Lefatše (Earth)
Tlhaloso: Ka Mangolong lentsoe “lefatše” le sebelisoa ka mekhoa e mengata. Hangata re nahana ka lona le bolela qitikoe ka boeona, eo Jehova ka mosa a e hlomelletseng hore e ka baballa bophelo ba motho le ho etsa hore bophelo ba rōna ebe bo khotsofatsang haholo. Leha ho le joalo, ho ke ho hlokomeloe hore “lefatše” leo hape le ka sebelisoa ka kutloisiso ea tšoantšetso, ka mohlala, le bua ka batho ba phelang qitikoeng ena kapa mokhatlo oa batho o nang le litšobotsi tse itseng.
Na Lefatše le qitikoe le tla senngoa ntoeng ea nuclear?
Bibele e bontša morero oa Molimo ka lefatše e le ofe?
Matt. 6:10: “Ho tle ’muso oa hao; thato ea hao e etsoe lefatšeng, joale ka ha e etsoa leholimong.”
Pes. 37:29: “Ba lokileng ba tla ja lefa la lefatše, ’me ba tla hlola ho lona ka ho sa feleng.”
Bona le Moeklesia 1:4; Pesaleme ea 104:5.
Na ho na le monyetla oa hore kaha lichaba ha li bontše ho hlompha morero oa Molimo hakaalo, li ka ’na tsa senya lefatše ho hang hore le hloke baahi?
Esa. 55:8-11: “[Jehova o bolela hore:] Joale ka ha leholimo le phahame holimo ho lefatše, litsela tsa ka li phahame joalo holimo ho litsela tsa lōna, le mehopolo ea ka holimo ho mehopolo ea lōna. . . . lentsoe la ka . . . le ke ke la khutlela ho ’na le le feela, empa le tla sebetsa se ratoang ke ’na, le phethe seo ke le rometseng sona.”
Esa. 40:15, 26: “Bonang, [ponong ea Jehova Molimo] lichaba li joale ka lerotholi la metsi le lutlang nkhong, le joale ka lerōlenyana le sekaleng. . . . Lelalang holimo, le talime [letsatsi, khoeli, le linaleli tse libillione]! Ea entseng ntho tseo ke mang? O tsamaisa makhotla a tsona ka lenaneo, o li thonya kaofela ka mabitso a tsona ka matla a hae a maholo, matla a hae a sa sitoeng ke letho; ha ho le e ’ngoe ho tsona e hlokahalang.” (Matla a nuclear a hōlisitsoeng ke lichaba, a tšosa batho. Empa linaleli tse libillione li sebelisa matla a nuclear ka tekanyo e fetang kutloisiso ea rōna. Ke mang ea bōpileng a bileng a laolang lihloliloeng tsee tsohle tsa leholimo? Na A ke ke a thibela lichaba ho sebelisa lihlomo tsa tsona tsa nuclear ka tsela e tla sitisa morero oa hae? Hore Molimo o tla etsa hoo ho bontšoa ke hore a timetse mabotho a ntoa a Egepeta ha Faro a ne a batla ho thibela ho lopolloa hoa Iseraele.—Ex. 14:5-31.)
Tšen. 11:17, 18: “Rea u leboha, Morena, Molimo o matla ’ohle, o leng teng, o nong o le teng, o tla ’ne o be teng, hobane u nkile matla a hao a maholo, ’me ua rena. Lichaba li ne li halefile, ’me bohale ba hao bo hlahile, le nako ea . . . ho senya ba senyang lefatše.”
Na ke Molimo o tla senya lefatše ka mollo?
Na 2 Petrose 3:7, 10 e tšehetsa pono eo? “Ha e le maholimo a joale le lefatše la joale, li boloketsoe mollo ke lentsoe lona leo, li boloketsoe letsatsi la kahlolo, le la tšenyeho ea batho ba nyefolang. Letsatsi la Morena lona le tla tla ka mokhoa oa lesholu la bosiu, ’me ka lona maholimo a tla feta ka lerata le tšabehang, ’me metheo ea lintho e tla felisoa ke ho cha [“ho cha,” RS, JB; “li tla nyamela,” TEV; “li tla totobatsoa,” NAB; “li tla hlobolisoa,” NE; “li tla pepesoa,” NW].” (Hlokomela: Codex Sinaiticus le Vatican MS 1209, ka bobeli e le tsa lekholong la bo4 la lilemo C.E., li re “pepesoa.” Meqolo ea moraonyana ea letsoho, Codex Alexandrinus ea lekholong la bo5 la lilemo le phetolelo ea lekholong la bo16 la lilemo ea Clementine e lokisang Vulgate, li re “li tla chesoa.”)
Na Tšenolo 21:1 e bontša hore qitikoe ea rōna e tla senngoa? “Eaba ke bona leholimo le lecha le lefatše le lecha; hobane leholimo la pele le lefatše la pele li ne li fetile, le lona leoatle le ne le se le le sieo.”
Ho nepa taba, tlhaloso ea litemana tsena e tlameha ho lumellana le litemana tse potolohileng taba le Bibele kaofela
Haeba litemana tsena (2 Petrose 3:7, 10 le Tšenolo 21:1) li bolela hore Lefatše le qitikoe le tla senngoa ka mollo, le maholimo a sebele (linaleli le lihloliloeng tse ling tsa leholimo) le tsona li tla senngoa ka mollo. Leha ho le joalo, pono e joalo ea sebele, e loana le tiiso e ka litemaneng tse kang Mattheu 6:10, Pesaleme ea 37:29 le 104:5, le Liproverbia 2:21, 22. Ho feta moo, mollo o ka ba le phello efe letsatsing le linaleling tse seng li ntse li chesa ka ho fetisisa? Ka hona lentsoe “lefatše” litemaneng tse qotsitsoeng kaholimo le tlameha ho utloisisoa kahosele.
Ho Genese 11:1, Marena a Pele 2:1, 2, (NW), Likronike tsa Pele 16:31, Pesaleme ea 96:1, (NW), jj., lentsoe “lefatše” le sebelisitsoe ka mokhoa o tšoantšetsang, le supa batho, mokhatlo oa batho. Na ebe ho joalo ho 2 Petrose 3:7, 10 le Tšenolo 21:1?
Hlokomela hore, litemaneng tse potolohileng, ho 2 Petrose 3:5, 6 le 2:5, 9, ho tšoantšoa le Moroallo oa mehleng ea Noe, oo mokhatlo o khopo oa batho o ileng oa senngoa ho oona ha ho bolokoa feela Noe le lelapa la hae, hammoho le qitikoe ka boeona. Ka ho tšoanang, ho 2 Petrose 3:7 ho boleloa hore ho tla senngoa “banyefoli.” Pono ea hore mona “lefatše” le bolela mokhatlo o khopo oa batho e lumellana ka botlalo le Bibele eohle, joalokaha ho bontšitsoe ke litemana tse boletsoeng kaholimo. Ke “lefatše” leo la tšoantšetso, kapa mokhatlo o khopo oa batho, o tla “pepesoa,” ke hore, Jehova o tla felisa boikaketsi bohle joalokaha eka ke ka mollo, a senola bokhopo ba mokhatlo oa batho ba banyefoli ’me a bontša hore o lokeloa ke ho felisoa ka ho feletseng. Mokhatlo oo o khopo oa batho e boetse ke “lefatše la pele,” leo ho buuoang ka lona ho Tšenolo 21:1.
Ho lumellana, polelo ea Jesu ho Luka 21:33 (“leholimo le tla feta le lona lefatše, empa . . . ”) e tlameha ho utloisisoa leseling la polelo e tsamaisanang le eo e ho Luka 16:17 (“ho bonolo ha ho ka feta leholimo le lefatše, ho e-na le . . . ”), tseo ka bobeli li mpang li hatisa hore ho ke ke hoa e-ba le monyetla oa maemo a boleloang.—Bona le Mattheu 5:18.
Na ba lokileng ba tla nkeloa leholimong ’me ba khutlisetsoe lefatšeng kamor’a hore ba khopo ba timetsoe?
Na Tšenolo 21:2, 3 e tšehetsa maikutlo ao? E re: “Eaba ke bona motse o halalelang, Jerusalema e mocha, o theoha leholimong ho Molimo, o itokisitse joale ka monyaluoa ea itlhophiselitseng monna oa hae. Ka utloa lentsoe le phahameng le e-tsoa teroneng, le re: Bonang tabernakele ea Molimo e har’a batho; o tla aha le bona; e tla ba lichaba tsa oona, ’me Molimo o tla ba le bona ka sebele sa oona.” (Na ’nete ea hore Molimo o tla “aha” le batho ’me o ‘be le bona’ e bolela hore o tla fetoha Boleng ba nama? Hoo ho ke ke hoa etsahala, hobane Jehova o itse ho Moshe: “Ha ho motho ea ka mponang, ’me a phela.” [Ex. 33:20] Ka ho lumellanang, he, litho tsa Jerusalema e Mocha li ke ke tsa khutlela lefatšeng e le batho ba nama. Ke ka kutloisiso efe he, Molimo ‘o tlang ho ba le’ batho, hona Jerusalema e Mocha ‘o tla theoha leholimong’ joang? Ntle ho pelaelo pontšo e fumanoa ho Genese 21:1, e reng Molimo oa “etela” Sara, o mo hlohonolofatsa ka mora botsofaling ba hae. Exoda 4:31 e re bolella hore Molimo o ne o “etetse” Iseraele ka ho romela Moshe e le molopolli. Luka 7:16 e bolela hore ka tšebeletso ea Jesu Molimo o ne o “etetse” batho ba oona. Liphetolelo tse ling li sebelisa polelo Molimo ‘oa lebisa tlhokomelo ea oona’ ho batho ba oona [NW] kapa ‘oa bontša ho ameha’ ka bona [NE]. Ka hona Tšenolo 21:2, 3 e tlameha ho bolela hore Molimo o tla ‘etela’ batho, kapa o be le bona ka Jerusalema e Mocha oa leholimo, eo batho ba utloang ba tla tlisetsoa mahlohonolo ka eona.)
Liprov. 2:21, 22, KJ: “Ba khabane ba tla hlola naheng [“lefatšeng,” Bibele ea Sesotho, NE], ’me ba phethahetseng [“batho ba se nang sekoli,” NE] ba tla sala ho eona. Empa ba khopo ba tla khaoloa lefatšeng, ’me batlōli ba fotholoe ho lona.” (Hlokomela hore ha e re ba se nang sekoli ba tla khutlela lefatšeng empa hore ba tla ‘sala ho lona.’)
Na morero oa Molimo oa mathomo ka lefatše o fetohile?
Gen. 1:27, 28: “Eaba Molimo o etsa motho ka setšoantšo sa oona; oa mo etsa ka setšoantšo sa Molimo. Oa ba etsa e le e motona le e motšehali. Molimo oa ba hlohonolofatsa, ’me Molimo oa re ho bona: Ngatafalang, le ate, le tlale lefatšeng, le rene holim’a lona, ’me le buse lihlapi tsa leoatle, le tse rurang tsa maholimo, le tsohle tse phelang, tse hahabang lefatšeng.” (Ka hona Molimo oa bontša morero oa oona oa hore lefatše le tlatsoe ka bana ba Adama le Eva e le bahlokomeli ba paradeise ea lefatše lohle. Hoba Molimo o etse lefatše lena ka mokhoa o babatsehang hore le ahuoe ke batho, oa le etsa le khethehileng ho mafatše a mang ao motho a a hlahlobileng ka libonela-hōle tsa hae le ka likepe tse fofang sebakeng, na ’Mōpi o ile a be a se a nyahlatsa morero oa hae feela a o tlohela o sa phethahala ka ho sa feleng ka baka la sebe sa Adama?)
Esa. 45:18: ‘Jehova, ’mōpi oa maholimo, Molimo o bōpileng lefatše, moetsi oa lona ea le tiisitseng, ea sa kang a le bōpela lefeela, ea mpang a le bōpetse hore le ahuoe, o bolela, o re: Ke ’na Jehova, e mong ha a eo.’ (Bona le Esaia 55:10, 11.)
Haeba ho se ea tla ke a shoe Tsamaisong e Ncha ea Molimo, batho bohle ba tla lekana joang kaofela lefatšeng?
Hopola hore ha Molimo o hlalosa morero oa oona ka lefatše o itse: “Ngatafalang, le ate, le tlale lefatšeng.” (Gen. 1:28) Molimo o ile oa nea motho matla a ho ikatisa, ’me ha morero oa oona ntlheng ena o phethahalitsoe, O ka emisa pelehi lefatšeng.
Ke batho ba mofuta ofe bao Molimo o tla ba hauhela ka bophelo bo sa feleng lefatšeng?
Sof. 2:3: “Batlang Jehova, baikokobetsi bohle ba lefatše, ba etsang ka taelo ea hae; batlang ho lōka, le batle boikokobetso; ekaba le ka tšoha le patoa tsatsing la bohale ba Jehova.”
Pes. 37:9, 11: “Ba itšepetseng Jehova ba tla rua lefatše. . . . ba bonolo ba tla rua lefatše, ba iketle khotsong e kholo.”