‘sefofu se tataisang sefofu’!—Matheu 15:14.
11. (a) Litsie li fuoe matla a ho hlokofatsa lira tsa Molimo ka nako e kae, ’me ke hobane’ng ha ka sebele eo e se nako e khutšoanyane? (b) Tlhokofatso eo e matla hakae?
11 Tlhokofatso eo e ne e tla ba ea likhoeli tse hlano. Na eo ke nako e batlang e le khutšoanyane? Eseng ho litsie tsa sebele. Ka tloaelo, tsie e le ’ngoe e phela likhoeli tse hlano. Kahoo, hafeela litsie tsa kajeno li ntse li phela li tla ’ne li lome lira tsa Molimo. Ho feta moo, li hlokofatsa batho hoo ba lakatsang ho shoa. Ke ’nete hore ha re na tlaleho e bontšang hore har’a batho ba kileng ba longoa, ho na le ba hlileng ba leka ho ipolaea. Empa polelo eo e re thusa ho bona kamoo tlhokofatso eo e leng matla kateng—joalokaha eka ke tlhaselo e sa khaotseng ea liphepheng. E tšoana le mahlomola ao Jeremia a ileng a bona esale pele hore a ne a tla hlahela Baiseraele ba sa tšepahaleng ba neng ba tla qhalakanngoa ke Bababylona ba ba hlōtseng ’me ba lakatse lefu ho feta bophelo.—Jeremia 8:3; bona le Moeklesia 4:2, 3.
12. Ke hobane’ng ha litsie li lumeletsoe ho hlokofatsa baeta-pele ba bolumeli ba Bokreste-’mōtoana, ka kutloisiso ea moea, eseng ho ba bolaea?
12 Ke hobane’ng ha li lumeletsoe ho ba hlokofatsa, ka kutloisiso ea moea, eseng ho ba bolaea? Bona ke bomalimabe ba pele bo pepesang mashano a Bokreste-’mōtoana le ho hlōleha ha bona, empa hamorao ha letsatsi la Morena le ntse le tsoela pele, boemo ba bona bo kang ba lefu la moea bo tla phatlalatsoa ka botlalo. Karolo ea boraro ea batho e tla bolaoa nakong ea bomalimabe ba bobeli.—Tšenolo 1:10; 9:12, 18; 11:14.
Litsie li Hlomeletsoe Ntoa
13. Litsie li shebahala joang?
13 Litsie tseo li shebahala ka tsela e makatsang hakaakang! Johanne oa e hlalosa, o re: “Sebōpeho sa litsie se ne se tšoana le lipere tse lokiselitsoeng ntoa; ’me lihloohong tsa tsona ho ne ho e-na le ho bonahalang e le meqhaka e joaloka khauta, ’me lifahleho tsa tsona li ne li le joaloka lifahleho tsa batho, empa li ne li e-na le moriri o kang moriri oa basali. Meno a tsona a ne a le joaloka a litau; ’me li ne li e-na le litšireletso tsa sefuba tse joaloka litšireletso tsa sefuba tsa tšepe. Molumo oa mapheo a tsona o ne o le joaloka molumo oa likoloi tsa lipere tse ngata tse mathelang ntoeng.”—Tšenolo 9:7-9.
14. Ke hobane’ng ha tsela eo Johanne a hlalosang litsie ka eona e tšoanela sehlopha sa Bakreste ba tsosolositsoeng ka 1919?
14 Sena se tšoantšetsa hantle sehlopha se tšepahalang sa Bakreste ba tsosolositsoeng ka 1919. Joaloka lipere, ba ne ba loketse ntoa, ba chesehela ho loanela ’nete ka tsela e hlalositsoeng ke moapostola Pauluse. (Baefese 6:11-13; 2 Bakorinthe 10:4) Johanne o bona ho bonahalang eka ke meqhaka e kang ea khauta lihloohong tsa bona. E ne e ke ke ea e-ba ho loketseng hore ba be le meqhaka ea sebele hobane ha ba qale ho busa ha ba sa ntse ba le lefatšeng. (1 Bakorinthe 4:8; Tšenolo 20:4) Empa ka 1919 ba ne ba se ba ntse ba shebahala joaloka marena. E ne e le barab’abo Morena, ’me ba ne ba boloketsoe meqhaka ea bona ea leholimo hafeela ba tsoela pele ho tšepahala ho fihlela qetellong.—2 Timothea 4:8; 1 Petrose 5:4.
15. Ho boleloa eng ha ho buuoa ka (a) litšireletso tsa sefuba tsa tšepe tsa litsie? (b) lifahleho tsa litsie tse kang tsa batho? (c) moriri oa litsie o kang oa mosali? (d) meno a litsie a kang a litau? (e) hore litsie li etsa lerata le leholo?
15 Ponong, litsie li na le litšireletso tsa sefuba tsa tšepe, tse tšoantšetsang ho loka ho ke keng ha senngoa. (Baefese 6:14-18) Hape li na le lifahleho tsa batho, ’me tšobotsi ena e bontša lerato, kaha motho o entsoe ka setšoantšo sa Molimo, eo e leng lerato. (Genese 1:26; 1 Johanne 4:16) Moriri oa tsona o molelele joaloka oa mosali, e leng ho tšoantšetsang hantle ho ikokobelletsa Morena oa tsona, lengeloi la mohohlo. Meno a tsona a tšoana le meno a tau. Tau e sebelisa meno a eona ho rusolla nama. Ho tloha ka 1919 ho ea pele, sehlopha sa Johanne se ile sa boela sa khona ho ja lijo tse tiileng tsa moea, haholo-holo linnete tse buang ka ’Muso oa Molimo o busoang ke “Tau ea moloko oa Juda,” Jesu Kreste. Feela joalokaha tau e tšoantšetsa sebete, ho ’nile ha hlokahala sebete se seholo ho thuisa molaetsa ona o matla, ho o hlahisa e le lingoliloeng, le ho o aba lefatšeng lohle. Litsie tseo tsa tšoantšetso li entse lerata le leholo, le kang la “molumo oa likoloi tsa lipere tse ngata tse mathelang ntoeng.” Kaha li latela mohlala oa Bakreste ba lekholong la pele la lilemo, ha lia ikemisetsa ho thōla.—1 Bakorinthe 11:7-15; Tšenolo 5:5.
16. Ho boleloa’ng ha ho thoe “li na le mehatla le metsu joaloka liphepheng”?
16 Boboleli bona ha bo akarelletse feela ho bua ka molomo! “Hape, li na le mehatla le metsu joaloka liphepheng; ’me mehatleng ea tsona ho na le matla a tsona a ho ntša batho kotsi ka likhoeli tse hlano.” (Tšenolo 9:10) See se bolela’ng? Ha Lipaki Tsa Jehova li ntse li etsa mosebetsi oa tsona oa ’Muso, ka ho bua le ka ho sebelisa lingoliloeng, li fana ka lipolelo tse matla tse thehiloeng Lentsoeng la Molimo. Molaetsa oa tsona o hlaba joaloka phepheng hobane li lemosa ka letsatsi la Jehova la phetetso le ntseng le atamela. (Esaia 61:2) Pele moloko oa hona joale oa litsie tsa moea o qeta nako ea bophelo ba oona, mosebetsi oa oona o hlonngoeng ke Molimo oa ho bolela likahlolo tsa Jehova o tla phethoa—’me sena se tla hlokofatsa banyefoli bohle ba melala e thata.
17. (a) Ho ile ha phatlalatsoa eng kopanong ea 1919 ea Liithuti Tsa Bibele e neng e tla eketsa matla a ho hlaba a ho paka ha tsona? (b) Baruti ba hlokofalitsoe joang, ’me ba ile ba etsa joang ka lebaka la see?
17 Sehlopha sa litsie se ile sa nyakalla haholo ha makasine e ncha, The Golden Age, e ne e phatlalatsoa kopanong ea sona ea 1919. E ne e le makasine e tsoang habeli ka beke, e reretsoeng ho eketsa matla a ho hlaba a ho paka ha sona.e Khatiso ea eona ea No. 27, ea September 29, 1920, e ile ea pepesa boikaketsi ba baruti ntlheng ea ho hlorisa Liithuti Tsa Bibele United States ka 1918-19. Lilemong tsa bo-1920 le bo-1930, The Golden Age e ile ea hlokofatsa baruti ka lihlooho tse ling tse hlabang le litšoantšo tse qabolang tse pepesang ho itšunya-tšunya ha bona ka bolotsana lipolotiking, haholo-holo litumellano tseo ba boholong kerekeng e K’hatholike ba ileng ba li etsa le bahatelli ba Bofascista le ba Bonazi. Ha ba arabela, baruti ba ile ba ‘fetola bobe molao’ ’me ba hlophisa hore mahoohoo a hlasele batho ba Molimo.—Pesaleme ea 94:20, Bibele—Phetolelo e Ncha.
Ho Hlokomelisoa Babusi ba Lefatše
18. Litsie li ile tsa tlameha ho etsa mosebetsi ofe, ’me ho ile ha hlaha eng ka mor’a hore ho utloahale molumo o tlerolang oa terompeta ea bohlano?
18 Litsie tsa kajeno li ne li e-na le mosebetsi oo li lokelang ho o etsa. Litaba tse molemo tsa ’Muso li ne li lokela ho boleloa. Liphoso li ne li tlameha ho pepesoa. Linku tse lahlehileng li ne li tlameha ho fumanoa. Ha litsie li ntse li etsa mesebetsi ena, lefatše le ile la tlameha ho tsota. Kaha se ne se mamela melumo e tlerolang ea terompeta e letsoang ke mangeloi, sehlopha sa Johanne se ’nile sa tsoela pele ho pepesa hore Bokreste-’mōtoana bo lokeloa ke likahlolo tsa Jehova tse boima. Ka lebaka la ho letsoa ha terompeta ea bohlano, ho ile ha totobatsoa karolo e khethehileng ea likahlolo tsena kopanong e ’ngoe ea Liithuti Tsa Bibele e neng e tšoaretsoe London, Engelane, ka la 25-31 May, 1926. E ne e akarelletsa qeto e reng, “Bopaki ho Babusi ba Lefatše,” hammoho le puo ea phatlalatsa e ileng ea fanoa Holong ea Royal Albert e reng “Lebaka Leo Mebuso ea Lefatše e Thekeselang ka Lona—Pheko,” ’me lipuo tsena ka bobeli li ile tsa hatisoa ka botlalo koranteng e ka sehloohong ea London letsatsing le hlahlamang. Hamorao, sehlopha sa litsie se ile sa aba lipampitšana tse limilione tse 50 lefatšeng ka bophara tsa qeto eo—ka sebele e ne e le tlhokofatso ho baruti! Lilemo hamorao, Engelane batho ba ’nile ba bua ka ho pepesoa hona ho hlabang.
19. Ke sehlomo sefe se seng seo litsie tsa tšoantšetso li ileng tsa se fumana, ’me se ile sa re’ng ka qeto ea London?
19 Kopanong ena, litsie tsa tšoantšetso li ile tsa amohela sehlomo se seng sa ntoa, e leng buka e ncha ea Deliverance. E ne e akarelletsa tlhaloso ea Mangolo e tšohlang pontšo e pakang hore ’muso e leng ‘ngoana e motona,’ ’Muso oa Kreste oa leholimo, o tsoetsoe ka 1914. (Matheu 24:3-14; Tšenolo 12:1-10) Ka mor’a moo, e ile ea qotsa qeto e ileng ea phatlalatsoa London ka 1917 ea ba ea saenoa ke baruti ba robeli, ba ileng ba hlalosoa e le “ba bang ba baboleli ba ka holimo-limo ba lefatše.” Ba ne ba emela likereke tse ka sehloohong tsa Boprostanta—Baptiste, Congregational, Presbitheri, Episcopal le Methodiste. Qeto ena e ile ea bolela hore “bothata bo teng hona joale bo bontša hore linako tsa Balichaba li haufi le ho fela” le hore “tšenolo ea Morena e ka lebelloa neng kapa neng.” E, baruti bao ba ne ba hlokometse “pontšo” ea ho ba teng ha Jesu! Empa na ba ile ba batla ho nka bohato ba letho ka hona? Buka ea Deliverance e re: “Karolo e tsotehang haholo ea taba ena ke hore bona banna ba saenneng qeto eo ka mor’a nako ba ile ba e lahla ’me ba hana bopaki bo bontšang hore re bofelong ba lefatše le hore re letsatsing la ho ba teng ha Morena la bobeli.”
20. (a) Baruti ba khethile eng ho e-na le sehlopha sa litsie le Morena oa tsona? (b) Johanne o re ke mang ea okametseng sehlopha sa litsie, hona lebitso la hae ke mang?
20 Ho e-na le ho phatlalatsa ’Muso o tlang oa Molimo, baruti ba Bokreste-’mōtoana ba khethile ho lula le lefatše la Satane. Ha ba batle ho sebelisana le sehlopha sa litsie le Morena oa tsona, eo joale Johanne a buang tjena ka eena: “Li na le morena ea li okametseng, lengeloi la mohohlo. Ka Seheberu lebitso la lona ke Abadone [e bolelang “Timetso”], empa ka Segerike lebitso la lona ke Apolione [e bolelang “Motimetsi”].”(Tšenolo 9:11) E le “lengeloi la mohohlo” le “Motimetsi,” ka sebele Jesu o ne a lokolotse bomalimabe bo otlang Bokreste-’mōtoana. Empa lihōlō li sa tla!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bapisa Joele 2:4, 5, 7 (moo likokoanyana li hlalosoang e le lipere, batho, le banna, ebile e le tse etsang molumo o kang oa koloi) le Tšenolo 9:7-9; hape, bapisa Joele 2:6, 10 (e hlalosang phello e bohloko ea kotlo ea likokoanyana) le Tšenolo 9:2, 5.
b Bona sehlooho se reng “Ho Kopana Khahlanong le Lichaba Khohlong ea Kahlolo” Molula-Qhooeng oa June 1, 1962.
c Hlokomela hore lengolo lena le ke ke la sebelisoa ho paka hore ho ne ho e-na le mollo ka mohohlong, joalokaha eka mohohlo ke mollo oa lihele. Johanne o re o bone mosi o mongata o “joaloka,” kapa o tšoanang le mosi oa sebōpi se seholo. (Tšenolo 9:2) Ha a tlalehe hore o bone malakabe a sebele ka mohohlong.
d Lentsoe la Segerike le sebelisitsoeng mona le tsoa motsong ba·sa·niʹzo, e leng lentsoe leo ka nako e ’ngoe le sebelisetsoang tlhokofatso ea sebele; leha ho le joalo, le ka boela la sebelisetsoa ho hlokofatsa kelellong. Ka mohlala, ho 2 Petrose 2:8 re bala hore Lota “o ne a hlokofatsa moea oa hae o lokileng” ka lebaka la bobe boo a neng a bo bona Sodoma. Baeta-pele ba bolumeli ba mehleng ea baapostola ba ile ba hlokofatsoa kelellong le hoja, ha e le hantle, e ne e le ka lebaka le fapaneng haholo.
e Makasine ena e ile ea bitsoa Consolation ka 1937 le Awake! (Tsoha!) ka 1946.
[Setšoantšo se leqepheng la 143]
Ha ho letsoa terompeta ea bohlano, ho hlaha bomalimabe ba pele bomalimabeng bo hararo
[Setšoantšo se leqepheng la 146]
Metsu ea hao e bohale lipelong tsa lira tsa Morena. (Pesaleme ea 45:5) Setšoantšo sena se ka holimo se qabolang, hammoho le mantsoe a tsamaeang le sona, se tšoana le tse ngata tse ileng tsa hatisoa ka bo-1930 tse ileng tsa hlaba “batho ba se nang tiiso ea Molimo”
[Litšoantšo tse leqepheng la 147]
Holong ea Royal Albert, moo buka ea Deliverance e ileng ea lokolleloa teng le moo ho ileng ha amoheloa qeto e reng “Bopaki ho Babusi ba Lefatše”