Khaolo 13
‘Lentsoe la Molimo Lea Phela’
Khaolong e fetileng, re bone hore keletso ea Bibele e ka re thusa ho rarolla mathata le ho qoba liphoso. Bohlale bo sa siuoeng ke nako ba keletso ea Bibele ke bopaki bo matla ba hore e bululetsoe. Bibele ka boeona e re: “Lengolo lohle le bulutsoeng ke Moea oa Molimo, le na le molemo oa ho ruta, oa ho kholisa, oa ho laea, le oa ho hōlisa ka khōlo ea ho loka.” (2 Timothea 3:16) Empa Bibele ha e re fe keletso e bohlale feela. Joaloka Lentsoe la Molimo, e hlile e fetola batho.
1-3. (a) Bibele e hatisa tlhokahalo ea ho fetola botho joang? (b) Ke phihlelo efe e bontšang matla a Bibele a ho fetola botho?
NA KANNETE Bibele e ka fetola batho? E, e ka ba ea fetola botho ba bona. Nahana ka keletso ena e tlalehiloeng ka Bibeleng: “Tlohelang metsamao ea lōna ea pele, le felise botho ba lōna ba khale, bo senyehileng ka baka la litakatso tse thetsang. Le lokela ho nchafala likelellong le moeeng, ’me le apare botho bo bocha, bo bōpiloeng ka ho tšoana le Molimo ka ho loka le ka khalalelo ea ’nete.”—Ba-Efese 4:22-24, TLP.
2 Na kannete ho ka etsahala hore motho a apare botho bo bocha? E, ho ka etsahala! Ha e le hantle, ka linako tse ling ho fetoha Mokreste ho akarelletsa liphetoho tse khōlō haholo tsa botho. (1 Ba-Korinthe 6:9-11) Ka mohlala, moshemane e mong Amerika Boroa o ile a fetoha khutsana ha a le lilemo li robong. Kaha o ile a hōla ka ntle ho tataiso ea batsoali, o ile a ba le mathata a boima a botho. Oa tlaleha: “Ha ke le lilemo li 18, ke ne ke se ke fetohile lekhoba la lithethefatsi ka ho felletseng ’me ke se ke qetile nako chankaneng ka baka la ho utsoa hore ke tšehetse mokhoa oo.” Empa, rakhali’ae e ne e le e mong oa Lipaki tsa Jehova, ’me qetellong o ile a khona ho mo thusa.
3 Oa hlalosa: “Rakhali o ile a qala ho ithuta Bibele le ’na, ’me ka mor’a likhoeli tse supileng ke ile ka khona ho tlohela mokhoa oa lithethefatsi.” Hape o ile a khaohana le metsoalle ea hae ea pele ’me a iketsetsa metsoalle e mecha har’a Lipaki tsa Jehova. O tsoela pele: “Metsoalle ena e mecha, hammoho le thuto ea ka ea ka mehla ea Bibele, e ile ea nthusa ho etsa tsoelo-pele le hore qetellong ke nehele bophelo ba ka ho sebeletsa Molimo.” E, motho enoa eo pele e neng e le lekhoba la lithethefatsi e bile e le lesholu o ile a fetoha Mokreste ea mafolo-folo, ’me phetoho ena e khōlō e ile ea finyelloa ka matla a Bibele. Ka sebele, ho joalokaha moapostola Pauluse a re, “Lentsoe la Molimo ke lentsoe le phelang, le matla.”—Ba-Heberu 4:12.
Ho Fetoloa ke Tsebo
4, 5. Ho latela Ba-Kolosse 3:8-10 (NW), ho hlokahala eng hore motho a hlaolele botho bo bocha?
4 Bibele e fetola batho joang? Karabelo e bonoa karolong ena ea Bibele: “Tlosang tseo tsohle ho lōna, khalefo, bohale, bobe, puo e nyefolang, le puo e litšila li se tsoe melomong ea lōna. Le se ke la bolellana mashano. Hlobolang botho ba khale le mekhoa ea bona, ’me le apare botho bo bocha, boo ka tsebo e nepahetseng bo nchafatsoang ho latela setšoantšo sa Ea bo bōpileng.”—Ba-Kolosse 3:8-10, NW.
5 Hlokomela karolo ea bohlokoa eo tsebo e nepahetseng ea Bibele e e phethang. Bibele e hlalosa litšobotsi tseo ho hlokahalang hore re li lahle le tseo re lokelang ho li hlaolela. Tsebo e joalo ka boeona e ka ba le tšusumetso e matla, joalokaha mohlankana e mong oa Europe e ka boroa a ile a fumana. O ne a e-na le bothata ba sebele: khalefo e mabifi. Ha a ntse a hōla, o ne a loana ka mehla, ’me e le mokhoa oa ho bontša mabifi a hae, o ile a ithuta papali ea litebele; empa o ne a ntse a sitoa ho laola botho ba hae bo mabifi. Ha a le sesoleng, o ile a kena khathatsong ka ho otla lesole le leng. Hoba a tlohe sesoleng, o ile a nyala empa joale o ne a otla mosali oa hae. Phehisanong e ’ngoe ea lelapa, o bile a otla ntat’ae, a mo lahlela fatše. Ruri e ne e le mohlankana ea bohale, ea mabifi!
6, 7. Ke joang tsebo e nepahetseng ea Bibele e ileng ea thusa mohlankana e mong oa Europe e ka boroa hore a fetole botho ba hae?
6 Empa, qetellong o ile a ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova ’me a utloa keletso e kang e latelang: “Le se ke la busetsa bobe ka bobe, leha e ka ba ho mang le mang. . . . Ha ho ka etsoa, ’me ha e le ka lōna, le lule ka khotso le batho bohle. Baratuoa, le se ke la iphetetsa e le lōna, le mpe le etsetse bohale sebaka.” (Ba-Roma 12:17-19) Sena se ile sa mo thusa ho hlokomela hore na botho ba hae bo mabifi ke bofokoli bo bobe hakaakang. O ile a tlohela ho bapala litebele, hoo a ileng a hlokomela hore ha ho lumellane le botho ba khotso ba Bokreste. Empa o ne a ntse a loana ka thata khahlanong le botho ba hae bo mabifi.
7 Leha ho le joalo, o ile a thusoa ke ho eketsa tsebo ea hae ea melao-motheo ea Bibele. Sena se ile sa hloekisa letsoalo la hae, leo joale le ileng la sebetsa ho loantša khalefo ea hae e tlang kapele. Ka lekhetlo le leng, ka mor’a hore a etse tsoelo-pele e itseng lithutong tsa hae tsa Bibele, motho e mong eo a sa mo tsebeng o ile a halefa ’me a mo fetšeola ka mahlapa. Mohlankana enoa o ile a utloa khalefo eo a e tloaetseng e qala ho hōla ka ho eena. Joale, o ile a utloa tšusumetso e ’ngoe: boikutlo ba ho hlajoa ke lihlong; ’me sena se ile sa mo thibela ho inehela khalefong ea hae. Ho e-na le ho “busetsa bobe ka bobe,” o ile a laola boikutlo ba hae. Joale, ke motho ea fetohileng, ea nang le botho bo bocha, ka thuso ea tsebo e nepahetseng ea Bibele.
Ho Tseba Molimo
8. (a) Botho bo bocha bo entsoe ka setšoantšo sa mang? (b) Tsebo e nepahetseng e bōpang botho bo bocha e tlameha ho akarelletsa ho tseba mang?
8 Ke ’nete hore batho ba bangata ba tseba ntho e nepahetseng eo ba lokelang ho e etsa, empa ba inehela mefokolong ea nama. Ka ho hlakileng, ho ba le tsebo e nepahetseng ea botle le bobe feela hase sona sohle se hlokahalang. Ho na le ntho e ’ngoe hape e ileng ea thusa batho ba babeli ba hlalositsoeng ka holimo ho fetoha. E ne e le eng? Karolo e boletsoeng pejana e itse: “Le apare botho bo bocha, boo ka tsebo e nepahetseng bo nchafatsoang ho latela setšoantšo sa Ea bo bōpileng.” (Ba-Kolosse 3:10, NW) Hlokomela hore, joalokaha tšimolohong Adama a ne a entsoe ka setšoantšo sa Molimo, kahoo botho bo bocha bo entsoe ka setšoantšo sa Molimo. (Genese 1:26) Ka hona tsebo e nepahetseng e ileng ea thusa bahlankana bana ba babeli e ne e tlameha ho akarelletsa tsebo ea Molimo. Sena se re hopotsa mantsoe a Jesu: “’Me bophelo bo sa feleng ke hore ba u tsebe, uena Molimo o ’notši oa ’nete, le Jesu Kreste eo u mo romileng.”—Johanne 17:3.
9. Ho tseba Molimo ho re thusa ho fetola botho ba rōna joang?
9 Ho tseba Molimo ho re thusa joang ho fetola botho ba rōna? Ho re fa tšusumetso ea ho etsa joalo. Ha re tseba Molimo ka thuto ea rōna ea Bibele, re ithuta litšobotsi tsa oona tsa bomolimo ’me re bona lerato leo o re bontšitseng lona. Sena se etsa hore le rōna re o rate. (1 Johanne 4:19) Joale, re ka utloa seo Jesu a itseng ke molao oa pele le o moholo ka ho fetisisa: “U tlameha ho rata Jehova Molimo oa hao ka pelo eohle ea hao le ka moea oohle oa hao le ka monahano oohle oa hao.” (Mattheu 22:37, NW) Ho rata Molimo ho etsa hore re batle ho apara botho bo bocha bo o khahlisang. Ho etsa hore re batle ho tšoana le oona haholoanyane, ho sa tsotellehe hore na re ka ’na ra lokela ho loana ka thata hakae hore re etse joalo.
Mefokolo e Metseng ka Metso
10, 11. Ke joang tsebo e nepahetseng e ileng ea thusa mosali e mong e mocha oa Amerika Leboea hore a qale ho fetola botho ba hae?
10 Maemong a mang, ke ntoa ea sebele. Mosali e mong e mocha oa Amerika Leboea o ile a lokela ho loana ka thata haholo hore a fetohe. O ne a ile a hleka-hlekoa ka likamano tsa botona le botšehali bongoaneng, a hōlela lelapeng le tletseng pefo ’me qetellong a retelehela lithethefatsing. Empa, lithethefatsi li ne li le theko e boima, kahoo o ile a ithekisa joaloka letekatse hore a lefelle mokhoa oo. Hape o ne a tšoenya bahahlauli a bile a ba utsoetsa ’me qetellong o ne a qeta nako e ngata lichankaneng le libakeng tsa ho becha ho feta nako eo a neng a e qeta lapeng.
11 Ha Lipaki tsa Jehova li kopana le eena—ka mor’a ho ntša limpa tse ngata—o ne a e-na le ngoan’a matšeho. Leha ho le joalo, o ile a rata seo a se utloang Bibeleng ’me a qala ho ithuta eona. Ka potlako o ile a haha kamano le Molimo ’me a etsa liphetoho bophelong ba hae.
12, 13. Hlalosa kamoo tsebo e nepahetseng, hang ha e hlonngoe ka hare ho motho, e sebetsang e le tšusumetso e tlisang phetoho.
12 Leha ho le joalo, ntoa e boima e ne e sa ntsane e larile ka pele ka baka la botho ba khale bo neng bo metse ka metso. Ka lekhetlo le leng, o ile a khopisoa ke keletso e ’ngoe e neng e fanoa ka sepheo se setle, a khaotsa ho ithuta Bibele, ’me a khutlela litseleng tsa hae tse litšila. Empa o ne a ke ke a lebala ’nete ea Bibele e neng e hlonngoe ka hare ho eena, ’me oa lumela: “Nako le nako ke ne ke e-ba le maikutlo a molato, ’me mantsoe a 2 Petrose 2:22 a ne a khutlela kelellong ea ka: ‘Ntja e khutlela mahlatseng a eona ’me kolobe e hlatsoitsoeng e khutlela seretseng.’”
13 Qetellong, tsebo ena e ile ea mo susumelletsa ho etsa boiteko bo bong bo tiileng. O re: “Ke ile ka qala ho bulela Jehova monyako le ho rapella thuso hangata.” Lekhetlong lena, botho bo bocha bo ile ba hlongoa ka tieo haholoanyane, le hoja a ne a ntse a lokela ho loana ka thata. Ka lekhetlo le leng, nakong ea bofokoli, o ile a boela a oela botahoeng le boitšoarong bo bobe. Empa, lekhetlong lena, boitšoaro ba hae bo ile ba bontša hore ruri o ne a ntse a fetoha. O ne a tenehile haholo ka baka la seo a leng sona ’me o re: “Ke ile ka rapela haholo ’me ka ithuta haholo.” Qetellong, Lentsoe la Molimo le ile la fana ka matla bophelong ba hae ho isa bohōleng boo a ileng a fetoha Mokreste ea mafolo-folo, ea phelang bophelo bo hloekileng, bo hlomphehang. Ka lilemo tse ngata joale, e bile motho ea fapaneng ka ho felletseng le motho ea hleka-hlekoang, oa lekhoba la lithethefatsi, ea phelang bophelo bo hlaha eo e neng e le eena pele.
Batho ba Fetotsoeng ke Lentsoe la Molimo
14, 15. (a) Ke tšusumetso efe e tsoang ho Molimo e sebetsang ka Bibele? (b) Litšobotsi tse ling tsa Bakreste ba ’nete kajeno ke life?
14 Matla ao Bibele e a kentseng bophelong ba batho ba ikokobelitseng a bontša hore hase buka feela e ngotsoeng ke motho. Joaloka Lentsoe la Molimo le bululetsoeng, ke mocha oo moea oa Molimo o sebetsang ka oona. Moea oona oane o ileng oa fa Jesu matla a ho etsa mehlolo kajeno o re thusa ho hlōla litšobotsi tse mpe le ho hlaolela botho ba Bokreste. Ka sebele, litšobotsi tsa motheo tseo ho hlokahalang hore Bakreste ba li hlaolele—lerato, thabo, khotso, mamello, mosa, molemo, tumelo, bonolo, le boitšoaro—ka Bibeleng li bitsoa “tholoana ea Moea.”—Ba-Galata 5:22, 23.
15 Kajeno, moea ona ha o sebetse feela ho batho ba seng bakae empa o sebetsa ho ba limillione ba ’nileng ba “rutoa ke Jehova” ’me ba thabela ‘khotso e khaphatsehang’ e tsoang ho Eena. (Esaia 54:13, NW) Bana ke bo-mang? Jesu o fane ka tsela e ’ngoe ea ho ba tseba, a re: “Seo bohle ba tla tseba hobane le barutuoa ba ka ka sona, ke ha le ratana.” (Johanne 13:35) Lerato la Bokreste ke tholoana ea moea ’me ke karolo ea sehlooho ea botho bo bocha ba Bokreste. Na ho na le sehlopha leha e le sefe sa batho se bontšang lerato ka tsela eo Jesu a e boletseng?
16, 17. Bolela litlhaloso tse ling tsa likoranta tse thusang ho tseba ba ‘rutoang ke Jehova’ le ba thabelang ‘khotso e khaphatsehang.’
16 Koana, mamela karolo ena e nkiloeng lengolong le neng le ngoletsoe New Haven Register, koranta ea Amerika Leboea: “Ho sa tsotellehe hore na u khopisitsoe kapa u hlabehisitsoe [u halefisitsoe], joaloka ’na, ke ho sokolla ha bona, u lokela ho khahloa ke boinehelo ba bona, boitlhompho ba bona, mohlala oa bona o hlahelletseng oa boitšoaro ba botho le bophelo bo ruisang kelello le ’mele molemo.” Koranta ea Jeremane Münchner Merkur e ne e bua ka sehlopha se tšoanang ha e re: “Ke ba lefang makhetho ka nako le ba tšepahalang ka ho fetisisa ka hare ho Riphabliki e Kopaneng [ea Jeremane]. Ho utloa ha bona melao ho ka bonoa ka tsela eo ba khannang ka eona hammoho le lipalong tsa tlōlo ea molao.”
17 Likoranta tsee tse peli li ne li bua ka bo-mang? Ka sona sehlopha seo ho builoeng ka sona ho Herald ea Buenos Aires, Argentina. Koranta ena e itse: “Ho theosa le lilemo Lipaki tsa Jehova li ipakile e le baahi ba sebetsang ka thata, ba imametseng, ba qobang ho senya le ba tšabang Molimo ba mofuta oo ka ho totobetseng sechaba se o hlokang.” Phuputso ea tulisano e entsoeng Zambia e phatlalalitsoeng ho American Ethnologist e bua ka sehlopha sona seo. E re: “Lipaki tsa Jehova li fumana katleho e khōlō ho feta litho tsa likereke tse ling ho bolokeng manyalo a tsitsitseng.”
18, 19. Lipaki tsa Jehova tse Italy le tse Afrika Boroa li hlalositsoe joang?
18 Koranta ea La Stampa ea Italy le eona e ne e bua ka Lipaki tsa Jehova ha e re: “Ke baahi ba tšepahalang ka ho fetisisa bao mang kapa mang a ka ba lakatsang: ha ba tsoe makhetho tlaase kapa hona ho leka ho qoba melao e thata hore ba fumane phaello. Lintho tse lakatsehang boitšoarong e leng lerato bakeng sa moahisani, ho hana matla, ho hloka pefo le botšepehi ba botho (tseo ho Bakreste ba bangata e leng ‘melao ea Sontaha’ e metle feela ha e rutoa sethalleng) li kena tseleng ea bona ea bophelo ‘letsatsi le letsatsi.’”
19 Moprofesa oa univesithi ea Afrika Boroa ea ileng a fumana khethollo tlas’a melao ea naha eo ea khethollo ea morabe o bitsa Lipaki tsa Jehova “batho ba rutiloeng ka litekanyetso tse phahameng tsa Bibele hore ruri e be ‘lifofu ’maleng.’” Ha a hlalosa sena, o ile a phaella: “Bana ke batho ba bonang seo ba bang ba leng sona ka hare, eseng ’mala oa letlalo la bona feela. Kajeno Lipaki tsa Jehova li bōpa mokhatlo o le mong feela oa ’nete oa batho oa baena.”
20. Ke hobane’ng ha Lipaki tsa Jehova li hlahella e le tse fapaneng?
20 Litlhaloso tsena li bontša hore ho na le sehlopha sa batho ba buletseng Bibele lipelo tsa bona le bao moea oa Molimo o ’nileng oa sebetsa holim’a bona. Ho ke ho hlokomeloe hore bana ke bona batho bao pejana re ileng ra tseba hore ke bona ba phethahatsang taelo ea Jesu ea ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso lefatšeng ka bophara. (Mattheu 24:14) Ke hobane’ng ha Lipaki tsa Jehova li hlahelletse ka litsela tsee? Ka litsela tse ngata ha lia fapana le batho ba bang. Li na le mefokolo e tšoanang ea nama, mathata a tšoanang a moruo, le litlhokahalo tsa motheo tse tšoanang. Empa e le sehlopha, li rata Molimo, li nka Bibele ka ho teba, ’me li e lumella hore e susumetse bophelo ba tsona ka matla.
21. Ke eng e pakoang ke ’nete ea hore batho ba kang Lipaki tsa Jehova ba teng lefatšeng la kajeno le tletseng lehloeo?
21 Limillione tsa Lipaki tsa Jehova li fumanoa linaheng tse fetang 200. Li akarelletsa batho ba merabe eohle, lipuo tsohle, le maemo a mefuta eohle a ka nahanoang sechabeng. Empa ke mokhatlo oa baena o kopaneng, o nang le khotso, oa machaba. Ke baahi ba molemo ba naha efe kapa efe eo ba phelang ho eona, empa ka holim’a tsohle, ke bafo ba ’Muso oa Molimo, ’me kaofela ba mafolo-folo haholo ho bolella ba bang litaba tse molemo tsa ’Muso oo. Ka sebele ke ho tsotehang hore lefatšeng lena le tsekolohileng, le tletseng lehloeo, ho ka ba le sehlopha se kang Lipaki tsa Jehova. ’Nete ea hore li teng ke bopaki bo matla ba hore moea oa Molimo o sa ntsane o sebetsa har’a batho. ’Me ke bopaki ba hore ka sebele Bibele ‘e-ea phela, ’me e fana ka matla.’
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 177]
Bibele e hlile e fetola batho
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 181]
Ho tseba Molimo ho etsa hore motho a batle ho tšoana le oona