Kolobetso
Tlhaloso: Lentsoe la Senyesemane baptize (“kolobetsa,” ka Sesotho) le tsoa lentsoeng la Segerike ba·ptiʹzein, le bolelang “ho tipa, ho lahlela ka metsing.” (A Greek-English Lexicon, ea Liddell le Scott) Kolobetso ea metsing ea Bokreste ke pontšo ea kantle ea hore ea kolobetsoang o inehetse ka Jesu Kreste hore a etse thato ea Jehova Molimo ka ho feletseng, a sa itšiele letho a bile a sa ipeele maemo. Har’a tse ling, Mangolo a boetse a supa kolobetsong ea Johanne, kolobetso ka moea o halalelang le kolobetso ka mollo.
Na batho ba kholoang Lentsoe la Molimo ka ’nete ba chechela morao hore ba se kolobetsoe?
Matt. 28:19, 20, NW: “E-eang ke hona ’me le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa, le ba kolobetse ka lebitso la Ntate le la Mora le la moea o halalelang, le ba rute ho boloka lintho tsohle tseo ke le laetseng tsona.”
Lik. 2:41: “Eaba ba amohetseng polelo ea hae ka thabo ba kolobetsoa.”
Lik. 8:12: “Eitse hobane ba lumele Filippi ea ba bolellang litaba tsa ’muso oa Molimo le lebitso la Jesu Kreste, banna le basali ba kolobetsoa.”
Lik. 8:36-38: “Ba re ba sa tsamaea tseleng, ba fihla moo metsi a leng teng: letona [la Ethiopia] la re: Bona, metsi ke ana; ho ka hana eng hore ke se ke ka kolobetsoa na? . . . eare hoba a laele hore koloi e eme, . . . Filippi a le kolobetsa.”
Kolobetso ea metsing ea Bokreste—na e etsoa ka ho fafatsa kapa ka ho qoelisa ka ho feletseng?
Mar. 1:9, 10: “Jesu . . . a kolobetsoa [“a qoelisoa,” ED, Ro] ke Johanne nōkeng ea Jordane. A re a sa tsoa metsing, a bona leholimo le phetloa.”
Lik. 8:38: “Ba theohela metsing hammoho, Filippi le letona, ’me Filippi a le kolobetsa [“qoelisa,” ED, Ro].”
Na Bakreste ba lekholo la pele la lilemo ba ne ba kolobetsa masea?
Matt. 28:19, NW: “E-eang ke hona ’me le etse . . . barutuoa . . . le ba kolobetse.”
Lik. 8:12: “Eitse hobane ba lumele Filippi . . . banna le basali ba kolobetsoa.”
Hamoraonyana, leha ho le joalo, Origen (185-254 C.E.) a ngola: “Ke tloaelo ea kereke hore ho kolobetsoe le masea.” (Selections From the Commentaries and Homilies of Origen, Madras, India; 1929, leq. 211) Mokhoa ona oa tiisoa ke Seboka sa Boraro sa Carthage (253 C.E.).
Rahistori oa bolumeli Augustus Neander a ngola: “Kamehla tumelo le kolobetso li ne li matahane; ’me kahoo ho na le monyetla o moholo oa . . . hore mokhoa oa kolobetso ea masea o ne o sa tsejoe nakong ena [lekholong la pele la lilemo]. . . . Hore o hlokometsoe ka lekhetlo la pele e le neano ea baapostola lekholong la boraro la lilemo, ke bopaki bo hananang le hore o simolohile ho baapostola ho e-na le hore e be bo tiisang.”—History of the Planting and Training of the Christian Church by the Apostles (New York, 1864), leq. 162.
Na kolobetso ea metsing ea Bokreste e fella ka tšoarelo ea libe?
1 Joh. 1:7: “Ha re tsamaea leseling, joale ka ha oona o le leseling, . . . mali a Jesu Kreste, Mora oa oona, a re hlatsoa libe tsohle.” (Ka hona, ho re hlatsoang libe hase metsi a kolobetsang, empa ke mali a Jesu.)
Matt. 3:11: “Ha e le ’na [Johanne Mokolobetsi], ke le kolobelletsa pako ka metsi feela; empa ea tlang ka morao ho ’na [Jesu Kreste], o mpheta ka matla, ’me ha kea lokela ho mo nkela lieta.” (Litemana tsa 5, 6 le Liketso 13:24, li bontša hore seo Johanne a ileng a se etsa se ne se tobisitsoe ho Bajode, e seng ho batho bohle. Hobane’ng? Ka baka la libe tsa Bajode khahlanong le selekane sa Molao le ho ba lokisetsa Kreste.)
Lik. 2:38: “Bakang, ’me e mong le e mong oa lōna a kolobeletsoe ka lebitso la Jesu Kreste tšoarelong ea libe.” (Na kolobetso ka boeona e ile ea ba tlisetsa tšoarelo ea libe? Nahana: Hona ho boleletsoe Bajode ba bileng le kabelo lefung la Kreste. [Bona litemana 22, 23.] Kolobetso ea bona e ne e tla fana ka bopaki ba ho hong. Ba eng? Ba hore joale ba lumela ho Jesu e le Messia, Kreste. Libe tsa bona li ne li ka tšoareloa feela ha ba entse joalo. [Lik. 4:12; 5:30, 31])
Lik. 22:16: “Ema, u kolobetsoe, ’me u hlatsuoe libe tsa hao, ka ho rapela lebitso la Morena.” (Le Liketso 10:43)
Ke mang ea kolobetsoang ka moea o halalelang?
1 Ba-Kor. 1:2; 12:13, 27: “[Lōna] ba halalelitsoeng ho Jesu Kreste, ba bilelitsoeng ho halalela, . . . Hobane rōna bohle re kolobelitsoe Moeeng o le mong, hore re be ’mele o le mong, leha e le ba-Jode, leha e le ba-Gerike, leha e le ba ruiloeng, leha e le ba sa ruoang; ’me bohle re nositsoe Moeeng o le mong. Ha e le lōna, le ’mele oa Kreste.” (Joalokaha Daniele 7:13, 14, 27 e bontša, “bahalaleli” ba joalo ba kopanela ’Musong le Mor’a motho, Jesu Kreste.)
Joh. 3:5: “Motho ha a sa tsoaloe ka metsi le ka Moea, o sitoa ho kena ’musong oa Molimo.” (Motho o ‘tsoaloa ka moea’ nakong ea ha a kolobetsoa ka moea oo. Luka 12:32 e bontša hore ke “mohlatsoana” feela o nang le tlotla eo. Bona le Tšenolo 14:1-3.)
Na bohle ba kolobelitsoeng ka moea o halalelang ba bua lipuo lisele kapa ba na le neo ea ho folisa?
1 Ba-Kor. 12:13, 29, 30: “Hobane rōna bohle re kolobelitsoe Moeeng o le mong, hore re be ’mele o le mong, . . . Na bohle ke baapostola? . . . Na bohle ba na le neo ea mehlolo? Na bohle ba na le lineo tsa pholiso? Na bohle ba bua lipuo?”
Bona le “Pholiso” le “Ho Bua Lipuo Lisele.”
‘Kolobetso bakeng sa bafu’—e bolela’ng?
1 Ba-Kor. 15:29, TLP: “Ba kolobetsoang bakeng sa bafu ba tla fumana eng? Haeba ho hang bafu ha ba na ho tsoha, ke ka baka la’ng ha ba kolobetsoa bakeng sa bafu?”
Preposition ea Segerike hy·perʹ e fetoletsoeng mona e le “bakeng sa,” e boetse e bolela “tabeng ea,” “molemong oa,” “ho e-na le,” “ka morero oa,” jj. (A Greek-English Lexicon, ea Liddell le Scott) E bolela eng temaneng ee? Na Pauluse o ne a etsa tlhahiso ea hore batho ba phelang ba kolobetsoe molemong oa ba shoeleng ba sa kolobetsoa?
Mangolo feela a mang ao ka ho toba a bolelang lefu mabapi le kolobetso a bua ka kolobetso eo motho ka boeena a fetang ho eona, e seng kolobetso molemong oa motho e mong, ea shoeleng
Ba-Roma 6:3: “Ana ha le tsebe hobane rōna bohle ba kolobelelitsoeng ho Jesu Kreste, re kolobelelitsoe lefung la hae na?” (Le Mareka 10:38, 39)
Ba-Kol. 2:12: “Le [lōna litho tse phelang tsa phutheho ea Kolosse] patiloe le eena kolobetsong, moo le tsositsoeng le eena ka ho lumela matla a Molimo o mo tsositseng bafung.”
Phetolelo e ho “New World Translation” e nepahetse melaong ea ho ngoloa hoa puo ’me e lumellana le litemana tsena tse ling tsa Bibele
1 Ba-Kor. 15:29, NW: “Ho seng joalo, ba kolobetsoang ka morero oa ho ba ba shoeleng ba tla etsa joang? Haeba bafu ba sa tl’o tsoha ho hang, ke hobane’ng ha le bona ba kolobetsoa ka morero oa ho ba [ba] joalo?” (Ka hona ba kolobeletsoa kapa ba qoelisetsoa tseleng ea bophelo e tla fella ka lefu la botšepehi bo kang ba Kreste ebe joale ba tsosetsoa bophelong ba moea joaloka eena.)
Phello ea ho kolobetsoa ka mollo ke efe?
Luka 3:16, 17: “Ke eena [Jesu Kreste] ea tla le kolobetsa ka . . . mollo. Seoloso sa hae se letsohong la hae, ’me seotlo sa hae o tla se fiela ruri . . . ha e le mooko, o tla o chesa mollong o sa timeng.” (Tšenyo ea oona e tla ba e sa feleng.)
Matt. 13:49, 50: “Ho tla ba joalo bofelong ba lefatše: mangeloi a tla tsoa, a khethe ba khopo ho ba lokileng, ’me a tla ba lahlela seboping sa mollo.”
Luka 17:29, 30: “Letsatsi leo Lota a tsoang Sodoma ka lona, leholimo la nesoa mollo le sebabole, ba ba ba timetsoa kaofela ke tsona. Ho tla ba joalo le ka letsatsi leo Mor’a motho a tla hlaha ka lona.”
Ha e tšoane le kolobetso e etsoang ka moea o halalelang, e neng e le bakeng sa barutuoa
Lik. 1:5: “Johanne o fela a kile a kolobetsa ka metsi; empa lōna [baapostola ba khabane ba Jesu] le tla kolobetsoa ka Moea o Halalelang, ha ho fetile matsatsi a se makae.”
Lik. 2:2-4: “Hang, ha utluoa molumo o tsoang leholimong, o kang oa moea o fokang ka sefefo; ntlo eohle eo ba lutseng ho eona ea tlala oona; maleme a arohaneng, a kang malakabe a mollo, a ba hlahela, a lula holim’a [empa ha a ka a kupetsa kapa a qoelisa] e mong le e mong oa bona. ’Me bohle ba tlala Moea o Halalelang, ’me ba qala ho bua ka lipuo lisele, kamoo Moea o ba buisang kateng.”