Khaolo 28
Ho Loana le Libata Tse Peli Tse Bohale ka ho Fetisisa
Pono 8—Tšenolo 13:1-18
Moko-taba: Sebata se lihlooho li supileng, sebata se linaka li peli le setšoantšo sa sebata
Nako ea phethahatso: Ho tloha mehleng ea Nimrode ho isa matšoenyehong a maholo
1, 2. (a) Johanne o re’ng ka drakone? (b) Ha a bua ka puo ea tšoantšetso, Johanne o hlalosa mokhatlo o bonahalang o sebelisoang ke drakone joang?
DRAKONE e khōlō e lihetsoe lefatšeng! Ho ithuta ha rōna Tšenolo ho hlakisa hore ha ho mohla Noha kapa balateli ba eona ba bademona ba tla ke ba lumelloe ho khutlela leholimong. Empa ha re e-s’o qete ka ea “bitsoang Diabolose le Satane, [ea] khelosang lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona.” Tlaleho e latelang e bontša ka ho qaqileng haholoanyane mekhoa eo Satane a e sebelisang ho loantša ‘mosali le peō ea hae.’ (Tšenolo 12:9, 17) Ha Johanne a bua ka noha eo ea drakone o re: “Ea ema holim’a lehlabathe la leoatle.” (Tšenolo 13:1) Kahoo a re ke re re khefu ’me re hlahlobe mekhoa eo drakone e e sebelisang.
2 Maholimo a halalelang ha a sa tla hlola a tšoenngoa ke boteng ba Satane le bademona ba hae. Meea eo e khopo e ntšitsoe leholimong ’me e thibeletsoe sebakeng sa lefatše. Ha ho pelaelo hore hona ke hona ho bakang keketseho e tšabehang ea mekhoa ea ho sebelisana le meea mehleng ea kajeno. Noha e bolotsana e na le mokhatlo o silafetseng oa moea. Empa na e boetse e sebelisa mokhatlo o bonahalang ho khelosa batho? Johanne o re bolella sena: “Ka bona sebata se nyolohang ka leoatleng, se e-na le linaka tse leshome le lihlooho tse supileng, le mefapa-hlooho e leshome linakeng tsa sona, empa lihloohong tsa sona se e-na le mabitso a nyefolang. Joale sebata seo ke se boneng se ne se le joaloka lengau, empa maoto a sona a ne a le joaloka a bere, ’me molomo oa sona o le joaloka molomo oa tau. Drakone ea fa sebata matla a sona le terone ea sona le bolaoli bo boholo.”—Tšenolo 13:1b, 2.
3. (a) Ke libata life tse tšabehang ka ho fetisisa tseo moprofeta Daniele a ileng a li bona ponong? (b) Libata tse khōlō tse boleloang ho Daniele 7 li ne li emela eng?
3 Sebata see se sa tloaelehang ke eng? Bibele ka boeona e fana ka karabo. Pele Babylona e oa ka 539 B.C.E., moprofeta oa Mojuda Daniele o ile a bona lipono tse akarelletsang libata tse bohale ka ho fetisisa. Ho Daniele 7:2-8 o hlalosa libata tse ’nè tse tsoang leoatleng, sa pele se tšoana le tau, sa bobeli le bere, sa boraro le lengau, ’me “bonang! sebata sa bone, se tšosang le se tšabehang le se matla ka ho sa tloaelehang . . . ’me se ne se e-na le linaka tse leshome.” Sebata sena se tšoana ka tsela e hlollang le sebata seo Johanne a ileng a se bona hoo e ka bang ka selemo sa 96 C.E. Sebata seo le sona se na le litšobotsi tse kang tsa tau, tsa bere, le lengau, ’me se na le linaka tse leshome. Libata tse khōlō tse bonoeng ke Daniele ke eng? O re tsebisa hore: “Libata tsena tsa litonanahali . . . [ke] marena a mane a tla ema a tsoa lefatšeng.” (Daniele 7:17) E, libata tseo li emela “marena,” kapa mebuso ea lipolotiki ea lefatše lena.
4. (a) Ho Daniele 8, pheleu le phooko li ne li tšoantšetsa eng? (b) Ha lenaka le leholo la phooko le robeha ’me le nkeloa sebaka ke a mane, hoo ho ne ho bontša eng?
4 Ponong e ’ngoe, Daniele o bona pheleu e linaka li peli e thuloang ke pōli e nang le lenaka le leholo. Lengeloi Gabriele le mo hlalosetsa hore na e bolela eng: “Pheleu . . . e emela marena a Media le Persia. Phooko e boea bo bongata e emela morena oa Greece.” Gabriele o tsoela pele ho profeta hore lenaka le lelelele la phooko le ne le tla robeha ’me le nkeloe sebaka ke manaka a mane. Hona ho hlile ha etsahala lilemo tse fetang 200 hamorao ha Alexandere e Moholo a e-shoa ’me ’muso oa hae o aroloa hore e be mebuso e mene e busoang ke balaoli ba hae ba bane.—Daniele 8:3-8, 20-25.a
5. (a) Lentsoe la Segerike le bolelang sebata le na le moelelo ofe? (b) Sebata se boleloang ho Tšenolo 13:1, 2, hammoho le lihlooho tsa sona tse supileng, se emela eng?
5 Ka hona, ho hlakile hore Mongoli oa Bibele e bululetsoeng o nka mebuso ea lipolotiki ea lefatše lena e le libata. Ke libata tsa mofuta ofe? Mohlalosi e mong o bitsa sebata se boleloang ho Tšenolo 13:1, 2 “ntho e sehlōhō,” ’me o eketsa ka ho re: “Re amohela moelelo oohle oo θηρίον [the·riʹon, e leng lentsoe la Segerike le bolelang “sebata”] e o jereng, tse kang hore ke se sehlōhō, se senyang, se tšosang, se harolakang, joalo-joalo, ke selalome se tšabehang.”b Hoo ho hlalosa hantle hakaakang tsamaiso ea lipolotiki e qaphalelitsoeng ke mali eo Satane a laolang batho ka eona! Lihlooho tse supileng tsa sebata sena li emela mebuso e meholo ea lefatše e tšeletseng e hlahang historing ea Bibele ho tla fihlela mehleng ea Johanne—e leng Egepeta, Assyria, Babylona, Medo-Persia, Greece le Roma—le ’muso oa bosupa oa lefatše oo ho neng ho profetiloe hore o tla hlaha hamorao.—Bapisa le Tšenolo 17:9, 10.
6. (a) Lihlooho tse supileng tsa sebata li eteletse pele ntlheng efe? (b) Jehova o ile a sebelisa Roma ho phethahatsa kahlolo ea hae joang holim’a tsamaiso ea lintho ea Sejuda, ’me Bakreste ba Jerusalema ba ile ba etsa joang?
6 Ke ’nete hore ho ’nile ha e-ba le mebuso e meng ea lefatše historing ntle le e supileng—feela joalokaha sebata seo Johanne a se boneng se ne se e-na le ’mele hammoho le lihlooho tse supileng le linaka tse leshome. Empa lihlooho tse supileng li emela mebuso e supileng e meholo eo ka ho latellana e ileng ea etella pele ho hatella batho ba Molimo. Ka 33 C.E., ha ho ne ho busa Roma, Satane o ile a sebelisa hlooho eo ea sebata ho bolaea Mora oa Molimo. Ka nako eo, Molimo o ile a lahla tsamaiso ea lintho ea Sejuda e hlokang tumelo, ’me hamorao ka 70 C.E., a lumella Roma hore e phethahatse kahlolo ea hae ho sechaba seo. Ka thabo, Iseraele ea ’nete ea Molimo, e leng phutheho ea Bakreste ba tlotsitsoeng, e ne e ile ea lemosoa esale pele, ’me ba neng ba le Jerusalema le Judea ba ne ba se ba balehetse moo ho sireletsehileng ka mose ho Nōka ea Jordane.—Matheu 24:15, 16; Bagalata 6:16.
7. (a) Ke eng e neng e lokela ho etsahala qetellong ea tsamaiso ea lintho le ha letsatsi la Morena le qala? (b) Ke eng e ipakileng e le hlooho ea bosupa ea sebata se boleloang ho Tšenolo 13:1, 2?
7 Leha ho le joalo, ho ea qetellong ea lekholo la pele la lilemo C.E., ba bangata phuthehong ena ea qalong ba ne ba se ba oele ’neteng, ’me boholo ba koro ea ’nete ea Bokreste, e leng “bara ba ’muso,” bo ne bo pupelitsoe ke mofoka, e leng “bara ba ea khopo.” Empa qetellong ea tsamaiso ea lintho, Bakreste ba tlotsitsoeng ba ile ba boela ba hlaha e le sehlopha se hlophisitsoeng. Nakong ea letsatsi la Morena, ba lokileng ba ne ba lokela ho “khanya ka ho phatsimang joaloka letsatsi.” Kahoo, phutheho ea Bokreste e ne e hlophiselitsoe mosebetsi. (Matheu 13:24-30, 36-43) Ka nako eo, ’Muso oa Roma o ne o se o le sieo. ’Muso o moholo oa Manyesemane, hammoho le United States of America e matla, e ne e le oona o laolang litaba tsa lefatše. ’Muso ona oa lefatše o kopanetsoeng o ipakile e le hlooho ea bosupa ea sebata.
8. Ke hobane’ng ha ho sa lokela ho re tšosa ha ’muso oa lefatše o kopanetsoeng oa Manyesemane le Maamerika o tšoantšoa le sebata?
8 Na hase ntho e tšosang ha ho thoe mebuso ea lipolotiki e busang ke sebata? Ke sona seo bahanyetsi ba bang ba neng ba se bua nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše, ha ho ne ho belaelloa boemo ba Lipaki Tsa Jehova, e le mokhatlo e bile e le batho ka bomong, makhotleng a molao ho pota lefatše. Empa ema hanyenyane u ipotse! Na lichaba ka botsona ha li ithehelle ka libata kapa libōpuoa tse hlaha e le matšoao a tsona a sechaba? Ka mohlala, ho na le tau ea Manyesemane, ntsu ea Maamerika le drakone ea Machaena. Joale ke hobane’ng ha motho leha e le ofe a ka hana haeba Molimo eo e leng Mongoli oa Bibele e Halalelang le eena a sebelisa libata ho tšoantšetsa mebuso ea lefatše?
9. (a) Ke hobane’ng ha ho se na motho ea lokelang ho hana ha Bibele e re Satane o fa sebata bolaoli ba sona bo boholo? (b) Ka Bibeleng Satane o hlalosoa joang, ’me o susumetsa mebuso joang?
9 Ho feta moo, ke hobane’ng ha motho leha e le ofe a ka hana ha Bibele e re ke Satane ea fang sebata bolaoli ba sona bo boholo? Molimo ke eena Ea Buileng mantsoe ao, ’me ka pel’a hae “lichaba li joaloka lerotholi ka nkhong; ’me li lekantsoe joaloka lerōle sekaleng.” Ho ne ho ka ba molemo haeba lichaba tseo li ne li ka batla mohau oa Molimo ho e-na le ho halefisoa ke tsela eo Lentsoe la hae la boprofeta le li hlalosang ka eona. (Esaia 40:15, 17; Pesaleme ea 2:10-12) Satane hase motho oa tšōmong ea abetsoeng ho hlokofatsa meea e arohaneng le ’mele liheleng tsa mollo. Ha ho na sebaka se joalo. Ho e-na le hoo, ka Mangolong Satane o hlalosoa e le “lengeloi la leseli”—e le setsebi sa ho thetsa se nang le tšusumetso e matla litabeng tsa lipolotiki ka kakaretso.—2 Bakorinthe 11:3, 14, 15; Baefese 6:11-18.
10. (a) Taba ea hore lenaka ka leng linakeng tse leshome le roetse mofapa-hlooho e bontša’ng? (b) Linaka tse leshome le mefapa-hlooho e leshome li tšoantšetsa eng?
10 Sebata se na le linaka tse leshome lihloohong tsa sona tse supileng. Mohlomong hlooho ka ’ngoe ho lihlooho tse ’nè e ne e e-na le lenaka le le leng ’me hlooho ka ’ngoe ho lihlooho tse tharo e e-na le linaka tse peli. Ho feta moo, se ne se e-na le mefapa-hlooho e leshome linakeng tsa sona. Bukeng ea Daniele, ho hlalositsoe libata tse tšabehang, ’me palo ea linaka tsa tsona e lokela ho nkoa joalokaha e le joalo. Ka mohlala, linaka tse peli tsa pheleu li emela ’muso oa lefatše o neng o entsoe ka linaha tse peli, Media le Persia, ha linaka tse ’nè tsa pōli li ne li emela mebuso e mene e neng e busa ka nako e tšoanang e ileng ea hlaha ’musong oa Alexandere e Moholo oa Greece. (Daniele 8:3, 8, 20-22) Leha ho le joalo, ho sebata seo Johanne a se boneng, ho bonahala palo ea linaka tse leshome e le ea tšoantšetso. (Bapisa le Daniele 7:24; Tšenolo 17:12.) Li emela linaha tsohle tse ipusang tse etsang mokhatlo oohle oa bopolotiki oa Satane. Linaka tsena tsohle li mabifi ebile li leqhoko, empa joalokaha ho bontšitsoe ke lihlooho tse supileng, ke ’muso o le mong feela oa lefatše o renang holim’a e meng ka nako e le ’ngoe. Ka ho tšoanang, mefapa-hlooho e leshome e bontša hore linaha tsohle tse ipusang li ne li tla busa ka nako e le ’ngoe le naha e busang, kapa ’muso oa lefatše, oa nakong eo.
11. Taba ea hore sebata se na le ‘mabitso a nyefolang lihloohong tsa sona’ e bontša’ng?
11 Sebata sena ‘se na le mabitso a nyefolang lihloohong tsa sona,’ sea ipolelisa e leng ho bontšang hore se nyelisa Jehova Molimo le Kreste Jesu. Se ’nile sa sebelisa lebitso la Molimo le la Kreste e le leqheka la ho finyella merero ea sona ea bopolotiki; ’me se ’nile sa sebelisana le bolumeli ba bohata, sa ba sa lumella le baruti hore ba be le karolo litšebeletsong tsa sona tsa bopolotiki. Ka mohlala, Paramente e Phahameng ea Engelane e akarelletsa babishopo. Bak’hadinale ba K’hatholike ba bile le seabo se seholo mesebetsing ea bopolotiki Fora le Italy, ’me haufinyane haholo, baprista ba bile litulong tsa bopolotiki Latin America. Mebuso e hatisa mapetjo a bolumeli, a kang le reng “RE TŠEPA MOLIMO,” licheleteng tsa eona tsa pampiri, ’me licheleteng tsa eona tsa tšepe e bolela hore Molimo o amohela babusi ba eona, ka mohlala, e bolela hore ba khethiloe “ka mohau oa Molimo.” Ha e le hantle, hona hohle ke ho nyefola, hobane e leka ho kenyelletsa Molimo litabeng tsa lipolotiki tsa bochaba tse silafetseng.
12. (a) Taba ea hore sebata se tsoa “leoatleng” e bontša’ng, hona se qalile ho hlaha neng? (b) Taba ea hore drakone e fa sebata sa tšoantšetso bolaoli ba sona bo boholo e bontša’ng?
12 Sebata se tsoa “leoatleng,” e leng setšoantšo se loketseng sa matšoele a tletseng morusu ao mebuso ea batho e hlahang ho ’ona. (Esaia 17:12, 13) Sebata sena se qalile ho hlaha leoatleng la batho ba tletseng morusu morao koana mehleng ea Nimrode (hoo e ka bang lekholong la bo21 la lilemo B.C.E.), ha tsamaiso ea lintho ea ka morao ho Moroallo, e hanyetsang Jehova, e qala ho iponahatsa. (Genese 10:8-12; 11:1-9) Empa ke letsatsing la Morena feela moo hlooho ea ho qetela lihloohong tsa sona tse supileng e qalileng ho iponahatsa ka ho feletseng. Hape, hlokomela hore ke drakone e ileng “ea fa sebata matla a sona le terone ea sona le bolaoli bo boholo.” (Bapisa le Luka 4:6.) Sebata ke lipolotiki tse bōpiloeng ke Satane har’a matšoele a batho. Ka sebele Satane ke “’musi oa lefatše lena.”—Johanne 12:31.
Leqeba le Bolaeang
13. (a) Ke tlokotsi efe e hlaselang sebata qalong ea letsatsi la Morena? (b) Sebata kaofela se ile sa utloa bohloko joang ha hlooho e le ’ngoe e tsoa leqeba le bolaeang?
13 Qalong ea letsatsi la Morena, sebata se oeloa ke tlokotsi. Johanne o tlaleha sena: “Ka bona e ’ngoe ea lihlooho tsa sona e le joalokaha eka e hlabetsoe lefu, empa leqeba la eona le bolaeang le ile la fola, ’me lefatše kaofela la latela sebata ka ho hlolloa.” (Tšenolo 13:3) Temana ena e re hlooho e ’ngoe ea sebata e ile ea tsoa leqeba le bolaeang, empa temana ea 12 e bua joalokaha eka sebata seo kaofela se ile sa utloa bohloko. Hobane’ng? Lihlooho tsa sebata ha li buse ka nako e le ’ngoe kaofela. Ke e le ’ngoe ka nako e ileng ea busa moloko oa batho, haholo-holo batho ba Molimo. (Tšenolo 17:10) Kahoo, ha letsatsi la Morena le qala, ho na le hlooho e le ’ngoe feela, ea bosupa, e busang e le ’muso o hlaheletseng oa lefatše. Leqeba le bolaeang le hloohong eo le tlisa tlokotsi e khōlō ho sebata kaofela.
14. Leqeba le bolaeang le ile la hlaha neng, ’me molaoli e mong oa sesole o ile a hlalosa tsela eo le ileng la ama sebata sa Satane ka eona joang?
14 Leqeba leo le bolaeang e ne e le eng? Hamorao, le bitsoa leqeba la sabole, ’me sabole e tšoantšetsa ntoa. E tlameha ebe leqeba lena la sabole, le ileng la hlaha mathoasong a letsatsi la Morena, le amana le ntoa ea pele ea lefatše, e ileng ea ripitla sebata sa bopolotiki sa Satane ea ba ea se holofatsa. (Tšenolo 6:4, 8; 13:14) Mongoli Maurice Genevoix, eo e neng e le molaoli oa sesole ntoeng eo, o ile a re ka eona: “Bohle baa lumellana ka ho hlokomela hore historing eohle ea batho, ke matsatsi a ’maloa feela ao e bileng a bohlokoa joaloka la 2 August, 1914. Pele e bile Europe ’me hang ka morao ho moo ea batla e e-ba batho bohle ba iphumanang ba le ka har’a ketsahalo eo e tšabehang. Likopano, litumellano, melao ea boitšoaro, metheo eohle e ile ea sisinyeha; ho tloha letsatsing le leng ho ea ho le latelang, ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ile ea belaelloa. Ketsahalo eo e ne e tla ba khōlō ho feta seo ka tlhaho batho ba neng ba ile ba bolela hore se tla etsahala le seo ka mabaka a utloahalang ba neng ba se lebeletse. E ne e le e khōlōhali, e tletseng merusu, e tšabehang, ’me re sa ntsane re e-s’o hlaphoheloe ka lebaka la eona.”—Maurice Genevoix, setho sa Académie Française, e qotsitsoeng bukeng ea Promise of Greatness (1968).
15. Hlooho ea bosupa ea sebata e ile ea tsoa leqeba le bolaeang joang?
15 Ntoa eo e ne e le koluoa e khōlō ho hlooho ea bosupa ea sebata e neng e busa. Brithani hammoho le lichaba tse ling tsa Europe, e ile ea lahleheloa ke bahlankana ba eona ka bongata bo tšabehang. Ntoeng e le ’ngoe feela, Ntoa ea Nōka ea Somme ka 1916, Mabrithani a 420 000 a ile a lemala kapa a bolaoa ntoeng hammoho le Mafora a 194 000 le Majeremane a 440 000—e leng batho ba fetang 1 000 000 ba ileng ba lemala kapa ba bolaoa! Le moruong, Brithani—hammoho le Europe eohle—e ile ea soahlamana. ’Muso o moholo oa Brithani o ile oa thefuloa ke tlhaselo eo ’me ha ho mohla o kileng oa hlaphoheloa ka botlalo. Ka sebele ntoa eo, eo lichaba tse 28 tse ka sehloohong li neng li kentse letsoho ho eona, e ile ea tsekelisa lefatše lohle joalokaha eka le hlasetsoe ka ho otloa ho bolaeang. Ka la 4 August, 1979, lilemo tse 65 feela ka mor’a ho qhoma ha Ntoa ea I ea Lefatše, The Economist, ea London, Engelane, e ile ea re: “Ka 1914 lefatše le ile la lahleheloa ke ho momahana hoo le e-s’o ka le khona ho ho fihlela ho tloha ka nako eo.”
16. Nakong ea ntoa ea pele ea lefatše, United States e ile ea bontša joang hore ke karolo ea ’muso oa lefatše o kopanetsoeng?
16 Ka nako e tšoanang, Ntoa e Khōlō, joalokaha e ne e bitsoa joalo ka nako eo, e ile ea bula tsela ea hore United States e hlahelle ka ho khethehileng e le karolo ea ’Muso oa Lefatše oa Manyesemane le Maamerika. Lilemong tsa pele tsa ntoa, United States ha ea ka ea kenya letsoho khohlanong eo ka lebaka la maikutlo a sechaba. Empa joalokaha rahistori Esmé Wingfield-Stratford a ngotse, “e ne e le feela taba ea hore na, nakong ena ea tlokotsi e khōlō ka ho fetisisa, Brithani le United States li ne li tla pupetsa ho se lumellane ha tsona ka ho hlokomela lintho tse ngata haholo tseo li lumellanang ho tsona le puso [ea tsona] e tšoanang linaheng tse boliseng ba tsona.” Ho ea kamoo litaba li ileng tsa tsamaea kateng, li ile tsa fela tsa etsa joalo. Ka 1917 United States e ile ea tlatsetsa ka matla a eona le sesole sa eona ho thusa Linaha Tse Entseng Selekane tse neng li thefulehile ntoeng. Kahoo, hlooho ea bosupa, e kopantseng Brithani le United States, ke eona e ileng ea hlōla.
17. Ho ile ha etsahala’ng ka tsamaiso ea lefatše ea Satane ka mor’a ntoa?
17 Lefatše le ne le fapane haholo ka mor’a ntoa. Le hoja tsamaiso ea lefatše ea Satane e ne e sentsoe ke leqeba le bolaeang, e ile ea tsosolosoa ’me ea e-ba matla ho feta pele, kahoo batho ba ile ba hlolloa ka lebaka la matla ao e a fumaneng a ho hlaphoheloa.
18. Ho ka boleloa joang hore batho ka kakaretso ba ‘latetse sebata ka ho hlolloa’?
18 Rahistori Charles L. Mee, e monyenyane, o re ha a ngola: “Ho oa ha tsamaiso ea pele [ho bakiloeng ke ntoa ea pele ea lefatše] e ne e le selelekela se hlokahalang bakeng sa ho jala moea oa ho ipusa, ho lokolloa ha lichaba tse ncha le lihlopha tse ncha, ho hlahisa bolokolohi bo bocha le boipuso.” Hlooho ea bosupa ea sebata, eo joale e neng e phekotsoe, e ne e eteletse pele phetohong ea mehleng ena ea ka mor’a ntoa, ’me United States of America e ne e le eona e li hulang pele. ’Muso o moholo oa lefatše o kopanetsoeng o ile oa etella pele tabeng ea ho buella Selekane sa Lichaba le Machaba a Kopaneng. Ka selemo sa 2005, ’muso oa bopolotiki oa United States o ne o eteletse pele lichaba tse ruileng tabeng ea ho hlahisa boemo bo phahameng haholoanyane ba bophelo, ho loantša mafu, le ho ntšetsa pele theknoloji. O ne o se o bile o behile batho ba 12 khoeling. Ka lebaka leo, hase feela batho ka kakaretso ba ileng ba “latela sebata ka ho hlolloa.”
19. (a) Batho ba fetetse ka nģ’ane ho ho talima sebata ka tsela e hlollang joang? (b) Ke mang eo ntle ho pelaelo a laolang mebuso eohle ea lefatše, hona re tseba joang? (c) Satane o fa sebata bolaoli joang, hona seo se ama karolo e khōlō ea batho joang?
19 Batho ba bile ba fetetse ka nģ’ane ho ho talima sebata ka tsela e hlollang, joalokaha Johanne a bolela se latelang: “Ba rapela drakone hobane e file sebata bolaoli, ’me ba rapela sebata ka mantsoe ana: ‘Ke mang ea joaloka sebata, ke mang ea ka loanang le sona?’” (Tšenolo 13:4) Ha Jesu a ne a le mona lefatšeng, Satane o ile a re o laola mebuso eohle ea lefatše. Jesu ha aa ka a hanyetsa sena; ha e le hantle, eena ka boeena o ile a re Satane ke ’musi oa lefatše lena a ba a hana ho kopanela lipolotiking tsa mehleng eo. Hamorao Johanne o ile a ngola tjena ka Bakreste ba ’nete: “Rea tseba hore re simoloha ho Molimo, empa lefatše lohle le rapaletse matleng a ea khopo.” (1 Johanne 5:19; Luka 4:5-8; Johanne 6:15; 14:30) Satane o fa sebata bolaoli, ’me o etsa sena ka moea oa bochaba. Kahoo, ho e-na le ho kopanngoa ke litlamo tsa lerato la bomolimo, batho ba arohantsoe ke boikhohomoso ba moloko, morabe le bochaba. Ha e le hantle, boholo ba batho bo rapela karolo eo ea sebata e laolang naha eo ba iphumanang ba phela ho eona. Kahoo batho ba talima sebata kaofela ka tsela e hlollang ebile baa se rapela.
20. (a) Batho ba rapela sebata ka kutloisiso efe? (b) Ke hobane’ng ha Bakreste ba rapelang Jehova Molimo ba sa be le seabo borapeling bo joalo ba sebata, hona ba latela mohlala oa mang?
20 Ba se rapela ka kutloisiso efe? Ka kutloisiso ea ho rata naha ho feta ho rata Molimo. Batho ba bangata ba rata naha eo ba tsoaletsoeng ho eona. Joaloka baahi ba molemo, Bakreste ba ’nete le bona ba hlompha babusi le matšoao a naha eo ba phelang ho eona, ba mamela melao, ’me ba tlatsetsa boiketlong ba libaka tseo ba lulang ho tsona le ba baahelani ba bona. (Baroma 13:1-7; 1 Petrose 2:13-17) Leha ho le joalo, ba ke ke ba inehela ka hlooho e ntšo naheng e ’ngoe khahlanong le tse ling kaofela. Lepetjo le reng, “Ke naha ea heso, ho sa tsotellehe hore na e nepile kapa e fositse” hase thuto ea Bokreste. Kahoo, Bakreste ba rapelang Jehova Molimo ba ke ke ba e-ba le seabo tabeng ea ho rapela karolo leha e le efe ea sebata ka moea oa boikhohomoso oa ho rata naha, hobane hona ho ne ho tla tšoana le ho rapela drakone—e leng mohloli oa bolaoli ba sebata. Ba ke ke ba botsa tjena ka ho hlolloa: ‘Ke mang ea tšoanang le sebata?’ Ho e-na le hoo, ba latela mohlala oa Mikaele—eo lebitso la hae le bolelang “Ke Mang ea Tšoanang le Molimo?”—ha ba phahamisa bobusi ba bokahohleng ba Jehova. Ka nako e khethiloeng ke Molimo, Mikaele enoa, e leng Kreste Jesu, o tla loantša sebata ’me a se hlōle, joalokaha a ile a hlōla ka ho leleka Satane leholimong.—Tšenolo 12:7-9; 19:11, 19-21.
Ho Loantša Bahalaleli
21. Johanne o hlalosa tsela eo Satane a sebelisang sebata ka eona joang?
21 Satane ea bolotsana o ne a rerile ho sebelisa sebata ho finyella merero ea hae. Johanne o hlalosa sena: “[Sebata se lihlooho li supileng] sa fuoa molomo o buang lintho tse khōlō le linyefolo, ’me sa fuoa matla a ho sebetsa ka likhoeli tse mashome a mane a metso e ’meli. Sa ahlamisa molomo oa sona ka linyefolo khahlanong le Molimo, ho nyefola lebitso la hae le sebaka sa hae sa bolulo, ba lulang leholimong. Sa nehoa ho loantša bahalaleli le ho ba hlōla, ’me sa fuoa matla holim’a moloko o mong le o mong le batho ba bang le ba bang le leleme le leng le le leng le sechaba se seng le se seng. Bohle ba lulang lefatšeng ba tla se rapela; ha ho le ea mong oa bona eo lebitso la hae le ngotsoeng moqolong oa bophelo oa Konyana e ileng ea hlajoa, ho tloha ho thehoeng ha lefatše.”—Tšenolo 13:5-8.
22. (a) Likhoeli tse 42 ke nako efe? (b) Nakong ea likhoeli tse 42, Bakreste ba tlotsitsoeng ba ile ba ‘hlōloa’ joang?
22 Ho bonahala likhoeli tse 42 tse boletsoeng mona e le nako e tšoanang le lilemo tse tharo le halofo tseo ka tsona bahalaleli ba tšoenngoang ke lenaka le hlahang ho se seng sa libata tse boletsoeng boprofeteng ba Daniele. (Daniele 7:23-25; bona le Tšenolo 11:1-4.) Kahoo, ho tloha qetellong ea 1914 ho ea ho 1918, ha lichaba tse loantšanang li ne li hlile li rusollana joaloka libata, baahi ba lichaba tseo ba ne ba qobelloa ho rapela sebata, ho inehela bolumeling ba bochaba, esita le ho itokisetsa ho shoela naha ea habo bona. Khatello e joalo e ile ea utloisa batlotsuoa ba bangata bohloko haholo, ba neng ba ikutloa hore batho bao ba lokelang ho ba mamela ka ho fetisisa ke Jehova Molimo le Mora oa hae, Kreste Jesu. (Liketso 5:29) Liteko tsa bona li ile tsa fihla tlhōrōng ka June 1918, ha ba ne ba ‘hlōloa.’ United States, basebetsi ba ka sehloohong le baemeli ba bang ba Mokhatlo oa Watch Tower ba ile ba kenngoa literonkong ka phoso, ’me boboleli bo hlophisitsoeng bo etsoang ke barab’abo bona ba Bakreste bo ile ba sitisoa haholo. Kaha sebata se ne se e-na le “matla holim’a moloko o mong le o mong le batho ba bang le ba bang le leleme le leng le le leng le sechaba se seng le se seng,” se ile sa thibela mosebetsi oa Molimo lefatšeng ka bophara.
23. (a) ‘Moqolo oa bophelo oa Konyana’ ke eng, ’me ke eng e ’nileng ea tsoela pele ho ea sephethong ho tloha ka 1918? (b) Ke hobane’ng ha tlhōlo leha e le efe eo mokhatlo o bonahalang oa Satane o neng o bonahala eka o e fumane ha o loantša “bahalaleli” e ne e le e sa reng letho?
23 Satane le mokhatlo oa hae ba ne ba bonahala eka ba hlōtse. Empa hoo ho ne ho ke ke ha ba tlisetsa melemo ea nako e telele, kaha ha ho le ea mong ea mokhatlong o bonahalang oa Satane eo lebitso la hae le ngotsoeng “moqolong oa bophelo ea Konyana.” Ka tsela ea tšoantšetso, buka ena e na le mabitso a ba tla busa le Jesu ’Musong oa hae oa leholimo. Mabitso a pele a ile a ngoloa ka Pentekonta ea 33 C.E. ’Me lilemong tse ileng tsa latela, ho ’nile ha eketsoa mabitso a mang. Ho tloha ka 1918, ho tiisoa ha ba setseng ba majalefa a ’Muso a 144 000 ho ’nile ha tsoela pele ho ea sephethong. Haufinyane, mabitso a bona kaofela a tla be a ngotsoe ka tsela eo a ke keng a hlakoloa bukeng ea bophelo ea Konyana. Ha e le bahanyetsi ba rapelang sebata, ha ho le ea mong oa bona eo lebitso la hae le tlang ho ngoloa bukeng eo. Kahoo tlhōlo leha e le efe eo bana ba ka ’nang ba bonahala eka ba e fumane ha ba loantša “bahalaleli” ha e re letho, ke ea nakoana feela.
24. Johanne o ipiletsa ho ba nang le temoho hore ba utloe eng, hona mantsoe a utloiloeng a bolela eng ho batho ba Molimo?
24 Joale Johanne o ipiletsa ho ba nang le temoho hore ba mamele ka hlokolosi: “Haeba mang kapa mang a e-na le tsebe, a ke a utloe.” Joale o tsoela pele ho re: “Haeba mang kapa mang a reretsoe kholeho, o ea kholehong. Haeba mang kapa mang o tla bolaea ka sabole, o tla bolaoa ka sabole. Mona ke moo ho amehang mamello le tumelo ea bahalaleli.” (Tšenolo 13:9, 10) Jeremia o ile a ngola mantsoe a batlang a tšoana le ana lilemong tsa pele ho 607 B.C.E., ho bontša hore likahlolo tsa Jehova ho motse o sa tšepahaleng oa Jerusalema li ne li ke ke tsa fetoha. (Jeremia 15:2; bona le Jeremia 43:11; Zakaria 11:9.) Nakong ea ha a le tekong e khōlō, Jesu o ile a hlakisa hore balateli ba hae ha baa tlameha ho sekisetsa ha a ne a re: “Bohle ba nkang sabole ba tla timela ka sabole.” (Matheu 26:52) Ka ho tšoanang, hona joale letsatsing la Morena batho ba Molimo ba tlameha ho tšoarella ka tieo melao-motheong ea Bibele. Ba sa bakeng ba rapelang sebata ba ke ke ba pholoha qetellong. Kaofela ha rōna re tla hloka mamello, hammoho le tumelo e sa thekeseleng, e le hore re ka pholoha mahloriso le liteko tse larileng ka pele.—Baheberu 10:36-39; 11:6.
Sebata se Nang le Linaka Tse Peli
25. (a) Johanne o hlalosa sebata se seng sa tšoantšetso se hlahellang lefatšeng joang? (b) Taba ea hore sebata se secha se na le linaka tse peli le hore se nyoloha lefatšeng e bontša’ng?
25 Empa joale sebata se seng sea hlahella lefatšeng. Johanne o tlaleha tjena: “Ka bona sebata se seng se nyoloha lefatšeng, ’me se ne se e-na le linaka tse peli joaloka konyana, empa sa qala ho bua joaloka drakone. Se sebelisa matla ’ohle a sebata sa pele mahlong a sona. Se etsa hore lefatše le ba lulang ho lona ba rapele sebata sa pele, seo leqeba la sona le bolaeang le ileng la fola. Se etsa lipontšo tse khōlō, hoo se ka etsang hore esita le mollo o theohe leholimong ho tla lefatšeng mahlong a moloko oa batho.” (Tšenolo 13:11-13) Sebata sena se na le linaka tse peli, e leng ho bontšang selekane sa mebuso e ’meli ea bopolotiki. ’Me se hlalosoa e le se nyolohang lefatšeng, eseng leoatleng. Kahoo, se hlaha tsamaisong ea lintho ea Satane e thehiloeng lefatšeng e seng e ntse e le teng. E tlameha ebe ke ’muso oa lefatše o seng o ntse o le teng, o phethang karolo ea bohlokoa ka letsatsi la Morena.
26. (a) Sebata se linaka li peli ke eng, hona se amana joang le sebata sa pele? (b) Ke ka kutloisiso efe linaka tsa sebata se linaka li peli li tšoanang le tsa konyana, hona se “bua joaloka drakone” joang? (c) Ha e le hantle batho ba nang le moea oa bochaba ba rapela eng, ’me bochaba bo ’nile ba tšoantšoa le eng? (Bona mongolo o botlaaseng ba leqephe.)
26 Ebe ke ofe? Ke ’Muso oa Lefatše oa Manyesemane le Maamerika—o tšoanang le hlooho ea bosupa ea sebata sa pele empa o phetha karolo e ’ngoe e khethehileng! Ho se khetholla ponong e le sebata se arohileng ho re thusa hore re bone ka ho hlaka kamoo se sebetsang se le seng kateng lefatšeng. Sebata sena sa tšoantšetso se linaka li peli se entsoe ka mebuso e ’meli ea lipolotiki e ntseng e le teng, e ipusang, empa e sebelisanang. Linaka tsa sona tse peli tse ‘joaloka tsa konyana’ li bontša hore se iketsa se bonolo le se sa hlaseleng, se nang le sebōpeho sa puso e bohlale eo lefatše lohle le lokelang ho retelehela ho eona. Empa se bua joaloka “drakone” ka hore se sebelisa khatello le litšoso esita le pefo e totobetseng hohle moo mokhoa oa sona oa puso o sa amoheloeng. Ha sea khothalletsa ho ikokobelletsa ’Muso oa Molimo tlas’a puso ea Konyana ea Molimo empa, ho e-na le hoo, se khothalelitse ho ikokobelletsa se batloang ke Satane, e leng drakone e khōlō. Se khothalelitse likarohano tsa bochaba le lehloeo le tlatsetsang ho rapeleng sebata sa pele.c
27. (a) Taba ea hore sebata se linaka li peli se etsa hore mollo o theohe leholimong e bontša hore se na le boikutlo bofe? (b) Batho ba bangata ba talima moemeli oa kajeno oa sebata se linaka li peli joang?
27 Sebata sena se linaka li peli se etsa lipontšo tse khōlō, esita le ho etsa hore mollo o theohe leholimong. (Bapisa le Matheu 7:21-23.) Pontšo ena ea ho etsa hore mollo o theohe leholimong e re hopotsa Elia, moprofeta oa Molimo oa boholo-holo ea ileng a kena tlhōlisanong le baprofeta ba Baale. Ha a atleha ho theola mollo leholimong ka lebitso la Jehova, hoo ho ile ha paka ntle ho pelaelo hore e ne e le moprofeta oa ’nete le hore baprofeta ba Baale e ne e le ba bohata. (1 Marena 18:21-40) Joaloka baprofeta bao ba Baale, sebata se linaka li peli se ikutloa hore se na le bopaki bo lekaneng bo tiisang hore ke moprofeta. (Tšenolo 13:14, 15; 19:20) Se ipolela hore se hlōtse makhotla a bobe lintoeng tse peli tsa lefatše le hore se hlōtse seo ho thoeng ke Bokomonisi bo sa lumeleng ho Molimo! Ka sebele, ba bangata ba talima moemeli oa kajeno oa sebata se linaka li peli e le mohlokomeli oa tokoloho e bile e le mohloli oa lintho tse ntle tse bonahalang.
Setšoantšo sa Sebata
28. Johanne o bontša joang hore sebata se linaka li peli hase se hlokang molato joalokaha linaka tsa sona tse kang tsa konyana li bontša?
28 Na sebata see se linaka li peli ke se hlokang molato joalokaha linaka tsa sona tse kang tsa konyana li bontša? Johanne o tsoela pele ho re: “Se khelosa ba lulang lefatšeng, ka lebaka la lipontšo tseo se ileng sa li nehoa hore se li etse mahlong a sebata, ha se ntse se bolella ba lulang lefatšeng hore ba etse setšoantšo bakeng sa sebata se neng se e-na le leqeba la sabole leha ho le joalo sa hlaphoheloa. Sa nehoa ho fa setšoantšo sa sebata phefumoloho, e le hore setšoantšo sa sebata se ka bua le ho etsa hore ho bolaoe bohle bao ka tsela leha e le efe ba neng ba ke ke ba rapela setšoantšo sa sebata.”—Tšenolo 13:14, 15.
29. (a) Morero oa setšoantšo sa sebata ke ofe, ’me setšoantšo see se entsoe neng? (b) Ke hobane’ng ha setšoantšo sa sebata e se seemahale feela se se nang bophelo?
29 ‘Setšoantšo see sa sebata’ ke eng, hona morero oa sona ke ofe? Morero ke ho khothalletsa borapeli ba sebata se lihlooho li supileng seo e leng setšoantšo sa sona, kahoo ha e le hantle, ke ho etsa hore sebata se be teng nako e telele. Setšoantšo sena se etsoa ka mor’a hore sebata se lihlooho li supileng se hlaphoheloe leqebeng la sona la sabole, ke hore, ka mor’a hore ntoa ea pele ea lefatše e lale. Hase seemahale feela se se nang bophelo, se kang se ileng sa emisoa ke Nebukadnezare thoteng ea Dura. (Daniele 3:1) Sebata se linaka li peli se bululela bophelo ho setšoantšo sena e le hore setšoantšo sena se ka phela ’me sa phetha karolo ea sona historing ea lefatše.
30, 31. (a) Linnete tsa histori li bontša hore setšoantšo see ke eng? (b) Na ho na le ba bolailoeng ka lebaka la ho hana ho rapela setšoantšo see? Hlalosa.
30 Ho phethahala ha histori ho bontša hore setšoantšo sena ke mokhatlo o ileng oa buelloa, oa khothalletsoa oa ba oa tšehetsoa ke Brithani le United States, oo qalong o neng o tsejoa e le Selekane sa Lichaba. Hamorao, ho Tšenolo khaolo ea 17, o tla hlaha o tšoantšetsoa ke ntho e fapaneng, e le sebata se phelang, se phefumolohang se ’mala o sekareleta se ikemetseng. Sehlopha sena sa machaba ‘sea bua,’ kaha ka boithoriso se bolela hore ke sona feela se ka tlisetsang moloko oa batho khotso le tšireletseho. Empa bonneteng se fetohile sebaka seo lichaba tseo e leng litho tsa sona li seollanang ho sona ka lipuo tse telele le mahlapa. Se ’nile sa sokela sechaba leha e le sefe kapa batho leha e le bafe ba sa ikokobeletseng matla a sona ka hore se tla ba qhelela thōko kapa se tla ba hlorisetsa ruri. Ha e le hantle, Selekane sa Lichaba se lelekile lichaba tse sa kang tsa amohela likhopolo tsa sona. Qalong ea matšoenyeho a maholo, “linaka” tsa sesole tsa setšoantšo sa sebata li tla phetha mosebetsi oa ho ripitla.—Tšenolo 7:14; 17:8, 16.
31 Ho tloha ka Ntoa ea II ea Lefatše, setšoantšo sa sebata—seo joale se hlahileng e se e le mokhatlo oa Machaba a Kopaneng—se ’nile sa hla sa bolaea. Ka mohlala, ka 1950 lebotho la Machaba a Kopaneng le ile la kenella ntoeng pakeng tsa Korea Leboea le Korea Boroa. Lebotho la Machaba a Kopaneng, hammoho le la Makorea a ka Boroa, le ile la bolaea Makorea a ka Leboea le Machaena a hakanyetsoang ho batho ba 1 420 000. Ka ho tšoanang, ho tloha ka 1960 ho fihlela ka 1964, mabotho a Machaba a Kopaneng a ne a loana Congo (Kinshasa). Ho feta moo, baeta-pele ba lefatše, ba akarelletsang mopapa Paul VI le mopapa John Paul II, ba ’nile ba tsoela pele ho tiisa hore setšoantšo sena ke tšepo ea ho qetela ea batho e molemohali ea ho tlisa khotso. Ba tsitlella hore haeba batho ba sa se sebeletse, moloko oa batho o tla itimetsa. Kahoo ka tsela ea tšoantšetso ba etsa hore ho bolaoe batho bohle ba hanang ho khema le setšoantšo seo le ho se rapela.—Deuteronoma 5:8, 9.
Letšoao la Sebata
32. Johanne o hlalosa tsela eo ka eona Satane a sebelisang likarolo tsa lipolotiki tsa mokhatlo oa hae o bonahalang ho utloisa ba setseng ba peō ea mosali oa Molimo bohloko joang?
32 Joale Johanne o bona kamoo Satane a sebelisang likarolo tsa lipolotiki tsa mokhatlo oa hae o bonahalang ho etsa hore ba setseng ba peō ea mosali oa Molimo ba utloe bohloko ka ho fetisisa. (Genese 3:15) O tsoela pele ho hlalosa “sebata” ka bosona: “Se qobella batho bohle, ba banyenyane le ba baholo, le ba ruileng le ba futsanehileng, le ba lokolohileng le makhoba, hore ba fuoe letšoao matsohong a bona a matona kapa liphatleng tsa bona, le hore ho se ke ha e-ba le ea ka khonang ho reka kapa ho rekisa haese motho ea nang le letšoao, lebitso la sebata kapa palo ea lebitso la sona. Mona ke moo bohlale bo kenellang: Ea kelello a ke a sebetse palo ea sebata, etsoe ke palo ea motho; palo ea sona ke makholo a tšeletseng le mashome a tšeletseng a metso e tšeletseng.”—Tšenolo 13:16-18.
33. (a) Lebitso la sebata ke mang? (b) Palo ea botšelela e amahanngoa le eng? Hlalosa.
33 Sebata seo se na le lebitso, ’me lebitso lena ke palo: 666. Palo ea botšelela e amahanngoa le lira tsa Jehova. Monna oa Mofilista oa Refaime e ne e le “ea boholo bo sa tloaelehang” ’me ‘menoana ea hae ea matsoho e ne e tšeletse le ea maoto e ne e tšeletse.’ (1 Likronike 20:6) Morena Nebukadnezare o ile a emisa setšoantšo sa khauta se bophara ba litsoe tse 6 le bophahamo ba litsoe tse 60, ka morero oa ho etsa hore liofisiri tse pusong ea hae ea lipolotiki li kopane borapeling bo le bong. Ha bahlanka ba Molimo ba hana ho rapela setšoantšo sa khauta, morena o ile a re ba lahleloe ka sebōping sa mollo. (Daniele 3:1-23) Palo ea botšelela e haelloa ke ho ba ea bosupa, e emelang hore ntho ke e feletseng ponong ea Molimo. Kahoo bo-tšelela ba bararo ba emela ho se phethahale ho hoholo.
34. (a) Taba ea hore palo ea sebata ke “palo ea motho” e bontša’ng? (b) Ke hobane’ng ha 666 e le lebitso le loketseng tsamaiso ea lefatše ea Satane ea bopolotiki?
34 Lebitso le khetholla motho. Joale palo ee e khetholla sebata joang? Johanne o re ke “palo ea motho,” eseng ea motho oa moea, kahoo lebitso le thusa ho tiisa hore sebata ke sa lefatšeng, se tšoantšetsa puso ea batho. Joalokaha palo ea botšelela e haelloa ho etsa palo ea bosupa, kahoo 666—palo ea botšelela e phetiloeng hararo—ke lebitso le loketseng tsamaiso e khōlōhali ea lefatše ea bopolotiki e hlōlehang ka ho soabisang ho finyella tekanyo ea Molimo ea phetheho. Sebata sa bopolotiki sa lefatše se busa e le sona se ka holimo-limo ’me palo ea lebitso la sona ke 666, ha lipolotiki tse khōlōhali, bolumeli bo boholo le khoebo e khōlō li etsa hore sebata seo se tsoele pele ho sebetsa e le mohatelli oa moloko oa batho le mohlorisi oa batho ba Molimo.
35. Ho tšoauoa lebitso la sebata phatleng kapa letsohong le letona ho bolela’ng?
35 Ho tšoauoa lebitso la sebata phatleng kapa letsohong le letona ho bolela’ng? Ha Jehova a fa Baiseraele Molao, o ile a re ho bona: “Le kenye mantsoe ana a ka lipelong tsa lōna le meeeng ea lōna ’me le a tlame e le pontšo matsohong a lōna, ’me e tla ba lebanta le roaloang phatleng pakeng tsa mahlo a lōna.” (Deuteronoma 11:18) Hoo ho ne ho bolela hore Baiseraele ba ne ba lokela ho boloka Molao oo kamehla ka pel’a bona, e le hore o susumetse liketso tsohle tsa bona le menahano eohle ea bona. Ho boleloa hore batlotsuoa ba 144 000 ba ngotsoe lebitso la Ntate le la Jesu liphatleng tsa bona. Sena se ba khetholla e le ba Jehova Molimo le Jesu Kreste. (Tšenolo 14:1) Ka ho etsisa, Satane o sebelisa letšoao la bodemona la sebata. Mang le mang ea tšoarehileng mesebetsing ea letsatsi le letsatsi e kang ea ho reka le ho rekisa o hatelloa hore a etse lintho ka tsela eo sebata se etsang ka eona, ka mohlala, a keteke matsatsi a phomolo. Ba lebeletsoe hore ba rapele sebata, ba se lumelle hore se buse bophelo ba bona, e le hore ba ka amohela letšoao la sona.
36. Ba hanang ho amohela letšoao la sebata ba bile le mathata afe?
36 Ba hanang ho amohela letšoao la sebata ba bile le mathata a sa feleng. Ka mohlala, ho qala ka bo-1930, ba ile ba tlameha ho loana lintoa tse ngata ka makhotleng le ho mamella mahoohoo a befileng le mahloriso a mang. Linaheng tsa bohatelli, ba ile ba kenngoa likampong tsa mahloriso, moo ba bangata ba ileng ba shoela teng. Ho tloha ka ntoa ea bobeli ea lefatše, bahlankana ba se nang palo ba utloile bohloko ka ho kenngoa literonkong nako e telele, ba bang ba bile ba hlokofatsoa le ho bolaoa ka lebaka la ho hana ha bona ho sekisetsa boemo ba bona ba ho se jele paate ha Bokreste. Linaheng tse ling Bakreste ha ba khone ho reka kapa ho rekisa ho hang; ba bang ha ba khone ho ba le thepa eo e leng ea bona; ba bang baa betoa, baa bolaoa, kapa ba lelekoa linaheng tsa habo bona. Hobane’ng? Hobane ka letsoalo le letle ba hana ho reka karete ea mokha oa lipolotiki.d—Johanne 17:16.
37, 38. (a) Ke hobane’ng ha lefatše e le sebaka se thata ho ba hanang ho amohela letšoao la sebata? (b) Ke bo-mang ba lulang ba tšepahala, hona ba ikemiselitse ho etsa’ng?
37 Libakeng tse ling tsa lefatše, bolumeli bo keneletse bophelong ba sechaba hoo motho ofe kapa ofe ea emelang ’nete ea Bibele a khesoang ke lelapa kapa bao e kileng ea e-ba metsoalle ea hae. Ho mamella ho hloka tumelo e khōlō. (Matheu 10:36-38; 17:22) Lefatšeng leo ho lona batho ba bangata ba rapelang matlotlo a bonahalang le moo ho atileng ho hloka botšepehi, hangata Mokreste oa ’nete o lokela ho tšepa Jehova ka ho feletseng hore O tla mo tšehetsa ha a phehella ho tsamaea ka tsela e nepahetseng. (Pesaleme ea 11:7; Baheberu 13:18) Lefatšeng le aparetsoeng ke boitšoaro bo bobe, ho hlokahala boikemisetso bo boholo hore motho a lule a hloekile a se na sekoli. Hangata lingaka le baoki ba hatella Bakreste ba kulang hore ba tlōle molao oa Molimo ka khalalelo ea mali; ba bile ba tlameha ho hana le litaelo tsa lekhotla tse khahlanong le tumelo ea bona. (Liketso 15:28, 29; 1 Petrose 4:3, 4) ’Me mehleng ena eo ka eona leqeme la mesebetsi le ntseng le hōla, ho ntse ho e-ba thata le ho feta hore Mokreste oa ’nete a qobe mosebetsi o ka etsang hore a sekisetse botšepehi ba hae ka pel’a Molimo.—Mikea 4:3, 5.
38 E, lefatše ke sebaka se thata ho ba se nang letšoao la sebata. Hore ebe ba setseng ba peō ea mosali hammoho le ba fetang limilione tse tšeletseng ba bongata bo boholo, ba lula ba tšepahala ho sa tsotellehe khatello eohle ea hore ba tlōle melao ea Molimo ke pontšo e totobetseng ea matla a Jehova le tlhohonolofatso ea hae. (Tšenolo 7:9) Re kopane lefatšeng lohle, e se eka kaofela ha rōna re ka tsoela pele ho tlotlisa Jehova le litsela tsa hae tse lokileng, ha re ntse re hana ho amohela letšoao la sebata.—Pesaleme ea 34:1-3.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ho fumana lintlha tse qaqileng, ka kōpo bona buka ea Ela Hloko Boprofeta ba Daniele!, leqepheng la 165-79, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.
b The Interpretation of St. John’s Revelation, ea R. C. H. Lenski, leqepheng la 390-1.
c Bahlalosi ba hlokometse hore, ha e le hantle, bochaba ke bolumeli. Kahoo, batho ba nang le moea oa bochaba ba hlile ba rapela karolo ea sebata e emeloang ke naha eo ba phelang ho eona. Mabapi le moea oa bochaba United States, rea bala: “Bochaba bo talingoa e le bolumeli, bo tšoana haholo le malumeli a mang a maholo a nakong e fetileng . . . Motho ea tšehetsang bolumeli ba moea oa bochaba mehleng ea kajeno oa hlokomela hore o itšetlehile ka molimo oa hae oa bochaba. O ikutloa hore o hloka thuso ea Hae e matla. Oa hlokomela hore ke Eena mohloli oa phetheho le thabo ea hae. O ikokobelletsa Eena ka ho feletseng ka mokhoa oa bolumeli. . . . Sechaba se nkoa e le se sa feleng, ’me ho shoa ha bara ba sona ba tšepahalang ho mpa feela ho eketsa botumo ba sona le tlotla ea sona tse sa feleng.”—Carlton J. F. Hayes, kamoo e qotsitsoeng kateng leqepheng la 359 bukeng ea What Americans Believe and How They Worship, ea J. Paul Williams.
d Ka mohlala, bona Molula-Qhooa oa March 15, 1972, leqepheng la 141; December 15, 1974, leqepheng la 563; December 1, 1975, leqepheng la 543; August 15, 1979, leqepheng la 20; June 1, 1979, leqepheng la 20 (oa Senyesemane); November 15, 1980, leqepheng la 10.
[Setšoantšo se leqepheng la 195]
Sa nehoa ho fa setšoantšo sa sebata phefumoloho