Khaolo 25
Ho Tsosolosa Lipaki Tse Peli
1. Lengeloi le matla le laela Johanne hore a etse’ng?
PELE bomalimabe ba bobeli bo qetella bo felile, lengeloi le matla le laela Johanne hore a kopanele pontšong e ’ngoe ea boprofeta, e amanang le tempele. (Tšenolo 9:12; 10:1) Johanne o tlaleha tjena: “Ka fuoa lehlaka le joaloka molamu ha le re: ‘Ema ’me u lekanye sehalalelo sa tempele sa Molimo le aletare le ba rapelang ka ho eona.’”—Tšenolo 11:1.
Sehalalelo sa Tempele
2. (a) Ke sehalalelo sefe sa tempele se neng se tla lula se le teng ho fihlela mehleng ea rōna? (b) Moprista ea Phahameng oa sehalalelo sa tempele ke mang, hona Sehalalelisiso sa sona ke eng?
2 Tempele e boletsoeng mona hase tempele leha e le efe ea sebele e Jerusalema, kaha ea ho qetela e ile ea timetsoa ke Baroma ka 70 C.E. Leha ho le joalo, moapostola Pauluse o bontšitse hore le pele ho timetso eo, ho ne ho se ho hlahile sehalalelo se seng sa tempele se neng se tla lula se le teng ho fihlela mehleng ea rōna. E ne e le tempele e khōlō ea moea e phethahatsang seo boprofeteng se neng se tšoantšetsoa ke tabernakele le litempele tseo hamorao li ileng tsa hahoa Jerusalema. Ke “tente ea ’nete, e hlomiloeng ke Jehova, eseng motho” ’me Moprista oa eona ea Phahameng ke Jesu, eo Pauluse a mo hlalosang e le ea seng a “lutse ka letsohong le letona la terone ea Ea Boholo bo Hlomphehang maholimong.” Sehalalelisiso sa eona ke sebaka sa boteng ba Jehova leholimong ka bolona.—Baheberu 8:1, 2; 9:11, 24.
3. Tabernakeleng, ke eng se neng se tšoantšetsoa ke (a) lesira le arolang Sehalalelisiso ho Sehalalelo? (b) mahlabelo a liphoofolo? (c) aletare ea sehlabelo?
3 Moapostola Pauluse o hlalosa hore lesira la tabernakele, le arolang Sehalalelisiso ho Sehalalelo, le tšoantšetsa nama ea Jesu. Ha Jesu a ne a etsa bophelo ba hae sehlabelo, lesira lena le ile la hahoha ka lehare, ho bontša hore nama ea Jesu e ne e se e sa mo thibele ho kena moo Jehova a leng teng leholimong. Motheong oa sehlabelo sa Jesu, baprista ba hae ba tlotsitsoeng ba tlaasana ba shoeleng ba tšepahala le bona ba ne ba tla fetela maholimong ka nako ea teng. (Matheu 27:50, 51; Baheberu 9:3; 10:19, 20) Pauluse o boetse o totobatsa hore mahlabelo a tsoelang pele a liphoofolo tabernakeleng a ne a emela sehlabelo se le seng sa Jesu sa bophelo ba hae ba botho bo phethahetseng. Aletare ea sehlabelo e lebaleng e ne e emela tokisetso ea Jehova, ho ea ka thato ea hae, ea ho amohela sehlabelo sa Jesu molemong oa “ba bangata”—batlotsuoa, hamorao le linku tse ling—ba neng ba tla ‘mo batla ka tieo bakeng sa poloko ea bona.’—Baheberu 9:28; 10:9, 10; Johanne 10:16.
4. Ke eng se neng se tšoantšetsoa ke (a) Sebaka se Halalelang? (b) lebala le ka hare?
4 Ka boitsebiso bona bo bululetsoeng ke Molimo, re ka fihlela qeto ea hore Sebaka se Halalelang tabernakeleng se tšoantšetsa boemo bo halalelang bo thabeloang ke Kreste pele ’me ho latele litho tse tlotsitsoeng tsa sehlopha sa baprista ba marena tse 144 000 ha li sa le lefatšeng, pele li kena ka “lesireng.” (Baheberu 6:19, 20; 1 Petrose 2:9) Hona ho tšoantšetsa hantle ho nkeloa ha bona ka lapeng e le bara ba Molimo ba moea, joalokaha Molimo a ile a bolela hore Jesu ke Mora oa hae ka mor’a hore Jesu a kolobetsoe Jordane ka 29 C.E. (Luka 3:22; Baroma 8:15) Joale ho thoe’ng ka lebala le ka hare, leo e neng e le eona feela karolo ea tabernakele e bonahalang ho Baiseraele bao e seng baprista ebile e le sebaka seo mahlabelo a neng a etsetsoa ho sona? Lebala lena le tšoantšetsa boemo bo phethahetseng ba motho Jesu bo etsang hore e be ea tšoanelehang hore a fane ka bophelo ba hae bakeng sa batho. Hape le tšoantšetsa boemo bo lokileng ba ho ba bahalaleli, bo fumanehang motheong oa sehlabelo sa Jesu, boo balateli ba hae ba tlotsitsoeng ba bo thabelang ha ba sa le lefatšeng.a—Baroma 1:7; 5:1.
Ho Lekanya Sehalalelo sa Tempele
5. Boprofeteng ba Mangolo a Seheberu (a) ho lekanya Jerusalema ho ne ho bontša’ng? (b) ho lekanya tempele ponong ea Ezekiele ho ne ho bontša’ng?
5 Johanne o bolelloa hore a “lekanye sehalalelo sa tempele sa Molimo le aletare le ba rapelang ka ho eona.” Hoo ho fana ka maikutlo afe? Boprofeteng ba Mangolo a Seheberu, ho lekanya ho joalo ho ne ho fana ka tiiso ea hore toka e ne e tla phethoa motheong oa melao e phethahetseng ea Jehova. Mehleng ea Morena Manase ea khopo, ho lekanya Jerusalema ka tsela ea boprofeta ho ne ho fana ka bopaki ba kahlolo e sa fetoheng ea ho timetsoa ha motse oo. (2 Marena 21:13; Lillo Tsa Jeremia 2:8) Leha ho le joalo, hamorao ha Jeremia a bona Jerusalema e lekanngoa, hona ho ile ha tiisa hore motse oo o ne o tla hahuoa hape. (Jeremia 31:39; bona le Zakaria 2:2-8.) Ka ho tšoanang, ho lekanya tempele ka tsela e pharaletseng le e qaqileng ponong ea Ezekiele e ne e le tiiso ho batlamuoa ba Bajuda ba neng ba le Babylona e bontšang hore borapeli ba ’nete bo ne bo tla tsosolosoa naheng ea habo bona. Hape e ne e le khopotso ea hore ka lebaka la liphoso tsa bona, ho tloha ka nako eo Iseraele e ne e tlameha ho boloka melao ea Molimo e halalelang.—Ezekiele 40:3, 4; 43:10.
6. Ha Johanne a bolelloa hore a lekanye sehalalelo sa tempele le baprista ba rapelang ho eona hoo e ne e le pontšo ea eng? Hlalosa.
6 Ka hona, ha Johanne a laeloa hore a lekanye sehalalelo sa tempele le baprista ba rapelang ho eona, eo ke pontšo ea hore ha ho letho le ka thibelang ho phethahala ha merero ea Jehova mabapi le tokisetso ea tempele le ba amanang le eona, le hore merero eo e haufi le ho fihla tlhōrōng ea eona. Kaha joale lintho tsohle li behiloe ka tlas’a maoto a lengeloi le matla la Jehova, ke nako ea hore “thaba ea ntlo ea Jehova” e ‘tiisoe ka thata ka holim’a litlhōrō tsa lithaba.’ (Esaia 2:2-4) Ka mor’a lilemo tse makholo tsa bokoenehi ba Bokreste-’mōtoana, borapeli bo hloekileng ba Jehova bo tlameha ho phahamisoa. Hape ke nako ea hore barab’abo Jesu ba tšepahalang ba shoeleng ba tsosetsoe ‘Sehalalelong sa Lihalalelo.’ (Daniele 9:24; 1 Bathesalonika 4:14-16; Tšenolo 6:11; 14:4) ’Me ba tiisitsoeng ba ho qetela lefatšeng ba “makhoba a Molimo oa rōna” ba tlameha ho lekanngoa ho ea ka melao ea Molimo e le hore ba ka tšoaneleha bakeng sa libaka tsa bona tsa ka ho sa feleng tokisetsong ea tempele e le bara ba Molimo ba tsoetsoeng ka moea. Kajeno sehlopha sa Johanne se hlokomela ka botlalo melao eo e halalelang ’me se ikemiselitse ho e boloka.—Tšenolo 7:1-3; Matheu 13:41, 42; Baefese 1:13, 14; bapisa le Baroma 11:20.
Ho Hatakela Lebala
7. (a) Ke hobane’ng ha Johanne a ile a bolelloa hore a se ke a lekanya lebala? (b) Ke neng moo motse o halalelang o ileng oa hatakeloa tlas’a maoto ka likhoeli tse 42? (c) Baruti ba Bokreste-’mōtoana ba ile ba hlōleha ho boloka melao ea Jehova e lokileng joang ka likhoeli tse 42?
7 Ke hobane’ng ha Johanne a ile a thibeloa ho lekanya lebala? O re bolella seo ka mantsoe ana: “Empa ha e le lebala le ka ntle ho sehalalelo sa tempele, u le ntšetse ka ntle ka ho feletseng ’me u se ke ua le lekanya, hobane le fuoe lichaba, ’me li tla hatakela motse o halalelang tlas’a maoto ka likhoeli tse mashome a mane a metso e ’meli.” (Tšenolo 11:2) Re hlokometse hore lebala le ka hare le tšoantšetsa boemo bo lokileng lefatšeng ba Bakreste ba tsoetsoeng ka moea. Joalokaha re tla bona, mona ho buuoa ka likhoeli tse 42 tsa sebele ho tloha ka December 1914 ho fihlela ka June 1918, ha bohle ba ipolelang hore ke Bakreste ba ne ba lekoa ka matla. Na ba ne ba tla boloka melao e lokileng ea Jehova lilemong tseo tsa ntoa? Ba bangata ha baa ka ba etsa joalo. E le sehlopha, baruti ba Bokreste-’mōtoana ba ile ba etelletsa bochaba ka pele ho ho mamela molao oa Molimo. Ka mahlakoreng a ntoa ka bobeli, e neng e loanoa haholo-holo linaheng tse bolelang hore ke tsa Bokreste, baruti ba ile ba khothalletsa bahlankana ka matla hore ba ee ntoeng. Ba limilione ba ile ba bolaoa. Ha kahlolo e qala ka ntlo ea Molimo ka 1918, United States le eona e ne e kene ho tšolleng mali, ’me baruti ba Bokreste-’mōtoana ka kakaretso ba ne ba itjarisitse molato oa mali a ntseng a llela hore Molimo a a pheteletse. (1 Petrose 4:17) Ba lahliloe ka ho sa feleng, ka tsela e ke keng ea fetoha.—Esaia 59:1-3, 7, 8; Jeremia 19:3, 4.
8. Nakong ea Ntoa ea I ea Lefatše, Liithuti Tsa Bibele tse ngata li ile tsa hlokomela eng, empa ke eng eo li neng li sa e utloisise ka botlalo?
8 Leha ho le joalo, ho thoe’ng ka sehlotšoana sa Liithuti Tsa Bibele? Na li ne li lokela ho lekanngoa kapele-pele ka 1914 ka ho khomarela ha tsona melao ea Molimo? Che. Ho tšoana le ba ipolelang hore ke Bakreste ba Bokreste-’mōtoana, le tsona li ne li tlameha ho lekoa. Li ile tsa ‘ntšetsoa ka ntle ka ho feletseng, tsa fuoa lichaba’ hore li lekoe ka matla le ho hlorisoa. Tse ngata li ile tsa hlokomela hore ha lia lokela ho tsoa le ho ea bolaea batho ba bang, empa li ne li ntse li e-s’o utloisise ka botlalo boemo ba Bakreste ba ho se nke lehlakore. (Mikea 4:3; Johanne 17:14, 16; 1 Johanne 3:15) Tse ling li ile tsa sekisetsa ha li le tlas’a khatello e tsoang ho lichaba.
9. Motse o halalelang oo lichaba li ileng tsa o hatakela tlas’a maoto ke ofe, hona ke bo-mang ba emelang motse oo lefatšeng?
9 Leha ho le joalo, ke joang lichaba tseo li ileng tsa hatakela motse o halalelang tlas’a maoto? Ka ho hlakileng, mona ha ho boleloe Jerusalema e ileng ea timetsoa lilemo tse fetang 25 pele Tšenolo e ngoloa. Ho e-na le hoo, motse o halalelang ke Jerusalema e Mocha, e hlalositsoeng hamorao ho Tšenolo, eo hona joale lefatšeng e emeloang ke Bakreste ba tlotsitsoeng ba setseng lebaleng le ka hare la tempele. Ka nako ea teng, bana le bona e tla ba karolo ea motse o halalelang. Ka hona ho ba hatakela ho tšoana le ho hatakela motse ka booona.—Tšenolo 21:2, 9-21.
Lipaki Tse Peli
10. Lipaki tse tšepahalang tsa Jehova li lokela ho etsa eng ha li ntse li hatakeloa?
10 Leha bana ba tšepahalang ba ntse ba hatakeloa, ha ba khaotse ho ba lipaki tse tšepahalang tsa Jehova. Ka hona, boprofeta boo bo tsoela pele ho re: “‘Ke tla etsa hore lipaki tsa ka tse peli li profete ka matsatsi a sekete le makholo a mabeli le mashome a tšeletseng li apere lesela la mokotla.’ Li tšoantšetsoa ke lifate tse peli tsa mohloaare le liluloana tse peli tsa mabone ’me li eme ka pel’a Morena oa lefatše.”—Tšenolo 11:3, 4.
11. Ho profeta ba apere “lesela la mokotla” ho ne ho bolela’ng ho Bakreste ba tlotsitsoeng ba tšepahalang?
11 Ho ne ho hlokahala hore Bakreste bana ba tšepahalang ba tlotsitsoeng ba bontše mamello, hobane ba ne ba lokela ho profeta ba “apere lesela la mokotla.” Hoo ho ne ho bolela’ng? Mehleng ea ho ngoloa ha Bibele lesela la mokotla hangata le ne le tšoantšetsa ho hlomoha. Ho le apara e ne e le pontšo ea hore motho o saretsoe kapa o tepeletse. (Genese 37:34; Jobo 16:15, 16; Ezekiele 27:31) Lesela la mokotla le ne le amahanngoa le melaetsa ea ho hlomoha ea timetso kapa bohloko boo baprofeta ba Molimo ba neng ba lokela ho bo phatlalatsa. (Esaia 3:8, 24-26; Jeremia 48:37; 49:3) Ho apara lesela la mokotla ho ne ho ka bontša boikokobetso kapa pako ka lebaka la temoso ea Molimo. (Jonase 3:5) Lesela la mokotla le aperoeng ke lipaki tse peli ho bonahala le bontša ho mamella ha tsona ka boikokobetso ha li phatlalatsa likahlolo tsa Jehova. E ne e le lipaki tse phatlalatsang letsatsi la hae la phetetso leo hape le neng le tla tlisetsa lichaba ho hlomoha.—Deuteronoma 32:41-43.
12. Ke hobane’ng ha nako eo motse o halalelang o neng o tla hatakeloa ka eona e bonahala e le ea sebele?
12 Sehlopha sa Johanne se ne se lokela ho bolela molaetsa ona ka nako e boletsoeng ka ho toba: ka matsatsi a 1 260, kapa likhoeli tse 42, e leng nako e lekanang le eo motse o halalelang o neng o tla hatakeloa ka tlas’a maoto ka eona. Ho bonahala nako ena e ne e le ea sebele, kaha e boletsoe ka litsela tse peli tse fapaneng, ka likhoeli pele, hamorao ka matsatsi. Ho phaella moo, qalong ea letsatsi la Morena, ho bile le nako e tšoailoeng ea lilemo tse tharo le halofo eo ka eona liphihlelo tse thata tsa batho ba Molimo li neng li tšoana le liketsahalo tse profetiloeng mona—tse qalileng ka December 1914 tsa tsoela pele ho fihlela ka June 1918. (Tšenolo 1:10) Ba ile ba bolela molaetsa oa “lesela la mokotla” mabapi le kahlolo ea Jehova holim’a Bokreste-’mōtoana le lefatše.
13. (a) Taba ea hore Bakreste ba tlotsitsoeng ba ne ba tšoantšetsoa ke lipaki tse peli e bontša’ng? (b) Ke boprofeta bofe ba Zakaria boo re bo hopolang ha Johanne a re lipaki tse peli ke “lifate tse peli tsa mohloaare le liluloana tse peli tsa mabone”?
13 Taba ea hore ba ne ba tšoantšetsoa ke lipaki tse peli e re tiisetsa hore molaetsa oa bona o ne o nepahetse ebile e le o nang le motheo o tiileng. (Bapisa le Deuteronoma 17:6; Johanne 8:17, 18.) Johanne o ba bitsa “lifate tse peli tsa mohloaare le liluloana tse peli tsa mabone,” o re ba ‘eme ka pel’a Morena oa lefatše.’ Mona ho hlakile hore o ne a bua ka boprofeta ba Zakaria, ea ileng a bona seluloana sa lebone se makala a supileng le lifate tse peli tsa mohloaare. Ho ile ha thoe lifate tsa mohloaare li tšoantšetsa “batlotsuoa ba babeli,” ke hore, ’Musisi Zorobabele le Moprista ea Phahameng Joshua, “ba emeng haufi le Morena oa lefatše lohle.”—Zakaria 4:1-3, 14.
14. (a) Pono ea Zakaria ea lifate tse peli tsa mohloaare e ne e bontša’ng? hona seluloana sa lebone se ne se bontša’ng? (b) Bakreste ba tlotsitsoeng ba ne ba tla feta har’a maemo afe nakong ea ntoa ea pele ea lefatše?
14 Zakaria o phetse nakong ea ho tsosolosa, ’me pono ea hae ea lifate tse peli tsa mohloaare e ne e bolela hore Zorobabele le Joshua ba ne ba tla hlohonolofatsoa ka moea oa Jehova ha ba matlafatsa batho bakeng sa mosebetsi. Pono ea seluloana sa lebone e ile ea hopotsa Zakaria hore a se ke ‘a nyelisa letsatsi la lintho tse nyenyane’ hobane merero ea Jehova e ne e tla phethahatsoa—“‘eseng ka lebotho la sesole, kapa ka matla, empa ka moea oa ka,’ ho boletse Jehova oa mabotho.” (Zakaria 4:6, 10; 8:9) Sehlotšoana sa Bakreste se ileng sa phehella ho tlisetsa batho leseli la ’nete nakong ea ntoa ea pele ea lefatše se ne se tla sebelisoa ka ho tšoanang mosebetsing oa tsosoloso. Le bona e ne e tla ba mohloli oa khothatso ’me le hoja ba ne ba fokola hakaalo ka palo, ba ne ba tla ithuta ho itšetleha ka matla a Jehova, ba sa nyelise letsatsi la lintho tse qalang tse nyenyane.
15. (a) Taba ea hore Bakreste ba tlotsitsoeng ba ne ba hlalosoa e le lipaki tse peli e boetse e re hopotsa’ng? Hlalosa. (b) Lipaki tse peli li filoe matla a ho etsa lipontšo tsa mofuta ofe?
15 Taba ea hore ba ne ba hlalosoa e le lipaki tse peli e boetse e re hopotsa ketsahalo ea ho fetoha sebōpeho. Ponong eo, baapostola ba bararo ba Jesu ba ile ba mo bona a le khanyeng ea ’Muso, a e-na le Moshe le Elia. Hona ho ne ho tšoantšetsa ha Jesu a lula teroneng ea hae e khanyang ka 1914 ho phetha mosebetsi o neng o tšoantšetsoa ke baprofeta bao ba babeli. (Matheu 17:1-3) Ka ho loketseng, joale lipaki tse peli li bonoa li etsa lipontšo tse re hopotsang Moshe le Elia. Ka mohlala, Johanne o bua tjena ka tsona: “Haeba mang kapa mang a batla ho li ntša kotsi, mollo o tsoa melomong ea tsona ’me o harola lira tsa tsona; haeba mang kapa mang a ka batla ho li ntša kotsi, o tla bolaoa ka mokhoa ona. Li na le matla a ho koala leholimo hore ho se ke ha e-ba le pula e ka nang ka matsatsi a ho profeta ha tsona.”—Tšenolo 11:5, 6a.
16. (a) Pontšo e amanang le mollo e re hopotsa nako eo ka eona ho ileng ha phephetsoa matla a Moshe Iseraeleng joang? (b) Baruti ba Bokreste-’mōtoana ba ile ba hanyetsa Liithuti Tsa Bibele joang le ho li tsosetsa likhathatso nakong ea ntoa ea pele ea lefatše, ’me li ile tsa itoanela joang?
16 Hona ho re hopotsa nako eo ka eona ho ileng ha phephetsoa matla a Moshe Iseraeleng. Moprofeta eo o ile a bua mantsoe a kahlolo a bohale ba mollo, ’me Jehova o ile a timetsa bafetoheli bao, a felisa ba 250 ka mollo oa sebele o tsoang leholimong. (Numere 16:1-7, 28-35) Ka ho tšoanang, baeta-pele ba Bokreste-’mōtoana ba ile ba hanyetsa Liithuti Tsa Bibele, ba bolela hore ha ho mohla li kileng tsa fumana mangolo likolecheng tsa thuto ea bolumeli. Empa lipaki tsa Molimo li ne li e-na le mangolo a phahameng haholoanyane a hore ke basebeletsi: e leng batho ba ikokobelitseng ba mametseng molaetsa oa tsona oa Mangolo. (2 Bakorinthe 3:2, 3) Ka 1917 Liithuti Tsa Bibele li ile tsa hatisa The Finished Mystery, eo e neng e le tlhaloso e matla ea Tšenolo le Ezekiele. E ile ea lateloa ke ho abuoa ha likopi tse 10 000 000 tsa pampitšana e maqephe a mane e bitsoang The Bible Students Monthly e nang le sehlooho se reng “Ho oa ha Babylona—Lebaka Leo ka Lona Bokreste-’mōtoana bo Tlamehang ho Utloa Bohloko Hona Joale—Phello ea ho Qetela.” United States, baruti ba halefileng ba ile ba sebelisa pherekano ea nakong ea ntoa e le lebaka la hore buka eo e thibeloe. Linaheng tse ling buka eo e ile ea hlahlobisisoa ka sepheo sa ho bona hore na ebe e na le litaba tse sa amoheleheng. Leha ho le joalo, bahlanka ba Molimo ba ile ba itoanela ka ho hatisa lipampitšana tse matla tse maqephe a mane tse nang le sehlooho se reng Kingdom News. Ha letsatsi la Morena le ntse le tsoela pele, lingoliloeng tse ling li ne li tla hlakisa haholoanyane boemo ba Bokreste-’mōtoana ba ho shoa moeeng.—Bapisa le Jeremia 5:14.
17. (a) Ke liketsahalo life mehleng ea Elia tse neng li amana le komello le mollo? (b) Mollo o ile oa tsoa melomong ea lipaki tse peli joang, hona ke komello efe e ileng ea e-ba teng?
17 Ho thoe’ng ka Elia? Mehleng ea marena a Iseraele, moprofeta enoa o ile a phatlalatsa komello e le pontšo ea khalefo ea Jehova ho Baiseraele ba rapelang Baale. E ile ea nka lilemo tse tharo le halofo. (1 Marena 17:1; 18:41-45; Luka 4:25; Jakobo 5:17) Hamorao, ha Morena Akaze ea sa tšepahaleng a romela masole hore a e’o qobella Elia hore a tl’o itlhahisa ka pele ho eena, moprofeta eo o ile a bitsa mollo o theohang leholimong hore o tl’o timetsa masole ao. Ke feela ha molaoli oa sesole a ne a bontša hore ka nepo o hlompha boemo ba hae e le moprofeta moo Elia a ileng a lumela ho tsamaea le eena ho ea ho morena. (2 Marena 1:5-16) Ka ho tšoanang, pakeng tsa 1914 le 1918, ka sebete masala a tlotsitsoeng a ile a lemosa ka komello ea moea e teng Bokreste-’mōtoaneng le ka kahlolo e bohale ba mollo ha “ho tla letsatsi le leholo le le tšosang la Jehova.”—Malakia 4:1, 5; Amose 8:11.
18. (a) Lipaki tse peli li filoe matla afe, ’me a ne a tšoana le a neng a filoe Moshe joang? (b) Lipaki tse peli li ile tsa pepesa Bokreste-’mōtoana joang?
18 Johanne o tsoela pele ho bua tjena ka lipaki tse peli: “Li na le matla holim’a metsi ho a fetola mali le ho otla lefatše ka kotlo ea mofuta o mong le o mong hangata kamoo li lakatsang kateng.” (Tšenolo 11:6b) E le ho susumelletsa Faro hore a lokolle Baiseraele, Jehova o ile a sebelisa Moshe ho otla Baegepeta ba hatellang ka likotlo, tse neng li akarelletsa ea ho fetola metsi mali. Makholo a lilemo hamorao, lira tsa Baiseraele, e leng Bafilista, li ne li hopola hantle seo Jehova a ileng a se etsa khahlanong le Egepeta, e leng ho ileng ha etsa hore li hooe li re: “Ke mang ea tla re pholosa letsohong la Molimo eo ea phahameng? Enoa ke Molimo ea ileng a otla Egepeta ka polao [“likotlo,” Bibele ea Sesotho] ea mofuta o mong le o mong lefeelleng.” (1 Samuele 4:8; Pesaleme ea 105:29) Moshe o ne a tšoantšetsa Jesu ea neng a e-na le matla a ho phatlalatsa likahlolo tsa Molimo ho baeta-pele ba bolumeli ba mehleng ea hae. (Matheu 23:13; 28:18; Liketso 3:22) Nakong ea ntoa ea pele ea lefatše barab’abo Kreste, e leng lipaki tse peli, ba ile ba pepesa tšobotsi e bolaeang ea “metsi” ao Bokreste-’mōtoana bo a noesang mehlape ea bona.
Lipaki Tse Peli Lia Bolaoa
19. Ho ea ka tlaleho ea Tšenolo, ho etsahala’ng ha lipaki tse peli li qeta ho paka ha tsona?
19 Kotlo ena e ile ea otla Bokreste-’mōtoana habohloko hoo ka mor’a hore lipaki tse peli li profete li apere lesela la mokotla ka likhoeli tse 42, Bokreste-’mōtoana bo ileng ba sebelisa tšusumetso ea bona ea lefatše ho etsa hore li ‘bolaoe.’ Johanne oa ngola: “Ha li qetile ho paka, sebata se nyolohang ka mohohlong se tla loana le tsona ’me se li hlōle le ho li bolaea. Litopo tsa tsona li tla ba tseleng e sephara ea motse o moholo oo ka kutloisiso ea moea o bitsoang Sodoma le Egepeta, moo Morena oa tsona le eena a ileng a khokhotheloa thupeng teng. Batho le meloko le maleme le lichaba li tla sheba litopo tsa tsona ka matsatsi a mararo le halofo, ’me ha li lumelle hore litopo tsa tsona li behoe ka lebitleng. Ba lulang lefatšeng ba thaba ka lebaka la tsona ’me baa ithabisa, ’me ba tla romellana limpho, hobane baprofeta bana ba babeli ba ile ba hlokofatsa ba lulang lefatšeng.”—Tšenolo 11:7-10.
20. “Sebata se nyolohang ka mohohlong” ke eng?
20 Lena ke lekhetlo la pele ho makhetlo a 37 ao ka ’ona ho buuoang ka sebata ho Tšenolo. Ha nako e ntse e ea re tla hlahloba sebata sena le libata tse ling ka ho qaqileng. Hona joale ho lekane ho bolela hore “sebata se nyolohang ka mohohlong” ke ntho e entsoeng ke Satane, e leng tsamaiso ea lintho ea lipolotiki e phelang.b—Bapisa le Tšenolo 13:1; Daniele 7:2, 3, 17.
21. (a) Lira tsa bolumeli tsa lipaki tse peli li ile tsa nka monyetla ka boemo ba ntoa joang? (b) Taba ea hore litopo tsa lipaki tse peli li ile tsa tloheloa li sa patoa e ne e bontša’ng? (c) Nako ea matsatsi a mararo le halofo e lokela ho talingoa joang? (Bona mongolo o botlaaseng ba leqephe.)
21 Ho tloha ka 1914 ho fihlela ka 1918 lichaba li ne li tšoarehile ntoeng ea pele ea lefatše. Moea oa bochaba o ne o phahame, ’me nakong ea selemo ka 1918, lira tsa bolumeli tsa lipaki tse peli li ile tsa nka monyetla ka boemo bona. Li ile tsa hlohlelletsa bo-ramolao ba Naha ho etsa hore basebeletsi ba ikarabellang ba Liithuti Tsa Bibele ba kenngoe teronkong ka liqoso tsa bohata tsa ho fetohela ’muso. Basebetsi-’moho le bona ba tšepahalang ba ne ba maketse. Mosebetsi oa ’Muso o ile oa batla o emisoa. Ho ne ho tšoana leha eka mosebetsi oa boboleli o shoele. Mehleng ea ho ngoloa ha Bibele, ho se pate setopo ka lebitleng la khopotso e ne e le sekhobo se tšabehang. (Pesaleme ea 79:1-3; 1 Marena 13:21, 22) Ka hona, ha lipaki tse peli li siuoa li sa patoa hoo ho ne ho tla tlisa nyeliso e khōlō. Sebakeng se chesang sa Palestina, ha ho potang hore setopo se seterateng se ne se tla qala ho nkha ka mor’a matsatsi a mararo le halofo.c (Bapisa le Johanne 11:39.) Kahoo boitsebiso bo qaqileng boprofeteng bona bo bontša sekhobo seo lipaki tsena tse peli li neng li lokela ho se mamella. Batho bao re boletseng hore ba ile ba kenngoa teronkong, ba ile ba haneloa le ka beile ha ba ne ba nkile boipiletso ka nyeoe ea bona. Ba ile ba behoa pepeneneng nako e telele ka ho lekaneng hore ba ka nkhela baahi ba “motse o moholo.” Empa ‘motse oo o moholo’ e ne e le eng?
22. (a) Motse o moholo ke eng? (b) Likoranta tsa sechaba li ile tsa ikopanya le baruti joang ha ba thabetse ho khutsisoa ha lipaki tse peli? (Bona lebokose.)
22 Johanne o re fa leseli. O bolela hore Jesu o ile a khokhotheloa moo. Kahoo kapele feela re nahana ka Jerusalema. Empa o boetse o bolela hore motse oo o moholo o bitsoa Sodoma le Egepeta. Jerusalema ea sebele e kile ea bitsoa Sodoma ka lebaka la mekhoa ea eona e litšila. (Esaia 1:8-10; bapisa le Ezekiele 16:49, 53-58.) Egepeta, eo e neng e le ’muso oa pele oa lefatše, ka linako tse ling e hlaha e le e tšoantšetsang tsamaiso ena ea lefatše ea lintho. (Esaia 19:1, 19; Joele 3:19) Kahoo, motse ona o moholo o tšoantšetsa “Jerusalema” e silafetseng e ipolelang hore e rapela Molimo empa e fetohile e litšila le e tletseng boetsalibe, joaloka Sodoma, hape e le karolo ea tsamaiso ena ea lefatše ea lintho ea Satane, joaloka Egepeta. O tšoantšetsa Bokreste-’mōtoana, boo kajeno bo tšoanang le Jerusalema e sa tšepahaleng, e leng mokhatlo oo litho tsa oona li neng li e-na le lebaka le leholo la ho thaba ha li khutsisa boboleli bo tšoenyang ba lipaki tse peli.
Li Tsositsoe Hape!
23. (a) Ho etsahala’ng ka lipaki tse peli ka mor’a matsatsi a mararo le halofo, ’me hoo ho ama lira tsa tsona joang? (b) Boprofeta ba Tšenolo 11:11, 12 le ba Ezekiele ba hore Jehova o ile a bululela masapo a omeletseng phuleng bo phethahetse neng mehleng ea kajeno?
23 Likoranta tsa sechaba li ile tsa ikopanya le baruti ho nyelisa batho ba Molimo, koranta e ’ngoe e ile ea ba ea re: “Ho felile ka The Finished Mystery.” Leha ho le joalo, ho ne ho se leshano le fetang leo! Lipaki tse peli ha lia ka tsa lula li shoele. Rea bala: “Ka mor’a matsatsi a mararo le halofo moea oa bophelo o tsoang ho Molimo oa kena ho tsona, ’me tsa ema ka maoto, eaba tšabo e khōlō e oela ba li bonang. Tsa utloa lentsoe le phahameng le tsoang leholimong le re ho tsona: ‘Nyolohelang koano.’ Tsa nyolohela leholimong ka leru, ’me lira tsa tsona tsa li bona.” (Tšenolo 11:11, 12) Kahoo, se ileng sa etsahala ka tsona se tšoana le se ileng sa etsahala ka masapo a omeletseng a phuleng eo Ezekiele a kileng a e etela ponong. Jehova o ile a bululela masapo ao a omeletseng, eaba aa phela, e leng ho neng ho fana ka setšoantšo sa ho tsoaloa bocha ha sechaba sa Iseraele ka mor’a lilemo tse 70 se le botlamuoeng Babylona. (Ezekiele 37:1-14) Boprofeta bona, bo ho Ezekiele le bo ho Tšenolo, bo ile ba phethahala ka tsela e hlollang mehleng ea kajeno selemong sa 1919, ha Jehova a tsosolosa lipaki tsa hae tse ‘shoeleng’ hore li phele le hore li be mafolofolo.
24. Ha lipaki tse peli li phela hape, seo se ile sa ama bahlorisi ba tsona ba bolumeli joang?
24 Bahlorisi bao ba ile ba tšoha hakaakang! Ka tšohanyetso litopo tsa lipaki tse peli li ne li boetse li phela ’me li boetse li le mafolofolo. Baruti bao ba ile ba utloa bohloko, haholo-holo kaha basebeletsi ba Bakreste bao ba neng ba rerile ho ba kenya teronkong ba ne ba lokolohile hape, ’me hamorao ba ne ba tla hlakoloa molato ka ho feletseng. E tlameha ebe e ile ea e-ba ntho e tšosang le ho feta ha ka September 1919, Liithuti Tsa Bibele li tšoarela kopano Cedar Point, Ohio, U.S.A. Mona J. F. Rutherford, ea neng a sa tsoa lokolloa teronkong, o ile a susumetsa ba teng kopanong ka puo ea hae e reng “Ho Tsebahatsa ’Muso,” e thehiloeng ho Tšenolo 15:2 le Esaia 52:7. Ba sehlopha sa Johanne ba ile ba boela ba qala ho “profeta,” kapa ho bolela phatlalatsa. Ba ile ba tsoela pele ho matlafala, ba pepesa boikaketsi ba Bokreste-’mōtoana ba sa tšabe letho.
25. (a) Lipaki tse peli li ile tsa fuoa taelo e reng “Nyolohelang koano” neng, ’me hoo ho ile ha etsahala joang? (b) Ho tsosolosoa ha lipaki tse peli ho ile ha ama motse o moholo ka tsela efe e tšosang?
25 Bokreste-’mōtoana bo ile ba leka ka makhetlo ho pheta tlhōlo eo bo ileng ba e fumana ka 1918. Bo ile ba retelehela liketsong tsa merusu, ho sebelisa maqheka litabeng tsa molao, literonko, le lipolao—empa tseo kaofela tsa hlōleha! Ka mor’a 1919 sebaka sa moea se laoloang ke lipaki tse peli se ne se le hōle le bona. Ka selemo seo Jehova o ne a itse ho tsona: “Nyolohelang koano,” ’me li ile tsa nyolohela boemong ba moea bo phahameng moo lira tsa tsona li neng li ka li bona empa li ke ke tsa li ama. Johanne o hlalosa kamoo ho tsosolosoa ha tsona ho ileng ha ama motse o moholo ka tsela e tšosang kateng: “Ka hora eo tšisinyeho e khōlō ea lefatše ea e-ba teng, ’me karolo ea leshome ea motse ea oa; batho ba likete tse supileng ba bolaoa ke tšisinyeho ea lefatše, ’me ba bang kaofela ba tšoha ’me ba tlotlisa Molimo oa leholimo.” (Tšenolo 11:13) Ruri ho bile le pherekano e khōlō sebakeng sa bolumeli. Lefatše le tlas’a maoto a baeta-pele ba likereke tsa molao le ile la bonahala le reketla ha sehlopha sena sa Bakreste ba tsosolositsoeng se tsoela pele ka mosebetsi. Ba etsang karolo ea leshome ea motse oa bona, bao ka tšoantšetso e neng e le batho ba 7 000, ba ile ba angoa ke seo ka matla hoo ho ileng ha thoe ba bolailoe.
26. Ke bo-mang ba emeloang ke “karolo ea leshome ea motse” le “ba likete tse supileng” ba boleloang ho Tšenolo 11:13? Hlalosa.
26 Poleloana e reng “karolo ea leshome ea motse” e re hopotsa hore ha Esaia a profeta ka Jerusalema ea boholo-holo o ile a re karolo ea leshome e ne e tla pholoha ho timetsoa ha motse oo, e le peō e halalelang. (Esaia 6:13) Ka ho tšoanang, palo ena ea 7 000 e re hopotsa hore ha Elia a ne a nahana hore ke eena feela ea setseng a tšepahala Iseraeleng, Jehova o ile a mo bolella hore ha e le hantle ho ne ho ntse ho e-na le ba 7 000 ba neng ba e-s’o ka ba khumamela Baale. (1 Marena 19:14, 18) Lekholong la pele la lilemo, moapostola Pauluse o ile a re bana ba 7 000 ba ne ba tšoantšetsa masala a Bajuda a neng a amohetse litaba tse molemo tse buang ka Kreste. (Baroma 11:1-5) Mangolo ana a re thusa ho utloisisa hore ba “likete tse supileng” le “karolo ea leshome ea motse” ba boleloang ho Tšenolo 11:13 ke ba amohelang litaba tsa lipaki tse peli tse tsosolositsoeng ’me ba lahla motse o moholo oa boetsalibe. Ho tšoana leha eka baa shoa mabapi le Bokreste-’mōtoana. Mabitso a bona aa hlakoloa libukeng tseo bo ngolang litho tsa bona ho tsona. Ho ea ka Bokreste-’mōtoana ha ba sa phela.d
27, 28. (a) ‘Ba bang kaofela ba ile ba tlotlisa Molimo oa leholimo’ joang? (b) Ke eng eo baruti ba Bokreste-’mōtoana ba ileng ba tlameha ho e ela hloko?
27 Empa ‘ba bang kaofela [ba Bokreste-’mōtoana] ba ile ba tlotlisa Molimo oa leholimo’ joang? Ka sebele ha baa ka ba mo tlotlisa ka ho lahla bolumeli ba bona ba bokoenehi le ka ho fetoha bahlanka ba Molimo. Ho e-na le hoo, ho joalokaha ho hlalositsoe ho Word Studies in the New Testament ea Vincent, ha a hlalosa polelo e reng “ba tlotlisa Molimo oa leholimo.” Moo ho itsoe: “Poleloana eo ha e bolele tšokoloho, kapa pako, leha e le ho leboha, empa e bolela ho ela hloko, e leng tsela eo ka tloaelo e utloisisoang ka eona ka mangolong. Bapisa Josh. vii. 19 (Sept.). Joh. ix. 24; Lik. xii. 23; Bar. iv. 20.” Ho ileng ha soabisa Bokreste-’mōtoana ke hore bo ile ba tlameha ho lumela hore Molimo oa Liithuti Tsa Bibele o entse liketso tse khōlō ka ho li tsosolosetsa mosebetsing oa Bokreste.
28 E ka ’na eaba baruti bana ba ile ba ela sena hloko likelellong feela kapa boinotšing. Ka sebele, ha ho le ea mong oa bona eo ho tlalehiloeng hore o ile a bolela phatlalatsa hore o ela Molimo oa lipaki tsena tse peli hloko. Empa boprofeta boo Jehova a faneng ka bona ka Johanne bo re thusa ho lemoha se neng se le ka lipelong tsa bona le ho hlokomela kamoo ba ileng ba tšoha ka mokhoa o hlabisang lihlong kateng ka 1919. Ho tloha ka selemo seo, ha ba “likete tse supileng” ba tloha ho Bokreste-’mōtoana ho sa tsotellehe kamoo bo ileng ba leka ka matla kateng ho shakarela linku tsa bona, baruti ba ile ba tlameha ho hlokomela hore Molimo oa sehlopha sa Johanne o ne a le matla ho feta molimo oa bona. Ba ne ba tla hlokomela hona ka ho hlakileng haholoanyane lilemong tse latelang, kaha ba bangata ba mohlape oa bona ba ne ba tla tloha, ba phete mantsoe ao batho ba ileng ba a bua ha Elia a hlōla balumeli ba Baale Thabeng ea Karmele, ba re: “Jehova ke Molimo oa ’nete! Jehova ke Molimo oa ’nete!”—1 Marena 18:39.
29. Johanne o re ke eng e tlang ka potlako, ’me ke ho sisinyeha hofe hape ho letetseng Bokreste-’mōtoana?
29 Empa mamela! Johanne o re: “Bomalimabe ba bobeli bo fetile. Bonang! Bomalimabe ba boraro bo tla kapele.” (Tšenolo 11:14) Haeba Bokreste-’mōtoana bo sisinngoa ke se etsahetseng ho tla fihlela joale, bo tla etsa’ng ha ho phatlalatsoa bomalimabe ba boraro, ha lengeloi la bosupa le letsa terompeta ea lona, ’me sephiri se halalelang sa Molimo se qetella se phethiloe?—Tšenolo 10:7.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ho fumana tlhaloso e feletseng ea tempele ena e khōlō ea moea, bona sehlooho se reng “Tempele ea Jehova e Khōlō ea Moea” Molula-Qhooeng oa July 1, 1996 le se reng “Tempele e le ’Ngoe Feela ea ’Nete eo ho ka Rapeloang ho Eona” Molula-Qhooeng oa July 1, 1973.
b “Mohohlo” (aʹbys·sos ka Segerike; tehohmʹ ka Seheberu) ka tšoantšetso o bolela sebaka seo ho seng mosebetsi ho sona. (Bona Tšenolo 9:2.) Leha ho le joalo, ka kutloisiso ea sebele, se ka boela sa bolela leoatle le leholo. Hangata lentsoe leo la Seheberu le fetoleloa e le “boliba.” (Pesaleme ea 71:20; 106:9; Jonase 2:5) Ka hona, “sebata se nyolohang ka mohohlong” se ka tsebahatsoa e le “sebata se nyolohang ka leoatleng.”—Tšenolo 11:7; 13:1.
c Hlokomela hore ha re hlahloba lintho tse ileng tsa hlahela batho ba Molimo nakong ena, ho bonahala hore le hoja likhoeli tse 42 li ne li emela lilemo tsa sebele tse tharo le halofo, matsatsi a mararo le halofo ha a emele nako ea sebele ea lihora tse 84. Kaha nako e tobileng ea matsatsi a mararo le halofo e boletsoe habeli (temaneng ea 9 le ea 11,) e ka ’na eaba hoo ho totobatsa hore e ne e tla ba nako e khutšoanyane feela ha e bapisoa le lilemo tse tharo le halofo tsa tšebeletso tse tlileng pele ho eona.
d Bapisa ho sebelisoa ha mantsoe ana ‘shoele,’ “shoa,” le “phela” mangolong a kang Baroma 6:2, 10, 11; 7:4, 6, 9; Bagalata 2:19; Bakolose 2:20; 3:3.
[Lebokose le leqepheng la 168]
Thabo e Boleloang ho Tšenolo 11:10
Bukeng ea hae ea Preachers Present Arms, e hatisitsoeng ka 1933, Ray H. Abrams o bua ka tsela e matla eo ka eona baruti ba ileng ba hanyetsa buka ea Liithuti Tsa Bibele ea The Finished Mystery. O tšohla boikemisetso ba baruti ba ho felisa Liithuti Tsa Bibele le ‘tšusumetso ea tsona e tšoenyang.’ Hona ho ile ha fella ka nyeoe eo ho eona J. F. Rutherford le metsoalle ea hae e supileng ba ileng ba ahloleloa lilemo tse telele teronkong. Dr. Abrams o phaella ka ho re: “Ho sekaseka nyeoe eohle ho etsa hore motho a fihlele qeto ea hore ho tloha qalong likereke le baruti ke bona ba ileng ba hlohlelletsa hore balateli ba Russell ba felisoe. Canada, ka February, 1918, baruti ba ile ba qala phutuho e khahlanong le bona le lingoliloeng tsa bona, haholo-holo The Finished Mystery. Ho ea ka Tribune ea Winnipeg, . . . ho ne ho lumeloa hore ‘lintho tse boletsoeng ke baruti’ ke tsona ka ho toba tse hlohlelelitseng hore buka ea bona e thibeloe.’”
Dr. Abrams o tsoela pele ho re: “Ha litaba tsa hore ba ahloletsoe lilemo tse mashome a mabeli li fihla ho bahlophisi ba likoranta tsa bolumeli, likoranta tsena kaofela, e nyenyane le e khōlō, li hlile tsa thabela ketsahalo ena. Ke ile ka sitoa ho fumana mantsoe leha e le afe a kutloelo-bohloko ho likoranta leha e le life tsa malumeli a amoheloang ka molao. Upton Sinclair o ile a qetella ka ho re, ‘Ha ho pelaelo’ hore ‘mahloriso . . . ka lehlakoreng le leng a bakiloe ke hore lihlopha tsa bolumeli “tse amoheloang ka molao” li ne li ba hloile.’ Seo boiteko bo kopanetsoeng ba likereke bo neng bo hlōlehile ho se etsa ho bonahala joale ’muso o ne o atlehile ho li etsetsa sona.” Ka mor’a hore a qotse litlhaloso tse nyefolang tsa lingoliloeng tse ’maloa tsa bolumeli, mongoli o ile a bua ka ho etsolloa ha qeto eo ka Lekhotleng la Boipiletso eaba o re: “Likereke li ile tsa khutsa ha ho phatlalatsoa qeto ena.”
[Setšoantšo se leqepheng la 163]
Johanne o lekanya tempele ea moea—baprista ba tlotsitsoeng ba lokela ho boloka melao
[Litšoantšo tse leqepheng la 165]
Mosebetsi oa ho tsosolosa o entsoeng ke Zorobabele le Joshua o ile oa bontša hore letsatsing la Morena qaleho e nyenyane e ne e tla lateloa ke keketseho e khōlō har’a Lipaki Tsa Jehova. Mehaho e kang e bontšitsoeng ka holimo, e Brooklyn, New York, e ’nile ea lokela ho atolosoa haholo e le hore e ka thusa ho finyella seo li se hlokang
[Litšoantšo tse leqepheng la 166]
Mosebetsi oa boprofeta oa Moshe le Elia o ne o tšoantšetsa melaetsa ea kahlolo e bohale ba mollo e phatlalatsoang ke lipaki tse peli
[Litšoantšo tse leqepheng la 169]
Joaloka masapo a omeletseng a boleloang ho Ezekiele khaolo ea 37, lipaki tse peli le tsona li matlafaletsoa mosebetsi oa boboleli kajeno